Bacha Baa Botsa . . .
Nka Tsoella Joang Bophelong ke se na Batsoali?
“Ha ke le lilemo li tharo ’me ausi oa ka a le lilemo li ’nè, batsoali ba ka ba ile ba hlalana. Ba ile ba tseka tokelo ea molao ea ho re hlokomela ka khotla, ’me re ile ra qetella re lula le ’Mè. Leha ho le joalo, ha ke le lilemo li supileng, ’na le ausi oa ka re ile ra etsa qeto ea hore re e’o lula le Ntate.”—Horacio.
LILEMO tse seng kae hamorao, ntate oa Horacio le kharebe eo a neng a lula le eona ba ile ba ineha naha—ba lahla Horacio le ausi oa hae kherehloa. Horacio oa hopola: “Ke ka eona tsela eo e ileng eare ha ke le lilemo li 18, ka be ke e-ba hlooho ea lelapa leo ho lona e neng e le ’na, ausi oa ka ea neng a le lilemo li 19 le khaitseli ea ka ka Ntate, e neng e le lilemo li 12—e ileng ea etsa qeto ea ho sala le rōna.”
Joalokaha sehlooho se fetileng se bontšitse, bacha ba limilione ho pota lefatše ba iphumana ba se na batsoali.a Joaloka Horacio, bacha ba bang ba lahliloe kherehloa. Empa ba bang ba hlokahaletsoe ke batsoali ba bona kapa ba arohantsoe le bona ke lintoa kapa likoluoa tsa tlhaho. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho hloka batsoali e ka ba ntho e thata le e sithabetsang. ’Me ho ka u siea le boikarabelo bo boima.
‘Ke Tla Hlokomeloa ke Mang?’
Ho atleha ha hao ho itšetlehile haholo ka lilemo tsa hao le maemo a hao. Ka ho hlakileng, boemo bo boima haholoanyane haeba u ntse u le ngoana kapa u le lilemong tse qalang tsa bocha. Le haeba ho le joalo, e ka ’na eaba ha ua sala u le mong to! Mohlomong malome, ’mangoane kapa abuti oa hao kapa ausi oa hao o batla hore u lule le eena.
Har’a Lipaki tsa Jehova, ho hlokomela likhutsana le bahlolohali ho nkoa e le karolo ea borapeli ba tsona. (Jakobo 1:27; 2:15-17) ’Me hangata, batho ka bomong ka har’a phutheho ba tla thusa. Ka mohlala, Horacio le likhaitseli tsa hae ba ne ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me ba kopanela libokeng tsa tsona. Ke hona teng moo ba ileng ba kopana le lelapa la Bokreste le ileng la qala ho ba thusa. Horacio o re: “Ke leboha Jehova hakaakang bakeng sa tataiso ea hae le tlhokomelo e lerato ea letsatsi le leng le le leng! Re ile ra fumana tlhohonolofatso ea ho thusoa ke lelapa le matla moeeng ka phuthehong, le neng le e-na le bana bao e leng lithaka tsa rōna. Le ne le re nkile joalokaha eka re bana ba lona, kahoo, ho feta leha e le neng pele, re ile ra ikutloa re le karolo ea lelapa leo re neng re ka itšetleha ka lona.”
Leha ho le joalo, hase bacha bohle ba bang lehlohonolo joalo. Tlaleho ea Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana e re: “Ka linako tse ling, bana ba se nang mang-oe ba isoa malapeng a ba hlekefetsang ’meleng, a ba qobellang ho sebetsa a sa ba nehe moputso kapa monyetla oa ho tsoela pele, a ba sebelisang botekatseng kapa hona ho ba etsa makhoba.” Ka hona, leboha haeba u e-na le motho ea u hlokomelang hantle ka tsela e itekanetseng.
Ke ’nete hore ho hloka batsoali ke tahlehelo e bohloko. ’Me joalokaha ho ka lebelloa, u ka hlonamela hore ebe ha ba eo bakeng sa ho u hlokomela. Ho laeloa hore na u etse eng ke mong ka uena kapa moholoane oa hao ho ka ’na ha totisa bohale ba hao. Empa u se ke ua ntšetsa malokobe ho batho ba lekang ho u hlokomela. Bibele e re: “U hlokomele hore khalefo e se ke ea u hoka-hoka hore u [etse lintho] ka ho nyefola . . . Itebele hore u se ke ua retelehela ho se kotsi.” (Jobo 36:18, 21, NW) Hopola moroetsana ea boletsoeng ka Bibeleng ea neng a bitsoa Esthere. Kaha e ne e le khutsana, o ile a hōlisoa ke motsoala oa hae ea neng a le moholo ho eena, Mordekai. Le hoja Mordekai e ne e se motsoali oa hae oa tlhaho, o ile a mo ‘fa litaelo’ tseo a ileng a li mamela, esita leha a se a hōlile! (Esthere 2:7, 15, 20, NW) Leka ho ba ea mamelang le ea nang le tšebelisano-’moho. Hoo ho tla thusa haholo ho fokotsa khatello le ho etsa hore bophelo bo be bonolo haholoanyane bakeng sa bohle ba amehang.
Boikarabelo ba Lelapa
Haeba u na le ngoan’eno eo e leng moholoane oa hao—kapa haeba u se u hōlile ka ho lekaneng—mohlomong uena le banab’eno le se le ka lula le le bang. Mohlomong u ka ba ua tlameha ho phetha karolo ea ho ba hlooho ea lelapa—e leng boikarabelo bo bonahalang bo le boima! Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba maemong a joalo ba ’nile ba etsa mosebetsi o babatsehang ho hōliseng banab’abo bona.
Hoa utloahala hore u ka ’na ua lokela ho sebetsana le maikutlo a itseng a tlhonamo. Ho nahanisisa ka ’nete ea hore u rata banab’eno le ho ba hlokomela ho ka ’na ha u thusa hore u be le boikutlo bo nepahetseng haholoanyane. Ntho e ’ngoe e ka u thusang ke ho nka ho ba hlokomela e le mosebetsi oo u o abetsoeng ke Molimo. Etsoe Bakreste ba laeloa hore ba hlokomele bao e leng ba bona. (1 Timothea 5:8) Empa ho sa tsotellehe hore na u leka ka thata hakae ho ba ntate le ’mè oa banab’eno, le ka mohla u ke ke ua ba motsoali oa bona oa sebele.
Hase ho talima lintho ka tsela ea sebele ho lebella hore banab’eno ba u mamele joalokaha ba ne ba mamela batsoali ba hao. Ha e le hantle, ho ka ’na ha nka nako e telele pele ba ka tsitsa ’me ba u mamela. Ka hona, leka hore u se ferekane nakong eo ka eona boemo bo e-song ho tsitse. Qoba “lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang.” Ka mohlala oo u o behang, ruta banab’eno ho ‘ba mosa e mong ho e mong, ho ba le qenehelo e bonolo, le ho tšoarelana ka bolokolohi.’—Baefese 4:31, 32.
Horacio oa lumela hore o ile a etsa liphoso: “Ka linako tse ling ke ne ke tšoara banab’eso ka thata haholo. Empa ho ea bohōleng bo itseng, seo e ne e le tšireletso ’me re ile ra lula re e-na le boitšoaro bo botle mahlong a Jehova.”
Ho Itlhokomela
Haeba batsoali ba hao ha ba khone ho u hlokomela, ha ho potang hore ho itlhokomela ka lintho tse bonahalang ke ntho e ngongorehisang haholo. Mohlomong litho tse hōlileng tsa phutheho ea Bokreste li ka ’na tsa u thusa hammoho le banab’eno, haeba u e-na le bona, ho ithuta ho pheha, ho hloekisa le ho hlokomela mesebetsi e meng ea lelapa eo joale le tlamehang ho e etsa. Empa u tla etsa’ng hore u fumane chelete? Mohlomong ha ho seo u ka se etsang haese hore u leke ho fumana mosebetsi.
Leha ho le joalo, mesebetsi e fumaneha ka thata ho bacha ba sa rutehang hakaalo, ba hlokang phihlelo kapa tsebo e itseng ea mosebetsi. Kahoo, haeba u e-na le monyetla oa hore u qete thuto ea hao ea motheo—kapa hona ho fumana koetliso e itseng e tlatsetsang ea mosebetsi—ho molemo ho etsa joalo. Horacio oa hopola: “’Na le ausi oa ka re ile ra sebetsa ’me ra lefella litšenyehelo tsa ka tsa sekolo le tsa khaitseli ea ka ka Ntate.” Haeba u phela naheng e hōlang moruong, ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise bohlale hore u fumane mosebetsi.—Bona sehlooho se reng “Ho Hlahisa Mesebetsi Linaheng tse Hōlang Moruong,” tokollong ea Tsoha! ea November 8, 1994.
Linaheng tse tsoetseng pele haholoanyane moruong, ho ka ba ha etsahala hore u fumane thuso ea lichelete ’musong. Hangata, ho na le mekhatlo ea ’muso kapa ea praefete e inehetseng ho thuseng bana ba se nang batsoali kapa ba lahliloeng kherehloa. Ka mohlala, mekhatlo e meng e ka ’na ea u thusa hore u fumane lijo kapa sebaka sa bolulo. Ka sebele, u lokela ho sebelisa ka bohlale thuso leha e le efe ea chelete eo u e fumanang. Bibele e re, ‘Chelete ke tširelo.’ (Moeklesia 7:12) ’Me ntle le hore u be seli ha u e rera le ha u e sebelisa, ka potlako chelete e ka ‘mela mapheo ’me ea rurela holimo.’—Liproverbia 23:4, 5.
Ho itlhokomela ka lintho tse bonahalang e ke ke ea e-ba taba e kaalo haeba u e-na le motho e moholo ea u hlokomelang. Leha ho le joalo, ka moso ho tla fihla nako eo ka eona u tla tlameha ho itlhokomela. Kaha ha u sa na batsoali ba ka u khothalletsang ho tsoela pele ka thuto, ho ka ’na ha u hloka boiteko bo matla hore u tsepamise mohopolo lithutong tsa hao. Keletso ea moapostola oa Mokreste Pauluse ho Timothea mabapi le tsoelo-pele ea hae ea moea e ka boela ea sebelisoa lithutong tsa hao tsa sekolo: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala.” (1 Timothea 4:15) Ka ho etsa joalo, u tla be u beha mohlala o motle bakeng sa ba u potolohileng, u bile u itsoela molemo.
Seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u itlhokomele moeeng. Leka ho etsa kemiso e tsitsitseng ea mesebetsi ea moea. (Bafilippi 3:16) Ka mohlala, ho tloaelehile malapeng a Lipaki tsa Jehova hore ho tšohloe temana ea Bibele letsatsi le leng le le leng. Ke hobane’ng ha u sa etse hore see e be karolo ea kemiso ea hao? Kemiso ea thuto ea Bibele le ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste li tla boela li u thuse hore u lule u le matla moeeng.—Baheberu 10:24, 25.
Ho Tobana le Phephetso ka Katleho
Ho phela ntle ho batsoali ho boima, empa hoo ha ho bolele hore bophelo e lokela ho ba bo tepeletsang le bo bosula. Paola ea lilemo li 20 o ne a hlokahalloe ke ’mè oa hae ha a ne a le lilemo li 6 feela. Ha a le lilemo li leshome ntate oa hae o ile a hlokahala. Mosali e mong ea mosa o ile a mo hlokomela hammoho le baralib’abo ba bane. Na bophelo ba hae e bile feela ba masisa-pelo? Che. Paola o re: “Mohlomong ha re lelapa le tloaelehileng, empa re phela ka tsela e tloaelehileng. Ha e le hantle, lerato leo re ratanang ka lona le matla ho feta le teng malapeng a mangata.”
Irene, ausi oa Paola, oa phaella: “Le hoja re se na batsoali, re tšoana hantle feela le bacha ba bang.” Keletso ea hae ke efe ho ba bang ba boemong boo? “U se ke ua nahana hore u ea malimabe.” Horacio le eena o re: “Boemo bona bo entse hore ke hōle kapele kelellong.”
Ho lahleheloa ke batsoali ke e ’ngoe ea liketsahalo tse bohloko ka ho fetisisa tse ka nahanoang. Leha ho le joalo, kholiseha hore ka thuso ea Jehova, u ka tsoella bophelong ’me ua fumana tlhohonolofatso ea hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Tlameha ho Phela ke se na Batsoali?,” tokollong ea Tsoha! ea December 8, 1998.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
U ka fumana tšehetso ho baholo ba Bakreste