Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 8/8 maq. 15-18
  • Dengue—Feberu e Bakoang ke ho Longoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Dengue—Feberu e Bakoang ke ho Longoa
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Dengue ke Eng?
  • “Likarolo Tse Peli ho Tse Hlano Tsa Baahi ba Lefatše” li Kotsing
  • Likotsi tse Ikhethang tsa DHF
  • Ho Sireletsa Lelapa la Hao
  • Mehato ea ho e Thibela
  • Dengue—Boloetse bo Kotsi bo Ntseng bo Ata
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha a Boile Sekoele?
    Tsoha!—2003
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 8/8 maq. 15-18

Dengue—Feberu e Bakoang ke ho Longoa

Ka Mongolli oa Tsoha! Philippines

O SA hlokomeloa, monoang o lula sephakeng se feela sa ngoanana e monyenyane. Ka potlako kokoanyana ena e phunya letlalo la hae ’me e hula mali. Ka mor’a metsotsoana e seng mekae ’mè o qekotsa morali oa hae ’me o bona monoang ona. Ha a re o o otla ka potlako, o ile. Na ho feletse moo? E ka ’na eaba ha ho joalo. E ka ’na eaba monoang o ile, empa ho hlasela ha oona ka nako e khutšoanyane maling a ngoana enoa ho siile lintho tse phelang tse sa batleheng tse nang le matla a ho baka boloetse.

Pele ho fela libeke tse peli ngoana o kenoa ke serame, o tšoaroa ke hlooho, o utloa bohloko ka mor’a mahlo, manonyeletso a hae a opa haholo o bile o chesa haholo. Ha boloetse bona bo ntse bo tsoela pele, o ba le lekhopho le lefubelu ’me o khathala ka ho feletseng. O tšoeroe ke dengue, feberu e bakoang ke ho longoa ke monoang.

Leha ho le joalo, haholo-holo haeba ngoana a kile a tšoaetsoa dengue pele, a ka ’na a tšoaroa ke mofuta o mong o tebileng haholoanyane oa boloetse bona, e leng feberu ea dengue e etsang hore motho a tsoe mali (DHF [dengue hemorrhagic fever]). Ha motho a e-na le eona, methapo e menyenyane ea mali ea lutla, e leng ho fellang ka ho tsoa mali letlalong. Mali a ka ’na a tsoela ka hare. Ha mokuli a sa phekoloe ka ho loketseng, a ka ’na a tana ka ho tebileng ’me mali a ema, e leng se lebisang lefung kapele.

Ha e le hantle dengue ke eng? Na e ka u tšoara? U ka itšireletsa joang le lelapa la hao? A re hlahlobisiseng.

Dengue ke Eng?

Dengue, eo hape e bitsoang breakbone fever, ke feela bo bong ba maloetse a ’maloa a bakoang ke ho longoa ke monoang. Seo e hlileng e leng sesosa sa boloetse bona ke kokoana-hloko. Monoang o tšoaelitsoeng (ke hore monoang oo nakong e fetileng o ileng oa loma motho ea tšoaelitsoeng) o na le kokoana-hloko ena ka litšoeleseng tse ntšang mathe. Ha o ntse o loma motho e le hore o fumane mali, o fetisetsa kokoana-hloko ena ho eena.

Ho na le mefuta e mene ea kokoana-hloko ea dengue. Ho tšoaetsoa ke mofuta o le mong ha ho fe ’mele matla a ho itšireletsa mefuteng e meng e meraro. Ka mor’a ho tšoaetsoa, haeba motho ea tšoaelitsoeng a longoa ke monoang o nang le mofuta o mong, phello e ka ba DHF.

“Likarolo Tse Peli ho Tse Hlano Tsa Baahi ba Lefatše” li Kotsing

Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle (WHO), dengue e sokela batho ba limilione li 2500, “likarolo tse peli ho tse hlano tsa baahi ba lefatše.” Asiaweek e ile ea tlaleha: “Linaheng tse fetang 100 tse chesang tse mongobo le tse pel’a tsona li tlalehile ho ata ho tšosang ha dengue, ’me ho tlalehoa bakuli ba limilione tse mashome selemo ka seng, ’me karolo ea 95% ea ba tšoaelitsoeng ke bana.”

Ha hoa hlaka hore na dengue e ile ea hlokomeloa neng ka lekhetlo la pele lefatšeng. Ha e le hantle, e ka ’na eaba tlaleho e mabapi le “knee fever” Cairo ka 1779 e ne e bua ka dengue. Ho tloha ka nako eo, dengue e ’nile ea tlalehoa lefatšeng lohle. Haholo-holo ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, dengue e bile le phello e khōlō bophelong bo botle ba batho, ho tloha Asia Boroa-bochabela. Mefuta e mengata ea likokoana-hloko e ile ea qala ho tloha ho motho ho ea ho e mong, ’me sena se ile sa fella ka mefuta e sa tšoaneng e kotsi haholoanyane e etsang hore motho a tsoe mali. Sengoliloeng se hatisitsoeng ke WHO se re: “Ho qhoma ha pele ha sebele ha feberu e etsang hore motho a tsoe mali Asia ho ile ha hlokomeloa Manila ka 1954.” Linaha tse ling li ile tsa latela, haholo-holo Thailand, Vietnam, Malaysia le libaka tsa boahelani. Ho qhoma hona ho qalileng Asia Boroa-bochabela ho bakile mafu a lipakeng tsa karolo ea 10 le ea 50 lekholong, empa ha ho ntse ho ithutoa ho eketsehileng ka boloetse bona, lipalo tsena li ile tsa fokotseha.

Ho tloha ka bo-1960, ho khoehlisa mananeong a ho laola monoang o nang le kokoana-hloko ena ho tlatselitse ho eketseheng ha dengue ka sekhahla. Kaha dengue e atile, le DHF e atile. Ke linaha tse 9 feela tse neng li e-na le seoa sena pele ho 1970, empa ka 1995 palo ena e ne e nyolohetse ho 41. WHO e hakanya hore selemo le selemo, ho hlokahala hore bakuli ba 500 000 ba DHF ba kene sepetlele.

Le hoja boloetse bona bo sa tsejoe hakaalo libakeng tse ka thōko ho tse chesang tse mongobo, maemong a mang baeti ba eang libakeng tseo ho tsona ho nang le kotsi ea hore bo ba tšoare ba ile ba tšoaetsoa ’me ba tlisa boloetse bona ha habo bona. Ka mohlala, ho ella mafelong a 1996, The New York Times e ile ea bua ka bakuli ba tšoeroeng ke dengue United States—Massachusetts, New York, Oregon le Texas.

Likotsi tse Ikhethang tsa DHF

Joalokaha ho bontšitsoe pejana, DHF ke mofuta oa dengue o sokelang bophelo. Kotsi e ’ngoe ea DHF ke ho thetsa batho hore ba nahane hore ha ea teba hakaalo. Ba bangata ba e kopanya le ntaramane. Leha ho le joalo, ho lieha ho nka bohato ho ka ’na ha lumella boloetse bona ho tsoela pele ho ea boemong bo tebileng haholoanyane boo ho bona palo ea li-platelet tsa mali e theohang haholo, mali a qalang ho tsoa (a tsoela ka hare kapa a tsoa mareneneng, linkong kapa letlalong), ’me khatello ea mali e theohang. Mokuli a ka ’na a oa. Nakong eo lelapa le hlokomelang hore boemo bo tebile, o se a ntse a tana. Ba mo potlakisetsa sepetlele. Ha a le moo, lingaka li fumana hore mali aa ema. Ka lebaka la boemo bona ba tlokotsi, ho laeloa hore ho khutlisetsoe metsi ’meleng ka ho kenya mokelikeli o itseng ka methapo.

Ho Sireletsa Lelapa la Hao

Ho ka etsoa eng ho fokotsa liphello tsa boloetse boo? Haeba lelapa le lula moo dengue e atileng ’me setho sa lelapa se chesa haholo ka nako e fetang letsatsi, e tla ba bohlale hore lelapa le se ise ngakeng. Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha haeba mokuli enoa a e-na le matšoao a mang a dengue, a kang lekhopho kapa bohloko bo mesifeng le manonyeletsong kapa ka mor’a mahlo.

Ngaka e ka ’na ea hlahloba mali. Dengue e sa etseng hore motho a tsoe mali e ka ’na ea hloka phekolo e bonolo feela. Empa haeba litlhahlobo li bontša hore ke DHF, mohlomong ngaka e tla buella tšebeliso e hlokolosi ea mekelikeli. Sena se ka ’na sa akarelletsa metsoako e nooang ea ho khutlisetsa metsi ’meleng, e kang e sebelisoang bakeng sa letšollo kapa, maemong a tlokotsi, ha ho khutlisetsoa metsi ’meleng ka mokelikeli o kenngoang ka methapo ka ho sebelisa metsoako oa Ringer’s, oa saline kapa e meng. Ha ngaka e phekola mokuli ea tanneng, e ka ’na ea laela hore ho sebelisoe meriana e itseng ho thusa ho phahamisa khatello ea mali le ho etsa hore palo ea li-platelet e khutlele malulong.

Haeba mali a tsoa haholo, lingaka li ka ’na tsa sekamela ho buella tšelo ea mali. Tse ling li ka ’na tsa potlakela ho e buella li sa ka tsa nahana ka lintho tse ling tse ka sebelisoang sebakeng sa eona. Leha ho le joalo, ho ekelletsa ho beng khahlanong le molao oa Molimo, hangata ha e hlokahale. (Liketso 15:29) Phihlelo e bontšitse hore tšebeliso e hlokolosi ea mekelikeli e etsang hore mali a phalle methapong, ho tloha qalong ea boloetse bona e phetha karolo ea bohlokoahali phekolong. Tšebelisano pakeng tsa mokuli le ngaka ho sena e ka thusa ho felisa likhohlano tse mabapi le tšelo ea mali. Sena sohle se hatisa bohlokoa ba ho nka bohato kapele ha motho a belaella DHF.—Bona lebokose le reng “Matšoao ke Afe?”

Mehato ea ho e Thibela

Ntho e ’ngoe e ka sehloohong e nang le kokoana-hloko ea dengue ke monoang oa Aedes aegypti. Mofuta ona o atile libakeng tse chesang tse mongobo le tse pel’a tsona ho pota lefatše. (Bona ’mapa o kenyelelitsoeng.) Menoang ea Aedes aegypti e atleha libakeng tse nang le sepenya sa baahi. Ho thibela monoang ona ke e ’ngoe ea linotlolo tsa ho thibela boloetse bona.

Ho thibela monoang ka tekanyo ea lefatše lohle ha ho bonolo. Leha ho le joalo, ho na le lintho tseo u ka li etsang ho thusa ho fokotsa kotsi ena ho potoloha lehae la hao. Monoang o motšehali o behela mahe ka metsing. Libōkō li ka hlaha ka nthong efe kapa efe e ka tšelang metsi ao ka nako e etsang beke kapa ho feta, e kang mabili a lahliloeng, mabekere a lahliloeng, libotlolo kapa likhaketla tse bulehileng tsa kokonate. Ho tlosa lintho tse joalo ho tla fokotsa libaka tseo monoang o qhotsetsang ho tsona. Ho ekelletsa moo, ho buelloa hore u kubute liemere kapa liketsoana. Ho tlosa metsi a emeng linthong tse khakeletsang metsi a pula ntlong le hona ho tla thusa. Hoa thahasellisa hore ebe qalong ea selemo sa sekolo sa 1997/98, lefapha la bophelo bo botle la Philippines le ile la thibela tšebeliso ea lipitsa tsa lipalesa ka litlelaseng ka lebaka lona lena.

Haeba ho na le ea tšoeroeng ke dengue ka lapeng, nka mehato ea ho qoba hore a longoe ke menoang e meng eo le eona e ka ’nang ea tšoaetsa ba bang. Mohaho o sirelelitsoeng hantle kapa o nang le lintho tse hloekisang moea e ka ba tšireletso.

Ho thoe’ng ka ente e thibelang? Ente e thibelang e loketseng ha e fumanehe. Ho ntse ho etsoa phuputso bakeng sa ho e etsa, empa sena se thatafatsoa ke taba ea hore ho ne ho tla hlokahala hore e fe ’mele matla a ho loantša mefuta ena e mene kaofela ea dengue e le hore e sireletse ka ho feletseng. Ho entela mofuta o le mong, ha e le hantle ho ne ho ka eketsa kotsi ea DHF. Bafuputsi ba tšepa hore ente e thibelang e sebetsang e ka ’na ea fumaneha ka mor’a lilemo tse hlano ho ea ho tse leshome.

Bafuputsi ba bang ba ’nile ba leka mokhoa o mong. Ka ho etsa liphetoho liphatseng tsa lefutso, ba tšepa ho thibela kokoana-hloko ea dengue ho ikatisa matheng a monoang. Haeba sena se sebetsa joalokaha ho reriloe, menoang e joalo eo liphatsa tsa eona tsa lefutso li fetotsoeng e ne e tla fetisetsa matla a ho loantša dengue ho bana ba eona. Le hoja ho entsoe tsoelo-pele e itseng, ho sa ntse ho tla bonoa hore na sena se tla atleha hakae.

Hona joale, ho felisa dengue ka ho feletseng ha ho bonahale eka ho tla khoneha. Empa ho itšireletsa ka tsela e sebetsang ho ka thusa uena le baratuoa ba hao ho qoba mathata a sokelang bophelo a bakoang ke dengue—feberu e bakoang ke ho longoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

Ba boholong bongakeng ba bolela hore aspirin e lokela ho qojoa hobane e ka ’na ea etsa hore mali a tsoe haholo.

[Lebokose le leqepheng la 16]

Matšoao ke Afe?

Matšoao a feberu ea dengue le feberu ea dengue e etsang hore motho a tsoe mali (DHF)

• Ho chesa haholo ka tšohanyetso

• Ho opa ho matla ha hlooho*

• Bohloko bo ka mor’a mahlo

• Bohloko ba manonyeletso le mesifa

• Ho ruruha ha litšoelesa

• Lekhopho

• Mokhathala

Matšoao a tobileng haholoanyane a DHF

• Ho oa ha tšohanyetso

• Ho tsoa mali letlalong

• Ho tsoa mali ho akaretsang

• Letlalo le batang, le metsi le bileng le khomarelang

• Ho tjola-tjola

• Ho tana le ho otlela fatše ha pelo (letšoao la ho tana ho bakoang ke dengue)

U se ke ua lieha ho ea ngakeng haeba matšoao ana a bonahala. Bana ke bona ba kotsing haholo

[Lebokose le leqepheng la 17]

Boitsebiso bo Tsoang ho Litsebi Bakeng sa Baeti

Ka linako tse ling, ba etelang libakeng tse chesang tse mongobo ba tšoaetsoa dengue, empa feberu ea dengue e etsang hore motho a tsoe mali ha ea ata hakaalo hobane hangata mofuta ona o tebileng haholoanyane o tšoara motho ka mor’a hore a tšoaetsoe dengue ka lekhetlo la bobeli. Litlhahiso tsa tšireletseho ke tsena bakeng sa baeti:

• Apara lihempe tse matsoho a malelele le marikhoe a malelele

• Sebelisa ntho e lelekang menoang

• E-ba hōle le libaka tseo batho ba subuhlellaneng ho tsona

• Lula libakeng tsa bolulo moo u ka koalang lifensetere ho thibela menoang ho kena

• Haeba u ba le feberu ha u se u khutletse hae, bolella ngaka hore na u ne u etetse hokae

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Libaka tse kotsing ea ho ba le boloetse ba “dengue”

Mefuta ea monoang oa “Aedes aegypti,” monoang o nang le “dengue”

Libaka tseo “dengue” e sa tsoa ba teng ho tsona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Litsi tsa ho Laola Maloetse le ho a Thibela, 1997

© Dr. Leonard E. Munstermann/Fran Heyl Associates, NYC

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Libaka tseo ho ka etsahalang hore monoang o qhotsetse ho tsona ke (1) mabili a lahliloeng, (2) lintho tse khakeletsang metsi a pula ntlong, (3) lipitsa tsa lipalesa, (4) liemere kapa lintho tse ling tse tšelang metsi, (5) mabekere a lahliloeng, (6) meqomo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

© Dr. Leonard E. Munstermann/Fran Heyl Associates, NYC

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela