Tlokotsi e Bolaeang ho Feta Ntoa
HA Marilyn ea lilemo li 23 a ota ’me a ikutloa a nyotobetse, o ile a nahana hore mohlomong ke ho hong ho amanang le hore o sa tsoa ima. Hape o ne a lula a khohlela, hoo a ileng a bolella ngaka ea hae ka hona. E ile ea re e ne e le khathatso ea linko le mahanana ’me ea mo fa litlhare tse loantšang likokoana-hloko. Hamorao, ha a qala ho fufuleloa bosiu, Marilyn o ile a khathatseha haholo. O ile a khutlela ho ngaka ea hae, e ileng ea mo lokisetsa hore a nkoe X-ray ea sefuba.
Motoa o sa hlakang ho X-ray o ile oa bontša hore ho hlokahala hore ho nkoe khato e potlakileng, empa Marilyn a se ke a fumaneha ka founo. Marilyn o ile a re: “Ngaka eo e ile ea fumana ’Mè ’me ea mo bolella hore ke kula hampe. ’Mè o ile a ntata ’me a mpolella hore ke ee [ngakeng] hang-hang. E ile ea nthomela sepetlele moo ke ileng ka nkoa X-ray e ’ngoe hape ’me ka kenngoa sepetlele.”
Marilyn o ile a nyarosoa ke ho utloa hore o na le lefuba (TB). O ile a nahana hore o tla shoa, empa ka mor’a ho noa litlhare tse loantšang lefuba, o ile a hlaphoheloa kapele.
Ke ho utloahalang hore Marilyn o ile a makatsoa ke hore o na le lefuba. Ho fihlela morao tjena, esita le litsebi tse ngata tsa bophelo li ’nile tsa lumela hore lefuba le felisitsoe linaheng tse tsoetseng pele moruong. Mothusi e mong tleliniking ea setsi sa phekolo London, o ile a re: “Ke ne ke nahana hore le ile la fela le seoa sa lona. Empa ha ke fihla mona ho tla sebetsa, ke le fumane le le teng ’me le ata ka potlako motseng ona.”
Libakeng tseo ho tsona lefuba le neng le felile, le khutlile; moo le neng le ntse le le teng, le atile ho feta. Ho e-na le hore le hlōloe, lefuba le lona lea bolaea ho tšoana le ntoa le tlala. Nahana:
◼Ho sa tsotellehe khatelo-pele e babatsehang ho tsa bongaka kajeno, lilemong tse fetang lekholo tse fetileng lefuba le bolaile batho ba ka bang limilione tse 200.
◼Batho ba isang ho limilione tse likete tse peli—karolo ea boraro ea baahi ba lefatše—ba se ba ntse ba tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea lefuba, e leng mofuta o mong oa baktheria. Ho phaella moo, motho a le mong o tšoaetsoa lefuba motsotsoana o mong le o mong!
◼Ka 1995 lenane la batho ba hlasetsoeng ke lefuba e ne e le limilione tse 22. Ba ka bang limilione tse tharo ba shoele, ba bangata ba bona e le ba linaheng tse ntseng li hōla moruong.
Kaha ho na le litlhare tse fumanehang tse atlehang ho loantša lefuba, ke hobane’ng ha lefu lee le ntse le tsoela pele ho hlasela moloko oa batho? Na le tla ke le hlōloe? Na ho na le tsela ea ho itšireletsa ho lona? Lihlooho tse latelang li tla araba lipotso tsena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
New Jersey Medical School—National Tuberculosis Center