Kamoo U ka Sebetsanang le Maikutlo
NA HONA joale u hlokomela moratuoa e mong oa hao ea kulang haholo? Haeba ho joalo, u ka ’na ua ba le maikutlo a mang a ferekanyang le a tšosang. U ka etsa eng? Hlokomela maikutlo ao ba bang ba fanang ka tlhokomelo ba loanang le ’ona le litlhahiso tse sebetsang tse ba thusitseng ho sebetsana le ’ona ka katleho.
Mahlabisa-lihlong. Ka linako tse ling, boitšoaro ba motho ea kulang bo ka ’na ba u hlabisa lihlong ka pel’a ba bang. Empa ho hlalosetsa metsoalle le baahisani sebōpeho sa boloetse ba moratuoa oa hao ho ka ’na ha ba thusa hore ba utloisise ’me mohlomong hape ha ba susumelletsa hore ba bontše ‘ho utloela bohloko’ le ho mamella. (1 Petrose 3:8) Haeba ho ka khoneha, buisana le malapa a mang a boemong bo tšoanang le ba hao. U ka ’na ua se ke ua hlajoa ke lihlong haholo ha u fapanyetsana le ba bang liphihlelo. Sue o hlalosa se ileng sa mo thusa: “Ke ne ke e-na le kutloelo-bohloko e matla ho Ntate—e ne e koahela boikutlo leha e le bofe ba ho hlajoa ke lihlong. ’Me bosoasoi ba hae bo ile ba thusa le bona.” E, bosoasoi—ba mokuli le ba ba mo hlokomelang—ke kofuto e babatsehang bakeng sa ho khatholla methapo e imetsoeng.—Bapisa le Moeklesia 3:4.
Tšabo. Ho hloka tsebo ka boloetse ho ka tšosa haholo. Haeba ho khoneha, batla keletso ea litsebi mabapi le se ka lebelloang ha boloetse bo ntse bo tsoela pele. Ithute kamoo u ka fanang ka tlhokomelo kateng tlas’a maemo ao. Ho Elsa, e ’ngoe ea lintlha tsa bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho sebetsana ka katleho le seo a se tšabang e bile ho buisana le ba bang ba fanang ka tlhokomelo le baoki ba lenaneong la lithuso tsa bakuli mabapi le se ka lebelloang ha boemo ba mokuli bo ntse bo mpefala. Jeanny oa eletsa: “U loantše ’me u laole seo u se tšabang. Ho tšaba se ka ’nang sa etsahala hangata ho tšosa ho feta bonnete ba taba.” Dr. Ernest Rosenbaum o khothalletsa hore ho sa tsotellehe se li bakang, lintho tseo u li tšabang li lokela “ho buuoa hang ha li hlaha.”—Bapisa le Liproverbia 15:22.
Mesarelo. Ha ho bonolo ho sebetsana le mesarelo, haholo-holo ha ho fanoa ka tlhokomelo. U ka ’na ua sareloa ka lebaka la ho lahleheloa ke botsoalle, haholo-holo haeba moratuoa oa hao ea kulang a se a sitoa ho bua, ho utloa ka ho hlaka kapa ho u tseba. Ba bang ba ka ’na ba se ke ba utloisisa maikutlo ao habonolo. Ho bua ka se u bakelang mesarelo ho motsoalle ea utloisisang ea tla mamela ka mamello le ka kutloelo-bohloko ho ka imolla haholo kamoo ho hlokahalang kateng.—Liproverbia 17:17.
Ho Halefa le ho Tsieleha. Tsena ke likarabelo tse tloaelehileng tlhokomelong ea motho ea kulang haholo eo boitšoaro ba hae bo ka ’nang ba se ke ba utloisiseha habonolo ka linako tse ling. (Bapisa le Baefese 4:26.) Hlokomela hore hangata ke boloetse, eseng mokuli, bo ikarabellang bakeng sa boitšoaro boo bo nyahamisang. Lucy oa hopola: “Ha ke hlile ke halefile, ke ne ke ee ke qetelle ke lla. Ebe ke leka ho ikhopotsa boemo ba mokuli le boloetse ba hae. Ke ne ke tseba hore mokuli o hloka thuso ea ka. Seo se ne se nthusa ho tsoela pele.” Temohisiso e joalo e ka ’na ea u ‘liehisa ho halefa.’—Liproverbia 14:29; 19:11.
Ho Ikutloa U le Molato. Maikutlo a ho ba molato a tloaelehile har’a ba fanang ka tlhokomelo. Leha ho le joalo, tiiseha hore u phetha mosebetsi oa bohlokoa empa o thata haholo. Amohela ’nete ea hore hase kamehla u tla arabela ka mokhoa o phethahetseng ka mantsoe kapa ka ketso. Bibele ea re hopotsa: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2; Baroma 3:23) U se ke ua lumella maikutlo a ho ba molato ho u sitisa hore u nke khato e nepahetseng hona joale. Haeba u utloisitsoe bohloko ke ntho e ’ngoe eo u e buileng kapa u e entseng, u ka ’na ua fumana hore ho bolela hore “Ke soabile” ho tla etsa hore uena le mokuli oa hao le ikutloe hamolemo. Motho e mong ea neng a hlokomela mong ka eena ea kulang o ile a eletsa: “Etsa sohle se matleng a hao tlas’a maemo.”
Ho Tepella Maikutlo. Ho tepella maikutlo ho atile—’me hoa utloahala—malapeng a sebetsanang le boloetse bo matla. (Bapisa le 1 Bathesalonika 5:14.) Mohlokomeli e mong ea nang le ho tepella maikutlo o hlalosa se ileng sa mo thusa: “Ba bangata ba ne ba ee ba re lebohe ka tlhokomelo eo re fanang ka eona. Mantsoe a seng makae feela a khothatso a ka u phahamisa hore u tsoele pele ha u khathetse haholo kapa u tepeletse maikutlo.” Bibele e re: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” (Liproverbia 12:25) Hase kamehla ba bang ba tla utloisisa hore u hloka khothatso. Kahoo, ka linako tse ling, u ka ’na ua lokela ho qala pele ho ntša “masoabi” ka pelong ea hao e le hore ba bang ba u fe “puo e molemo” ea khothatso. Leha ho le joalo, haeba maikutlo a ho tepella a phehella kapa a teba ho feta, mohlomong ho ka ba bohlale hore u bone ngaka.
Boikutlo ba ho Hloka Thuso. U ka ’na ua ikutloa u se na thuso ha u talimane le boloetse bo fokolisang. Amohela bonnete ba boemo ba hao. Ela hloko likhaello tsa hao—bophelo ba mokuli hase ba hao hore u bo laole, empa u ka fana ka tlhokomelo e bontšang kutloelo-bohloko. U se ke ua lebella phetheho ho uena, ho mokuli oa hao kapa ho batšehetsi ba hao. Katamelo e leka-lekaneng ha e theole maikutlo a ho hloka thuso feela empa e boetse e theola boima ba mosebetsi. Ka bohlale, ba bangata ba ileng ba hlokomela moratuoa oa bona baa eletsa: Ithute ho tobana le letsatsi le le leng ka nako.—Matheu 6:34.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Mantsoe A Khothatsang A Ba Fanang Ka Tlhokomelo
“U SE ke ua nyahamisoa ke likhopolo tse fosahetseng ka uena ka bouena. Li tloaelehile maemong a joalo. Ka sebele ha ua lokela ho bipetsa maikutlo a hao. Bolella e mong kamoo u ikutloang kateng, ’me haeba u ka khona, e-ea phomolong—tsamaea nakoana—e le hore u ikutloe u khatholohile.”—Lucy, eo mosebetsi oa hae tleliniking o neng o akarelletsa ho thusa ba ’maloa ba fanang ka tlhokomelo esita le bakuli.
“Haeba litho tse ling tsa lelapa kapa metsoalle li fumaneha ’me li ithaopa, li fe monyetla oa ho thusa. Ke habohlokoa ho jarisana boikarabelo le ba bang.”—Sue, ea ileng a hlokomela ntate oa hae pele a bolaoa ke Hodgkin’s disease.
“Ithute ho hlaolela bosoasoi.”—Maria, ea ileng a thusa ho hlokomela motsoalle oa hae ea ratehang ea ileng a bolaoa ke kankere.
“Lula u le matla moeeng. Atamela haufi le Jehova, ’me u rapele u sa phetse. (1 Bathesalonika 5:17; Jakobo 4:8) O fana ka thuso le matšeliso ka moea oa hae, Lentsoe la hae, bahlanka ba hae ba lefatšeng le litšepiso tsa hae. Leka ho ba ea hlophisehileng kamoo u ka khonang. Ka mohlala, hoa thusa ho etsa kemiso bakeng sa meriana le lethathamo la bathusi.”—Hjalmar, ea ileng a hlokomela soare sa hae se neng se kulela lefu.
“Ithute sohle seo u ka se khonang ka boleng ba boloetse ba mokuli oa hao. Hoo, ka bohona, ho tla u thusa hore u tsebe seo u ka se lebellang ho mokuli le ho uena ka bouena le kamoo u ka hlokomelang mokuli oa hao kateng.”—Joan, eo monna oa hae a nang le Alzheimer’s disease.
“Hlokomela hore ba bang ba ile ba tobana le boemo ka katleho pele ho uena le hore Jehova a ka u thusa ho tobana ka katleho le eng kapa eng e etsahalang.”—Jeanny, ea ileng a hlokomela monna oa hae pele a hlokahala.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“U loantše ’me u laole seo u se tšabang. Ho tšaba se ka ’nang sa etsahala hangata ho tšosa ho feta bonnete ba taba”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho kokobetsa lintho tseo u li tšabang, fumana ho hongata kamoo u ka khonang ka boloetse
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho buisana le motsoalle ea utloisisang ho ka imolla haholo