Kamoo Ntoa e Sithabetsang Bana Kateng
NTOA, eo e leng e ’ngoe ea lintoa tse ngata tsa lehae Sierra Leone, e ile ea kupa mathoasong a 1995. Ha lithunya li khaotsa ho khabola, Tenneh ea lilemo li ’nè, eo batsoali ba hae ba neng ba se ba bolailoe ntoeng, o ile a fumanoa a rapaletse a e-na le maqeba. Kulo e ne e parakile hloohong, ka mor’a leihlo le letona, ’me ho ne ho e-na le kotsi ea hore kulo eo e bake tšoaetso e tla namela bokong ’me e mo bolaee.
Likhoeli tse 16 hamorao, banyalani ba bang ba Brithani ba ile ba khona ho fofisetsa Tenneh Engelane bakeng sa ho buuoa. Sehlopha sa lingaka tse buoang se ile sa ntša kulo eo, ’me batho ba ile ba thabisoa ke hore tšebetso ea ho buuoa e bile e atlehileng, e bolokileng bophelo ba ngoana eo. Leha ho le joalo, thabo eo e ile ea felisoa ke ho tseba hore Tenneh o setse e le khutsana e neng e bile e sa lokela hore ebe e ile ea thunngoa ho hang.
Libetsa, Tlala le Maloetse
Le hoja Tenneh a ne a otliloe ke kulo e sollang, bana ba ntseng ba eketseha hase ka phoso e-bang bahlaseluoa empa ke bona ba koroloang. Ha lintoa tsa merabe li qhoma, ho bolaea batho ba baholo ha hoa lekana; bana ba sera ba nkoa e le lira tsa ka moso. Mohlalosi e mong oa lipolotiki Rwanda o ile a bolela phatlalatsong ea seea-le-moea ka 1994: “E le hore u tle u bolaee likhoto, u lokela ho bolaea malinyane.”
Leha ho le joalo, bana ba bangata ba shoang lintoeng hase bahlaseluoa ba liqhomane kapa likulo empa ho e-na le hoo ke ba tlala le ho kula. Ka mohlala, lintoeng tsa Afrika, khaello ea lijo le litšebeletso tsa bongaka e bolaile batho ba menang ba bolailoeng ka ho toba ke ntoa ka makhetlo a ka bang 20. Ho khaola mehloli ea bohlokoa ea phepelo ke leqheka le leng le sehlōhō la ntoa le sebelisoang mehleng ea kajeno. Mabotho a ntoa a tsetetse liqhomane tsa fatše karolong e khōlō ea masimo a temo, a sentse lisiu tsa lijo-thollo le tsamaiso ea metsi, ’me a hapile thepa ea liphallelo. Hape a helelitse litsi tsa bophelo, a qhalakanya basebetsi ba bongaka.
Maqheka a joalo a ama bana habohloko. Ka mohlala, bana ba bolailoeng ke lisosa tse amanang le ntoa ba ne ba le 330 000 Angola ’me Mozambique ba le 490 000, pakeng tsa 1980 le 1988.
Ha ho se Lehae, ha ho Lelapa
Ntoa e siea bana e le likhutsana ka ho bolaea batsoali ba bona, empa e boetse e ba siea e le likhutsana ka ho qhala malapa. Lefatšeng ka bophara, batho ba ka bang limilione tse 53 ba balehile malapeng a bona ka lebaka la tšokelo ea pefo. Hoo e ka ba motho a le mong ho batho ba bang le ba bang ba 115 lefatšeng! Bonyane halofo ea bona ke bana. Pherekanong ea paleho, hangata bana ba arohanngoa le batsoali ba bona.
Ka lebaka la ntoa e Rwanda, bana ba 114 000 ba ne ba arohantsoe le batsoali ba bona qetellong ea 1994. Ho ea ka patlisiso ea 1995, ngoana a le mong ho ba bahlano o bile le phihlelo e tšoanang, Angola. Ho bana ba bangata, haholo-holo ba banyenyane, pherekano ea kelello ea ho se be le batsoali e ba e sithabetsang ho feta moferefere oa ntoa ka booona.
Ba Bolailoeng ke Liqhomane Tsa Fatše
Lefatšeng ho pota bana ba likete tse makholo-kholo ba ’nile ba phatloloa ke liqhomane tsa fatše ha ba ntse ba bapala, ba lisitse liphoofolo, ba roalla patsi, kapa ba lema lijalo. Liqhomane tsa fatše li bolaea batho ba 800 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Linaheng tse 64 ho tsetetsoe liqhomane tsa fatše tse etsang kakaretso ea tse ka bang limilione tse 110. Cambodia feela ho tsetetsoe liqhomane tsa fatše tse ka bang limilione tse supileng, e leng tse peli bakeng sa ngoana e mong le e mong.
Linaha tse fetang 40 li hlahisa mefuta e ka bang 340 ea liqhomane ka meetso le mebala e mengata e sa tšoaneng. Tse ling li shebahala joaloka majoe, ha tse ling li tšoana le liphaenapole, ’me tse ling li tšoana le lirurubele tse nyenyane tse tala tse itheohelang li fofa ho tsoa lihelikopthareng ho ea itulela fatše, ntle le ho phatloha. Litlaleho tse ling li bontša hore liqhomane tse ling tsa fatše, tse entsoeng hore li shebahale joaloka lintho tsa ho bapala, li ’nile tsa behoa pel’a likolo le libaka tsa ho bapala moo basali le bana ba ka li fumanang.
Ho bitsa chelete e ka bang R13 feela ho hlahisa seqhomane sa ho hlasela masole, empa ho fumana le ho tlosa seqhomane seo mobung ho bitsa chelete e pakeng tsa R1300 le R4400. Ka 1993, ho ile ha tlosoa liqhomane tsa fatše tse ka bang 100 000, empa tse ling tse ncha tse limilione tse peli li ile tsa tseteloa. Kaofela ha tsona ke babolai ba nang le mamello ba sa robaleng, ba sa khetheng lesole ho ngoana, ba sa lemoheng lilekane leha e le life tsa khotso, ba bileng ba lulang ba sebetsa ka lilemo tse isang ho 50.
Ka May 1996, ka mor’a lilemo tse peli tsa lipuisano Geneva, Switzerland, babuelli ba Machaba a Kopaneng ba ile ba hlōleha ho sireletsa ho thibeloa ha liqhomane tsa fatše lefatšeng ka bophara. Le hoja ba ile ba thibela ka molao mefuta e meng ea liqhomane le ho beha lithibelo tšebelisong ea e meng, ho thibela ka ho feletseng liqhomane tsa fatše ho ke ke ha boela ha tšohloa ho fihlela sebokeng se latelang sa lipuisano sa Machaba a Kopaneng, se tla tšoaroa ka selemo sa 2001. Ho tloha hona joale ho fihlela nakong eo, liqhomane tsa fatše li ka ’na tsa bolaea batho ba bang ba 50 000 le ho holofatsa ba 80 000. Ba bangata e ka ’na ea e-ba bana.
Tlhokofatso le Peto
Lintoeng tsa morao tjena bana ba ’nile ba hlokofatsoa, mohlomong e le ho utloisa batsoali ba bona bohloko kapa e le hore ho fumanoe boitsebiso bo itseng ka batsoali ba bona. Ka linako tse ling, ntoeng ea likhoka, ho hlokofatsa bana ho etsetsoa boithabiso feela empa ho sa hlokahale.
Pefo ea likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa le peto, e tloaelehile ntoeng. Ntoeng e neng e le linaheng tsa Balkans, e ne e le leano ho beta banana ba lilemong tsa bocha le ho ba qobella ho tsoalla sera ngoana. Ka ho tšoanang, masole a Rwanda a ile a sebelisa peto e le sebetsa bakeng sa ho senya litlamo tsa lelapa. Litlhaselong tse ling hoo e ka bang ngoanana e mong le e mong ea phonyohileng tlhaselo ea sesole o ile a betoa. Banana ba bangata ba ileng ba ima ba ile ba lahloa ke malapa abo bona le sechaba sa habo bona. Banana ba bang ba ile ba lahla masea a bona kherehloa; ba bang ba ipolaea.
Khatello ea Maikutlo
Hangata ntoeng bana ba feta tlas’a lintho tse bohloko ho feta le masetla-pelo ao batho ba baholo ba bangata ba bang le ’ona. Ka mohlala, patlisiso e ’ngoe e entsoeng ho bana ba 1505, Sarajevo, e bontšitse hore hoo e ka bang bana bohle ba fetile tlas’a tlhaselo ea libomo. Ba fetang halofo ea bona ba ile ba thunngoa, ’me ba etsang karolo ea bobeli ho tse tharo ba bile maemong ao ho ’ona ba neng ba lebeletse hore ba bolaoe.
Patlisiso e ’ngoe ea bana ba Rwanda ba 3000 e fumane hore karolo ea 95 lekholong ea bona e bone pefo le lipolao nakong ea ntoa ea merabe, ’me ba ka etsang karolo ea 80 lekholong ba lahlehetsoe ke litho tsa malapa abo bona. Hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse tharo e betiloe kapa ea hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali ’me ba fetang karolo e le ’ngoe ho tse tharo ba bone ha bana ba bang ba nka karolo lipolaong kapa ho otleng. Liphihlelo tse joalo li sithabetsa maikutlo le lipelo tsa bana. Tlaleho e buang ka bana ba lemetseng maikutlo e tsoang moo e neng e le Yugoslavia e re: “Ba lula ba hopola ketsahalo eo . . . e leng ho ba bakelang ho phofa ho feteletseng bosiu, ho lula ba nyarosoa ke mehopolo ea liketsahalo tse sithabetsang tsa nakong e fetileng, ho tšaba, ho se sireletsehe le ho halefa.” Ka mor’a ntoa ea merabe Rwanda, setsebi sa kelello sa National Trauma Recovery Centre se ile sa tlaleha: “Har’a matšoao a bontšoang ke bana ke ho phofa, ho thatafalloa ke ho tsepamisa mohopolo nthong, ho tepella maikutlo le ho ba le boikutlo ba ho felloa ke tšepo ka bokamoso.”
Bana ba ka Thusoa Joang?
Bafuputsi ba bangata ba lumela hore ho sithabela maikutlong hoo ha ho fele haeba bana ba bipetsa maikutlo le mehopolo ea bona. Hangata pheko e qala ha ngoana a loantša mehopolo eo e mebe ka ho buisana le motho e moholo ea bontšang kutloelo-bohloko le ea tsebang se etsahetseng. Mosebeletsi e mong oa sechaba Afrika Bophirimela o ile a re: “Thuso e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho etsa hore bana ba bothateng ba ntše maikutlo a bona ’me ba bue ka bolokolohi.”
Thuso e ’ngoe ea bohlokoa ho phekoleng bohloko ba maikutlo ke bonngoe le tšehetso tse matla tsa lelapa le sechaba. Ho tšoana le bana bohle, bahlaseluoa ba ntoa ba hloka lerato, kutloisiso le kutloelo-bohloko. Leha ho le joalo, na ho hlile ho na le lebaka la ho lumela hore ho na le tšepo ea hore bana bohle ba tla thabela bokamoso bo khanyang?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
E ne e Shebahala Joaloka Bolo
Laos, ngoanana e mong le khaitseli ea hae ba ne ba il’o fulisa nare. Ngoanana o ile a bona ntho e joaloka bolo ka forong. O ile a e nka ’me a e akhela khaitseli ea hae. E ile ea oela fatše ’me ea phatloha, ea mo bolaea hang-hang.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
A le Mong Feela Har’a ba Likete-kete
Ha ntoa e qala sebakeng sa habo, Angola, Maria ea lilemo li 12 eo e leng khutsana, o ile a betoa ’me a ima. Ha ntoa e ntse e mpefala, Maria o ile a baleha, a tsamaea lik’hilomithara tse 300 ho ea sebakeng se sireletsehileng, moo a ileng a kenngoa setsing sa bana ba se nang bolulo. Kaha o ne a ntse a le monyenyane haholo, o ile a pepa pele ho nako le hona ka thata. Lesea le ile la phela libeke tse peli feela. Maria o ile a hlokahala beke hamorao. Maria ke e mong feela har’a bana ba likete-kete ba ’nileng ba hlokofatsoa le ho betoa lintoeng tsa morao tjena.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Likelello le Lipelo Tse Sithabetseng
Tsela eo hangata bana ba angoang ke pefo ka eona e bontšitsoe ka ho hlaka ke Shabana oa India ea lilemo li robeli. O ile a bona ha mahoohoo a otla ntate oa hae ho fihlela a e-shoa ’me a khaola ’mè oa hae hlooho. O setse a rebehile, e leng ho patang tšabo le tahlehelo ea hae. Ka lentsoe le robehileng le le sa bontšeng ho ameha maikutlo o re: “Ha ke hloloheloe batsoali ba ka. Ha ke nahane ka bona.”