Ke Susumelitsoe ke Botšepehi Bo sa Sekisetseng ba Lelapa Leso ho Molimo
JOALOKAHA HO BOLETSE HORST HENSCHEL
“Thaba haeba u fumana lengolo lena, hobane ke tiiselitse ho fihlela qetellong. Ka mor’a lihora tse peli ke tla be ke bolaoa.” Ao e ne e le mantsoe a qalang lengolong la ho qetela leo Ntate a ileng a ’ngolla lona. Ka la 10 May, 1944, o ile a bolaoa hobane a ne a hana ho sebeletsa lebothong la Hitler. Botšepehi ba hae bo sa sekisetseng ho Molimo hammoho le ba ’Mè le khaitseli ea ka Elfriede, bo ile ba ama bophelo ba ka ka ho tebileng.
KA 1932, hoo e ka bang nako eo ke hlahileng ka eona, Ntate o ile a qala ho bala lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova. Har’a lintho tse ling, o ile a bona boikaketsi ba baruti. Ka lebaka leo, o ile a felloa ke thahasello likerekeng.
Nakoana ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qhome ka 1939, Ntate o ile a thaotheloa lebothong la Jeremane. O ile a bolella ’Mè: “Ho ea ka Bibele, ha kea lokela ho ea. Ho bolaea hona ha hoa nepahala.”
’Mè o ile a araba: “Ba tla u bolaea haeba u sa ee. Joale ho tla etsahala’ng ka lelapa la hao?” Kahoo, Ntate ea e-ba lesole.
Hamorao ’Mè, eo ho fihlela ka nako eo a neng a e-s’o ithute Bibele, o ile a leka ho fumana Lipaki tsa Jehova, e leng mohato o neng o le kotsi haholo mehleng eo. O ile a fumana Dora, eo monna oa hae a neng a le kampong ea mahloriso ka lebaka la tumelo ea hae. Dora o ile a mo fa kopi ea Molula-Qhooa, empa a bolella ’Mè ka ho toba: “Hopola hore nka ’na ka bolaoa haeba Gestapo (sepolesa sa sekhukhu) e fumana hore ke ’na ea u fileng eona.”
Qetellong, ’Mè o ile a fumana lingoliloeng tse eketsehileng tsa Lipaki tsa Jehova ’me a qala ho ananela linnete tsa Bibele tseo li li fupereng. Ka mor’a nakoana, Max Ruebsam, ea tsoang motseng o haufi oa Dresden, o ile a qala ho re etela lapeng, Meissen. O ile a ithuta Bibele le rōna empa hoo ho ne ho mo beha kotsing e khōlō. Ha e le hantle, nakoana ka mor’a moo o ile a tšoaroa.
Ka lebaka la ho ithuta Bibele, ’Mè o ile a lumela ho Jehova ’me a nehela bophelo ba hae ho eena, a tšoantšetsa seo ka kolobetso ea metsing ka May 1943. ’Na le Ntate re ile ra kolobetsoa likhoeli tse seng kae hamorao. Khaitseli ea ka e neng e le lilemo li 20, Elfriede, e neng e sebetsa Dresden, le eona e ile ea kolobetsoa hoo e ka bang nakong eo. Kahoo, khubung ea Ntoa ea II ea Lefatše, bone ba rōna kaofela re ile ra nehela bophelo ba rōna ho Jehova. Ka 1943, ’Mè o ile a ba le ngoan’abo rōna oa ngoanana, Renate.
Ho Hlorisetsoa Tumelo ea Rōna
Pele ke kolobetsoa, ke ile ka ikhula mokhatlong oa Bacha oa Hitler. Ha ke ne ke hana ho lumelisa ka tumeliso ea Hitler, e leng seo re neng re hlokoa hore re se etse letsatsi le leng le le leng sekolong, matichere a ka a ne a nchapa. Leha ho le joalo, ke ile ka thabisoa ke ho tseba hore kaha ke ne ke matlafalitsoe ke batsoali ba ka, ke ne ke lutse ke tšepahala.
Empa ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona, ka lebaka la ho shapuoa kapa tšabo, ke neng ke ee ke re “Heil Hitler!” Joale ebe ke ea hae ka mahlo a tletseng likhapha, ’me batsoali ba ka ba ne ba ee ba rapele le ’na e le hore nka ba sebete ’me ka hanela litlhaselo tsa sera nakong e tlang. Ka makhetlo a fetang le le leng, ke ile ka etsa phoso ka lebaka la tšabo, empa Jehova ha aa ka a ntahla le ka mohla.
Ka letsatsi le leng Gestapo e ile ea fihla ’me ea phenya-phenya lapeng. Setho se seng sa Gestapo se ile sa botsa ’Mè: “Na u e mong oa Lipaki tsa Jehova?” Le kajeno ke ntse ke bona ha a itšetleha ka lemati, a re ka ho tiea, “E”—le hoja a ne a tseba hore seo se ne se bolela hore qetellong o ne a tla tšoaroa.
Libeke tse peli hamorao ’Mè o ne a tšoarehile ka ho hlokomela Renate, eo ka nako eo a neng a e-s’o qete selemo, ha Gestapo e fihla ho tla mo tšoara. ’Mè o ile a ipiletsa: “Ke sa fepa ngoan’a ka!” Leha ho le joalo, mosali ea neng a tsamaea le mapolesa o ile a nka ngoana matsohong a hae ’me a laela: “Itokise! U tlameha ho tsamaea.” Ka sebele ho ne ho se bonolo bakeng sa ’Mè.
Kaha Ntate o ne a e-s’o tšoaroe ka nako eo, ’na le khaitseli ea ka ea lesea re ile ra sala tlas’a tlhokomelo ea hae. Hoseng ho hong, hoo e ka bang libeke tse peli ka mor’a hore ’Mè a nkuoe, ke ile ka kopa Ntate ka matsoho ka thata pele ke e-ea sekolong. Letsatsing leo Ntate o ile a tšoaroa hobane a hanne ho khutlela tšebeletsong ea sesole. Kahoo, ha ke fihla hae thapameng eo, o ne a le sieo, ’me ha kea ka ka hlola ke mo bona hape.
Nkhono le Ntate-moholo le beng ka rōna ba bang—bao kaofela ha bona ba neng ba le khahlanong le Lipaki tsa Jehova ’me ba bang ba bona e le litho tsa mokha oa Nazi—ba ile ba fuoa tokelo ea hore ba ntlhokomele ’na le khaitseli ea ka ea lesea. Ba ne ba sa ntumelle ho bala Bibele. Empa ka mor’a hore ke fumane e ’ngoe ka lenyele ho ’mè e mong oa moahisani, ke ne ke ee ke e bale. Hape ke ne ke ee ke khumame pel’a bethe ea khaitseli ea ka e nyenyane ’me ke rapele.
Ka nako e tšoanang, khaitseli ea ka Elfriede o ne a mameletse liteko tsa tumelo ea hae. O ile a hana ho tsoela pele a sebeletsa fektheri e Dresden e etsang libetsa, empa a atleha ho fumana mosebetsi oa ho hlokomela libaka tsa boikhathollo le lirapa, Meissen. Ha a ne a ea ofising ho ea lata moputso oa hae o ne a ee a hane ho sebelisa tumeliso ea hore “Heil Hitler!” Ka mor’a nakoana, o ile a tšoaroa ’me a kenngoa teronkong.
Ka masoabi, Elfriede o ile a tšoaroa ke ’metso o mosoeu le feberu e khubelu ’me a shoa ka mor’a ho tšoaroa libeke tse seng kae. O ne a le lilemo li 21 feela. Ho le leng la mangolo a hae a ho qetela, o ile a qotsa Luka 17:10: “Ha le entse lintho tsohle tseo le li laetsoeng, le re, Re makhoba a se nang molemo: seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.” Botšepehi ba hae bo sa sekisetseng ho Molimo bo setse e le thuso e ’matlafatsang.—Bakolose 4:11.
Teko ea Ntate
Nakong eo Ntate a ntseng a le teronkong ka eona, Ntate-moholo—ntate oa ’Mè—o ile a mo etela e le hore a leke ho fetola monahano oa hae. Ntate o ile a tlisoa ho eena a tlamiloe matsoho le maoto. Ntate o ile a hana a sa qeaqee tlhahiso ea hore a kenele tšebeletso ea sesole molemong oa bana ba hae. E mong oa balebeli ba teronko o ile a bolella Ntate-moholo hore: “Le haeba monna enoa a ne a e-na le bana ba leshome, o ne a ntse a sa tl’o fetola maikutlo.”
Ntate-moholo o ile a khutlela hae a halefile hampe. O ile a kharuma: “Setlokotsebe see! Ntho ee e se nang thuso! Ke joang e ka lahlang bana kherehloa tjee?” Le hoja Ntate-moholo a ne a koatile, ke ne ke thabetse ho utloa hore Ntate o ntse a tšepahala.
Qetellong, Ntate o ile a ahloleloa lefu ’me a khaoloa hlooho. Nakoana hamorao, ke ile ka fumana lengolo lela la hae la ho qetela. Kaha o ne a sa tsebe moo ’Mè a kentsoeng teronkong teng, o ile a ngolla ’na. Ke ile ka nyolohela kamoreng ea ka e mokatong o ka holimo ’me ka bala mantsoe ao a qalang a qotsitsoeng kenyelletsong ea sehlooho sena. Ke ile ka sareloa ’me ka lla, empa ke ne ke thabetse ho tseba hore o ile a lula a tšepahetse ho Jehova.
Mesarelo ea ’Mè
’Mè o ile a romeloa teronkong e Jeremane ka boroa ho ea emela qoso ea hae teng. Ka letsatsi le leng molebeli e mong o ile a tla seleng ea hae, a mo bolella ka tsela e botsoalle hore a tsoe a ntse a lutse. Empa ’Mè o ile a ema ’me a re: “Kea tseba hore monna oa ka o bolauoe.” Hamorao, ba ile ba mo romella liaparo tsa hae tse khenathetseng mali, e le bopaki bo khutsitseng ba tlhokofatso eo a fetileng tlas’a eona pele a e-shoa.
Ketsahalong e ’ngoe ’Mè o ile a bitsetsoa ofising ea teronko ’me a bolelloa phara! feela: “Morali oa hao o shoeletse teronkong. U batla a patoe joang?” Tsebiso eo e bile ea tšohanyetso le eo ’Mè a neng a sa e lebella hoo qalong a neng a sa tsebe hore na a re’ng. Empa tumelo ea hae e matla ho Jehova e ile ea mo boloka.
Ka kakaretso, beng ka rōna ba ne ba re hlokometse hantle ’na le khaitseli ea ka. Ba ne ba re tšoere ka mosa. Ha e le hantle, e mong oa bona o ile a atamela matichere a ka ’me a a kōpa hore a se mphelle pelo. Kahoo, matichere le ’ona a ile a bontša botsoalle bo boholo ’me a ne a sa nchape le ha ke ne ke sa lumelise ka ho re “Heil Hitler!” Empa mosa ona kaofela o ne o bontšoa ka sepheo sa ho felisa tumelo ea ka e thehiloeng Bibeleng. ’Me ka masoabi, o ile oa atleha ka tsela e itseng.
Likhoeli tse seng kae pele ntoa e lala ka May 1945, ke ile ka ithaopela ho kopanela litšebeletsong tse ling tsa mokhatlo oa Bacha oa Nazi. Ke ile ka ngolla ’Mè ka sena, ’me mangolo a ka a ile a mo fa maikutlo a hore ke se ke lahlile pakane ea ka ea ho sebeletsa Jehova. Hamorao, o ile a mpolella hore mangolo ao a ile a mo sithabetsa ho feta ha a ne a utloa ka lefu la Ntate le la Elfriede.
Nakoana ka mor’a moo, ntoa e ile ea lala, ’me ’Mè a khutla teronkong. Ka thuso ea hae ke ile ka boela ka hlaphoheloa moeeng.
Ho Qalisa Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Hamorao ka 1949, lilemo tse ’nè ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, molebeli e mong ea tsamaeang o ile a tšohla temana ea Bibele ea Malakia 3:10: “Tlisang tlung ea polokelo karolo ea leshome ea tsohle tseo le li ruileng, lijo li tle li be teng tlung ea ka; le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla.” Ke ile ka susumelletseha ho tlatsa foromo ea kōpo bakeng sa mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng. Kahoo, ka la 1 January, 1950, ke ile ka ba pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba bitsoang kateng. Hamorao, ke ile ka fallela Spremberg, moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane teng ea bo-pula-maliboho.
Ka August selemong sona seo, ke ile ka fumana memo ea ho ea sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Magdeburg, Jeremane Bochabela. Leha ho le joalo, matsatsi a mabeli feela ke fihlile moo, ka la 31 August, mapolesa a ile a kena mohahong oa rōna a potlakile, a bolela hore batlōli ba molao ba ipatile ka moo. Lipaki tse ngata li ile tsa tšoaroa ’me tsa isoa teronkong, empa ke ile ka khona ho tšoephoha ’me ka ea Berlin Bophirimela, moo Mokhatlo oa Watch Tower o neng o e-na le ofisi teng. Moo, ke ile ka pheta se etsahetseng Magdeburg. Ka nako e tšoanang, ke ile ka bolelloa hore Lipaki tse ngata li ne li ntse li tšoaroa hohle Jeremane Bochabela. Ha e le hantle, ke ile ka utloa hore mapolesa a ne a ntse a ntsoma morao koana Spremberg!
Ho Tšoaroa le ho Kenngoa Teronkong
Ke ile ka fuoa kabelo ea mosebetsi oa bopula-maliboho, Berlin Bochabela. Likhoeli tse seng kae hamorao, ha ke ntse ke sebeletsa ke le motsamaisi oa lingoliloeng tsa Bibele ho tloha Berlin Bophirimela ho li isa Jeremane Bochabela, ke ile ka tšoaroa ’me ka isoa motseng oa Cottbus, moo ke ileng ka qosoa le ho ahloleloa lilemo tse 12 teronkong.
Har’a lintho tse ling, ke ne ke qosoa ka ho hlohlelletsa ntoa. Qosong ea ka, ke ile ka re mantsoeng a ka a ho qetela: “Ke joang, ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova, nka fuoang kahlolo ea ho ba mohlohlelletsi oa ntoa ha Ntate a ile a hana ho kenella ntoeng hobane e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ka hona a khaoloa hlooho?” Empa, ka sebele, batho bao ba ne ba sa thahaselle ’nete.
Ho ahloleloa lilemo tse 12 teronkong ho ne ho se bonolo ho ’na ke le lilemo li 19. Leha ho le joalo, ke ne ke tseba hore ba bang ba bangata le bona ba fuoe likahlolo tse joalo. Ka linako tse ling, ba boholong ba ne ba arohanya Lipaki hore li se be ’moho; empa re ne re ee re buisane le batšoaruoa ba bang ka linnete tsa Bibele, ’me ba bang e bile Lipaki.
Ka linako tse ling, rōna Lipaki re ne re koalloa ka seleng e le ’ngoe. Joale re ne re ee re amehe haholo ka ho ithuta Libibele tsa rōna hamolemonyana. Re ne re ithuta ka hlooho likhaolo tse feletseng tsa Bibele ’me re bile re leka ho tšoara ka hlooho libuka tsohle tsa Bibele. Re ne re ipehela lipakane tsa hore na re lokela ho etsa eng le ho ithuta eng letsatsi le letsatsi. Ka linako tse ling re ne re phathahana hoo re neng re re e mong ho e mong, “Ha re na nako,” le hoja re ne re qetile letsatsi lohle ka liseleng re se na mosebetsi oo re o abetsoeng!
Ho hlongoa lipotso ke mafokisi ho ka hlokofatsa. Ho ka tsoela pele motšehare le bosiu, ho tsamaisana le litšokelo tsa mefuta ena kaofela. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka tepella ’me ka nyahama habohloko, hoo ke neng ke thatafalloa le ke ho rapela. Ka mor’a matsatsi a mabeli kapa a mararo, ho hlile ho se lebaka le lekaalo, ke ile ka tlosa sekhechana sa k’hateboto se neng se le leboteng la sele ea ka se neng se ngotse melao ea lipapali tsa teronkong. Ha ke se phethola, ke ile ka bona mongolo. Ha ke se shebela khanyeng e fokolang e neng e le teng, ke ile ka bona mantsoe a reng: “Le se tšabe lefu la ’mele” le a reng “’Na ke tla le hlokomela joaloka leihlo la ka.” Hona joale mantsoe ana ke karolo ea pina ea 27 bukeng ea lipina ea Lipaki tsa Jehova!
Ka ho totobetseng, mor’abo rōna e mong ea neng a le boemong bo tšoanang le bona o ne a bile ka seleng ena, ’me Jehova Molimo o ne a mo matlafalitse. Ka potlako ke ile ka boela ka matlafala moeeng ’me ka leboha Jehova ka khothatso ena. Ha ke batle ho lebala thuto ena le ka mohla, kaha e ile ea nthuta hore le hoja nka sitoa ho finyella katleho ka matla a ka ka bonna, ka thuso ea Jehova Molimo teng, ha ho letho le sa khoneheng.
’Mè o ne a falletse Jeremane Bophirimela, kahoo ke ne ke sa kopane le eena nakong eo. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le Hanna, ea neng a hōletse phuthehong e le ’ngoe le ’na ’me a bile a tloaetse lelapa leso haholo. O ile a nketela lilemong tsohle tseo ke li qetileng teronkong, ’me hape a ’ngolla mangolo a khothatsang le ho nthomella liphutheloana tsa lijo tsa bohlokoa. Re ile ra nyalana ka 1957 ha ke ne ke lokolloa teronkong, ka mor’a ho sebetsa lilemo tse 6 ho tse 12 tseo ke neng ke li ahloletsoe.
Mosali oa ka ea ratehang, Hanna, o sebelelitse ka botšepehi lehlakoreng la ka likabelong tsa rōna tse sa tšoaneng ’me kamehla o ’nile a ntšehetsa haholo. Seo a se entseng molemong oa ka nakong eohle ea tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng ke ho hong hoo e leng Jehova Molimo feela ea ka mo buseletsang bakeng sa hona.
Ho Sebeletsa ka Mor’a ho Lokolloa Teronkong
’Na le Hanna re ile ra qala tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng ofising eo ka nako eo e neng e hlokomeloa ke Mokhatlo oa Watch Tower, Berlin Bophirimela. Ke ile ka abeloa mosebetsing oa kaho moo ke le ’metli. Hamorao, re ile ra qala bopula-maliboho Berlin Bophirimela.
Willi Pohl, eo nakong eo a neng a hlokometse mosebetsi oa rōna Berlin Bophirimela, o ile a nkhothalletsa hore ke tsoele pele ho ithuta Senyesemane. Ke ile ka araba: “Ha ke na nako.” Leha ho le joalo, ke motlotlo hakaakang hore ebe ka boikokobetso ke ile ka tsoela pele ho ithuta Senyesemane! Ka lebaka leo, ka 1962, ke ile ka memeloa thupelong ea likhoeli tse leshome ea sehlopha sa bo37 sa Sekolo sa Gileade, Brooklyn, New York. Ka mor’a hore ke khutlele Jeremane ka la 2 December, 1962, ’na le Hanna re ile ra qeta lilemo tse 16 mosebetsing oa potoloho, re etela liphutheho hohle Jeremane. Joale, ka 1978, re ile ra memeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala e Wiesbaden. Ha mesebetsi ea lekala e ne e fallisetsoa mohahong o mocha o moholo o Selters mahareng a bo-1980, re ile ra sebeletsa mohahong oo o motle ka lilemo tse ’maloa.
Tokelo ea Bohlokoahali ea Tšebeletso
Ka 1989 ntho e ’ngoe e neng e sa lebelloa ho hang e ile ea etsahala—Lerako la Berlin le ile la oa, ’me Lipaki tse linaheng tsa Europe Bochabela li ile tsa qala ho thabela tokoloho ea borapeli. Ka 1992, ’na le Hanna re ile ra memeloa ho ea Lviv, Ukraine, ho tšehetsa baboleli ba ’Muso bao lenane la bona le eketsehang ka potlako sebakeng seo.
Selemong se latelang seo, re ile ra kōpuoa ho ea Russia ho ea thusa ka ho hlophisa mosebetsi oa ’Muso moo. Ho ne ho hahuoa ofisi, Solnechnoye, motsana o ka bang lik’hilomithara tse 40 ka thōko ho St. Petersburg, bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa boboleli o etsoang Russia le lirephabliking tse ling tse ’maloa tsa moo e kileng ea e-ba Soviet Union. Ha re fihla, mosebetsi oa kaho o ne o se o ntse o qalile sebakeng sa bolulo hammoho le mohahong o moholo oa liofisi le polokelo ea thepa.
Thabo ea rōna e ile ea khaphatseha ha ho nehelanoa ka mohaho oa lekala la rōna le lecha ka la 21 June, 1997. Ka kakaretso ba 1492 ba tsoang linaheng tse 42 ba ne ba bokane Solnechnoye bakeng sa lenaneo le ikhethang. Letsatsing le latelang leo letšoele le fetang 8400 le ne le bokane Lebaleng la Lipapali la Petrovsky, St. Petersburg, bakeng sa lintlha tse phetoang tsa lenaneo la nehelano hammoho le litlaleho tse khothatsang tse tsoang ho baeti ba tsoang linaheng tse ling.
Ke keketseho e babatsehang hakaakang eo re e thabelang lirephabliking tse 15 tsa moo e kileng ea e-ba Soviet Union! Ka 1946, baboleli ba ’Muso ba ka bang 4800 ba ne ba bolela sebakeng sena. Hoo e ka bang lilemo tse 40 hamorao, ka 1985, lenane leo le ne le eketsehile ho ba 26 905. Kajeno, ho na le baboleli ba ’Muso ba fetang 125 000 lirephabliking tse leshome tsa moo e kileng ea e-ba Soviet Union ba hlokometsoeng ke ofisi ea lekala la rōna mona Solnechnoye, ’me ba fetang 100 000 ba bolela lirephabliking tse ling tse hlano tsa moo e kileng ea e-ba Soviet Union! E bile ho re thabisang hakaakang ho tseba hore lirephabliking tse 15 tsa moo e kileng ea e-ba Soviet Union, ba fetang 600-000 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka March selemong se fetileng!
Kea hlolloa ha ke bona kamoo Jehova Molimo a ’nileng a tataisa ho bokelloa le ho hlophisoa ha batho ba hae ka tsela e babatsehang kateng ‘matsatsing ana a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1) Joalokaha mopesaleme oa Bibele a bolela, Jehova o fa bahlanka ba hae temohisiso, o ba ruta tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona, ’me o ba fa temoso a ntse a ba talimile ka mahlo a hae. (Pesaleme ea 32:8) Ke ho nka e le tokelo e kaakang ho ba karolo ea batho ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa machaba oa Jehova!
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
’Na le likhaitseli tsa ka tse peli, ka 1943
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ntate o ile a khaoloa hlooho
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
’Mè o ile a nthusa hore ke hlaphoheloe moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
’Na le mosali oa ka, Hanna
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Nakong ea puo ea nehelano Holong ea ’Muso, lekaleng la Russia
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lebala le lifensetere tsa ntlo ea ho jela lekaleng la rōna le lecha, Russia