Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 11/8 maq. 25-30
  • Lerata Seo U ka se Etsang ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerata Seo U ka se Etsang ka Lona
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšitiso ea Lerata Ke’ng?
  • Liphello Tsa Lerata
  • Seo U ka se Etsang
  • Tsela ea ho Atleha ho Itšireletsa Lerateng
  • Lerata Khathatso ea Mehleng ea Kajeno
    Tsoha!—1997
  • Na ho Tla ke ho be le Khotso le Khutso?
    Tsoha!—1997
  • Sireletsa Kutlo ea Hao!
    Tsoha!—2002
  • Ba Letile Jerusalema
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 11/8 maq. 25-30

Lerata Seo U ka se Etsang ka Lona

QETELLONG ea letsatsi le khathatsang, u ea le sephume sa boroko. Ka tšohanyetso, u phaphamisoa ke ho bohola ha lintja tsa baahisani. Ua fetoha betheng ’me u tšepa hore lerata leo le halefisang le tla emisa kapele. Empa le tsoela pele. Lintja li lula li bohola joalo. U tenehile, u ferekantsoe ke ho hlobaela, ’me joale boroko bo hlaphohile kaofela, ua ipotsa hore na baahisani ba hao ba khona ho mamella lerata leo joang.

Batho ba fapana haholo ka tsela eo ba mamellang lerata ka eona. Basebetsi ba boema-fofane ba lulang haufi le moo lifofane li lulang teng ha ba tšoenngoe ke lerata la sefofane haholo joaloka bao mosebetsi oa bona o sa amaneng le lifofane. ’Mè oa lelapa ea sebelisang mochine oa motlakase o kopanyang lijo o mamella lerata la oona hamolemonyana ho feta motho ea ka kamoreng e ’ngoe ea lekang ho bala buka kapa ho shebella TV.

Tšitiso ea Lerata Ke’ng?

Linaha lia fapana ka tsela eo li hlalosang tšitiso ea lerata ka eona. Mexico, lerata ke “molumo leha e le ofe o sa rateheng o bakang khathatso kapa o kotsi bathong.” New Zealand e nka hore lerata ke le feteletseng ha e le la “mofuta o sitisang khotso, boiketlo le phomolo ea motho leha e le ofe, ka ho se nahanele.”

Bo-rasaense ba babeli ba tummeng, Alexander Graham Bell, moqapi oa thelefono le Heinrich Hertz, setsebi sa physics sa Jeremane, ba amahanngoa haufi-ufi le tekanyo ea molumo. Li-bel, kapa li-decibel (karolo e le ’ngoe ho tse leshome tsa bel) kamoo ho tloaelehileng kateng, li lekanyetsa molumo, athe hertz e lekanyetsa ho phahama ha molumo, kapa maqhubu a molumo. Ha ho lekanyetsoa lerata, hangata litlaleho li sebelisa tekanyo ea decibel ea molumo.a

Empa ke mang ea etsang qeto ea hore na molumo o tšoenya hakae? Ke uena, ea o utloang! The Independent ea London e re: “Bakeng sa ho lekanya khathatso e bakoang ke lerata, tsebe ea motho e sala e ntse e le eona ntho e lekanyang hamolemo ka ho fetisisa.”

Liphello Tsa Lerata

Kaha tsebe ke ‘ntho e lekanyang lerata hamolemo ka ho fetisisa,’ ka ho totobetseng ke sona setho se monyetleng ka ho fetisisa oa ho lematsoa ke lona. Ho senyeha ha lisele tsa mothapo oa kutlo tsa moropa oa hao oa tsebe ho ka u bakela tahlehelo e feletseng ea kutlo. Ke ’nete hore batho baa fapana tseleng eo ba itšoarang ka eona tabeng ea molumo le lerata. Empa ho lula motho a mametse molumo o ka holimo ho li-decibel tse 80 ho isa ho 90 ho ka etsa hore butle-butle a lahleheloe ke kutlo. Ka sebele, ha tekanyo ea lerata e phahame, u ka khona ho qeta nako e fokolang feela letsatsi le leng le le leng tikolohong e joalo ho seng joalo u tla senyeheloa ke kutlo.

Makasine ea New Scientist e tlaleha hore li-stereo tse ngata tse rekisetsoang batho ka bomong Fora li khona ho hlahisa li-decibel tse 113. Ha e qotsa phuputso e ’ngoe, e ile ea hlokomela hore “ha ’mino oa rock o letsoa mochineng o bapalang compact disc o buletsoeng kaofela ka nako ea hora o fetisa li-decibel tse 100 boholo ba nako eo ’me o fihla sehlohlolong sa li-decibel tse ka bang 127.” ’Me ho bileng ho tebileng le ho feta ke liphello tsa lerata le bang teng meketeng ea ’mino. Mofuputsi e mong o ile a fumana batho ba khobokane pel’a libuela-hōle tse kolokaneng ba sa tsotelle seo. Oa pheta: “Ke ile ka fifalloa ke pono, ka tsitsipana ’mele ke ho otla ha morethetho oo ’me lerata leo le ne le nkena habohloko ka litsebeng.”

Lerata le ka ba le liphello life ho uena? Mohloli o mong oa boitsebiso o re: “Ho lula lerateng le itekanetseng ho isa ho le phahameng ho baka khatello ea kelello, mokhathala le ho teneha.” Moprofesa Gerald Fleischer, oa Univesithing ea Giessen, Jeremane, o re: “Ho hloliuoa ka lerata ha ho amohe motho thabo feela bophelong, ho boetse hoa mo khathatsa ’meleng le maikutlong.” Ho ea ka Moprofesa Makis Tsapogas, ha lerata le phaellana holim’a maemo a mang a sithabetsang, le ka baka ho tepella ha maikutlo hammoho le mafu a mang a holofatsang.

Ho hloliuoa ka lerata ka nako e telele ho ka ama le botho ba hao. Ha bafuputsi ’musong oa Brithani ba botsa ba siteloang ke tšitiso ea lerata kamoo ba ikutloang kateng ka ba ikarabellang, ba ile ba bua ka lehloeo, boiphetetso, esita le ho bolaea. Ka lehlakoreng le leng, hangata baetsi ba lerata ba ba mabifi ha ba hlaseloa ka litletlebo khafetsa-khafetsa. ’Muelli e mong oa letšolo le khahlanong le lerata oa bolela: “Lerata le fokolisa boikutlo ba ho nahanela batho ba bang ’me le baka leqhoko le bora.”

Ba bangata ba kileng ba siteloa ke tšitiso ea lerata ba hlokomela hore butle-butle ba utloa lerata le se le sa ba tšoenye. Ba pheta maikutlo a mosali e mong eo baahisani ba hae ba neng ba lula ba letsetsa ’mino holimo: “Ha u qobelloa ho mamela ntho eo u sa e batleng, ea u nyotobetsa. . . . Esita leha lerata le emisa, re ne re se re lebella hore le qale hape.”

Kahoo, na ha ho na tsela ea ho sebetsana le tšitiso ee ea lerata?

Seo U ka se Etsang

Kaha lerata le atile hohle, batho ba bangata ba mpa ba sa hlokomele hore ba sitisa ba bang ka lona. Haeba ba ne ba tseba, ba bang ntle ho pelaelo ba ne ba tla khaotsa ketso eo e khopisang. Ke ka lebaka lena katamelo e nang le botsoalle ho moahisani ea lerata e ka sebetsang. Motho e mong o ile a halefisoa ke ho tletleba ha baahisani ba hae molaong ka hore o lerata. O ile a re: “Ke ne ke nahanne hore ba tla tla ho ’na ka ho toba haeba ba ne ba khopisoa ke lerata.” ’Mè e mong ea ileng a etsetsa bana phathi o ile a bua ka ho makala ha a thulana le mosebeletsi e mong oa ’muso ea neng a batlisisa ka tletlebo ea lerata. O ile a re: “Ke lakatsa eka batho ba entseng litletlebo tseo ba ka be ba tlile ha ka ’me ba mpolella hore ha baa thaba.” Kahoo, hase ho makatsang hore ebe mosebeletsi e mong oa bophelo bo botle ba tikoloho oa Brithani, o ile a makatsoa ke ha a fumana hore karolo ea 80 lekholong ea ba tletlebang ka lerata la malapeng ha ho mohla ba kileng ba kōpa baahisani ba bona ho fokotsa lerata.

Ho se buisane ha batho le baahisani ba bona ba lerata ho bontša ho hlokelana tlhompho ka mahlakoreng ka bobeli. Karabelo eo ba lebellang ho e fumana le eo hangata ba e fumanang e ba: ‘Haeba ke batla ho letsa ’mino oa ka, nka o letsa. Ke tokelo ea ka!’ Ba tšaba hore ho etsa tlhahiso e mosa ea hore a fokotse molumo ho ka ’na ha lebisa qhoebeshanong kaha moahisani ea lerata o nka hore tletlebo ea bona ke ho itšunya-tšunya litabeng tsa botho. Ke lebitso le lebe hakaakang sechabeng sa kajeno! Ho joalokaha Bibele e hlalosa hore tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” tseo ho tsona batho ka kakaretso e tlang ho ‘ba baithati, ba ikhohomosang, ba bohale bo tšosang le ba hlooho li thata’!—2 Timothea 3:1-4.

Ho hongata ho itšetlehile ka katamelo eo ba hloliuoang ba e nkang. Makasine ea Woman’s Weekly e fana ka mehato e ka nkoang ho rarolla boemo ba tsitsipano ka mor’a hore tletlebo e mabifi e khopise moqosuoa: “Ka mofuthu le ka tsela e utloisisang u ka re, ‘Bona, ke soabile—ke ile ka halefa ka lebaka la mokhathala haholo-holo ha ke sitoa ho robala’ mohlomong seo e ka ba sohle se hlokahalang ho nolofatsa [baahisani ba khopisang].” Mohlomong ba tla ithaopela ho tlosa thepa ea bona e hōlisang molumo pel’a lebota le le arolang ’me ba fokotse le molumo ka tsela e itseng.

Ka sebele, ke habohlokoa ho boloka likamano tse ntle le baahisani ba hao. Ba bang ba boholong pusong ea sebaka ba fana ka tšebeletso ea bokena-lipakeng e le ho boelanya baahisani ba loantšanang. Ka lebaka la maikutlo a bora ao litletlebo tsa molao li a hlahisang, ho bitsa mophethahatsi oa molao ho lokela ho talingoa e le “tharollo ea ho qetela.”

Haeba u rera ho fallela tulong e ncha, e tla ba bohlale hore u batlisise ka lisosa tse ka ’nang tsa baka tšitiso ea lerata pele u qetella litumellano. Barekisi ba litša ba buella hore u etele lehae leo u batlang ho le reka ka linako tse sa tšoaneng tsa letsatsi e le hore u hlahlobe haeba le e-na le lerata. U ka ’na ua botsa baahisani ka seo ba se hlokometseng. Haeba u thulana le mathata ka mor’a ho fallela tulong e ncha, leka ho a rarolla ka tsela ea boahisani. Hangata liqoso tsa makhotleng a molao li khothalletsa bora.

Empa ho thoe’ng haeba u phela tikolohong e lerata ’me u se na mokhoa oa ho fallela sebakeng se seng? Na e se e le ha u tlameha ho sotlehela ruri? Che, eseng joalo.

Tsela ea ho Atleha ho Itšireletsa Lerateng

Batla kamoo u ka sireletsang ntlo ea hao lerateng le tsoang ka ntle. Shebisisa haeba maboteng kapa fatše ka tlung ho na le masoba ao mohlomong a ka katoang. Shebisisa ka ho khetheha moo lisokete tsa motlakase li kenang teng. Na li tiile?

Hangata lerata le kena ka tlung ka menyako le lifensetere. Ho khomaretsa khalase ea bobeli lifensetereng (ho matahanya likhalase) ho ka thusa ho fokotsa lerata. Esita le ho thatela kosene ea monyako ka rabara e kang seponche ho tla tiisa hore monyako o koaliseha hantle. Mohlomong ho haha mathule a nang le monyako le hona ho ka sireletsa libaka tseo le lulang ka ho tsona lerateng le tšoenyang la sephethephethe.

Le hoja lerata la sephethephethe le eketseha ka lebelo le tšosang, baetsi ba likoloi ba lula ba hlahisa thepa le mekhoa e mecha ea ho fokotsa tekanyo ea molumo ka koloing ea hao. Lithaere tse se nang lerata koloing ea hao le tsona li ka thusa. Mefuta e sa tšoaneng ea sekontiri e lekiloeng linaheng tse ngata e hlahisitse ho bitsoang ka ho re ke “whisper concrete,” eo ho eona lehlohlojane le leng le siuoang le sa katoa ’me kahoo le fokotsa ho hohlana ha konkoreiti le lithaere. Ho tlalehoa hore ho sebelisa sekontiri sena ho fokotsa tekanyo ea lerata ka hoo e ka bang li-decibel tse peli likoloing tse nyenyane le decibel e le ’ngoe literakeng tse khōlō. Le hoja sena se ka ’na sa se ke sa bonahala se le sekaalo, ka karolelano ho fokotseha ha li-decibel tse tharo ho lekana le ho fokotseha ha lerata le tsoang sephethephetheng ka halofo!

Hona joale lihahi tsa litsela li etsa litsela tse khōlō tse pota-potiloeng ke litotoma kapa liqubu tsa mobu, e leng ho atlehang ho fokotsa lerata. Esita le haeba ho se na sebaka sa tsona, ho etsoa lekhoakhoa le khethehileng, joaloka le London bochabela le entsoeng ka ho lohella hammoho moluoane le limela tse ling tse lulang li le tala, ho sireletsa baahi ba haufi le tsela e khōlō lerateng le sa batleheng.

Ho thibela melumo e ferekanyang ka se bitsoang white noise—ka mohlala, moea o emeng kapa o sollang—ho ka ba molemo libakeng tse kang liofisi.b Japane e se e rekisa lipiano tse se nang molumo. Ho e-na le hore likonopo li otle likhole, likonopo tseo li etsa hore thapo ea elektronike e hlahise ’mino ka li-earphone tse roaloang ke seletsi.

Bo-rasaense ba se ba qetile lihora tse ngata ba etsa liphuputso ka tlhahiso ea seo ba se bitsang sethibela-lerata. Ha e le hantle, sena se akarelletsa ho sebelisa molumo o mong bakeng sa ho hlahisa maqhubu a senyang liphello tsa lerata. Ka sebele, sena se akarelletsa ho ba le thepa e eketsehileng ’me ho bitsa chelete e ngata ’me ha ho hlile ha ho felise sesosa sa bothata. U.S.News & World Report e re: “Ho fihlela mohla batho ba talimang lerata e le molumo o bohlasoa, mohlomong sethibela-lerata e tla ’ne e be eona tsela feela ea ho fumana khutso ea nakoana.” Empa leha ho le joalo, na khutso ke pheko ea tšitiso ea lerata?

Na ho hlile ho na le monyetla leha e le ofe oa khotso le khutso lapeng la hao le tikolohong ea heno? Sehlooho sa rōna se latelang se fana ka tšepo ea sebele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hangata tekanyo ea lerata e lekanngoa ka ho sebelisa mithara o lekanyang molumo ka li-decibel. Kaha tsebe e utloa maqhubu a molumo ka mokhoa o nepahetseng ho feta lintho tse ling, mithara oo o entsoe hore o sebetse ka tsela e tšoanang.

b Feela joalokaha white light e le motsoako oa tatellano ea mefuta ea leseli, white noise ke molumo o tšoereng maqhubu ’ohle a molumo a ka utloahalang, a batlang a le tekanyong e lekanang ea molumo.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Kamoo U ka Qobang ho ba Moahisani ea Lerata

● Nahana ka baahisani ba hao ha u etsa ntho e ’ngoe e lerata, ’me u ba tsebise pele ho nako.

● E-ba le tšebelisano-’moho ha moahisani a u kōpa hore u fokotse lerata.

● Hopola hore boithabiso ba hao ha boa lokela ho sithabetsa baahisani ba hao.

● Hopola hore lerata le maqhubu a lona li phunyelletsa habonolo le liphasejeng le fatše.

● Beha thepa e lerata ea ntlo holim’a kaletsa.

● Tiiseha hore ho na le motho e mong ea ka bitsoang ho tla sebetsana le lialamo tsa ntlo le tsa koloi tse llang ka phoso.

● Se ke ua etsa mosebetsi o lerata kapa ua sebelisa lisebelisoa tse lerata tsa lapeng bosiu haholo.

● Se ke ua letsetsa ’mino holimo hoo o tenang baahisani ba hao.

● Se ke ua siea lintja li le ling nako e telele.

● Se ke ua lumella bana ho qhoma-qhoma ’me ka tsela eo ba tšoenya batho ba mokatong o ka tlaase ho lōna.

● Se ke ua letsa hutara ea koloi, ua khahlela mamati, kapa ua lumisa enjine ea koloi haholo bosiu.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

Lerata le Uena

The Times e re: “Lerata ke kotsi e jeleng setsi ka ho fetisisa indastering ea Brithani, ’me le atisa ho fella ka ho ba tsebe-tutu.” Liphuputso tse ling tsa bophelo ba tikoloho li bontša hore lerata le ka holimo ho li-decibel tse 85 le ka lematsa lesea le ka pōpelong. Kutlo ea lesea ea senyeha, ’me lesea le ka ’na la ba le likhathatso tse amang li-hormone hammoho le ho tsoaloa le holofetse.

Ho ba lerateng le hlolieanang ho futahanya methapo ea mali ’me ho fokotsa ho phalla ha mali ho ea lithong tsa hao. Le oona ’mele oa hao o arabela ka ho hlahisa li-hormone tse eketsang khatello ea mali le ho otla ha pelo, e leng hoo ka linako tse ling ho lebisang ho otleng ha pelo ka matla kapa esita le ho baka letšoeea.

Ha lerata le senya kemiso ea hao, ho ka ’na ha hlaha mathata a mang. Ho se robale hantle ho ka ama mesebetsi ea hao ea motšehare. Lerata le ka ’na la se ke la fetola lebelo leo ka tloaelo u sebetsang ka lona, empa le ka ba le tšusumetso lenaneng la liphoso tseo u li etsang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho Itšireletsa Mosebetsing Haeba u fumana hore lerata mosebetsing ke bothata, leka ho roala mofuta o mong oa lintho tse sireletsang litsebe.* Li-earmuff li roaloa hloohong ho tšoana le li-headphone ’me hangata li sebetsa ka katleho moo tekanyo ea lerata e phahameng. Li molemo ka hore u ntse u ka utloa moqoqo le matšoao a lemosang a mochine, le hoja li ka ’na tsa etsa hore ho be thata hore u tsebe moo molumo o hlahang teng. Li-earplug e lokela ho ba tsa boholo bo u lekanang ’me ha lia lokela haeba u e-na le boloetse ba litsebe kapa u e-na le litsebe tse hlohlonang.

Tlhokomelo e loketseng ea mochine e ka fokotsa ho thothomela ha oona. Ho beha thepa e sebelisoang holim’a kaletsa ea rabara ho tla sebeletsa ho fokotsa tšitiso ea lerata, joalokaha ho beha mochine o lerata sebakeng se ka thōko le hona ho ka le fokotsa.

*Melao ea linaha tse ngata e tlama bahiri hore ba tiisehe hore basebetsi ba bona ba roala litšireletso tse loketseng bakeng sa kutlo ea bona.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

U ka itšireletsa joang lerateng le etsoang ke likoloi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela