Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 2/8 maq. 8-12
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello Tsa Sona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello Tsa Sona
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšehetso ea Lelapa le Metsoalle
  • Ho Ithuta ho Fana ka Tšehetso
  • Ho Sebetsana le Sona ka Katleho, ka Tšehetso e Lerato ea Jehova
  • Baoki ba Fumana Tšehetso
  • Ho Tobana le Mefokolo e Tebileng
  • Stroke—Lisosa Tsa Sona
    Tsoha!—1998
  • Stroke!
    Tsoha!—1998
  • ’Mila o Lebisang ho Hlaphoheloeng
    Tsoha!—1996
  • Ho Hlokomela ea Fanang ka Tlhokomelo—Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 2/8 maq. 8-12

Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello Tsa Sona

GILBERT o ne a robetse betheng ea sepetlele a shoele lehlakore, ha a botsa ngaka ea hae: “Na ke tla ke ke boele ke khone ho sebelisa letsoho la ka le leoto?” Gilbert o ile a utloa karabelo e phephetsang: “Haeba u sebetsa ka thata, u tla hlaphoheloa, le hona kapele.” O ile a araba: “Ke se ke loketse hoo!” Phekolo ea bongaka hammoho le boikutlo bo botle li ile tsa mo thusa ho tlohela setulo sa likooa hore a tsamaee ka seikokotlelo, ’me hamorao ka lere le hore qetellong a boele mosebetsing, le hoja a ne a le lilemo li 65.

Bafuputsi Weiner, Lee le Bell ba re: “Liphekolo tse ngata tsa kajeno tse busetsang motho boemong ba hae ba pele a otloa ke stroke li tšehetsa khopolo ea hore haeba karolo e ’ngoe ea boko e senyehile, likarolo tse ling li ka phetha mosebetsi oa lihlopha tsa lisele tse senyehileng. Sepheo se seng sa phekolo ena ke ho matlafatsa likarolo tse sa amehang hammoho le ho thusa boko ho itlhophisa bocha le ho ikamahanya le maemo.” Leha ho le joalo, ho hlaphoheloa ho itšetlehile ka maemo a mang hape, joaloka karolo ea boko e amehileng le matla a stroke, bophelo ba motho ka kakaretso, boleng ba tlhokomelo ea meriana le tšehetso ea ba bang.

Tšehetso ea Lelapa le Metsoalle

Erikka o ile a kenela phekolo e busetsang motho boemong ba hae ba pele ka lilemo tse tharo, a ithuta ho tsamaea le ho sebelisa letsoho la hae le letona bakeng sa ho thusa letsoho la hae le letšehali le holofetseng. O bolela se mo nolofalelitseng ho atleha: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore monna oa ka le metsoalle ea ka ba ile ba lula ba ntšehelitse ka botšepehi. Ho tseba hore baa nthata ho ile ha mpha matla, ’me ha ba ne ba nkhothalletsa hore ke se ke ka tela, seo se ne se nkhothatsa.”

Litho tsa lelapa li ka tlatsetsa ho hlaphoheloeng ha baratuoa ba tsona. Li lokela ho botsa basebetsi ba bongaka lipotso ’me li shebelle ha ho etsoa phekolo e ka ’nang ea hloka hore e ntšetsoe pele lapeng e le hore li se ke tsa senya tema e seng e khathiloe. Mamello, mosa, kutloisiso le kameho e lerato tse bontšoang ke litho tsa lelapa le metsoalle li fana ka tikoloho ea maikutlo e sireletsehileng eo ho eona ho ka ithutoang bocha ho bua, ho bala le litsebo tse ling tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi.

John o ile a sebetsa ka thata ho thusa mosali oa hae Ellen ho latela koetliso le phekolo ea ho mo busetsa boemong ba hae ba pele, a leka ho boloka ho leka-lekana e le hore a se mo khahlapetse leha e le ho mo tefisa. O hlalosa boiteko ba lelapa la hae: “Re ne re sa lumelle Ellen ho sithabetsoa ke boikutlo ba ho iqenehela. Ka linako tse ling re ne re lomahanya meno ha re mo laela, empa kamehla re ne re nahanela mefokolo ea hae ’me re mo thusa. O ameha kapele maikutlong, kahoo ke leka hore ke se ke ka mo bakela ho tepella maikutlong.”

Ha setsebi sa puo se ntse se thusa Ellen hore a boele a ithute ho bua, John o ne a mo thusa. “Ho etsa lintho ’moho e ne e le ho khothatsang, kahoo re ne re balla Bibele holimo, e leng ho ileng ha mo thusa ho ntlafatsa tsela ea hae ea ho bua. Hape, hanyane ka hanyane, re ile ra kopanela tšebeletsong, kaha re Lipaki tsa Jehova. Ka tsela ena Ellen o ile a khona ho abela ba bang tšepo eo re nang le eona ka bokamoso. Sena ka bosona e bile phekolo ho Ellen.” Qetellong ea lilemo tse tharo, Ellen o ne a ntlafetse haholo.

Khothatso le tšehetso tseo metsoalle e ka fanang ka tsona ha lia lokela ho khelloa fatše le ka mohla, kaha li ka ba le phello e babatsehang ho hlaphoheloeng ha motho ea otliloeng ke stroke. Koranta ea bongaka e bitsoang Stroke e tlalehile hore “ho fumanehile hore tšehetso e matla ho mahlatsipa a stroke e etsa hore a hlaphoheloe ka potlako ’me le bophelo ba ’ona ka kakaretso bo ntlafale, esita le ho bakuli ba bileng le tlhaselo e matla ea stroke.”

Bernie o ile a ananela haholo tšehetso eo metsoalle ea hae e ileng ea mo fa eona. Oa re hopotsa: “Ho eteloa ke metsoalle ke habohlokoa hore u atlehe. Lentsoe le bontšang kutloelo-bohloko le boikutlo ba ho tsotella li tsosa molota. Le hoja ho sa hlokahale hore motho a lule a nahana ka kholofalo ea hae, ho hlokomela ntlafatso leha e le efe e finyeletsoeng hoa khothatsa.” Ke’ng seo rōna ba bang bohle re ka se etsang ho tšehetsa ba tobaneng le liphello tsa stroke? Bernie o fana ka tlhahiso: “E-ea le lipalesa tse seng kae, kapa le buisane ka likhopolo tsa Mangolo kapa liphihlelo. Seo se ile sa nthusa haholo.”

Melva, ea seng a hōlile ea bileng le stroke, o ile a fumana ho thusa haholo ho rapela le e mong oa barab’abo ba moea. Gilbert le eena o buella sena, oa hlalosa: “Ho bontša hore u hlile u tsotella motho e mong ha u rapela le eena.” Peter, ea seng a sa bone hantle ke stroke, o ananela ha ba bang ba utloisisa mefokolo ea hae ’me ba ipha nako ea ho mo balla.

Ho thusa mokuli ho ea le ho khutla phekolong e busetsang motho boemong ba hae ba pele le hona ke ho bontša lerato. Ho tiisa hore lehae la mohlaseluoa oa stroke ke sebaka se sireletsehileng le hona hoa hlokahala. Ho oa e lula e le tšokelo haeba bothata e le ho therekela. Ka mohlala, Gilbert o ile a ananela thuso e mosa ea metsoalle, eo har’a lintho tse ling, e ileng ea mo kenyetsa tšepe eo a ka itšoarellang ho eona ka shaoareng, molemong oa tšireletso.

Ho Ithuta ho Fana ka Tšehetso

Liqebo le tšekamelo ea ho lla feela li ka soabisa mohlaseluoa oa stroke, hammoho le ho ferekanya ba shebeletseng bao mohlomong ba sa tsebeng seo ba lokelang ho se etsa. Leha ho le joalo, ka ho ithuta ho fana ka tšehetso, metsoalle e ka qobisa mohlaseluoa oa stroke ho ikutloa a qheletsoe thōko e leng kamoo a ka ’nang a qetella a ikutloa kateng. Ka tloaelo, khatello ea hore motho a lle e ba teng seoelo. Empa ha a lla, khoba matšoafo ’me u mo tšehetse, u bue seo u neng u tla lakatsa ho se utloa haeba e ne e le uena.

Ka holimo ho tsohle, hlaolela lerato la bomolimo ho bao mohlomong kholofalo e fetotseng botho ba bona boo u neng u kile ua bo tseba. Ba khona ho utloa tsela eo u ikutloang ka eona, ’me seo ka bosona, se ama tsela eo ba itšoarang ka eona ho uena. Erikka oa hlalosa: “Mohlomong nke ke ka hlola ke e-ba motho eo ke neng ke le eena pele. ’Me ha ho motho ea lokelang ho lebella seo ho mohlaseluoa oa stroke. Beng ka motho le metsoalle ba lokela ho ithuta ho rata motho eo kamoo a leng kateng. Haeba ba shebisisa botho ba hae, ba tla fumana hore boholo ba litšobotsi tsa hae tse khahlisang tsa nakong e fetileng bo ntse bo le teng.”

Boikutlo ba motho ba ho itlhompha boa fokotseha haeba a sitoa ho bua kapa ho utloisisoa. Ka ho leka ho buisana le bona, metsoalle e ka matlafatsa boikutlo ba ba nang le bothata ba ho bua. Takashi o re: “Seo ke se nahanang le ho ikutloa ke le sona ha sea fetoha. Leha ho le joalo, batho ba rata ho nqoba hobane re ke ke ra qoqa ka tsela e tloaelehileng. Ke thatafalloa ho atamela batho, empa ha e mong a e-tla ho tla bua le ’na, e ba khothatso e hlollang ’me ho nthabisa haholo!”

Lintlha tse latelang ke tse ling tse tataisang tse ka re thusang kaofela ho tšehetsa le ho khothatsa ba nang le bothata ba ho bua.

Hangata “stroke” ha se ame bohlale ba motho. Batho ba bangata bao e leng mahlatsipa a stroke ba sala ba ntse ba hlaphohetsoe kelellong, le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho ba utloisisa ha ba bua. Le ka mohla u se ke ua bua le bona ka tsela e ba nyenyefatsang kapa ua sebelisa puo ea masea. Ba tšoare ka tlhompho.

Mamela u sa fele pelo. Ho ka ’na ha hlokahala hore ba nke nako e itseng ba hlophisa khopolo kapa ba qetela lentsoe, poleloana kapa polelo. Hopola, momameli ea tsotellang ka ho fetisisa hase ea potlaketseng ho utloa se buuoang.

U se ke ua etsa eka ua utloisisa haeba u sa utloisise. Ka mosa u amohele: “Ntšoarele. Ha kea u utloa hantle. Ke kōpa u tle u ntlhalosetse hape hamorao.”

Bua butle le ka tsela e hlakileng ka molumo o tloaelehileng oa lentsoe.

Sebelisa lipolelo tse khutšoanyane le mantsoe a tloaelehileng.

Sebelisa lipotso tse hlokang e, kapa che, ’me u mo khothalletse ho arabela. Hopola hore ba ka ’na ba se khone ho utloisisa mantsoe a hao.

Fokotsa lerata tikolohong eo.

Ho Sebetsana le Sona ka Katleho, ka Tšehetso e Lerato ea Jehova

Le hoja e le habohlokoa ho tseba se u baketseng stroke, kaha ho u nolofalletsa ho nka khato le ho fokotsa menyetla ea ho ba le stroke hape nakong e tlang, ho laola tšabo e bang teng le hona ke habohlokoa. Ellen oa pheta: “Ke khothatsoa ka ho khetheha ke mantsoe a Molimo a ho Esaia 41:10. Moo o re: ‘U se ke ua tšaba, hobane ke na le uena; u se ke ua tšoha, hobane ke Molimo oa hao; ke tla u fa matla, ke u thuse, ke u tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka.’ Jehova e bile motho oa sebele ho ’na, e leng ho nketsang hore ke se tšabe.”

Bibele e boetse e thusa Anand ho sebetsana ka katleho le boikutlo ba hae ba ho nyahama: “E mpha tšehetso e fetisisang, kaha kamehla ea ’matlafatsa le ho nkhatholla.” Bothata ba Hiroyuki e ne e le hore na a ka rua molemo joang Mangolong, kaha o ne a sitoa ho tsepamisa mohopolo. O re: “Ke ile ka tšelisoa ke ho mamela libuka tsa Bibele tse lik’haseteng.”

Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:10) E ne e le moea oa Jehova o neng o thusa Pauluse ho finyella seo a neng a ke ke a se finyella ka boeena. Bao e leng mahlatsipa a stroke le bona ba ka itšetleha ka Jehova bakeng sa ho matlafatsoa moeeng. Erikka oa hlalosa: “Ha re phetse hantle ’me re khona ho iketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka matla a rōna, re ka ’na ra se ke ra fana ka monyetla o mokaalo oa hore Jehova a re thuse. Empa kholofalo ea ka e ’nolofalletsa ho matlafatsa kamano ea ka le eena ka tsela e khethehileng haholo.”

Baoki ba Fumana Tšehetso

Baoki ba hloka tšehetso mosebetsing oa bona oa bohlokoahali. Ke hokae moo ba ka retelehelang teng bakeng sa tšehetso? Sebaka se seng ke ka lapeng. Setho se seng le se seng se lokela ho kopanela mosebetsing oa ho fana ka tlhokomelo. Yoshiko o bolela kamoo bara ba hae ba ileng ba mo tšehetsa kateng maikutlong: “Ba ne ba mamela mathata a ka joalokaha eka ke a bona.” Litho tsa lelapa li lokela ho fumana boitsebiso bohle bo fumanehang e le hore li tsebe tsela eo li lokelang ho hlokomela mohlaseluoa oa stroke ka eona le hore hape li tsebe ho sebetsana ka katleho le liphetoho bothong ba moratuoa oa tsona.

Ke bo-mang hape ba ka tšehetsang baoki? David le lelapa labo ba ile ba kōpa thuso lelapeng labo bona la moea ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova bakeng sa hore ba thusoe ka Victor: “Ba ile ba arabela tlhokong ea rōna. Ba fapanyetsana, ka linako tse ling ba ne ba e-tla ’me ba robala lapeng e le hore ba re hlokomelle Victor bosiu.”

Mooki e mong le e mong o hloka lerato le tšehetso tsa lelapa labo la moea. Empa ba bang ba ka ’na ba fumana ho le thata ho kōpa thuso. Haruko oa hlalosa: “Ke bolelloa khafetsa hore: ‘Haeba ho e-na le ntho leha e le efe eo u hlokang thuso ho eona, u se ke ua tsilatsila ho re tsebisa.’ Empa kaha kea tseba hore na motho e mong le e mong o phathahane hakae, ke qeaqea ho kōpa thuso. Nka ananela haholo haeba batho ba ne ba ka ithaopela ho thusa ka litsela tse tobileng: ‘Nka u thusa ka ho hloekisa. Ke letsatsi lefe le molemo bakeng sa hao?’ ‘Nka u ela mabenkeleng, na ho tla loka haeba nka tla hona joale?’”

Mosali oa Kenji o bile le stroke; leha ho le joalo, o khonne ho mo fa tlhokomelo eo a e hlokang. O fumane hore ka thapelo a ka lahlela meroalo ea hae ho Jehova. Qetellong, mosali oa hae o ile a lahleheloa ke matla a ho bua, ’me kahoo, Kenji a lahleheloa ke molekane eo a buang le eena. Empa o bala Bibele letsatsi le leng le le leng. O re: “E nkhopotsa ka tlhokomelo e lerato eo Jehova a nang le eona ho ba meea e tepeletseng, ’me sena se thibela ho nyahama le ho jeoa ke bolutu.”

Ho itšetleha ka moea oa Jehova ho ka thusa ha ho bonahala hore re mothating oa ho sithabela maikutlong. Yoshiko, ea tobaneng le liphetoho bothong ba monna oa hae le ho ba sefela-peloana ha hae ka mor’a ho ba le stroke, oa pheta: “Ka linako tse ling ke ee ke utloe ke batla ho lla sa ’mokotsane. Linakong tse joalo ke ee ke rapele Jehova kamehla, ’me moea oa hae o mphe khotso.” E le ho bontša ho ananela tšehetso e tšepahalang eo Jehova a mo fileng eona, ha a lumelle letho hore le mo sitise tseleng ea hae ea Bokreste. O ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste, o kopanela tšebeletsong, ’me o etsa thuto ea botho ea Bibele. Yoshiko o re: “Ka ho phetha karolo ea ka, kea tseba hore Jehova a ke ke a ntahla le ka mohla.”

Ha matšoenyeho a khukhunela, kamehla Jehova o teng hore a mamele. Midori, eo monna oa hae e leng lehlatsipa la stroke, o tšelisoa ke ’nete ea hore, ka tšoantšetso, Jehova o bokella “ka lekukeng” meokho eohle eo a e ntšang. (Pesaleme ea 56:8) O hopola mantsoe a Jesu: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang.” O re: “Ke ipoleletse hore ke lokela ho mamella ho fihlela lefatše le lecha le fihla.”—Matheu 6:31-34.

Ho Tobana le Mefokolo e Tebileng

Ke ’nete hore phekolong ea bona e busetsang motho boemong ba hae ba pele ba bang ba hlaphoheloa ka tsela e hlokomelehang, empa ba bang ba finyella katleho e fokolang ea ho boela boemong ba bona ba pele ba e-ba le stroke. Ke’ng se ka thusang baa ba finyellang katleho e fokolang ho tobana le phephetso ea ho amohela mefokolo ea bona, le hoja e ka ba e tebileng le ea nako e telele?

Bernie, ea sitoang ho tsamaea hantle ka lebaka la stroke, oa araba: “Ho thabela tšepo eo ke nang le eona ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise le tlang le ho rapela Ntate oa ka oa leholimo, Jehova, ho nthusa ho amohela mefokolo ea ka ka khutso.”

Tšepo eo e thusitse Erikka le monna oa hae, Georg, ho amohela mefokolo ea hae le ho tsoela pele ba thabela bophelo. Georg oa hlalosa: “Molimo o re tšepisitse hore ka le leng o tla folisa ho kula ka ho feletseng. Kahoo, ha re tsepamise mohopolo tabeng ea ho holofala. Ke ’nete hore re ntse re etsa sohle seo re ka se khonang molemong oa bophelo ba Erikka. Empa u ka ithuta ho phela le mesifa e holofetseng e sa sebetseng hantle ’me ua tsepamisa mohopolo linthong tse nepahetseng.”—Esaia 33:24; 35:5, 6; Tšenolo 21:4.

Maemong ao ho ’ona ho seng tema e kaalo ea ho hlaphoheloa, tšehetso ea lelapa le metsoalle e bohlokoa le ho feta. Ba ka thusa mohlaseluoa oa stroke ho sebetsana ka katleho le boemo ho fihlela ha nako ea Molimo ea ho felisa maloetse ’ohle e fihla.

Ho tseba hore ho na le bokamoso bo babatsehang bakeng sa bahlaseluoa ba stroke le ba malapa a bona ha batho ba tla be ba se ba sa kule ho ba nolofalletsa ho sebetsana le bophelo ba letsatsi ka leng. Kahoo, ka mamello ba ka letela tokollo mahlomoleng ’ohle, lefatšeng le lecha la Molimo le atamelang. (Jeremia 29:11; 2 Petrose 3:13) Leha ho le joalo, bohle ba retelehelang ho Jehova ba ka kholiseha hore esita le hona joale o tla ba thusa le ho ba tšehetsa hore ba sebetsane ka katleho le liphello tse holofatsang tsa stroke.—Pesaleme ea 33:22; 55:22.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

Lelapa le metsoalle ba ka thusa mohlaseluoa ho sebetsana ka katleho le boemo ho fihlela ha nako ea Molimo ea ho felisa maloetse ’ohle e fihla

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho Thibela Stroke

DR. DAVID LEVINE o re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebetsana le stroke ke ho leka ho se thibela.” ’Me sesosa se ka sehloohong se amahanngoang le stroke hangata ke khatello methapong ea mali.

Ho batho ba bangata, khatello methapong ea mali e ka laoloa ka ho ja lijo tse nang le potassium e ngata le tse se nang letsoai, mafura a liphoofolo le k’holeseterole ka bongata. Ho fokotsa ho noa joala ke habohlokoa le hona. Lenaneo la kamehla le loketseng la boikoetliso ho latela lilemo tsa motho le bophelo ba hae le ka thusa ho fokotsa mafura a sa hlokahaleng, e leng ho ka ’nang ha fokotsa khatello methapong ea mali. Ho ka ’na ha hlokahala hore ho sebelisoe meriana e itseng—e fanoang ke ngaka, kaha ho na le mefuta e mengata ea litlhare e fumanehang.

Boloetse ba methapo e isang mali hloohong bo sesefatsa mocha o moholo oa phepelo ea mali bokong ’me ke bona bo tlatsetsang haholo ho bakeng stroke. Ho itšetlehile ka hore na e thibane hakae, tšebetso ea ho buuoa e bitsoang carotid endarterectomy bakeng sa ho thibolla methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong e ka ’na ea hlokahala. Liphuputso li bontša hore batho ba neng ba bontša matšoao a ho thibana ha methapo le bao methapo ea bona e tsamaisang mali ho tsoa pelong e neng e sesefetse haholo ba thusitsoe ke tšebetso eo ea ho buuoa hammoho le phekolo ea meriana e meng. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba le mathata a amanang le tšebetso ea ho buuoa, kahoo, e lokela ho nahanisisoa ka hloko.

Lefu la pelo le ka eketsa menyetla ea ho ba le stroke. Ho otla ha pelo ka mokhoa o sa tsitsang, e leng ho ka bakang mahloele le ho a isa bokong, ho ka phekoloa ka meriana e thibelang mali ho bōpa mahloele. Mathata a mang a pelo a ka ’na a hloka tšebetso ea ho buuoa le phekolo ea meriana e le hore ho fokotsoe menyetla ea ho ba le stroke. Lefu la tsoekere le ikarabella bakeng sa karolo e khōlō ea litlhaselo tsa stroke, kahoo ho le laola ho thusa ho thibela stroke.

Transient ischemic attacks, li-TIA, ke litemoso tse hlakileng tsa hore stroke se ka ’na sa hlasela. Tiisa hore ha u li hlokomolohe. Bona ngaka ea hao, ’me ho sebetsanoe le lisosa tse li bakang, kaha li-TIA li eketsa menyetla ea ho ba le stroke ka makhetlo a menahaneng.

Ho phela bophelo bo itekanetseng ho ka etsa ho hongata ho thibeleng stroke. Ho ja lijo tse itekanetseng le ho ikoetlisa kamehla esita le ho fokotsa ho noa joala le ho khaotsa ho tsuba ho ka thusa ho boloka methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong e phetse hantle ’me mohlomong ebile ho ka potlakisa liphetoho ho e seng e ntse e holofetse. Ho ea ka liphuputso tse fapaneng, ho itloaetsa ho ja litholoana le meroho e metala le lijo-thollo ho thusitse ho fokotsa menyetla ea ho ba le stroke.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela