Ke Bolumeli Bofe bo Amohelehang ho Molimo?
KA BOMALIMABE, bora pakeng tsa malumeli lekholong la bo16 la lilemo Fora ha boa ka ba khaotsa. Lekholong la lilemo le latelang, lehloeo le tebileng le ile la tsekolla Europe likotoana, nakong eo Mak’hatholike le Maprostanta a boelang a nka mahlakore mabaleng a ntoa nakong ea Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo (1618-48). Ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba tsosolosa ho bolaeana ha bona ho mabifi ka lebitso la Molimo.
Bora pakeng tsa malumeli le ho bolaeana ha li e-s’o khaotse. Morao tjena Mak’hatholike le Maprostanta a ile a bolaeana Ireland, ’me litho tsa malumeli a Orthodox le Roma e K’hatholike li entse ntho e tšoanang sebakeng seo e neng e le Yugoslavia. Ho makatsang ke hore nakong ea Ntoa ea I le ea II tsa Lefatše, Mak’hatholike hammoho le Maprostanta a ile a bolaea litho tsa malumeli a ’ona tse makholo a likete mabaleng a ntoa. Na ho na le lebaka le lokafatsang ho bolaeana hoo? Pono ea Molimo ke efe?
Boiteko ba ho Lokafatsa
Buka e bitsoang 1995 Britannica Book of the Year e re: “Ho lokafatsa mabifi litabeng tsa bolumeli ho ’nile ha lekoa ke lihlopha tse ’maloa ka 1994.” Lilemong tse fetang 1500 tse fetileng, boiteko bo tšoanang ba ho lokafatsa ho bolaea bo ile ba etsoa ke rafilosofi oa Mok’hatholike “Mohalaleli” Augustine. Ho ea ka New Catholic Encyclopedia, ke eena “ea ileng a qapa khopolo ea ntoa e lokileng,” ’me encyclopedia ena e bolela hore monahano oa hae ‘o fana ka tšusumetso esita le mehleng ea morao tjena.’
Likereke tsa K’hatholike, Orthodox le Prostanta li ile tsa khothalletsa, esita le ho ntšetsa pele, ho bolaea ka lebitso la Molimo. Le hoja pale ea malumeli ana e silafalitsoe ke tšollo ea mali, le ea malumeli a mangata a maholo lefatšeng ho pota ea tšoana. Kahoo, batho ba sebelisang borapeli ba ’nete u ka ba khetholla joang?
Eseng feela ka ho mamela seo ba ipolelang hore baa se lumela. Mabapi le taba ena, Jesu Kreste o ile a lemosa: “Hlokomelang baprofeta ba bohata ba tlang ho lōna ba ikhakantse eka ke linku empa ka hare e le liphiri tse harolang. Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona. . . . Sefate se monate se hlahisa litholoana tse ntle empa sefate se bolileng litholoana tse mpe. . . . Sefate leha e le sefe se sa hlahiseng litholoana tse ntle sea rengoa ’me se lahleloa mollong.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Matheu 7:15-20, The New Jerusalem Bible.
Ba Tsejoa ka Litholoana Tsa Bona
Batho ba tšepahalang ba limilione baa hlokomela hore malumeli a lefatše ke ‘lifate tse bolileng’ tse hlahisang “litholoana tse mpe,” haholo-holo ka ho khothalletsa lintoa tse tletseng tšollo ea mali. Ka Bibeleng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o hlalosoa e le seotsoa sa moea se bitsoang “Babylona e Moholo.” Bibele e bolela hore “ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng ka mabifi lefatšeng.”—Tšenolo 17:3-6; 18:24.
Kahoo, ho e-na le ho amohela lintoa tse ’nileng tsa hlohonolofatsoa ke baeta-pele ba bolumeli, haufinyane Molimo o tla phethahatsa kahlolo holim’a malumeli a ’nileng a bolaea ka lebitso la hae. O tla etsa sena phethahatsong ea boprofeta ba Bibele bo reng: “Ka ho akheloa ka sekhahla Babylona motse o moholo o tla liheloa tlaase, ’me le ka mohla ha a na ho fumanoa hape.” Ha ketsahalo eo e thabisang e etsahala, Molimo o tla be a “phethahalitse kahlolo holim’a seotsoa se seholo” ’me a “phetelelitse mali a makhoba a hae letsohong la sona.”—Tšenolo 18:21; 19:2.
Batho ba khopisoang ke lipolao tsohle tse ’nileng tsa etsoa ka lebitso la Molimo ba ka ’na ba ipotsa hore na ho na le Bakreste ba hlileng ba phelang tumellanong le boprofeta ba Bibele bo reng: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Na u tseba batho ba tšabang Molimo ka sebele, ba lahlileng ntoa?
Bolumeli bo Amohelehang ho Molimo
Phuputso e ’ngoe ea litlhoko tsa batho tlas’a sehlooho se reng “Boitsebiso bo Eketsehileng Mabapi le ho Lokafatsoa ha Pefo,” e phatlalalitsoeng ke Univesithi ea Michigan, e ile ea re: “Ho tloha qalong ea lekholo lena la lilemo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa boloka boemo ba tsona bo seng mabifi ba ‘Ho se Nke Lehlakore ha Bakreste’ li sa feto-fetohe ho pholletsa le lintoa tse khōlō tsa lefatše le liqhoebeshano tsa sesole tse ileng tsa latela nakong ea ‘Ntoa ea Mantsoe.’” Ha e bolela lebaka leo Lipaki li lulang li sa nke lehlakore ka lona, phuputso e ile ea re: “Lithuto tsa Lipaki tsa Jehova li thehiloe tumelong ea tsona ea hore Bibele ke lentsoe le bululetsoeng la Molimo.”
E, Lipaki tsa Jehova li phela ho latela Bibele, e rutang hore: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ka ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. . . . Re lokela ho ba le lerato e mong ho e mong; eseng joaloka Kaine, ea ileng a . . . bolaea mor’abo ka mabifi.”—1 Johanne 3:10-12.
Lipaki tsa Jehova khafetsa li hlokomelisitse batho ka molato oa mali oo malumeli a lefatše a nang le oona. Li boetse li pheta mohoo o potlakileng oa Bibele: “Tsoang ho eena [Babylona e Moholo], batho ba ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae. Etsoe libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla holimo leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.”—Tšenolo 18:4, 5.
Batho ba bangata ba tšepahalang ba ela hloko mokhosi oa hore ba tsoe ’musong oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Haeba u hlile u khopisitsoe ke lipolao tsena tsohle tse ’nileng tsa etsoa ka lebitso la bolumeli, re u mema hore u kopane le motho ea u fileng makasine ena kapa u ngolle ho e ’ngoe ea liaterese tse thathamisitsoeng leqepheng la 5. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho ithuta tšepiso ea Bibele ea lefatše le lecha la ho loka, leo ho lona ntoa e ke keng ea hlola e e-ba teng.—Pesaleme ea 46:8, 9; 2 Petrose 3:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
“Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona.”Tite 1:16