Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 2/8 maq. 23-25
  • Teka-tekano e Loketseng e ka Natefisa Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Teka-tekano e Loketseng e ka Natefisa Bophelo ba Hao
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bao e ka ’Nang ea E-ba Bo-ntšunya-khare
  • “Boikutlo bo Tebileng ba ho se Tšepe Letho”
  • Qoba Leraba la ho se Tsotelle
  • Ho Sireletsa Tokoloho—Joang?
    Tsoha!—1999
  • Mamello ho se be le Eona le ho ba le Eona ka ho Feteletseng
    Tsoha!—1997
  • Ho ba ba Tenyetsehang, Empa re Itlametse ho Tšehetsa Litekanyetso Tsa Bomolimo
    Tsoha!—1997
  • Mamello
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 2/8 maq. 23-25

Teka-tekano e Loketseng e ka Natefisa Bophelo ba Hao

MAMELLO e tšoana le tsoekere koping ea kofi. Tekanyo e nepahetseng e ka eketsa monate o itseng bophelong. Empa le hoja re ka ’na ra bula seatla ho faneng ka tsoekere, hangata re ba lekhonatha ka mamello. Hobane’ng?

Arthur M. Melzer, moprofesa ea boemong bo bohareng Univesithing ea Michigan State o ile a ngola: “Batho ha ba batle ho mamella. Ho itlelang ka tlhaho ke . . . leeme.” Ka hona, ho hloka mamello hase bofokoli ba botho feela tjee bo amang batho ba ’maloa; ho ba le maikutlo a sa utloahaleng hoa itlela ho e mong le e mong oa rōna kaha moloko oohle oa batho ha oa phethahala.—Bapisa le Baroma 5:12.

Bao e ka ’Nang ea E-ba Bo-ntšunya-khare

Ka 1991, makasine ea Time e ile ea fana ka tlaleho ka ho ata ha maikutlo a sa utloahaleng United States. Sehlooho seo se ile sa hlalosa “mokhoa oa bophelo oa bo-ntšunya-khare,” batho ba lekang ho beha litekanyetso tsa bona tsa boitšoaro ho motho e mong le e mong. Ba sa etseng liphetoho ba ’nile ba hlaseloa. Ka mohlala, mosali e mong Boston o ile a ntšoa mosebetsing hobane a ne a hana ho itlotsa ka makeup. Monna e mong Los Angeles o ile a lelekoa kahobane a ne a le motenya haholo. Ke hobane’ng ha ho e-ba le letšolo la ho etsa hore ba bang ba fetohe?

Batho ba nang le maikutlo a sa utloahaleng ha ba na kahlolo e molemo, ba bontša boithati, ba manganga ’me baa hatella. Empa na batho ba bangata hase ba se nang kahlolo e molemo, ba bontšang boithati, ba manganga kapa ba hatellang ho isa bohōleng bo itseng? Haeba litšobotsi tsena li fumana motheo o tiileng bothong ba rōna, re tla ba ba nang le maikutlo a sa utloahaleng.

Ho thoe’ng ka uena? Na u nyatsa khetho ea motho e mong ea lijo tseo a li ratang? Moqoqong, na u tloaetse hore ntsoe la hao e be la ho qetela? Ha u sebetsa le sehlopha, na u lebeletse hore se latele mokhoa oa hao oa ho nahana? Haeba ho joalo, ho ka ’na ha e-ba le molemo o itseng ho eketsa tsoekerenyana kofing ea hao!

Empa, joalokaha ho boletsoe sehloohong se etellang sena pele, ho hloka mamello ho ka ’na ha iponahatsa ka mokhoa oa leeme le tletseng bora. Lebaka le leng le ka etsang hore ho hloka mamello ho je setsi ke matšoenyeho a tebileng.

“Boikutlo bo Tebileng ba ho se Tšepe Letho”

Litsebi tsa merabe li hlahlobile nako e fetileng ea moloko oa batho bakeng sa ho hlokomela hore na leeme la merabe le ile la totobala hokae, hona neng. Li ile tsa fumana hore mofuta ona oa ho hloka mamello hase ka linako tsohle o totobalang, leha e le hore o bonahala linaheng tsohle ka tekanyo e tšoanang. Makasine ea Jeremane ea saense ea lintho tsa tlhaho, GEO, e tlaleha hore khohlano ea merabe e totobala nakong ea mahlomola, ha “batho ba e-na le boikutlo bo tebileng ba ho se tšepe letho ’me ba utloa hore ho tsebahala ha bona e le batho ho kotsing.”

Na “boikutlo [bo joalo] bo tebileng ba ho se tšepe letho” bo atile kajeno? Ntle ho tika-tiko. Ho feta leha e le neng pele, moloko oa batho o oeloa ke mahlomola ho ea ho ile. Ho hlokahala ha mesebetsi, ho phahama ha litšenyehelo tsa bophelo, sepenya sa baahi, ho senyeha ha lera la ozone, tlōlo ea molao metseng, ho silafala ha metsi a nooang, ho futhumala ho tlōlisang ha lefatše—tšabo e ngongorehisang ea leha e le efe ea lintho tsena e eketsa matšoenyeho. Mahlomola a tsoala matšoenyeho, ’me matšoenyeho a feteletseng a lebisa ho hlokeng mamello.

Ka mohlala, ho hloka mamello ho joalo ho iponahatsa moo lihlopha tsa merabe e fapaneng le mekhoa e fapaneng ea bophelo li tsoakaneng hammoho, joaloka linaheng tse ling tsa Europe. Ho latela tlaleho ea National Geographic ka 1993, linaha tsa Europe Bophirimela ka nako eo li ne li e-na le bajaki ba ka holimo ho limilione tse 22. Batho ba bangata ba Europe “ba ile ba ikutloa ba selebaletsoe ka lebaka la tšubuhlellano ea ba fihlang” ba lipuo tse fapaneng, mekhoa ea bophelo kapa bolumeli. Ho bile le ho phahama maikutlong a ho nena melata Austria, Belgium, Brithani, Fora, Italy, Jeremane, Spain le Sweden.

Ho thoe’ng ka baeta-pele ba lefatše? Nakong ea bo-1930 le bo-1940, Hitler o ile a etsa ho hloka mamello leano la ’muso. Ka masoabi, baeta-pele ba bang ba lipolotiki le ba bolumeli kajeno ba sebelisa ho hloka mamello bakeng sa ho finyella lipakane tsa bona. Ho bile joalo libakeng tse kang Austria, Fora, Ireland, Russia, Rwanda le United States.

Qoba Leraba la ho se Tsotelle

Ha tsoekere e fokola haholo kofing ea rōna rea utloa hore ho na le ho itseng ho hlokahalang; ha tsoekere e le ngata haholo re ba le tatso e senyekhenyekhe ka hanong. Hoa tšoana le ka mamello. Nahana ka phihlelo ea monna ea rutang kolecheng ea United States.

Lilemong tse fetileng, David R. Carlin, e monyenyane, o ile a fumana mokhoa o bonolo empa e le o atlehang oa ho tsosa thahasello puisanong ea tlelase. O ne a ee a bue polelo eo a e reretseng hore e phephetse maikutlo a liithuti tsa hae, a tseba hore li tla hanana le eona. Phello e ne e e-ba puisano e phelang. Leha ho le joalo, ka 1989, Carlin o ile a ngola hore mokhoa oo ha o sa sebetsa hantle. Hobane’ng? Le hoja liithuti li ne li ntse li sa lumellane le seo a se buileng, li ne li se li sa ikhathatse ka ho pheha khang. Carlin o ile a hlalosa hore li ne li se li sebelisa “mamello e sa hlokeng matla ea motho ea belaelang”—boikutlo ba ho se itšoenye, ba ho se tsotelle.

Na boikutlo ba ho se tsotelle ke ntho e le ’ngoe le mamello? Haeba ho se na motho ea tsotellang seo e mong a se nahanang kapa seo a se etsang, ho hang ha ho na litekanyetso. Ho hlokahala ha litekanyetso ke ho se tsotelle—ho hloka thahasello ka ho feletseng. Ke joang boemo ba litaba bo tšoanang le boo bo ka bang teng?

Ho ea ka Moprofesa Melzer, ho se tsotelle ho ka ata sechabeng se amohelang litekanyetso tse fapaneng tse ngata tsa boitšoaro. Batho ba lumela hore litsela tsohle tsa boitšoaro lia amoheleha le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpa feela e le taba ea khetho ea botho. Ho e-na le hore ba ithute ho nahana le ho ipotsa hore na se amohelehang le se sa amoheleheng ke sefe, batho “hangata ba ithuta ho se nahane ho hang.” Ba hloka matla a boitšoaro a susumelletsang motho ho hanyetsa ho hloka mamello ha ba bang.

Ho thoe’ng ka uena? Na ka linako tse ling u ee u iphumane u se u e-ba le boikutlo ba ho se tsotelle? Na u tšehisoa ke mesoaso e litšila kapa e nang le khethollo ea morabe? Na u lumella mora kapa morali oa hao ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ho shebella livideo tse buellang meharo kapa boitšoaro bo bobe? Na u na le boikutlo ba hore ho lokile hore bana ba hao ba bapale lipapali tse mabifi tsa k’homputha?

Haeba mamello e le e tlōtseng meeli, lelapa kapa sechaba se tla kotula bohloko bo boholo, kaha ha ho ea tsebang—kapa ea tsotellang—se nepahetseng kapa se fosahetseng. Dan Coats, Setho sa Senate sa United States, o ile a lemosa ka “leraba la mamello e le ho se tsotelle.” Mamello e ka lebisa ho beng le monahano o bulehileng; mamello e tlōtseng meeli—ho se tsotelle—e ka lebisa ho beng ea se nang kelello.

Ka hona, re lokela ho mamella eng le ho hana eng? Lekunutu la ho finyella teka-tekano e loketseng ke lefe? Sena ke se tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Loanela ho itšoara ka ho leka-lekana maemong a fapaneng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela