Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 10/8 maq. 4-7
  • Ho Batla Paradeise e se Nang Likhathatso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Paradeise e se Nang Likhathatso
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Itšehla Thajana ke Tharollo?
  • Na ke Libaka Tse se Nang Tlōlo ea Molao?
  • Ho Thoe’ng ka Maquloana a Letsatsi la Timetso?
  • Paradeise e se Nang Likhathatso
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Paradeise Lefatšeng—Na ke Toro Feela Tjee Kapa Ehlile e Tla ba Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Paradeise e se Nang Likhathatso Haufinyane e Tla ba Ntho ea Sebele
    Tsoha!—1997
  • Paradeise
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 10/8 maq. 4-7

Ho Batla Paradeise e se Nang Likhathatso

BANYALANI ba bang ba Brithani ba ile ba hlalosa: “Sohle seo re se batlang ke ho hlahisa mokhoa oa bophelo o sireletsehileng, mohlomong oa mehleng ea khale oo ho oona batho ba tsotellanang.” Ba ile ba etsa qeto ea ho batla sehlekehleke se boemong ba paradeise se chesang se mongobo ’me ho sona ba theha motse oo ho oona ho neng ho tla pheloa hammoho ka khotso. Ntle ho pelaelo u utloisisa maikutlo a bona. Ke mang ea ke keng a potlakela ho sebelisa monyetla oa ho phela paradeiseng e se nang likhathatso?

Na ho Itšehla Thajana ke Tharollo?

Khopolo ea ho phela sehlekehlekeng e thahasellisa batho ba bangata ba batlang paradeise, kaha ho itšehla thajana ho fana ka tšireletseho e itseng. Ba bang ba khetha lihlekehleke tse ka thōkoana ho Lebōpo la Pacific tsa Panama kapa lihlekehleke tsa Caribbean, tse kang tse ka thōkoana ho Belize. Ba bang ba lebisa tlhokomelo ea bona libakeng tse ntle ka tlhaho Leoatleng la Indian—ka mohlala, tsa Seychelles.

Taba ea ho hloma tikoloho e arohileng ho tse ling ke monahano o makatsang. Esita le haeba ho e-na le chelete e lekaneng, melao ea ’muso o busang e ka ’na ea khina ho rekoa ha sebaka seo kapele. Empa nka hore sehlekehleke se phethahetseng se chesang se mongobo sea fumaneha, na u ne u tla thaba ho sona? Na paradeise ea hao e ne e tla ba e se nang likhathatso?

Lihlekehlekeng tse thōkoana le lebōpo la leoatle, Brithani, hona joale ho lula baahi ba ntseng ba eketseha. Karolo e khōlō ea baahi ba bacha ba ho tsona ke batho ba batlang ho phela ka khutso le ka khotso. Monna e mong ea phelang a le mong sehlekehlekeng sa Eorsa se lihekthere li 100, se ka bophirimela ho lebōpo la leoatle, Scotland, o bolela hore ha ho mohla a jeoang ke bolutu kaha o na le ho hongata hoo a lokelang ho ho etsa bakeng sa ho hlokomela mohlape oa hae oa linku tse lekholo. Ba bang ba ileng ba batla ho phela ba ’notši sehlekehlekeng ba ile ba phakisa ba jeoa ke bolutu. Ba bang ho tlalehiloe hore ba ile ba leka ho ipolaea ’me ha hlokahala hore ba thusoe.

Batho ba bangata ba lumela hore ho phela sehlekehlekeng se senyenyane se setle ka tlhaho se chesang se mongobo e ne e tla ba paradeise. Ba thabela ho phela tlas’a maemo a monate a mocheso le mohatsela o lekaneng. Empa ho ngongoreha ka hore ho ka ’na ha e-ba le mocheso o akaretsang lefatšeng o ka bakang ho phahama ha boemo ba metsi a leoatle ho tšositse baahi ba bangata ba lihlekehlekeng. Baahi ba lihlekehleke tse entsoeng ke mahoholi a leoatle tsa Tokelau, Pacific Bophirimela, hammoho le tse hasaneng Maldives, Leoatleng la Indian, lihlekehleke tse phahametseng leoatle ka limithara tse ka tlaase ho tse 1,8 nakong eo maqhubu a phahameng haholo le bona ka ho tšoanang ba ikutloa ba le kotsing.

Hoo e ka bang mebuso e 40 e fapaneng e ile ea kopanya matsoho mokhatlong oa Linaha tse Hōlang tsa Lihlekehlekeng tse Nyenyane bakeng sa ho fumana thuso mahlomoleng a eona. Le hoja baahi ba lihlekehlekeng tse nyenyane ka tloaelo ba phela nako e telele ’me le ho shoa ha masea a bona ho fokola, ba ntse ba talimana le mathata a tebileng a tikoloho. Oli e phaphametseng metsing le maoatle a silafetseng li fokolisa moruo oa lihlekehleke tse ling. Tse ling li fetoha libaka tseo lichaba tse khōlō li qhallang chefo e litšila ho tsona.

Esita le ho khahleha ho babatsehang ha lihlekehleke tsena ho li etsang hore e be tširelo ho ba batlang paradeise, ho hlahisa tšokelo. Joang? Bahahlauli ba fihlang ka bongata likoung tse futhumetseng tsa lihlekehleke tsena ba baka sepenya se makatsang ’me ba fokolisa mehloli ea moruo e tetemang. Baeti bana ba boetse ba mpefatsa bothata ba tšilafalo. Ka mohlala, lihlekehlekeng tsa Caribbean ke karolo e le ’ngoe feela ho tse leshome ea likhoerekhoere tse bakoang ke baeti ba limilione tse 20 e hlokomeloang ka tsela e itseng.

Ntho e tšoanang ea etsahala le libakeng tse ling tse hapang mahlo. Nahana ka se etsahalang Goa e lebōpong le ka bophirimela la India. The Independent on Sunday ea London e ile ea phatlalatsa: “Matšoele a bahahlauli ‘a silafatsa paradeise.’” Likhakanyo tsa ’muso li bontša keketseho ea ho tloha ho bahahlauli ba 10 000 ka 1972 ho ea ho ba fetang milione mathoasong a bo-1990. Sehlopha se seng se lemosa hore tikoloho e tetemang ea Goa le lintho tse phelang hammoho le mokhoa o ikhethang oa bophelo oa batho ba moo li sokeloa ke meharo ea bo-lirahotele ba lakatsang ho fumana chelete ka ho subuhlellana ha bahahlauli moo. Tlaleho ea ’muso oa India e tlaleha hore lihotele tse ling li hahiloe lebōpong kantle le tumello ea molao. Ho ’nile ha fatoa lehlabathe, ha rengoa lifate le ho batalatsa litotoma tsa mobu. Likhoerekhoere li qhalanela lebōpong kapa li phallela masimong a reisi, e leng ho bakang tšilafalo e khōlō.

Na ke Libaka Tse se Nang Tlōlo ea Molao?

Ho eketseha ha litlhaselo tsa tlōlo ea molao ho senya botumo bo botle esita le ba libaka tse renang khotso. Sehlekehlekeng se senyenyane sa Caribbean, Barbuda, ho hlaha tlaleho e nang le sehlooho se reng “Bokoeta Paradeiseng.” Tlaleho ena e ne e qaqisa polao e tšosang ea batho ba bane ba neng ba palame seketsoana se majabajaba se neng se eme lebōpong la leoatle sehlekehlekeng seo. Liketsahalo tse kang ena li baka kameho e eketsehileng mabapi le ho ata ha tlōlo ea molao ho atileng hohle.

Tlaleho ea The Sunday Times ea London e bile le sehlooho se reng, “Lithethefatsi li Qholotsa Lintoa Tsa Lihlopha Tsa Linokoane ‘Paradeiseng’” ha se bua ka naha e ’ngoe ea Amerika Bohareng. Mohlophisi e mong oa sebakeng seo ea neng a saretsoe ke ho fela ha khotso, oa hlalosa: “Hona joale ke ho tloaelehileng hore ha u tsoha hoseng u fumane ngoana ea lilemo li 16 a rapaletse ka har’a letamo la mali seterateng.”

Ba ikemiselitseng ho phela tikolohong ea paradeise ea kopanelo ba tšepa ho hapa thahasello ea batho ba tla lumela ho phela ka khotso. Empa ’nete ke efe? Tabeng ea banyalani ba boletsoeng sethathong, ba Brithani, ho ile ha phakisa ha hlaha liphapang. Ka ho hlakileng takatso ea ba bang ba bakōpi ba neng ba batla ho kenela morero oa bona e ne e le ho fumana chelete ka oona. ’Muelli oa oona o ile a phatlalatsa: “Ha re batle baeta-pele. Morero ke hore re kopanye chelete eo re nang le eona bakeng sa ho ntšetsa pele ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Motse ona ke o bitsa Sebaka se Phethahetseng.” Ka sebele ona hase morero oa pele o joalo.—Bona lebokose le reng “Liteko Tsa ho Etsa Tikoloho ea Paradeise.”

Ba bang ba batlang paradeise ba lumela hore ba tla finyella pakane ea bona ka ho hapa lothari. Empa mouno oa chelete o finyeletsoeng ka tsela ena hase hangata o tlisang thabo. Ka February 1995, The Sunday Times e ile ea tlaleha hore lelapa le leng la Brithani le ileng la hapa chelete ea lothari e ngata ka ho fetisisa ho fihlela nakong eo le ile la e-ba le lintoa tse mahlo-mafubelu; ho hapa ha lona ha hoa le tlisetsa letho haese “khalefo, lehloeo le ho se tšepane.” Maemo a joalo a tloaelehile.

Ha a ntse a fuputsa ka ho batla ha moloko oa batho Sebaka se Phethahetseng, mongoli Bernard Levin o hlalosa “takatso e matla ea ho rua ka nako le motsotso,” ’me o re: “Joaloka litoro tse ngata, ho ka fetoha ntho e tšosang. Ho na le litlaleho tse ngata haholo tse tiisang taba ea hore leruo la nako le motsotso le lebisa tlokotsing e tšabehang (ho akarelletsa le ea ho ipolaea) eo ho ke keng ha thoe e itlhahetse ka tšohanyetso.”

Ho Thoe’ng ka Maquloana a Letsatsi la Timetso?

Merero e meng ea paradeise e bile le liphello tse mpe haholoanyane. Ha e tlaleha ka thibello eo baemeli ba molao ba ’muso ba Waco, Texas, ba ileng ba e etsa setsing sa Branch Davidians morao koana ka 1993, koranta e ’ngoe e ile ea hlalosa ka “pefo e kopantseng lithunya, ho sokolla ka likhoka le moprofeta oa letsatsi la timetso” e ileng ea lebisa tlokotsing. Ka masoabi, ena hase ketsahalo e le ’ngoe e ikhethang.

Balateli ba mofu Bhagwan Shree Rajneesh, moeta-pele oa bolumeli India ba ile ba theha motse, Oregon, empa ba khopisa baahisani ba bona ka boitšoaro ba bona. Borui ba moeta-pele oa bona le mekhoa e mecha ea boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali li ile tsa fokolisa boipolelo ba bona ba hore ba thehile “sebaka se setle.”

Lihlotšoana tse ngata tsa bolumeli tse etelloang pele ke batho ka litšepiso tsa paradeise li batla hore balateli ba tsona ba etse lintho tse sa tloaelehang, tseo ka linako tse ling li fellang ka likhohlano tse mabifi. Mongoli oa koranta Ian Brodie oa hlalosa: “Maquloana a bolumeli a fana ka setšabelo le tlhophiso ea mokhatlo bakeng sa ba ikutloang ba phela bophelo bo bolutu kapa ba sitoa ho tobana le likhatello tsa lefatše.” Leha ho le joalo, mantsoe a hae a tiisa ’nete ea hore batho ba bangata ba ne ba ka thabela ho phela paradeiseng.

Paradeise e se Nang Likhathatso

Likhathatso ho bonahala e le tse ngata haholo: tšilafalo, tlōlo ea molao, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, sepenya sa baahi, likhohlano tsa merabe, merusu ea lipolotiki—ho phaella likhathatsong tse tloaelehileng tsa batho bohle, e leng ho kula le lefu. Qeto e tlameha ho ba hore ha ho kae kapa kae lefatšeng lena moo ho nang le paradeise e se nang likhathatso ka ho feletseng. Ho joalokaha Bernard Levin a hlokomela: “Ho na le letšoao le lebe tlalehong ea liketso tsa batho, ’me ho bonahala eka le bile teng ka nako e le ’ngoe le motho. Le akarelletsa ho hlōleha ha batho ho phela ba thabile tikolohong eo ho eona ba atamelaneng le ba bang ba eketsehileng, eseng ba ’maloa feela.”

Leha ho le joalo, ho tla ba le paradeise ea lefatšeng ka bophara e sa tl’o ba le likhathatso ka ho feletseng. Boteng ba eona bo tiisitsoe ke matla a phahametseng motho. Ka sebele, batho ba fetang limilione tse hlano ba se ba ntse ba sebeletsa pakane eo hona joale, ’me ka hare ho bona ba se ba ntse ba thabela bonngoe boo e leng ba bohlokoa le tikoloho e batlang e se na likhathatso. U ka ba fumana hokae? Ke joang u ka bang le tšepo e tšoanang le ea bona le ho rua molemo joaloka bona hona joale? ’Me Paradeise eo e tlang e tla tšoarella nako e telele hakae?

[Lebokose le leqepheng la 6]

Liteko Tsa ho Etsa Tikoloho ea Paradeise

Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, setsebi sa kahisano sa Lefora Étienne Cabet (1788-1856) le batlatsi ba hae ba 280 ba ile ba hloma sebaka sa bolulo Nauvoo, Illinois, se thehiloeng likhopolong tsa hae. Empa ka mor’a lilemo tse robeli tsa ho hloka kutloano ho neng ho le teng tikolohong eo, ba ile ba arohana, joalokaha lihlopha tse ling Iowa le California le tsona li ile tsa arohana.

Monna e mong oa Lefora, Charles Fourier (1772-1837), o ile a buella likhopolo tsa ho ba le mokhatlo oa baikopanyi ba temo o nang le mesebetsi e fapa-fapaneng bakeng sa litho tsohle tsa oona. Motho e mong le e mong o ne a lokela ho fumana moputso ho itšetlehiloe ka katleho ea sehlopha ka kakaretso. Empa mekhatlo ea Fora hammoho le United States e neng e thehiloe likhopolong tsena e ile ea sebetsa ka nakoana feela.

Hoo e ka bang nakong eona eo, montlafatsi e mong oa maemo a bophelo oa Wales, Robert Owen (1771-1858) o ile a rera ho theha metsana ea baikopanyi eo ho eona batho ba makholo ba neng ba tla phela hammoho ba e-na le kichine le sebaka sa ho jela tsa sechaba. Malapa ka bomong a ne a tla phela matlong a ’ona le ho hlokomela bana ba ’ona ho fihlela ba e-ba lilemo li tharo. Ka mor’a moo, tlhokomelo ea bona e ne e tla ba matsohong a sechaba ka kakaretso. Empa boiteko ba Owen bo ile ba hlōleha, ’me o ile a lahleheloa ke leruo la hae le lengata.

John Noyes (1811-1886) e ile ea e-ba mothehi oa seo The New Encyclopædia Britannica e se bitsang “metse e atlehileng ka ho fetisisa ea thepa e kopanetsoeng maemong a phethahetseng, United States.” Noyes o ile a tšoaroa ka lebaka la bofebe, ha balateli ba hae ba tlohella ho nyala balekane ka bomong ’me ba lumella batho bohle hore ba be le likamano tsa botona le botšehali haeba feela batho ba babeli ba lumellana ka hona.

The Sunday Times ea London e tlaleha hore Motse oa Laissez Faire, oo e leng “Sebaka se [itseng se] Phethahetseng sa bo-ralichelete,” sa Amerika Bohareng, ke boiteko ba morao tjena ba ho qapa tikoloho e kang ea motse oa Sebaka se Phethahetseng. Morero o ile oa batla batho ba etsang matsete. Ba hohetsoe ke tebello ea ho phela “motseng oa mohlolo oa lekholong la bo21 la lilemo,” ba batlang paradeise ba ile ba khothalletsoa ho romela R22000 le ho kopanela ho theheng khoebo ea ho rekisa, ho batleng batho ba likelello li tšoanang le tsa bona bao le bona ba neng ba tla etsa matsete ka chelete ea bona. Koranta eo e hlalositse hore ho ea ka tlaleho, sohle seo chelete ena e se etsang ke ho lefella tekete ea sefofane bakeng sa ho lekola morero oo “haeba naha e ka phehelloa hore e fane ka sebaka sa ho haha ’me ho hahoe hotele e nyenyane moo.” Ha ho na lebaka le utloahalang la ho tšepa hore “paradeise” ea sebele e tla thehoa moo.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Sehlekehleke se ipiletsa ho batho ba bangata ba batlang paradeise. Empa tlōlo ea molao kajeno e senya esita le libaka tse renang khotso ka ho fetisisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela