Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 3/8 maq. 20-21
  • Ho Buuoa ka Ntle ho Thipa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Buuoa ka Ntle ho Thipa
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehato e Mene ea ho Buoa ka Radiation
  • Ho Etsahala’ng ka AVM?
  • Ho Hlahloba Litho Tse ka Hare Tsa ’Mele—Motho a sa Buuoe
    Tsoha!—2008
  • Litokelo Tsa Bakuli Lia Hlomphuoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Bokahohle Bohle ka Hloohong”
    Tsoha!—1989
  • Boko—“Bo Feta Computer”
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 3/8 maq. 20-21

Ho Buuoa ka Ntle ho Thipa

QALONG, hlooho e ileng ea tšoara Christine, le hoja e ne e le bohloko bo feteletseng, ho ne ho sa nahanoe hore ke temoso ea ho itseng; etsoe e ile ea nyamela letsatsing lona leo. Empa joale Christine a satalla molala. Hamorao, a boela a tšoaroa ke hlooho, ’me a lahleheloa ke kelello—e leng matšoao a sa tloaelehang ho motho leha e le ofe, ho makatsang le ho feta ho ngoana ea lilemo li robeli.

Tlhahlobisiso ea sepetlele e etsoang ka mochine oa k’homputha ho lekola karolo e nang le bothata (CT [computed tomography]) e ile ea senola hore Christine o na le bothata methapong ea boko e tsamaisang mali ho tsoa pelong le e a isang pelong (AVM [arteriovenous malformation])—e leng boemo boo ho bona methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong e harelaneng le methapo e isang mali pelong.a Haeba bo ne bo sa phekoloe, qetellong Christine o ne a tla otloa ke stroke se bolaeang.

Ho fihlela lilemong tsa morao tjena, mathata a joalo a AVM a ne a ka phekoloa feela ka tšebetso ea ho buuoa boko. Tšebetsong ena ngaka e buoang e tlosa letlalo la hlooho ebe e bula lehata. Joale, e tlameha ho phunyelletsa har’a maranrang a methapo le lihlopha tsa lisele tsa boko e le hore e fihle sebakeng se anngoeng ke boloetse. Liphuputso tse amanang le tlhokomelo ea bakuli li bontša hore selemong sa 1995, ho bile le mathata ho hoo e ka bang karolo ea 12 lekholong ea litšebetso tsa ho buuoa tsa AVM.

Batsoali ba Christine ba ile ba khetha hore ho sebelisoe Gamma Knife (Thipa ea Gamma) ho e-na le hore ho sebelisoe thipa ea ho buoa. Lebitso leo le batla le phelephanyetsa, kaha Gamma Knife hase thipa ea sebele. Ho e-na le hoo, ke sesebelisoa se tsamaisang mahlaseli a radiation a 201 a phunyelletsoang ka hloko karolong ea lehata e se nang bothata. Lehlaseli ka leng le fokola haholo hoo le ke keng la senya lihlopha tsa lisele tseo le phunyelletsang ho tsona. Empa mahlaseli ana kaofela a 201 a tsamaisoa ka hloko hore a kopane karolong e itseng ’me a fetisetsa tekanyo e holimo ea radiation karolong e nepahetseng hantle e nang le bothata.

Ho buuoa ka Gamma Knife ho ipakile ho baballa chelete liphuputsong tse ling, ’me ho fapana le ho buuoeng ho tloaelehileng ha boko, ke ka seoelo maqeba a teng a petlang. Empa tšebetso ee e etsoa joang?

Mehato e Mene ea ho Buoa ka Radiation

Ho buoa ka radiation ho sebelisoa Gamma Knife ho etsoa ka mehato e mene ea motheo. Qalong, hlooho ea mokuli e kenngoa ka har’a foreimi e e tšehetsang, e tla etsa hore mokuli a se ke a sisinyeha nakong ea phekolo. Ho latelang, ho etsoa “’mapa” oa boko ba mokuli, ho sebelisoa mochine oa CT, kapa magnetic resonance imaging (MRI), kapa angiography. Ka mor’a moo, litšoantšo tsa boko li kenngoa mochineng oa k’homputha o lokisetsang tsela eo phekolo e lokelang ho etsoa ka eona, o qollang karolo e amehang ’me o hlophisa mehato e lokelang ho lateloa.

Qetellong, ke nako ea ho phekoloa, eo ka eona hlooho ea mokuli e kenngoang ka helmeteng e nang le masoba a 201 ao mahlaseli a gamma a ntšoang ka ’ona. Phekolo ee e nka nako e kae? Metsotso e ka bang 15 ho isa ho e 45 feela, nakong eo mokuli o thethefalitsoe hanyenyane ’me ha a utloe bohloko.

Ha phekolo eo e qetiloe, mokuli o sala sepetlele hore ho bonoe hore na oa hlaphoheloa ’me hangata o lokolloa hoseng ha letsatsi le latelang. Ho bile joalo le tabeng ea Christine, ea boletsoeng sethathong. O ile a phekoloa ka Labone, a lokolloa ka Labohlano, ’me a khutlela sekolong ka Mantaha o latelang.

Ho Etsahala’ng ka AVM?

Ho buuoa ka radiation ha ho hlile ha ho felise bothata ba ho harelana ha methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong le e isang mali pelong. Ho e-na le hoo, ho etsa hore lisele tse leboteng la methapo ea mali li ikatise, ka tsela eo li thibele mali ho phallela sebakeng se nang le bothata. Ka hona, mohlomong ka mor’a selemo kapa lilemo tse peli, methapo ea mali e senyehileng e koaleha ka ho feletseng. Joale methapo e harelaneng e tsamaisang mali ho tsoa pelong le e isang mali pelong ea honyela ’me qetellong ’mele oa e qhibilihisa.

Gamma Knife e boetse e sebeliselitsoe ho phekola lihlahala tse bolaeang tseo ho bonahalang hore na li namme hakae hammoho le lihlahala tse ling tse bakoang ke mafu a mang, tse namelang bokong ho tloha likarolong tse ling tsa ’mele tse nang le kankere. Ho feta moo, e bontšitse ho ba le liphello tse tšepisang phekolong ea bothata ba trigeminal neuralgia (e leng boloetse bo bohloko bo amang mothapo oa sefahleho), sethoathoa, Parkinson’s disease le maloetse a mang a bohloko bo sa laoleheng.

Ke ’nete hore ho ntse ho e-na le lihlahala le maloetse a mang a boko tse sa phekoleheng ka Gamma Knife. Hore na khatelo-pelo ho buuoeng ha methapo ea boko e tla lebisa liphekolong tse atlehang ho feta, ho tla bonahala nakong e tlang. Mothating ona, ho buoa ka radiation ho sebelisoa Gamma Knife ho fana ka tšepo ho bakuli ba bangata ba nang le lihlahala.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlhahlobisiso ea CT ke X ray e hlahlobang karolo e itseng ea ’mele.

[Lebokose le leqepheng la 21]

Khatelo-pele Ho Buuoeng Ka Radiation

Gamma Knife e entsoe hoo e ka bang lilemo tse 50 tse fetileng ke ngaka ea methapo Lars Leksell le setsebi sa biophysics Börje Larsson. Leksell o ile a sibolla hore lehlaseli le le leng, le matla la radiation le ka bebofatsa bothata bo metseng ka metso bokong ka ntle le ho buoa ka thipa—kahoo, ha ho mali a tsoang kapa kotsi ea ho petla.

Leksell o ile a bitsa mokhoa ona oa hae o mocha stereotactic radiosurgery. Qetellong, lingaka li ile tsa fumana mokhoa oa ho phekola likarolo tse neng li sa finyellehe tsa boko, li sa sebelise thipa bakeng sa ho fohla har’a methapo e maranrang le lihlopha tsa lisele tsa boko tse senyehang habonolo. Leha ho le joalo, tšebeliso ea mokhoa ona o mocha e ile ea tlameha ho ema lilemo tse ngata ho fihlela khatelo-pele ea mekhoa ea kajeno ea ho etsa litšoantšo e qala, e joaloka mechine ea CT le MRI, e bolellang lingaka tse buoang hore na li ise radiation ea tsona hokae ka ho toba. Mochine oa pele oa Gamma Knife o ile oa kenngoa Stockholm, ka 1968.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Mehato e Mene ea ho Buoa KA Radiation ho Sebelisoa Gamma Knife

1. Ho kenya foreimi

2. Ho etsa litšoantšo tsa boko

3. Litšoantšo tse kentsoeng mochineng oa k’homputha lia thusa ho lokisetseng phekolo

4. Hoa phekoloa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Images courtesy of Elekta Instruments, Inc., manufacturers of the Gamma Knife®

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela