Na Bana ba Sireletsehile ha ba E-na le Ntja ea Hao?
KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA
SYDNEY ea lilemo li peli o ile a atamela haufi le ntja e leqhoko ea mofuta oa Rottweiler e neng e fasitsoe. Ntja eo e ile ea hlasela Sydney, ea mo senya letlalo la hlooho, ’me ea batla e mo khaola tsebe ea letsoho le letšehali. O tla hloka ho laptjoa letlalo libakeng tse ’maloa.
Kaha batho ba bangata ba sebelisa lintja ho itšireletsa, litlaleho tsa lintja tse hlaselang bana lia eketseha. Lintja tse ling tseo ho tsejoang hore li loma bana ke tsa mofuta oa Rottweiler, Doberman pinscher, bullmastiff, Alsatian (German shepherd) le bullterrier. Patlisiso e ’ngoe e entsoeng Afrika Boroa e bontšitse hore litlalehong tsohle tse hlahlobiloeng, bana ba bangata ba lonngoeng, ba hlasetsoe ke lintja tseo ba li tsebang. Hoo e ka bang halofo ea bona e hlasetsoe ke lintja tsa baahisani, ’me kotara ea bona e lonngoe ke lintja tsabo bona. Lintja tse lelerang li ikarabella feela bakeng sa karolo ea 10 lekholong ea litlhaselo tseo. Hangata mohlaseluoa, mohlomong a sa hlokomela, oa be a phephelitse ntja ka tsela e itseng. Ka ho hlakileng, litlhaselo tse ngata tsa lintja li ka qojoa haeba beng ba lintja le batsoali ba ela hloko litlhokomeliso tse itseng tsa tšireletso.
Koetlisa Ngoana
Bakoetlisi ba bangata ba lintja ba hatella hore bana ba banyenyane ha baa lokela ho siuoa le lintja ba le bang ho se na motho e moholo ea ba hlokometseng. Bana ba banyenyane ha ba tsebe tsela ea ho tšoara liphoofolo. Ba lokela ho e rutoa. Kahoo, batho ba bangata ba latela molao o reng haeba motho e moholo ea nang le boikarabelo a ke ke a ba teng, lintja li koalloe sebakeng se thōko le bana ba banyenyane. Mokoetlisi Brian Kilcommons oa hlokomela bukeng e reng Childproofing Your Dog: “Litlalehong tseo re li utloang, mathata a mangata a hlaha nakong eo motho e moholo a seng hlokolosi.”
Hangata liphoofolo li hloka ho sireletsoa baneng! Kilcommons o ile a bitsoa ho tla thusa ha ntja ea lelapa le leng e rutlolohela ngoana. Ntate ea tsielehileng o ile a hlalosa hore mora oa hae ea lilemo li peli le halofo o ile a mathela ho ntja e robetseng ’me a fihla a e pekhenya. Ka ho hlakileng, ntja ha e utloa bohloko e ile ea arabela ka ho rutlolohela ngoana. Boemong bona ntja e ile ea bontša boithibo ka ho babatsehang ka hore e se lome ngoana. Mokoetlisi enoa o eletsa batsoali: “Le se ke la lumella ngoana oa lōna ho etsa ntja ntho eo le neng le ke ke la mo lumella hore a e etse ho ngoana e mong.”
Ruta ngoana oa hao tsela ea ho tšoara liphoofolo ka mosa. Mo rute hore le ka mohla a se ke a phephetsa ntja. Batsoali ba tlameha ho falimehela likotsi leha e le life tse ka hlahang ha bana ba kopane le lintja. Haeba u hlokomela hore ntja e leka ho baleha kapa ho ipatela ngoana, mo thibe hore a se ke a e lelekisa. Haeba ngoana a latela ntja ’me a e qabella khocheletsaneng, tsela feela eo e ka itšireletsang ka eona ke ho bohola, ho rora kapa esita le ho loma. Batsoali ba lokela ho lula ba khalemela, e le hore ntja hammoho le ngoana ba tsebe hore motsoali o hlile o bolela seo a se buang.
U se ke ua tšoara ntja joaloka e hloiloeng. Ha banyalani ba nang le ntja ba e-ba le ngoana oa bona oa letsibolo, tšekamelo e ka ’na ea e-ba ho hlokomoloha ntja le ho e koalla ka ntle. Le hoja ho nka mehato e joalo ea tšireletso ho utloahala, mokoetlisi Richard Stubbs oa eletsa: “Ntja ha ea lokela ho tšoaroa joaloka e hloiloeng. Ho e-na le hoo, boloka kemiso ea ntja ka hohle kamoo ho ka khonehang, ’me u e fe tlhokomelo ka ho lekaneng.”
Hlokomela tsela eo ngoana oa hao a tla itšoara ka eona ho lintja tseo a sa li tsebeng. Ha a bona motho eo a sa mo tsebeng a tsamaea le ntja seterateng, o tla etsa’ng? Na o nka ka sekaja ho ea phathatsa ntja eo? Mo rute hore a se ke a etsa joalo. O tlameha ho kōpa tumello ea mong’a eona pele. Joale, haeba mong’a eona a lumela, a ka atamela butle-butle ho ntja, e le hore a se ke a e tšosa. O lokela ho itsebisa ntja ka ho ema thōkoana le eona ’me a e buise ka mokhoa o phutholohileng. Ntja e botsoalle e tla atamela ho ngoana oa hao. Lintja tse itsamaelang seterateng li le ling ho molemo ho se li khathatse.—Bona lebokose le reng “Mokhoa oo Ntja e Buang ka Oona e Sebelisa ’Mele,” leqepheng la 14.
Koetlisa Ntja
Kamehla babatsa ntja ea hao ’me u be le boikutlo bo nepahetseng. Ho e otla kapa ho e hlaba ka mantsoe ha ho etse hore e ithute ka potlako empa ho e-na le hoo hoa e liehisa. Ho hotle hore ntja e ithute hore ha e bitsoa e tle ’me hape e mamele litaelo tsa motheo tse kang “botha!” Ntja e ithuta ho ikokobelletsa mong’a eona, ’me sena se nolofalletsa mong’a eona ho e laola le maemong a ka ’nang a e-ba tšopholi. Mantsoe le lipolelo tse bonolo li sebetsa hamolemo. Sebelisa mantsoe le lipolelo tse tšoanang ka nako tsohle. Ha ntja ea hao e etsa ketso e lakatsehang, e putse hona hoo ebang ke ka ho e babatsa, ho e phaphatha kapa ka ho e fa nthonyana e monate. E le hore ho hle ho hatisehe, moputso o tlameha ho fanoa hona hoo ha ketso e qeta ho etsoa. Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ke ho pheta-pheta ntho ho fihlela boitšoaro bo hatisehile ka ho tiileng.
Haeba u fumana ntja, ebang ke lelinyane kapa e seng e le khōlō, e ka ’na ea hloka thuso e le hore e tloaele bana. Bana ba itšoara ka tsela e fapaneng le batho ba baholo. Ba lerata ebile ba batla ba le lepotlapotla ’me ba ka ’na ba mathela ho ntja, e leng ho ka ’nang ha e tšosa. Ho hotle hore u tloaetse ntja ea hao boitšoaro bo joalo boo e sa bo tloaelang. Nakong eo bana ba leng sieo, tloaetsa ntja lerata la tšohanyetso. Etsa hore koetliso eo e be papali. Hoeletsa ntja u e fe taelo ebe u mathela ho eona. Ebe ka eona nako eo, u putsa ntja ea hao. U ’ne u eketse lerata ha u hoeletsa. Kamehla qetella ka ho babatsa le ho phaphatha ntja ea hao ka mofuthu. Ka mor’a nakoana e tla thabela papali eo.
Bana ba banyenyane ba rata ho haka lintja, empa ba lokela ho rutoa ho se etse joalo, kaha lintja tse ling li tšaba katamelo e haufi joalo. Haeba mohlomong ngoana a ka haka ntja ea hao, u ka e koetlisetsa ho amohela hoo. Haka ntja ea hao ka nakoana, ebe u e fa nthonyana e monate kapa u e babatse. Butle-butle eketsa nako eo u e hakang ka eona. Haeba ntja ea hao e rora kapa e bohola, batla thuso ea mokoetlisi ea tšoanelehang.
Ntja e Leqhoko
Lintja tse ling li bonahala li le leqhoko ka tlhaho ’me li ka ’na tsa e-ba kotsi ho litho tsa lelapa. Lintja tse tona ke tsona tseo hangata li bang leqhoko.
Ntja e tletseng bompoli ha e rate ho tšoaroa, haholo-holo libakeng tseo e tšabanang le tsona tse kang sefahleho le molala. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ntja e ka ’na ea tla ho uena, ea u bapalisa kapa mohlomong ea beha maoto a eona liropeng tsa hao, e “kōpa” hore u e fe tlhokomelo. E ka ’na ea thibeletsa libaka tse ling tsa bohlokoa lapeng, ea hanela esita le litho tsa lelapa ho kena ho tsona. Hangata e batla ho koasa ka lintho tse kang lintho tsa ho bapala ’me ha e atameloa e ka ’na ea rora kapa ea khaotsa ho li hlahlatha le hoja e ne e ntse e bapala ka tsona.
E le ho tiisa hore ke tsona tse tšoereng marapo, lintja tse joalo li tla hlokomoloha ka boomo litaelo tseo li li tsebang. Li ka ’na tsa thula bana kapa tsa batla ho kena pele ka tlung. Hape li ka ’na tsa sekamela ho qhomeleng batho. Brian Kilcommons o re, ena ke “ketso ea bompoli” ’me “ha e amane le boitšoaro ba botona le botšehali.” O lemosa hore sena “kamehla ke pontšo ea hore ntja e nahana hore ke eona e laolang. Ka sebele ho ka ’na ha e-ba le khathatso.” Hape ntja e ka ’na ea tloaela ho kenya letsoho la mong’a eona ka hanong e le ha e batla ho fuoa tlhokomelo.
Matšoao ana a ho ba leqhoko ha aa lokela ho hlokomolohuoa. Ho ba leqhoko ha eona ho ke ke ha fela habonolo feela tjee; ho na le monyetla oa hore ho eketsehe, ’me bana ba lapeng ba ka ’na ba e-ba kotsing. Bakoetlisi ba bangata ba buella hore ntja e joalo e faoloe kapa e nyopisoe, ho sa tsotellehe hore na ke e tona kapa e tšehali, kaha ka kakaretso sena se thusa ho fokotsa leqhoko la eona.
Ha ho khothalletsoe hore u phephetse ntja e leqhoko e le ho bontša hore na ke mang ea laolang. Ha e le hantle, ho qhoebeshana le eona le ho e hlokofatsa ho ka ba kotsi. Ka litsela tse batlang li poteletse, ntja e ka bontšoa hore na ke mang ea laolang.
Nako le nako ha ntja e leqhoko e e-tla ho uena hore u e fe tlhokomelo ’me u e fa eona, u tiisa tumelo ea eona ea hore ke eona e laolang. Kahoo ha ntja e joalo e batla tlhokomelo ea hao, e hlokomolohe. Lelapa lohle le tlameha ho tšoarisana tabeng ena. Ntja e tla makala qalong ’me mohlomong e ka ’na ea bohola ’me ea u sheba ka mohau, empa u se ke ua inehela tekong eo. Ha e se e khutsitse ’me mohlomong e bothile sekhutloaneng sa eona, joale ke nako ea hore u e fe tlhokomelo e seng kae. Ka tsela ena ntja ea hao ea ithuta hore ke uena ea tšoereng marapo le hore ke uena ea etsang qeto ea hore na ke neng u e fang tlhokomelo.
Lipapali tse leqhoko tse kang ho hlaselana le ho tsekisana lintho li ka ntšetsa pele litšekamelo tsa bompoli ho ntja ’me li lokela ho qojoa. Ho e-na hoo, sebelisa lipapali tse seng leqhoko sebakeng sa tsona.
Ho molemo hore ntja e se ke ea robala ka kamoreng ea ho robala. Kamore ea ho robala ke sebaka se khethehileng, ’me ho robala ho sona ho ka ’na ha phahamisa boikutlo ba ntja ba ho nahana hore e boemong bo phahametseng ba bana ka tlung. Ho e-na le hoo, robatsa ntja ka kichineng kapa ka serobeng sa eona ka ntle. Hangata beng ba matlo ba longoa ke lintja tsa bona tse leqhoko likamoreng tseo ba robalang ka ho tsona.
Haeba ntja ea hao e sa arabele hamolemo boitekong ba hao kapa haeba nakong eo u e koetlisang kapa ka nako leha e le efe, u ikutloa eka u kotsing, batla thuso ea mokoetlisi oa lintja ea tšoanelehang. Ngaka ea hao ea liphoofolo e ka ’na ea khona ho u hlaha thusong ka mokoetlisi ea joalo. Buisana le eena ka litsela tseo a koetlisang ka tsona, ’me u tiisehe hore u khotsofalla bokhoni ba hae pele u mo hira. Mokoetlisi Richard Stubbs oa lemosa: “Le hoja ntja e leqhoko e ka ’na ea arabela hamolemo ho mokoetlisi ea nang le botsebi, sena hase tiiso ea hore e tla itšoara ka tsela e tšoanang le ho mong’a eona.” Mong’a ntja o lokela ho tiiseha hore a ka khona ho laola ntja ea hae maemong a kotsi.
Lintja tse seng kae li tla sala li le leqhoko esita le ka mor’a koetliso e molemo ka ho fetisisa, ’me ho li boloka ho beha lelapa kotsing. Ka mor’a hore u leke sohle se matleng a hao, u ka ’na ua ikutloa hore ho molemo hore u tlose ntja eo tseleng ho e-na le ho ipeha kotsing. Ke bohlale hore u batle keletso ea ngaka ea liphoofolo kapa ea mokoetlisi oa tsona. U ka ’na ua khona ho fumanela ntja ea hao lehae le leng, empa ka ho utloahalang u tlameha ho bolella mong’a eona e mocha mathata ao u bileng le ’ona ka ntja eo.
Mokoetlisi Peter Neville oa eletsa: “Lintja tse tletseng bompoli li tlameha ho koetlisoa tlas’a tataiso e hlokolosi haholo ’me ka hloko ho behoe leihlo tabeng ea motho ea tla lula a le kotsing ’me ho lekanyetsoe kotsi eo a leng ho eona. Haeba ho ke ke ha tiisoa hore motho eo ea kotsing ka ho fetisisa ka lapeng o sireletsehile, joale ho ka ba molemo ho fumanela ntja eo sebaka se seng lehaeng la mong’a eona e mocha ea khethiloeng ka hloko kapa e bolaoe.”
Bana ba ka ithuta ’me ba rua molemo maikutlong ka ho rua lintja lapeng. Ka ho fana ka tlhokomelo e loketseng, batsoali ba thusa ho tiisa hore mehopolo eohle ea bana ba bona ka liphoofolo tse ruuoang lapeng e ba e thabisang.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Mokhoa Oo Ntja E Buang Oona E Sebelisa ’mele
Tsela eo ntja e leqhoko e itšoarang ka eona e bontša ho hloka botsoalle. Ka ho ruta ngoana oa hao ho hlokomela mokhoa ona oo ntja e buang oona e sebelisa ’mele, u ka khona ho mo thusa ho qoba maemo a kotsi.
● Ntja e leqhoko e tla leka hore e bonahale e le khōlō. E ka ’na ea tsosa mohlahla. Ntja e ka ’na ea rora kapa ea bohola e shebisitse mohatla holimo. Haeba e tsoka mohatla o sataletse, e o tsoka ka potlako ke khalefo, ha e bontše botsoalle. Ntja ena ha e batle ho khathatsoa.
● Ntja e boi e ka ’na ea iphutha-phutha ea liha hlooho le litsebe ’me ea qata mohatla. Haeba ntja ena e atameloa, e ka ’na ea e-ba leqhoko ka lebaka la ho tšoha. U se e khathatse.
● Ntja e phutholohileng e ema e phahamisitse hlooho ka ho lekaneng feela, e ahlame, ’me e phahamiselitse mohatla mabapa le mokokotlo, empa o sa lepella. Ho tsoka mohatla ke pontšo ea botsoalle. Hangata ha ho kotsi ho theha setsoalle le ntja ena.
(Li nkiloe le ho feto-fetoloa ho tsoa bukeng e bitsoang Childproofing Your Dog, ea Brian Kilcommons le Sarah Wilson.)
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ho Itšireletsa Ntjeng
1. Hlokomela bana ba banyenyane le lintja.
2. Ruta ngoana oa hao hore le ka mohla a se ke a phephetsa ntja.
3. Kōpa tumello ea mong’a ntja pele u phaphatha ntja eo u sa e tsebeng.
4. Koetlisetsa ntja ea hao ho mamela litaelo tsa motheo.
5. Tloaetsa ntja ea hao ho hakoa.
6. Qoba lipapali tse leqhoko.