Ke Eng Seo Bokamoso bo se Tšoaretseng Basali?
“PALE ea moloko oa batho ke pale e ipheta-phetang ea ho lematsoa ha basali ke banna le ho inkela matla ha banna.” Ke kamoo Phatlalatso ea Maikutlo ea Seneca Falls, New York, e ngotsoeng Amerika lilemong tse 150 tse fetileng e le boipelaetso khahlanong le ho hloka toka ho etsoang ho basali e balehang kateng.
Ntle ho pelaelo ho entsoe tsoelo-pele ho tloha nakong eo, empa joalokaha khatiso ea Machaba a Kopaneng e bitsoang The World’s Women 1995 e bolela, thota e sa namme ka pele. Ea tlaleha: “Hangata, basali le banna ba phela mafatšeng a sa tšoaneng, mafatšeng a fapanang ka menyetla ea ho fumana thuto le mesebetsi le bophelo bo botle ’meleng, tšireletso ea botho le nako ea boikhathollo.”
Ho hlokomeleha ha sena ka ho eketsehileng ho entse hore linaha tse ling li fetise melao e sireletsang litokelo tsa basali. Empa melao e ke ke ea fetola lipelo, e leng hona moo ho hloka toka le leeme ho metseng teng ka metso. Ka mohlala, nahana ka boemo bo sa thabiseng ba banana ba matekatse. Newsweek e itse ka mahlabisa-lihlong ana a teng lichabeng tse ngata: “Melao e reretsoeng ho thibela tšebeliso e mpe ea likamano tsa botona le botšehali baneng e na le sepheo se setle empa hangata ha e sebetse.” Ka ho tšoanang, molao ka booona ha o thibele pefo. Human Development Report 1995 e re: “Bopaki bo bontša hore pefo e etsoang ho batho ba batšehali ke bothata ba lefatše lohle bo jeleng setsi. Melao e mengata e hlōleha ho thibela pefo ena—ntle leha litekanyetso tse teng hona joale moetlong le sechabeng li ka fetoha.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Hangata ‘litekanyetso tse moetlong le sechabeng’ li thehiloe tloaelong e metseng ka metso—eo ho leng thata ho e fetola. Mosali e mong ea tsoang Bochabela bo Hare o re: “Moetlo o etsa hore banna ba lumele hore basali ba lokela ho sebelisoa ho e-na le ho ratoa, ho sotloa ho e-na le ho hlokomeloa. Ka lebaka leo, mosali ha a na lentsoe, ha a na litokelo, ’me o na le monyetla o fokolang feela oa ho ntlafatsa boemo ba hae.”
Ho Ruta Banna le Bo-ntate
Phatlalatso ea Khato e ileng ea khothalletsoa Beijing, Chaena, sebokeng sa lefatše sa basali sa 1995 e ile ea phatlalatsa hore ke ka “khato e potlakileng le e kopanetsoeng ke bohle” feela ho ka finyelloang “lefatše le nang le khotso, toka le botho” leo ho lona basali ba tla hlomphuoa.
Khato leha e le efe ea ho etsa hore bophelo ba basali bo be le ‘khotso, toka le botho’ e tlameha ho qala ka lapeng, ka banna le bo-ntate. Tabeng ena, Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore thuto ea Bibele ke eona senotlolo sa katleho. Li ’nile tsa hlokomela hore hang ha banna ba ithuta hore Molimo o lebeletse hore ba tšoare basali le barali ba bona ka tlhompho le tlhokomelo, ba nka seo ka ho teba ’me ba etsa joalo.
Afrika Bohareng, Pedro, e leng monna ea nyetseng ea nang le bana ba bane, hona joale o ela hloko litlhoko tsa mosali oa hae. O mo thusa ho hlokomela bana, ’me o bile o ngoatha lijo ha baeti ba etetse lelapa. Ho nahanela ho joalo ha hoa tloaeleha naheng ea habo. Ke eng e mo etsang hore a ananele mosali oa hae le ho sebelisana le eena joalo?
Pedro oa hlalosa: “Ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela melao-motheo e ’meli ea bohlokoa mabapi le karolo ea monna. E bile le tšusumetso e khōlō tseleng eo ke talimang mosali oa ka ka eona. Oa pele, ke o ho 1 Petrose 3:7, o hlalosang hore monna o lokela ho ‘abela [mosali oa hae] tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane, se setšehali.’ Oa bobeli, ke o ho Baefese 5:28, 29, o reng monna o lokela ho tšoara mosali oa hae ‘joaloka ’mele oa hae.’ Ho tloha ha ke qala ho latela keletso eo, re ile ra atamelana haholoanyane. Kahoo, rōna banna re lokela ho beha bohlokoa bo boholo keletsong ea Molimo ho e-na le meetlong ea libaka.”
Michael, ea tsoang Afrika Bophirimela, oa lumela hore pele a qala ho ithuta Bibele le Lipaki, o ne a sa tšoara mosali oa hae ka ho loketseng. Oa bolela: “Ke ne ke bile ke tloaetse ho mo otla ha ke halefile. Empa Bibele e nthutile hore ke lokela ho fetola litsela tsa ka. Hona joale, ke leka ka matla ho laola bohale ba ka le ho rata mosali oa ka joaloka ’mele oa ka. ’Me ka bobeli re thabile haholo.” (Bakolose 3:9, 10, 19) Mosali oa hae, Comfort, o lumellana le eena: “Hona joale Michael o ntšoara ka tlhompho le ka lerato ho fapana le tloaelo ea banna ba bangata tikolohong ea rōna. Re khona ho buisana ka mathata a rōna le ho sebetsa ’moho re le ntho e le ’ngoe.”
Pedro le Michael ba ithutile ho hlompha le ho baballa basali ba bona hobane ba ile ba nka ka ho teba litaelo tse tsoang Lentsoeng la Molimo, tse bolelang ka ho hlaka hore ’Mōpi oa rōna o nyatsa ka ho teba ho hloka toka ho etsoang ho basali.
Ho Ameha ha Molimo ka Basali
Kamehla Molimo o ’nile a ameha ka basali le ka boiketlo ba bona. Le hoja a ile a bolella batsoali ba rōna ba pele hore ka lebaka la borabele ba bona, ho se phethahale ho ne ho tla etsa hore basali ba ‘busoe,’ sena ha ho mohla e kileng ea e-ba morero oa Molimo. (Genese 3:16) O ne a bōpetse Eva ho ba “mothusi” oa Adama le molekane oa hae. (Genese 2:18) Molaong oa Moshe, o neng o filoe Iseraele ea boholo-holo, Jehova o ile a nyatsa ka ho toba tšoaro e mpe ea bahlolohali ’me o ne a laetse Baiseraele ho ba tšoara ka mosa le ho ba thusa.—Exoda 22:22; Deuteronoma 14:28, 29; 24:17-22.
Jesu, a etsisa Ntate oa hae oa leholimo, ha aa ka a latela tloaelo e neng e atile mehleng ea hae e neng e nyenyefatsa basali. O ile a bua le basali ka mosa—esita le ba neng ba e-na le botumo bo bobe. (Luka 7:44-50) Ho feta moo, Jesu o ile a thabela ho thusa basali ba neng ba kula. (Luka 8:43-48) Ketsahalong e ’ngoe, eitse ha a bona mohlolohali ea saretsoeng ke lefu la mor’a hae ea sa tsoa hlokahala, a potlakela mokolokong oa lepato ’me a tsosa mohlankana eo bafung.—Luka 7:11-15.
Basali ba ne ba le har’a barutuoa ba pele ba Jesu ’me e bile bona ba pele ba ho paka tsoho ea hae bafung. Bibele e bua hantle ka basali ba kang Lydia, Dorkase le Priska e le mehlala e nang le kamohelo e mofuthu ea baeti, kutloelo-bohloko le sebete. (Liketso 9:36-41; 16:14, 15; Baroma 16:3, 4) ’Me Bakreste ba pele ba ne ba rupeletsoe ho hlompha basali. Moapostola Pauluse o ile a bolella moromuoa-’moho le eena Timothea hore a tšoare ‘basali ba baholo joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka baralib’abo ka tlhoeko eohle.’—1 Timothea 5:2.
Basali ba Fumaneng Tlhompho
Haeba u monna oa Mokreste, u tla bontša tlhompho e tšoanang ho basali. Ha ho mohla u tla sebelisa tloaelo e le boikemelo ba ho ba tšoara hampe. Ho feta moo, ho tšoara basali ka tlhompho ho ka fana ka bopaki bo qaqileng ba tumelo ea hao. (Matheu 5:16) Salima, mosali e mocha ea tsoang Afrika, o hlalosa kamoo a ileng a rua molemo kateng ha a bona melao-motheo ea Bokreste e sebetsa.
“Ke hōletse tikolohong eo ho eona basali le banana ba neng ba tšoaroa hampe. ’Mè o ne a sebetsa lihora tse 16 ka letsatsi, empa sohle seo a neng a se fumana e ne e le lipelaelo haeba ho hong ho itseng ho sa etsoa. Ho hobe le ho feta, Ntate o ne a mo otla ha a tahiloe. Basali ba bang ba tikolohong ea rōna le bona ba ne ba sotleha ka tsela e tšoanang. Empa ke ne ke tseba hore tšoaro e joalo e fosahetse—e ne e tlatsa bophelo ba rōna ka tsieleho le ho hloka thabo. Leha ho le joalo, ho ne ho bonahala ho se tsela ea ho fetola boemo bona.
“Leha ho le joalo, ha ke le lilemong tsa bocha, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka khahloa haholo ke ho bala mantsoe a moapostola Petrose, a bontšang hore basali ba lokela ho tšoaroa ka tlhompho. Empa ke ne ke nahana hore ‘Ho batla ho le thata hore batho ba ka sebelisa keletso ena, haholo-holo ha ke talima moetlo oa sebakeng sa rōna.’
“Leha ho le joalo, ha ke e-ea Holong ea ’Muso, moo Lipaki li tšoarelang liboka tsa tsona teng, banna hammoho le basali ba ile ba ntšoara ka mosa. Ho neng ho bile ho ’makatsa le ho feta ke hore banna ba teng ba ne ba hlile ba tsotella basali ba bona. Ha ke ntse ke tloaela batho bao haholoanyane, ke ile ka hlokomela hore hona ke ho hong hoo Lipaki tsohle li lebeletsoeng ho ho etsa. Le hoja, banna ba bang ba ne ba hōtse ka tsela e tšoanang le ea ka, hona joale ba ne ba tšoara basali ka tlhompho. Ke ile ka batla ho ba karolo ea lelapa lena le leholo.”
Tharollo ea ka ho sa Feleng
Tlhompho eo Salima a ileng a e hlokomela e ne e se ea tšohanyetso. E ne e le ka lebaka la lenaneo la thuto, le thehiloeng Lentsoeng la Molimo, le thusang batho ho ananelana joalokaha Molimo a etsa. Ena ke pontšo ea se ka etsoang hona joale le se tla etsoa hohle ha ’Muso oa Molimo o se o busa holim’a lefatše lohle. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) ’Muso ona oa leholimo o tla felisa ho hloka toka hohle. Bibele ea re tiisetsa: “Mohla likahlolo tsa hao [Jehova] li otlang lefatše, batho ba lefatše ba [tla] ithuta ho loka.”—Esaia 26:9.
Esita le hona joale, thuto ea ho loka e fetola tsela eo batho ba limilione ba nahanang ka eona. Ha batho bohle ba phelang e se e le bafo ba ’Muso oa Molimo, thuto ena e tla tsoela pele lefatšeng lohle ’me e tla felisa khatello eo banna ba tšoarang basali ka eona, eo e leng phello ea sebe sa Adama. Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Molimo, a ke ke a lumella hore ho hloka toka ho etsoang ho basali ho silafatse puso ea hae. Ha e hlalosa puso eo ea Kreste, Bibele e re: “O tla lopolla mohloki ea llang ho eena, le mohlōphehi ea hlokang mothusi. Ea fokolang le ea hlokang o tla ba utloela bohlōkō, a pholose bophelo ba mafutsana. O tla ba lopolla ho ba mamènèmènè le ho ba sehlōhō, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14, BPN.
Lihlooho tse letotong lena li buile haholo ka mathata a basali. Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore banna ba bangata le bona ba ’nile ba tšoaroa hampe. Ho theosa le pale, banna ba matla le ba khopo ba ’nile ba etsa liketso tse tšabehang tse ke keng tsa hlalosoa ho batho ba batona hammoho le ba batšehali. ’Me le basali ba bang ba entse se tšoanang. Ka mohlala, Bibele e bua ka ho tšolloa ha mali a se nang molato ho entsoeng ke basali ba khopo ba kang Jezebele, Athalia le Herodiase.—1 Marena 18:4, 13; 2 Likronike 22:10-12; Matheu 14:1-11.
Kahoo, batho bohle ba hloka lefatše le lecha la Molimo, tlas’a ’Muso oa hae. Haufinyane, ha letsatsi leo le fihla, ha ho basali leha e le banna ba tla ke ba khetholloe kapa ba tšoaroe hampe. Ho e-na le hoo, letsatsi le leng le le leng e tla ba la ho ‘iketla khotsong’ ho e mong le e mong.—Pesaleme ea 37:11.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Banna ba Bakreste ba latela tataiso ea Bibele ’me ba hlompha le ho ananela basali ba bona