Metsi Sesebelisoa sa Bohlokoa Polaneteng
METSI, a se na ’mala, a se na monko, a se na tatso, ’me a se na lik’hilojule, ke a bohlokoa linthong tsohle tse phelang lefatšeng. Ha ho motho, phoofolo kapa semela se ka phelang kantle ho ’ona. Ho tloha ho tlou ho isa ho kokoanyana, metsi ke a bohlokoa; ’me ha ho letho le ka a nkelang sebaka. Motho e mong le e mong ho ba limilione tse likete tse hlano lefatšeng o hloka ho fumana bonyane lilithara tse peli le halofo tsa metsi letsatsi le leng le le leng e le hore a lule a shahlile, ebang o a fumana linong kapa lijong. Ha metsi a le sieo, bophelo bo ke ke ba e-ba teng.
Ha metsi a le sieo, ho ke ke ha khoneha ho lema lijalo kapa ho rua liphoofolo. Ha metsi a le sieo, lijo li ke ke tsa e-ba teng—ha lijo li le sieo, bophelo bo ke ke ba e-ba teng.
Ka lehlohonolo, ho na le metsi a mangata. Ha motho a e nka foto a le sepakapakeng, polanete ea rōna e ntle e putsoa e bonahala eka e ne e lokela ho bitsoa Metsi, eseng Lefatše. Ka sebele, haeba metsi a lefatšeng a ne a ka koahela polanete ena ka ho lekana, a ne a tla fetoha leoatle le botebo ba lik’hilomithara tse 2,5. Sebaka sohle se omileng sa lefatše se ne se ka fella ka Leoatleng la Pacific, ho be ho sale sebakanyana.
Ke ’nete hore metsi a mangata lefatšeng a ka maoatleng, ’me metsi a leoatle a letsoai. Haeba motho a ne a e-noa metsi a leoatle feela, ka mor’a nakoana o ne a tla shoa ke lenyora le ke tahlehelo ea metsi ’meleng ha ’mele o ntse o leka ho fokotsa letsoai le lengata le sa hlokahaleng ho oona. Metsi a leoatle ha a matle bakeng sa temo leha e le bakeng sa ho sebelisoa indastering—a bolaea lijalo tse ngata ’me a etsa hore mechine e mengata e be le mafome kapele. Kahoo, ka ho tloaelehileng, batho ba ka sebelisa metsi a leoatle haeba feela ba tlosa letsoai, ’me tšebetso eo e hloka chelete e ngata.
Ke karolo ea 3 lekholong feela ea metsi a lefatše e hloekileng, e seng letsoai. Hoo e ka bang metsi ’ohle a hloekileng—hoo e ka bang karolo ea 99 lekholong ea ’ona—a ipōpile maqhoeng a maholo le a litlhōrōng tsa lithaba kapa a tlaase mpeng ea lefatše. Ke karolo ea 1 lekholong feela eo ho leng bonolo hore batho ba e fumane.
Karolo e le ’ngoe lekholong ha e utloahale e le ngata. Na ho ka etsahala hore re haelloe ke metsi a hloekileng? Mohlomong ha ho joalo. Makasine e bitsoang People & the Planet e re: “Esita le eona [karolo ena ea 1 lekholong], haeba e ajoa ka ho lekana lefatšeng ho pota ’me e sebelisoa ka hloko, e ka lekana ho phelisa palo ea baahi ba teng lefatšeng hona joale ka makhetlo a mabeli kapa a mararo.”
Ha e le hantle, kakaretso ea metsi a teng lefatšeng ha e eketsehe leha e le ho fokotseha. Science World e re: “Metsi ao u a sebelisang kajeno mohlomong ke a kileng a tima lenyora la dinosaur. Lebaka ke hore metsi ’ohle ao re nang le ’ona hona joale Lefatšeng ke ’ohle ao re kileng ra ba le ’ona—kapa ao re tla ke re be le ’ona.”
Lebaka la sena ke hore metsi a teng lefatšeng le a le pota-potileng a potoloha mocha-o-chele—ho tloha maoatleng a ea sepakapakeng, a oele fatše, a kene linōkeng, ’me a khutlele hape maoatleng. Ho joalokaha monna ea bohlale a ile a ngola khale: “Linōka tsohle li phallela leoatleng, athe leoatle ha le tlale; linoka li ntse li phalla moo li phalletseng teng.”—Moeklesia 1:7.
Leha ho le joalo, le hoja metsi a hloekileng a le mangata lefatšeng ho na le libaka tse ngata tse maqakabetsing. Lihlooho tse latelang li hlahloba mathata ana le menyetla ea ho a rarolla.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
NASA photo