Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 5/8 maq. 18-21
  • Tasmania—Sehlekehleke se Senyenyane ka Pale e Ikhethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tasmania—Sehlekehleke se Senyenyane ka Pale e Ikhethang
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tasmania e Fetoha “Teronko ea ’Muso”
  • Morabe oa Batho oa Nyamela
  • Ho se Tšoane ho Bonahalang ha Tasmania
  • Tšobotsi e Khutsitseng Haholoanyane ea Sehlekehleke
  • Ho Tloha Lefatšeng la Mahloriso ho ea Paradeiseng ea Moea
  • Liphoofolo Tse Ikhethang Tsa Sehlekehlekeng sa Tasmania
    Tsoha!—2012
  • Boikemisetso bo Nthusitse hore ke Atlehe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Batala ba Australia—Batho ba Ikhethang
    Tsoha!—1994
  • Tlokotsi ea ho Shoa ha Bacha
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 5/8 maq. 18-21

Tasmania—Sehlekehleke se Senyenyane ka Pale e Ikhethang

KA MONGOLLI OA TSOHA! AUSTRALIA

“NAHA ena e le naha ea pele eo re fihlang ho eona Leoatleng le ka Boroa, ’me e sa tsejoe ke sechaba leha e le sefe sa Europe, re e rehile lebitso la Anthoony van Diemenslandt, ka ho hlompha Mohlomphehi [oa rōna] ’Musi-Kakaretso.” Ana ke mantsoe a monna oa Modache Abel Tasman ka la 25 November, 1642, letsatsi ka mor’a hore a bone sehlekehleke sa Tasmania, naha ea bobeli ea khale ka ho fetisisa ea Australia.a Tasman ha aa ka a bona batho, empa o ile a bona mosi oa mollo hōjana, le mekotjana e fatiloeng lifateng tse haufinyane e arohane ka limithara tse 1,5. O ile a ngola hore ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang ba fatileng mekotjana eo, e ka ’na eaba ba ne ba e-na le mokhoa o sa tloaelehang oa ho hloa kapa e ne e le liqhenqha! Ha e le hantle, mekotjana eo e ne e le bakeng sa ho hloa.

Ka morao ho moo, Naha ea Van Diemen e ile ea nyamela tlalehong ea bafuputsi ba maeto a maoatleng ka lilemo tse 130, ho fihlela ha monna oa Mofora Marion du Fresne le monna oa Lenyesemane Tobias Furneaux ba etela moo. Molaoli James Cook o ile a fihla ka 1777 ’me, joaloka Du Fresne, o ile a teana le batho ba ikhethang ba sehlekehleke seo, Maaborigine. Leha ho le joalo, leeto la hae e bile ho qaleha ha tlokotsi: “Lichabeng tse ling, [Cook] o ile a bula tsela ea tsoelo-pele le bolumeli,” John West o bolela seo ho The History of Tasmania, “[empa] morabeng ona [Maaborigine] e ne e le selelekela sa lefu.” Ke eng e lebisitseng phellong e sehlōhō joalo?

Tasmania e Fetoha “Teronko ea ’Muso”

Ho lelekella koloneng ea kotlo, kapa botlamuoeng, e ne e le thupa ea Brithani ea taeo ’me Tasmania e ile ea fetoha e ’ngoe ea likolone tsa Brithani tseo e leng libaka tsa kotlo. Ho tloha ka 1803 ho ea ho 1852, banna, basali, esita le bana, ba ka bang 67 500—ba bang ba le banyenyane hoo ba ka bang lilemo tse supileng—ba ile ba lelekoa Engelane ho ea Tasmania ka litlōlo tsa molao ho qala ka ho utsoa libuka tsa thapelo ho isa ho beteng. Leha ho le joalo, ba fumanoeng ba le molato ba ne ba sebeletsa bajaki kapa merero ea ’muso. The Australian Encyclopaedia e re: “Ba ka tlaase ho karolo ea 10 lekholong . . . ha ho mohla ba kileng ba bona ka hare ho liahelo tsa sebaka sa kotlo, le ba bangata ba ileng ba bona ba ile ba e-ba moo nako e khutšoanyane feela.” Kou ea Likepe ea Arthur, Hloahloeng ea Tasman, e ne e le sebaka se seholo sa kotlo, empa ba fumanoeng ba le molato ba sa laoleheng ba ne ba romeloa Boema-kepeng ba Macquarie, bo bolokiloeng e le “sebaka se lokelang ho hopoloa e le se nehetsoeng tlhokofatsong.” Monyako o patisaneng oa kou ena o ile oa fumana lebitso le sokelang la Keiti ea Lihele.

Bukeng ea This Is Australia, Dr. Rudolph Brasch o hlalosa tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ea kolone ena e ntseng e hōla—bomoea ba eona, kapa ho haella ha bona. Oa ngola: “Ho tloha qalong, bolumeli Australia [ho akarelletsa le Tasmania, ka ho utloahalang] bo ne bo sa hlokomeloe ebile bo hlokomolohiloe ’me ho feta moo, bo ile ba sebelisoa hantle le ho sebelisoa hampe ke Tsamaiso e itseng molemong oa eona. Kolone eo e ile ea thehoa kantle ho thapelo ’me tšebeletso ea pele ea bolumeli mobung oa Australia ho bonahala e bile ntho e nahannoeng ka morao.” The History of Tasmania e bolela hore ha Bahahlauli ba Amerika Leboea ba ne ba haha likereke, “baahi ba pele ba lefatše le ka boroa, ba ile ba chesa kereke ea bona ea pele hore ba qobe ho tenoa ke ho ea ho eona.”

Boitšoaro bona bo seng bo ntse bo silafetse moeeng bo ile ba silafatsoa le ho feta ke ho tloheloa feela ha lino tse tahang. Ho baahi le ho masole ka ho tšoanang, lino tse tahang e ne e le “tsela e tiileng ea ho rua,” kamoo ho bolelang rahistori John West.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling lijo li ne li haella. Linakong tsena batlōli ba molao ba lokolotsoeng le bajaki ba ne ba sebelisa lithunya ho tsōma linyamatsane tseo Maaborigine ’ona a neng a li lelekisa ka marumo. Ka ho utloahalang, tsitsipano e ile ea phahama. Joale tsitsipanong ena eketsa boikakaso ba khethollo ea morabe ea batho ba basoeu, ho fumaneha ha joala ka bongata le liphapang tse ke keng tsa lokisoa tsa setso. Batho ba Europe ba seha meeli ’me ba haha metero; Maaborigine a tsōma le ho bokana joaloka batho ba hloma-u-hlomole. Ho neng ho hlokahala feela ke ho qholotsoa.

Morabe oa Batho oa Nyamela

Ho qholotsoa hoo ho ile ha qhoma ka May 1804. Lebotho le neng le eteletsoe pele ke Molefothenente Moore le ile la thunya ntle ho lebaka, le thunya sehlopha se tsōmang sa banna, basali le bana ba Maaborigine—la bolaea le ho ntša ba bangata likotsi. “Ntoa ea Batho ba Batšo”—marumo le majoe khahlanong le likulo—e ne e qalile.

Batho ba bangata ba Europe ba ile ba ikhula ho bolaoeng ha Maaborigine ao. Ea neng a tepeletse haholo e ne e le ’musisi, Mohlomphehi George Arthur, hoo a ileng a bolela boikemisetso ba hae ba ho etsa eng le eng e neng e hlokahala ho ‘buseletsa likotsi tseo ’muso o li tliselitseng Maaborigine e se ka boikemisetso.’ Kahoo, a qala lenaneo la ho a “bokella” le ho a “ntšetsa pele.” Phutuhong e neng e bitsoa “Moeli oa Batho ba Batšo,” masole, bajaki le batšoaruoa ba ka bang 2000 ba ile ba fohla moru ka boiteko ba ho tšoara Maaborigine ’me ba a behe sebakeng seo ho sona a ke keng a tsoa kotsi. Empa mosebetsi oo o khethehileng o ile oa hlōleha ka mokhoa o tlotlollang; ba ile ba hapa mosali le moshanyana. Joale, George A. Robinson, Mowesele ea ka sehloohong o ile a etella pele katamelong e batlang e le e boelanyang, ’me e ile ea sebetsa. Maaborigine a ile a mo tšepa ’me a ile a amohela tlhahiso ea hae ea hore a isoe sebakeng se seng Sehlekehlekeng sa Flinders, ka leboea ho Tasmania.

Bukeng ea hae e reng A History of Australia, Marjorie Barnard o bua tjena ka seo Robinson a se finyeletseng: “Bonneteng, le hoja mohlomong e ka ’na eaba ho hang o ne a sa hlokomele sena ka boeena, poelano ea hae e ne e tšoana le katamelo ea Judase. Matsoalloa a malimabe a ile a aroloa Sehlekehlekeng sa Flinders ka Mokhamo oa metsi o mahareng a maoatle a mabeli ’me Robinson e le mohlokomeli oa ’ona. A ile a sareloa, a ota, a jeoa ke bolutu ’me a shoa.” Ho e-na le ho bolaoa ka lithunya, a ile a bolaoa ke mokhoa oa bophelo le lijo tsa makhooa. Mohloli o mong o bolela hore “oa ho qetela oa Maaborigine a Tasmania oa mali a sa tsoakoang e ne e le Fanny Cochrane Smith, ea ileng a shoela Hobart ka 1905.” Ba boholong ba fapana ka maikutlo ho sena. Ba bang ba supa Truganini, mosali ea ileng a shoela Hobart ka 1876, ba bang ba supa mosali e mong ea ileng a shoela Sehlekehlekeng sa Kangaroo ka 1888. Litloholo tse mali a tsoakaneng tsa Maaborigine a Tasmania lia phela ’me li khotsofetse kajeno. Ho phaella letotong la ho tšoaroa hampe ha batho, ketsahalo ena ka nepo e ’nile ea bitsoa “tlokotsi e khōlōhali ea Naha.” Ho feta moo, e hatisa ’nete ea Bibele ea hore “motho o ’nile a busa motho e mong ka ho mo ntša kotsi.”—Moeklesia 8:9, NW.

Ho se Tšoane ho Bonahalang ha Tasmania

Kajeno, ntle leha u etela limusiamong, lilaebraring, kapa lithakong tsa teronko, u ne u ke ke ua hlokomela phihlelo ena ea pele e sisimosang ea sehlekehleke sena se setle. Tasmania e ka ba bohōle bo lekanang ka boroa ho equator joalokaha Roma, Sapporo le Boston li le ka leboea ho eona. ’Me joaloka histori ea eona, libōpeho tsa eona tsa naha li fapane haholo, le hoja ho se na sebaka sehlekehlekeng sena se leng bohōle ba lik’hilomithara tse 115 ho tloha leoatleng.

Kakaretsong ea sebaka sa Tasmania, karolo ea 44 lekholong ke moru ’me karolo ea 21 lekholong ke serapa sa sechaba sa liphoofolo tse hlaha. Tsena ke likarolelano tse fumanoang seoelo! Ho latela The Little Tassie Fact Book, “sebaka sa lefa la lefatše sa Tasmania e ka Bophirimela ke se seng sa libaka tsa ho qetela tsa lehoatata se nang le boemo ba mohatsela le mocheso bo itekanetseng se sa senngoang ho hang lefatšeng.” Matša a fepeloang ke metsi a pula le lehloa, linōka, le liphororo—a tletseng ka mefuta e mengata ea litlhapi—a fepela meru ea lifate tsa phaena tse telele tse otlolohileng, boloukomo, myrtle, blackwood, sassafras, leatherwood, celery-topped pine le Huon pine, ho bolela tse seng kae feela. Hase feela pono e boneloang hōle ea lihlaba tse phahameng tsa lithota tse bophirimela bo bohareng le litlhōrō tsa tsona tseo hangata li roetseng tlokola ea lehloa li hohelang barati ba tlhaho khafetsa.

Ho sireletsoa ha “Lefa la Lefatše” ha hoa ka ha fumanoa ntle ho ntoa. ’Me batho ba thahasellang tikoloho ba sa ntse ba pjatla ka har’a khanyetso ea merafo, ho etsa pampiri le lithahasello tsa ho fehla motlakase. Ponahalo e ntle ea naha e bōpehileng joaloka khoeli, ea Queenstown, toropo ea merafo, ke khopotso e bohloko ea maemo a ho senngoa ho se nang kelello ha lihloliloeng.

Liphoofolo tsa sebaka seo le tsona li utloile bohloko—haholo-holo thylacine, kapa lengau la Tasmania, phoofotsoana ea mofuta oa kangaroo e boosotho bo bosehla, e kang ntja. Metsero e lefifi e ka mahetleng le thekeng e e fumanetse lebitso la lengau. Ka bomalimabe, phoofolo ena e se nang mafura e jang nama, e lihlong e ne e e-ja likhoho le linku. Kaha ho ne ho e-na le moputso bakeng sa ho e felisa, e ile ea fela ka 1936.

Mofuta o mong oa phoofolo e ikhethang e kang kangaroo oa Tasmania, Tasmanian devil, e hōle le ho fela. A sebelisa mehlahare ea hae e matla le meno, mohleki enoa oa litšila ea litšika ea boima ba lik’hilogramo tse tšeletseng ho ea ho tse robeli a ka qeta kangaroo eohle e shoeleng a e jelella le masapo a hlooho.

Tasmania e boetse e tsebahala ka nonyana ea leoatle e setono se sekhutšoanyane, kapa muttonbird. Ka mor’a hore e qale leeto la eona la ho falla Leoatleng la Tasmania le hore e potolohe hoo e ka bang Pacific eohle, selemo le selemo e khutlela hona ntloaneng ea eona e lehlabatheng—mosebetsi oo kannete o tlisetsang Moqapi le ’Mōpi oa eona tlotla.

Haufinyane le moo e qhotsetsang teng bosiu, ho phela nonyana e ’ngoe—e “fofang” ka tlas’a metsi—nthoana ena e ratehang, e boima ba k’hilogramo e le ’ngoe, e boea bo sehlotšoana, e molomo o monyenyane, e bitsoa penguin ea tšōmong. Penguin ena e nyenyane ho feta tsohle ebile ke eona e lerata ho feta tsohle! Ho khaba ha eona ho fapana ka cheseho, lentsoe le boitšisinyo ba ’mele ka linako tse ling li fihla boemong bo phahameng ho bontša maikutlo a tebileng. Ha li ikutloa li e-na le maikutlo a lerato, li ka ba tsa thenthetsa li le peli ho tiisa kamano ea tsona e ’ngoe ho e ’ngoe. Leha ho le joalo, ka bomalimabe, tse ngata li bolaoa ke matanta a batšoasi ba litlhapi, ho qhalana ha oli, lintho tsa lipolasetiki tseo ka phoso li li nkang e le lijo, kapa ke lintja le liqoabi.

Tšobotsi e Khutsitseng Haholoanyane ea Sehlekehleke

Sheba leboea kapa bochabela u le lintšing tsa sehlaba se bohareng ’me u tla bona sebōpeho se khahlang haholoanyane sa Tasmania, ka masimo a eona a lenngoeng a mobu o mosootho, linōka le melatsoana tse tsoelipanang, litsela tse nang le lifate ka mathōko le makhulo a matala ao ho ’ona ho qhalakaneng linku le likhomo. Haufi le toropo e ka leboea ea Lilydale, ka January, mapolasi a lavender a tletseng lipalesa a phaella mebaleng ena ea mahaeng ka ’mala o moputsoa o hlakileng ka menko e monate e hohelang.

Motse-moholo Hobart, o nang le baahi ba ka bang 182 000, o jalehile holim’a Nōka ea Derwent, eseng hōle le serapa sa lifate tsa liapole se hapetseng Tasmania lebitso la Sehlekehlekenyana sa Liapole. O okametsoe ke Thaba ea Wellington e sephara e khōlō e lulang e sithabetse, e bophahamo ba limithara tse 1270. Letsatsing le hlakileng, thaba ena eo hangata e nang le lehloa tlhōrōng e etsa hore motho a bonele motse tlaase a le phahameng joaloka nonyana. Ka sebele Hobart e tsoa hōle ho tloha ka 1803, ha Molefothenente John Bowen le sehlopha sa hae sa ba 49, ho akarelletsa le batšoaruoa ba 35, ba fihla ka lekhetlo la pele lebōpong Risdon Cove. E, liseili le lithupa likepeng tse etsang lerata le thibang litsebe li felile, empa hang ka selemo ho ba le mojaho oa liketsoana ho tloha Sydney ho ea Hobart o hopotsang ka matsatsi ao a pele ha hona joale liketsoana tsa liseili le tse ling tse ikhethang li hlaha li feta ka lebelo matšoele a thoholetsang ka ho toba a le bohareng ba Hobart.

Ho Tloha Lefatšeng la Mahloriso ho ea Paradeiseng ea Moea

Geoffrey Butterworth, e mong oa baeti ba 2447 Kopanong ea Setereke ea “Tšabo ea Bomolimo” ea 1994 ea Lipaki tsa Jehova Launceston, o hlalosa maikutlo a hae: “Ke hopola ha ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 40 feela Tasmania eohle.” Hona joale ho na le liphutheho tse ka bang 26 le Liholo tsa ’Muso tse 23.

Geoff oa phaella: “Empa maemo a ne a se matle hakaalo kamehla. Ka mohlala, morao koana ka 1938, Tom Kitto, Rod McVilly le ’na, kaofela ha rōna re nkile liboto tse leketlileng ka pele le ka morao, re ne re phatlalatsa puo ea Bibele e reng ‘Tobana le Linnete.’ E ne e le ho pepesoa ho hlabang ha bolumeli ba bohata ho neng ho lokela ho hasoa seea-le-moeeng ho tloha London. Ha ke kopana le metsoalle ea ka, e ne e ntse e hlekefetsoa ke sehlopha sa bacha. ’Me mapolesa a ne a shebeletse feela! Ke ile ka mathela ho ea thusa ’me ka otloa kapele. Empa monna e mong a ntšoara molaleng ka hempe ’me a nkhulela thōko. Ho e-na le ho nchapa, monna eo a kirietsa ka lentsoe le tebileng a re: ‘Ba tloheleng!’ Eaba o re ho ’na, ka bonolo: ‘Kea tseba hore na ho hlorisoa ho joang, motsoalle, ’na ke Leaerishe.’”

Jehova o ile a hlohonolofatsa bo-pula-maliboho bao ba pele, hobane kajeno litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li fihlile likarolong tsohle tsa sehlekehleke sena sa batho ba 452 000. Litloholo tse ngata tsa batšoaruoa le Maaborigine li lebeletse ho amohella bohle—ba batšo le ba basoeu—lefatšeng le hloekisitsoeng, ba shoeleng ka ho hloka toka matsatsing ao a sehlōhō a pele, hobane Bibele e tšepisa “tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Boemo bona bo tla etsolloa ka ho feletseng hoo ‘tse fetileng li ke keng tsa hlola li hopoloa.’—Esaia 65:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso Tasmania le ile la amoheloa ka molao ka la 26 November, 1855. Naha ea khale ka ho fetisisa ke New South Wales.

[Limmapa/Litšoantšo tse leqepheng la 19]

Ka holimo: Thaba ea Cradle le Letša la Dove

Ka holimo ka ho le letona: “Tasmanian devil”

Ka tlaase ka ho le letona: Moru oa libaka tse chesang ka Boroa-bophirimela ho Tasmania

TASMANIA

Australia

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Tasmanian devil and map of Tasmania: Department of Tourism, Sport and Recreation – Tasmania; Map of Australia: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela