Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 3/8 maq. 16-19
  • Bakreste le ho Khethollana ka Maemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakreste le ho Khethollana ka Maemo
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moo e ka ’Nang Eaba Tsamaiso ea ho Khethollana ka Maemo India e Qalile Teng
  • Ho Khethollana ka Maemo Tlhophisong ea Kajeno
  • Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana le Khethollano ea Maemo
  • Khethollo Likerekeng Tsa Kajeno
  • Ho Nka Khato ka ho se Khotsofale
  • Tsela ea Bokreste ba ’Nete
  • Tlhokahalo ea ho Nahana ka Tsela ea Lefatše le Lecha
  • Bohindu—Ho Batla Tokoloho
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 7: c.1500 B.C.E. ho ea pele—Bohindu—U Mamello
    Tsoha!—1989
  • Ke Batho ba Mofuta Ofe Bao U ba Nkang e le ba Bohlokoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • U Tla Re’ng ho Mohindu?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Tsoha!—1998
g98 3/8 maq. 16-19

Bakreste le ho Khethollana ka Maemo

KA MONGOLLI OA TSOHA! INDIA

KE’NG se tlang kelellong ea hao ha u utloa polelo e reng “tsamaiso ea ho khethollana ka maemo”? Mohlomong u nahana ka India le ka ba limilione ba se nang maemo a ba khethollang—melahloa. Le hoja tsamaiso ea ho khethollana ka maemo e le karolo ea bolumeli ba Bohindu, bantlafatsi ba Bohindu ba ’nile ba loanela ho felisa liphello tseo e bileng le tsona ho batho ba maemo a tlaase le melahloa. Ka lebaka lena, u ne u tla re’ng ha u bolelloa hore tsamaiso ena e sebelisoa esita le ke likereke tse ipolelang hore ke tsa Bokreste?

Moo e ka ’Nang Eaba Tsamaiso ea ho Khethollana ka Maemo India e Qalile Teng

Ho aroloa ha batho ho ea ka maemo a bona bophelong e leng ho etsang hore ba bang ba ikutloe ba phahametse ba bang ha ho etsahale India feela. Lik’honthinente tsohle li ’nile tsa bona ho khethollana ka lihlopha ka litsela tse sa tšoaneng. Se etsang hore tsamaiso ena ea India e be e fapaneng ke ’nete ea hore lilemong tse fetang 3000 tse fetileng, ho hatelloa ha batho sechabeng ho ile ha kenyelletsoa bolumeling.

Le hoja, ho sa tsejoe ka ho toba qaleho ea tsamaiso ena, ba bang ba boholong ba lumela hore e qalile molokong oa boholo-holo Phuleng ea Indus, moo e leng Pakistan kajeno. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho bontša hore baahi ba pele hamorao ba ile ba haptjoa ke merabe ea ka leboea-bophirimela, ho se tummeng ka hore ke “ho falla ha Baaryan.” Bukeng ea hae e bitsoang The Discovery of India, Jawaharlal Nehru o bitsa sena “ho kopana le ho tsoakana ho hoholo ha pele ha moetlo,” tseo ho tsona ho hlahileng “merabe ea India le motheo oa moetlo oa India.” Leha ho le joalo, motsoako ona ha oa hlahisa ho leka-lekana ha merabe.

The New Encyclopædia Britannica e re: “Mahindu a ikarabella ka ho ata ha khethollo (jātis, eo ka ho toba e bolelang ‘tsoalo’) ka ho arola lihlopha tse ’nè, kapa li-varna, tse bileng teng ka lebaka la ho nyalana ha batho ba maemo a sa tšoaneng (ho thibetsoeng libukeng tsa Bohindu tsa dharma). Leha ho le joalo, bo-ralikhopolo ba kajeno ba sekamela ho lumeleng hore ho khethollana ka maemo ho hlahisitsoe ke mekhoa e sa tšoaneng ea lineano tsa lelapa, liphapang tsa merabe le ho fapana ka mesebetsi le botsebi. Litsebi tse ngata tsa kajeno le tsona li hlile li belaella hore na tsamaiso e sa rarahanang ea varna e ne e mpa e se khopolo-taba feela ea bolumeli sechabeng ’me li totobatsa hore lihlopha tse rarahaneng sechabeng sa Bohindu tsa batho ba maemo le tsa ba maemo a tlaase tse ka bang 3000 haesale li le teng esita le mehleng ea khale.”

Ka nako e itseng batho ba maemo a sa tšoaneng ba ile ba nyalana, ’me lehloeo le neng le le teng pele ka lebaka la ’mala oa letlalo le ile la fokotseha. Melao e thata e tsamaisang khethollo hamorao e ile ea fetoha karolo ea bolumeli, ea ngoloa mangolong a li-Veda le Molaong (kapa Litsing) oa Manu, mohlalefi oa Mohindu. Babrahmane ba ne ba ruta hore batho ba maemo a phahameng ba tsoetsoe ba hloekile e le hore ba arohe ho batho ba maemo a tlaase. Ba ile ba ruta Masudra, kapa batho ba maemong a tlaase ka ho fetisisa, tumelo ea hore mosebetsi oa bona o eisehang e ne e le kotlo e tsoang ho Molimo ka lebaka la liketso tse mpe tseo ba li entseng bophelong bo fetileng le hore boiteko leha e le bofe ba ho tlōla mokoallo oa khethollo bo ne bo tla ba etsa hore e be melahloa. Ho nyalana ha batho ba maemo a sa tšoaneng, ho jela sebakeng se le seng, ho sebelisa metsi a tsoang mohloling o le mong, kapa ho kena ka tempeleng e le ’ngoe le Masudra ho ne ho ka etsa hore motho oa maemo a phahameng a lahleheloe ke boemo ba hae.

Ho Khethollana ka Maemo Tlhophisong ea Kajeno

Ka mor’a ho fumana boipuso ka 1947, ’muso oa India o ile oa ntša molao oa motheo o ileng oa etsa hore ho khethollana ka maemo e be tlōlo ea molao. ’Muso ha o hlokomela hore Mahindu a maemong a tlaase a ’nile a sotleha ka makholo a lilemo, o ile oa behella ka thōko litsi le libaka tse itseng tsa thuto ka molao bakeng sa batho le merabe ea ba maemo a tlaase.a Lebitso le sebelisitsoeng bakeng sa lihlopha tsena tsa Mahindu ke “Madalite,” le bolelang “ho tlatlapa, ho hatella.” Empa sehlooho sa koranta e ’ngoe morao tjena se ile sa re: “Bakreste ba Madalite ba Batla Litokelo Tse Tiisitsoeng [litokelo mosebetsing le univesithing].” See se etsahetse joang?

Melemo e atolositsoeng eo ’muso o fanang ka eona ho Mahindu a maemo a tlaase e thehiloe ’neteng ea hore a ’nile a hlokeloa toka ka lebaka la tsamaiso ea ho khethollana ka maemo. Kahoo, ho ile ha boleloa hore malumeli a neng a sa sebelise tsamaiso ea ho khethollana ka maemo a ke ke a lebella ho fumana melemo ena. Leha ho le joalo, Bakreste ba Madalite ba bolela hore le bona kaha e ne e le basokolohi ba maemo a tlaase, kapa ba sa tsoakaneng le ba bang, baa khetholloa, eseng ke Mahindu feela empa hape le ke ‘Bakreste-’moho’ le bona. Na see ke ’nete?

Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana le Khethollano ea Maemo

Mahindu a mangata a ile a sokolloa ke baromuoa ba Mapotoketsi, ba Mafora le ba Mabrithani, ba Mak’hatholike hammoho le ba Maprostanta, nakong ea puso ea bokolone. Batho ba maemo ’ohle ba ile ba fetoha Bakreste ka lebitso feela, baboleli ba bang ba ile ba hapa Babrahmane, ba bang ba hapa Ba sa Tsoakaneng le ba Bang. Thuto le boitšoaro tsa baromuoa li ile tsa ba le phello efe tumelong e metseng ka metso ea ho khethollana ka maemo?

Ka Mabrithani a India, mongoli Nirad Chaudhuri o bolela hore ka likerekeng “balumeli ba Maindia ba ne ba ke ke ba lula le ba Maeurope. Boikutlo ba ho ba morabe o phahameng boo e neng e le motheo oa puso ea Brithani, India, ha boa ka ba patoa ke Bokreste.” Ka 1894, moromuoa e mong o ile a bontša boikutlo bo tšoanang ha a tlalehela Board of Foreign Missions ea United States hore ho sokolla batho ba maemo a tlaase e ne e le “ho bokella lithōle ka Kerekeng.”

Ka ho hlakileng, boikutlo ba ho ba morabe o phahameng ba baromuoa ba mehleng ea pele le ho tsoakoa ha khopolo ea Bobrahmane le lithuto tsa kereke li ikarabella haholo tabeng ea hore ebe ba bangata bao ho thoeng ke Bakreste ba sebelisa tsamaiso ea ho khethollana ka maemo phatlalatsa India.

Khethollo Likerekeng Tsa Kajeno

Mobishopo e moholo oa K’hatholike George Zur, ha a bua le Catholic Bishops Conference ea India ka 1991, o ile a re: “Basokolohi ba maemo a tlaase ha ba nkoe e le batho ba maemo a tlaase ke Mahindu a maemo a phahameng feela empa le ke Bakreste ba maemo a phahameng. . . . Ba tšoaetsoe libaka tsa bona likerekeng tsa lipharishe le litšeng tsa mabitla. Ho nyalana ha batho ba maemo a sa tšoaneng ha ho amohelehe. . . . Ho khethollana ka maemo ho atile har’a baruti.”

Mobishopo M. Azariah, oa Kereke ea India Boroa, e leng Kereke ea Kopano ea Prostanta, o ile a re bukeng ea hae e bitsoang The Un-Christian Side of the Indian Church: “Kahoo, Bakreste ba Maemo a Tlaase (Madalite) ba khetholloa le ho hatelloa ke Bakreste-’moho le bona likerekeng tse sa tšoaneng eseng ka lebaka la phoso eo ba e entseng empa ka lebaka la tsoalo ea bona eo ba sa e rerang, esita leha e le ba molokong oa bobeli, oa boraro kapa oa bone oa Bakreste. Bakreste ba maemo a phahameng ba fokolang ka palo ka Kerekeng ba ntšetsa pele leeme la bona la ho khethollana ka maemo esita le ho ea melokong, ba sa angoe ke tumelo le tšebeliso ea Bokreste.”

Patlisiso ea ’muso mathateng a lihlopha tsa ba saletseng morao India, e tsejoang e le Mandal Commission, e ile ea fumana hore ba ipolelang hore ke Bakreste, Kerala ba ne ba arohane “ka lihlopha tse sa tšoaneng tsa merabe motheong oa maemo a bona. . . . Esita le ka mor’a hore ba sokolohe, basokolohi ba maemo a tlaase ba tsoela pele ho nkoa e le Maharija.b . . . Litho tsa Kereke e le ’ngoe tsa Masyria le tsa Mapulaya li tšoara litšebeletso tse arohaneng tsa bolumeli mehahong e arohaneng.”

Tlaleho ea Indian Express ea August 1996 e itse ka Bakreste ba Madalite: “Tamil Nadu, ba arotsoe ho ba maemong a phahameng ka libaka tsa bolulo. Kerala, boholo ba bona ke basebeletsi ba se nang litša, ’me ba sebeletsa Bakreste ba Masyria le ba bang ba maemong a phahameng ba nang le litša. Ha ho mohla Bakreste ba Madalite ba jang ’moho kapa ba nyalanang le ba Masyria. Mabakeng a mangata, ba Madalite ba rapella likerekeng tsa bona, tse bitsoang ‘kereke ea Mapulaya’ kapa ‘kereke ea Maparaya.’” Ana ke mabitso a lihlotšoana tsa ba maemong a tlaase. Lentsoe la Senyesemane le nkiloeng ho “paraya” ke “pariah.”

Ho Nka Khato ka ho se Khotsofale

Lihlopha tsa baloaneli ba balumeli bao e seng baruti, tse kang FACE (Forum Against Christian Exploitation), li batlela Bakreste ba Madalite melemo e fanoang ke ’muso. Li amehile haholo ka ho thusa basokolohi ba Bokreste moruong. Leha ho le joalo, tse ling li amehile ka tšoaro ea bona ka kerekeng. Lengolong le eang ho Mopapa John Paul II, batho ba ka bang 120 ba le tekenetseng ba boletse hore ba “amohetse Bokreste e le hore ba lokolohe tsamaisong ea ho khethollana ka maemo” empa ha ba lumelloe hore ba kene ka kerekeng ea motse kapa ba kopanele litšebeletsong. Ba tlamelloa ho haha matlo tikolohong e le ’ngoe eo ho seng Mokreste oa maemo a phahameng—leha e le moprista oa pharishe—ea kileng a hata ho eona! Mosali e mong oa Mok’hatholike ea khathatsehileng ka ho tšoanang o ile a re: “Ka sebele, ke ho nka e le habohlokoa hore mora oa ka a ithute kolecheng ea maemo. Empa habohlokoa le ho feta ke hore a nkoe a lekana le ba bang ba balumeli-’moho le eena [ba K’hatholike].”

Le hoja, ba bang ba leka ho ntlafatsa boemo ba Bakreste ba Madalite, ba bangata ba felloa ke mamello. Mekhatlo e kang Vishwa Hindu Parishad (Mokhatlo oa Lefatše oa Bohindu) e leka ho khutlisetsa basokolohi ba Bakreste lesakeng la Bohindu. Indian Express e tlalehile ka tšebeletso e neng e tšoaretsoe batho ba 10 000, eo ho eona malapa a fetang 600 a “Bakreste” ba joalo a ileng a boela a amohela Bohindu.

Tsela ea Bokreste ba ’Nete

Haeba baromuoa ba mekhatlo ea likereke ba ne ba rutile lithuto tsa Kreste tse thehiloeng leratong, ho ne ho sa tl’o ba le “Bakreste ba Babrahmane,” “Bakreste ba Madalite” le “Bakreste ba Maparaya.” (Matheu 22:37-40) Ho ne ho sa tl’o ba le likereke tse arohileng bakeng sa Madalite le karohano nakong ea lijo. Ke efe thuto ena ea Bibele e lokollang e tlōlang meeli ea ho khethollana ka maemo?

“Hobane Jehova, Molimo oa lona, ke Molimo oa melimo . . . , o sa talimeng tšobotsi ea motho, o sa amoheleng limpho.”—Deuteronoma 10:17.

“Joale kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le ka kopana ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.”—1 Bakorinthe 1:10.

“Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.

Bibele e ruta hore Molimo o entse batho bohle ka motho a le mong. E boetse e bolela hore litloholo tsohle tsa motho eo a le mong li lokela ho ‘phopholetsa Molimo le ho mo fumana, le hoja a se hōle le e mong le e mong oa rōna.’—Liketso 17:26, 27.

Ha karohano e ne e qala ho nanarela phutheho ea Bokreste ea pele, tlas’a pululelo, mongoli Jakobo o ile a e nyatsa ka ho toba. O ile a re: “Le na le khethollano ea lihlopha har’a lōna ’me le fetohile baahloli ba fanang ka liqeto tse khopo, na ha ho joalo?” (Jakobo 2:1-4) Thuto ea Bokreste ba ’nete ha e lumelle mofuta leha e le ofe oa tsamaiso ea ho khethollana ka maemo.

Tlhokahalo ea ho Nahana ka Tsela ea Lefatše le Lecha

Lipaki tsa Jehova tse limilione li ile tsa ikemisetsa ho fetola litumelo tsa tsona tsa pele le boitšoaro ba tsona ba pele tseo li neng li ithutile tsona malumeling a mangata a sa tšoaneng. Lithuto tsa Bibele li tlositse boikutlo ba boiphahamiso kapa ba ho ikhella fatše lipelong le likelellong tsa tsona, ho sa tsotellehe hore na bo ne bo bakiloe ke ho ba tlas’a puso ea bokolone, khethollo ea morabe, ea ’mala, kapa tsamaiso ea ho khethollana ka maemo. (Baroma 12:1, 2) Li utloisisa ka ho hlakileng seo Bibele e se bitsang “lefatše le lecha,” leo ho lona “ho loka ho tla aha.” Ke tebello e khanyang hakaakang bakeng sa matšoele-tšoele a lefatše a sotlehang!—2 Petrose 3:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Ba maemo a tlaase” ke polelo e molaong e khethollang Mahindu a maemo a tlaase, kapa melahloa, ao pele a neng a bitsoa Ba sa Tsoakaneng le ba Bang, a ileng a sotleha sechabeng le moruong.

b Ke lentsoe le qapiloeng ke M. K. Gandhi bakeng sa batho ba maemo a tlaase. Le bolela “Batho ba Hari,” e leng le leng la mabitso a molimo Vishnu.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” Liketso 10:34, 35

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho Ama Motho Joang?

E, ho nkoa e le molahloa ke batho ba ipolelang hore ke Bakreste ho ama motho joang? Mokreste e mong eo baholo-holo ba hae ba ileng ba sokoloha Bohindung ba batho ba maemo a tlaase bo tsejoang e le ba Bocherama kapa Bopulaya, o pheta ketsahalo e ileng ea etsahala seterekeng sa habo sa Kerala lilemong tse ’maloa tse fetileng:

Ke ne ke memetsoe lenyalong leo ho lona ho neng ho e-na le bamemuoa ba bangatanyana bao e leng litho tsa kereke. Ha ba mpona moketeng oa lijo, ho ile ha qaleha morusu, ’me ba tsoang Kerekeng ea Orthodox ea Masyria ba ile ba re ba ke ke ba lula moketeng moo ntle le ha nka tsamaea, kaha ba ne ba ke ke ba ja lijo le Mopulaya. Ha ntate oa monyaluoa a hana ho amohela kōpo ea bona, ba ile ba ngala ho ea lijong kaofela. Ka mor’a hore ba tsamaee, ho ile ha ngoathoa lijo. Empa ba neng ba ngoatha lijo ba ile ba hana ho hleka lekhasi la tholoana ea mofuta oa banana leo ke neng ke jella ho lona le ho hloekisa tafole ea ka.

[Setšoantšo]

Mohlala oa kereke e India Boroa, eo ho eona ho kopanelang batho ba maemo a tlaase feela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela