Lerato la Rōna la Serapa
NA U ananela khutso serapeng se setle e le setšabelo sa lerata le bophelo bo maphathaphathe? Na ha u thabele ho tšoara pikiniki le lelapa la hao kapa ho otlolla maoto le motsoalle libakeng tsa boikhathollo tse khutsitseng tse nang le mohloa, lipalesa, lifate tse etsang moriti le matamo? E, ruri serapa e ka ba se thobang, se khathollang, se khotsofatsang, le se phekolang hakaakang!
Le hoja mohlomong ba bang ba e-na le tšekamelo ea ho se rate serapa, ebang ke ka lebaka la ho hloka nako, kaofela ha rōna re thabela mebala, menko, melumo le litholoana tsa serapa. Thomas Jefferson—setsebi sa lipolane, rasaense, ramolao, moqapi le mopresidente oa United States—o ne a rata serapa. O ile a ngola: “Ha ho mosebetsi o nthabisang joaloka ho lema mobu. . . . Ke ntse ke inehetse serapeng. Empa le hoja ke le monna-moholo, ke mohlokomeli e monyenyane oa serapa.”
Ba bangata ba lumellana le pono ea hae. Selemo le selemo baeti ba limilione ba etela ka bongata lirapa tse tummeng tsa lefatše—Kew Gardens (Royal Botanic Gardens), Engelane; lirapa tsa Kyoto, Japane; lirapa tsa Ntlo ea Borena ea Versailles, Fora; Longwood Gardens, Pennsylvania, U.S.A., ha re bolela tse seng kae. Linaha tse ngata le tsona li na le libaka tsa motse tseo ho tsona matlo a hahuoeng ka har’a lifate tse entseng mokoloko, tse pota-potiloeng ke lihlahla, lifate le khanya ea mebala ea lipalesa—joaloka paradeise e nyenyane.
Lirapa li ka Ntlafatsa Bophelo
Ho ’nile ha hlokomeloa hore ha batho ba kopana le lefatše la tlhaho, bophelo ba bona bo ka ’na ba ntlafala, le hoja kopano eo e le feela ho bona lipalesa, lifate, lihlahla le linonyana ka fensetere. Sena se ile sa etsa hore sepetlele sa New York City se etse serapa marulelong a sona. Ofisiri e ’ngoe ea sepetlele e ile ea bolela hore se ile sa “amoheloa ka thabo le cheseho. E bile tšusumetso e khōlō boitšoarong ba bakuli hammoho le basebetsi. . . . Re lumela hore se na le menyetla e mengata ea ho phekola.” Ka sebele, liphuputso li bontša hore batho ba ka rua molemo ’meleng, kelellong le maikutlong ka ho fepa boikutlo ba bona ka lintho tsa tlhaho.
Ho feta moo, motho ea sekametseng linthong tsa moea a ka ’na a ikutloa a le haufi haholo le Molimo ha a le har’a mesebetsi ea Hae. Tšobotsi ena ea serapa e ka saloa morao ho khutlela serapeng sa pele lefatšeng, Serapa sa Edene, seo Molimo a ileng a qala ho buisana le motho ho sona.—Genese 2:15-17; 3:8.
Ho rata serapa ke ntho ea lefatše lohle. ’Me sena, joalokaha re tla bona, ke sa bohlokoa. Leha ho le joalo, pele re ka tšohla tšobotsi ena, re u mema hore u “haole” har’a lirapa tse seng kae paleng hore u bone kamoo tabatabelo ea Paradeise lipelong tsa batho ka kakaretso e hlileng e metseng ka metso kateng.