Paradeise e se Nang Likhathatso na ke Toro Feela?
“HO RENA khotso!” Ka sebele sebaka se tlohang morung oa lifate tsa phaene se ka holimo ho Letša la Redfish naheng ea Idaho, U.S.A., e ne e le se hlollang. Mohahlauli e mong o ile a re: “Ke kamoo ke nahanang hore paradeise e lokela ho ba kateng.”
Letsatsi le ne le phatsima sehlekehlekeng sa Cyprase se lebōpong le ka boroa la leoatle la Mediterranean. Maqhubu a ne a khahlellana ka bonolo lebōpong. A lutse reschorenteng e ka holim’a leralla a shebeletse pono ena e hōjana, moeti e mong o ile a khotsa: “Sena ke paradeise!”
Ho ba bangata ba rōna, ho hopola lipono tse kang ena ke habohlokoa. Empa baahi ba libaka tsena baa hlokomela hore hangata tikoloho ea boemo ba paradeise e tšoana le metse e metle ka ntle, e pata mathata a bophelo a letsatsi le leng le le leng: ho cha ha meru mesikong ea Rocky Mountains, tšilafalo e leoatleng e amang litlhapi ’me qetellong e ama batho—ho phaella likhohlanong tse sokelang bophelo machabeng le kahisanong.
Paradeise—Ke Eng?
U nahana paradeise e le ntho e joang? The New Shorter Oxford English Dictionary e fana ka tlhaloso ea eona ea pele e le: “Serapa sa Edene se hlalositsoeng ho Gen[ese] 2, 3.” Ena ke tlhaloso e bukeng ea pele ea Bibele mabapi le sebaka seo Molimo a ileng a beha motho oa pele, Adama, ho sona. Paradeiseng eo ea tšimolohong, ho ne ho metse lifate tse ngata “tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.”—Genese 2:9.
Tlhaloso ea bobeli ea dikishinari eo e amahanya “paradeise” le “Leholimo, le rutoang ke Bokreste le Bomosleme” empa ea eketsa: “Hona joale e sebelisoa haholo lithoko[ng].” Leha ho le joalo ho mohahlauli le moeti oa rōna, paradeise e ne e le “sebaka se fetang tsohle ka botle kapa ka ho khotsofatsa,” e leng tlhaloso ea boraro ea dikishinari.
Lekholong la bo16 la lilemo setsebi se seng sa lipolotiki sa Lebrithani, Sir Thomas More o ile a ngola buka e bitsoang Utopia (Sebaka se Phethahetseng) eo ho eona a ileng a hlalosa naha e ’ngoe ea boiqapelo eo ho eona melao, puso le maemo a bophelo e leng tse phethahetseng. E ile ea bonahala e le e se nang motheo hoo kajeno Webster’s New Collegiate Dictionary e hlalosang “Utopia” e le “morero o ke keng oa sebetsa oa ho ntlafatsa maemo a kahisano.”
Ho balateli ba moeta-pele Jim Jones, oa lequloana la bolumeli ba People’s Temple, Sebaka se Phethahetseng e ne e le moru o se nang lifate moferong oa Guyana. Ka masoabi, ka 1978 paradeise ena e neng e tšepiloe e ile ea fetoha sebaka sa lefu ho ba fetang 900 ho bona—ka sebele e bile ntho e tšosang! Ka lebaka leo, ka linako tse ling batho ba amahanya khopolo ea paradeise le maquloana a sa tloaelehang a etsang lintho tse makatsang le tse tšosang.
Lefatšeng leo ho lona tlōlo ea molao le pefo e leng tšokelo, leo ho lona ho kula ho hlaselang batho ba baholo le bana ka ho tšoana, le leo ho lona lehloeo le liphapang tsa bolumeli li arohantseng lichaba, hangata tikoloho e ntle e ba ponahalo e thetsang feela. Hase ho makatsang hore ebe batho ba nahana hore paradeise e mpa e le toro feela! Empa sena ha sea thibela batho ba bang hore ba leke ho iphumanela kapa esita le ho iketsetsa paradeise ka bobona. Ba atlehile hakae?