Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng ka ho Ikutloa U le Motlotlo ka Morabe oa Heno?
Tanya ea lilemo li 17 oa tletleba: “Seithuti se seng seo ke kenang sekolo le sona kamehla se bua ka morabe le ’mala oa batho ba bang. Hangata meqoqong ea sona, se ipolelisa hore sona se ba phahametse.”
KE BOIKUTLO ba tlhaho hore motho a ikutloe a le motlotlo ka lelapa labo, setso, puo kapa sebaka sa ha habo. Ngoanana e mong ea lilemo li 15 ea bitsoang Phung o re: “Ke Movietnam, ’me ke motlotlo ka setso sa ka.”
Leha ho le joalo, hangata ho ba motlotlo ka morabe oa motho ho tsamaisana le ho ba le khethollo ea merabe. Ka hona, boikutlo bona ba ho ba motlotlo bo ka ba kotsi ka hore butle-butle, ka tsela e poteletseng, bo senye botsoalle, esita leha bo bontšoa ka tsela e poteletseng eo e kang ke e bonolo. Jesu Kreste o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) ’Me maikutlo a tebileng a ho phahamela ba bang—kapa a ho ba khesa—hangata a hlahella leha a patiloe, a khopisa ba bang le ho ba utloisa bohloko.
Ka linako tse ling boikutlo ba ho ba motlotlo ka morabe bo ka baka pefo. Lilemong tsa morao tjena bo ’nile ba hlohlelletsa lintoa, merusu le “lipolao tsa merabe” tse tletseng tšollo ea mali. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore u be u bone tšollo ea mali ka mahlo e le hore u tsebe lehlakore le lebe la boikutlo ba ho ba motlotlo ka morabe. Ka mohlala, na u bona bopaki ba bona sekolong, mosebetsing, kapa tikolohong eo u phelang ho eona? Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Melissa oa hlalosa: “E, ka ho totobetseng. Liithuti tse ling tseo ke kenang sekolo le tsona li tšeha bana ba bang ba bitsang mantsoe ka tsela e fapaneng ’me li bolela hore li molemo ho ba feta.” Tanya le eena oa tlaleha: “Ha ke le sekolong ke ee ke utloe bana ba bang ba re ho ba bang ka ho toba: ‘Ke betere ho u feta.’” Phuputsong e ’ngoe e entsoeng United States, hoo e ka bang halofo ea ba neng ba botsoa ba ile ba bolela hore ka bobona ba ile ba tobana le mofuta o itseng oa lehloeo la merabe selemong se fetileng. Mocha ea bitsoang Natasha o ile a re: “Moo ke kenang sekolo teng khohlano ea merabe e atile haholo.”
Joale, a re nke hore u phela naheng kapa sebakeng seo ho sona ho nang le bajaki ba bangata haholo, e leng ho bakileng hore sekolong sa heno, tikolohong ea heno, kapa phuthehong ea heno ea Bokreste ho be le motsoako o hlokomelehang. Na u ikutloa u batla u sa phutholoha ka see? Joale e ka ’na eaba boikutlo ba ho ba motlotlo ka morabe oa heno ke bona bo susumetsang monahano oa hao ho feta kamoo mohlomong u hlokomelang kateng.
Boikutlo bo Loketseng ka ho ba Motlotlo ha bo Bapisoa le bo Fosahetseng
Na see se bolela hore ho ba motlotlo ka bohona ho fosahetse? Che, ha hoa fosahala. Bibele e bontša hore ho na le sebaka sa mofuta o loketseng oa ho ba motlotlo. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Thesalonika, o ile a re: “Rōna ka borōna re motlotlo ka lōna har’a liphutheho tsa Molimo.” (2 Bathesalonika 1:4) Ka ho tšoanang, ho ba le boikutlo bo itseng ba ho itšepa ho molemo ebile ho tloaelehile. (Baroma 12:3) Kahoo, ha ho phoso ha motho a ikutloa a le motlotlo ka tsela e itseng ka morabe oa habo, lelapa labo, puo, ’mala, kapa sebaka sa ha habo. Ka sebele Molimo o ne a ke ke a batla hore re soabele lintho tse joalo. Ha moapostola Pauluse ka phoso a ne a nkoa e le motlōli e mong oa molao oa Egepeta, ha aa ka a tsilatsila ho re: “Ha e le hantle, ke Mojuda, oa Tarsase e Silisia, moahi oa motse o sa patehang.”—Liketso 21:39.
Leha ho le joalo, boikutlo ba ho ba motlotlo ka morabe oa motho bo ba bobe ha bo hōlisa ka ho feteletseng boikutlo ba ho itšepa kapa ha bo etsa hore motho a khelle ba bang fatše. Bibele e re: “Ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe. Ke hloile boikhantšo le boikhohomoso, motsamao o mobe le molomo o khopo.” (Liproverbia 8:13) ’Me Liproverbia 16:18 e re: “Boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng.” Kahoo, ho ithorisa ka hore motho ke oa morabe o phahametseng e meng ke ntho e nyonyehang ho Molimo.—Bapisa le Jakobo 4:16.
Qaleho ea Boikutlo ba ho ba Motlotlo ka Morabe oa Motho
Ke’ng se etsang hore batho ba be le boikutlo bo feteletseng ba ho ikutloa ba le motlotlo ka merabe ea bona? Buka e bitsoang Black, White, Other, ea Lise Funderburg, e re: “Ho batho ba bangata, maikutlo a pele a hatisehang likelellong (le a tšoarellang ka ho fetisisa) ka merabe a tsoa ho batsoali le lelapa.” Ka masoabi, hangata maikutlo ao batsoali ba bang ba fanang ka ’ona ke a leeme kapa a sothehileng. Bacha ba bang e ka ’na eaba ba boleletsoe ka ho toba hore batho ba morabe oa habo bona ke ba phahameng le hore batho ba merabe e meng ha ba tšoane le bona kapa ba tlaasana ho bona. Leha ho le joalo, hangata bacha ba hlokomela ba sa joetsoe hore batsoali ba bona ha ba ikamahanye le batho ba merabe e meng. Sena le sona se ka ba le tšusumetso e matla monahanong oa bona. Liphuputso li bontša hore le hoja bacha le batsoali ba ka ’na ba hlōleha ho bona lintho ka tsela e tšoanang ntlheng ea liaparo kapa ’mino, bacha ba bangata ba na le maikutlo a tšoanang le a batsoali ba bona tabeng ea merabe.
Maikutlo a leeme mabapi le morabe o itseng a ka boetse a hlahisoa ke ho utloa khatello kapa tšoaro e mpe. (Moeklesia 7:7) Ka mohlala, matichere a hlokometse hore bana ba bitsoang ka hore ke ba lihlopha tsa baahi ba khesehang hangata ba haelloa ke boikutlo ba ho itlhompha. Matichere a mang ha a leka ho lokisa bothata bona, a hlahisitse mananeo a thuto a rutang bana histori ea merabe ea habo bona. Ho thahasellisang ke hore bahlahlobisisi ba bang ba pheha khang ea hore ho matlafatsa boikutlo bona ba ho ba motlotlo ka morabe oa motho ho hlahisa khethollo ea merabe.
Phihlelo ea botho e ka boetse ea phetha karolo e itseng ho hōliseng maikutlo a sa lokang ka merabe. Ho hohlana le motho oa morabe o mong ho ka ’na ha lebisa motho qetong ea hore batho bohle ba morabe oo ke ba khopisang kapa ke ba tenang. Ka ho tšoanang maikutlo a fosahetseng a ka ’na a susumetsoa ke ha mecha ea phatlalatso e totobatsa likhohlano tsa merabe, liketso tse sehlōhō tsa mapolesa le liboka tsa boipelaetso kapa ha e hlahisa lihlopha tsa merabe e itseng ka tsela e fosahetseng.
Khopolo e Fosahetseng ea Hore Morabe o Itseng o Phahametse Merabe e Meng
Ho thoe’ng ka boipolelo ba ba bang ba hore morabe oa bona o na le tokelo ea ho ikutloa o phahametse e meng? Khopolo ea hore batho ba ka aroloa ka merabe ea bona ka ho hlakileng ke taba e thata ka boeona. Sehlooho se ho Newsweek se tlalehile: “Ho litsebi tse hlahlobileng bothata bona, ho fumanehile hore taba ea merabe ke khopolo eo ho tsebahalang hore ho thata ho e utloisisa, e sitang boiteko leha e le bofe bo tebileng ba ho e hlalosa.” Ke ’nete hore ho batho ho ka ’na ha e-ba le “phapang e hlokomelehang ’maleng oa letlalo, boleng ba moriri le sebōpehong sa mahlo kapa sa linko.” Leha ho le joalo, Newsweek e boletse hore “liphapang tsena e mpa e le tse ponahalong ea kantle feela—esita leha li ka leka ka thata hakae, litsebi li hlōlehile ka ho totobetseng ho fumana likarolo tse hlaheletseng tsa phapang tse khethollang sehlopha sa morabe o mong ho e meng. . . . Ho litsebi tse ngata tse sebetsanang le sena, ntlha ea bohlokoa ke hore morabe e mpa e le ‘maikutlo a baahisani’ feela—motsoako [o bolileng] oa lehloeo, tumela-khoela le khopolo e fosahetseng.”
Esita le haeba saense e ka etsa phapang pakeng tsa merabe, khopolo ea morabe o “sa tsoakoang” eona ke tšōmo. The New Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Ha ho morabe o sa tsoakoang; lihlopha tsohle tsa merabe tse teng hona joale li tsoakane kaofela.” Hore na boemo ke bofe, Bibele e ruta hore Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Liketso 17:26) Ho sa tsotellehe ’mala oa letlalo, boleng ba moriri, kapa litšobotsi tsa sefahleho, ka sebele ho na le morabe o le mong—e leng morabe oa batho. Batho bohle baa amana ka moholo-holo oa rōna Adama.
Bajuda ba boholo-holo ba ne ba tseba hantle hore merabe eohle e tsoa mohloling o le mong. Leha ho le joalo, esita le ka mor’a hore e be Bakreste, ba bang ba ne ba ntse ba khomaretse tumelong ea hore ba phahametse bao e seng Bajuda—ho akarelletsa le balumeli-’moho le bona bao e seng Bajuda! Moapostola Pauluse o ile a felisa khopolo ea hore morabe o mong o phahametse e meng ka ho re, joalokaha ho tlalehiloe ho Baroma 3:9: “Bajuda hammoho le Bagerike kaofela ba tlas’a sebe.” Ka lebaka leo ha ho morabe o ka ithorisang ka hore o boemong bo itseng bo khethehileng ho Molimo. Ka sebele, ke feela ka tumelo ho Jesu Kreste batho ka bomong ba ka bang le botsoalle le Molimo. (Johanne 17:3) ’Me ke thato ea Molimo hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.
Ho hlokomela hore merabe eohle ea lekana mahlong a Molimo ho ka ba le phello e matla tseleng eo u italimang ka eona le ho talima ba bang ka eona. Ho ka u susumelletsa hore u tšoare ba bang ka tsela e nang le seriti le tlhompho, u ananele le ho khahloa ke tsela eo le fapaneng ka eona. Ka mohlala, Melissa e mocha, ea boletsoeng pejana, ha a kopanele le liithuti tseo a kenang sekolo le tsona ho tšeheng bacha ba bitsang mantsoe ka tsela e fapaneng. O re: “Ke nka hore ba khonang ho bua lipuo tse peli ba bohlale. Le hoja ke lakatsa ho bua puo e ’ngoe, ke khona ho bua e le ’ngoe feela.”
Hape, hopola hore le hoja batho ba morabe oa heno le setso sa heno ntle ho pelaelo ba e-na le ho hongata hoo ba ikutloang ba le motlotlo ka hona, le batho ba merabe e meng le bona ba na le hona. ’Me le hoja e ka ’na ea e-ba ho utloahalang ho ikutloa u le motlotlo ka tsela e itseng ka setso sa heno le ka lintho tseo baholo-holo ba hao ba li finyeletseng, ho khotsofatsa haholoanyane haeba u ikutloa u le motlotlo ka seo u se finyeletseng ka boiteko ba hao le ho sebetsa ha hao! (Moeklesia 2:24) Ha e le hantle, ho na le ntho e le ’ngoe feela eo Bibele e u khothalletsang hore u be motlotlo ka eona. Joalokaha ho boletsoe ho Jeremia 9:24, Molimo ka boeena o re: “Ea ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke ’na Jehova.” Na u ka ithorisa ka seo?
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho tseba pono ea Molimo ka merabe ho re thusa ho thabela botsoalle le batho ba merabe e meng