Pono ea Bibele
Moea o Halalelang oa Molimo ke Eng?
“JOALE HA BATHO BOHLE BA KOLOBETSOA, JESU LE EENA A KOLOBETSOA ’ME, HA A NTSE A RAPELA, LEHOLIMO LA BULEHA ’ME MOEA O HALALELANG O LE SEBŌPEHONG SA ’MELE SE JOALOKA LEEBA OA THEOHELA HOLIM’A HAE, ’ME LENTSOE LA TSOA LEHOLIMONG: ‘U MORA OA KA, MORATUOA; KE U AMOHETSE.’”—Luka 3:21, 22.
HA A bua le sehlopha sa bo-rafilosofi Greece ea boholo-holo, moapostola Pauluse o ile a re Molimo ke “Morena oa leholimo le lefatše.” Pauluse o ile a re, ke eena Molimo enoa ea “entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona” le ea ‘fang batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.’ (Liketso 17:24-28) Molimo o finyella see sohle joang? Ke ka moea o halalelang oa hae kapa matla a hae a sebetsang.
Bibele e boetse e hlalosa hore Molimo o na le ‘matla a maholo a mangata, o boetse o matla a mahlahahlaha.’ (Esaia 40:26, NW) E, Molimo o bōpile bokahohle bohle, bo bontšang matla a hae a maholo le matla.
Matla a Sebetsang
E ne e ke ke ea e-ba ho hlileng ho nepahetseng ho bolela hore moea o halalelang ke matla a Molimo. Hobane matla e ka ba ntho e sa bonahaleng kapa e teng feela e sa sebetse, ka har’a motho ea itseng kapa ntho, joaloka matla a bokelletsoeng betiring e tlatsitsoeng empa a sa sebelisoe. Leha ho le joalo, Mangolo a bontša hore moea oa Molimo oa tsamaea, ka tsela e batlang e tšoana le ea motlakase o phallang o tsoa betiring e sebelisoang. (Genese 1:2) Kahoo, moea o halalelang oa Molimo ke matla a hae ao a a ntšang, matla a hae a sebetsang.
Ka linako tse ling Bibele e bua ka moea o halalelang e le o finyellang mosebetsi o itseng kapa ho ba ha oona sebakeng se fapaneng le seo Molimo a leng ho sona. (Matheu 28:19, 20; Luka 3:21, 22; Liketso 8:39; 13:4; 15:28, 29) Ba bang ba balileng litemana tse joalo ba nahana hore moea o halalelang ke motho e mong ea arohileng ho Molimo. Ke hobane’ng ha puo ee e sebelisoa ka Mangolong? Na moea o halalelang ke motho ea arohileng ho Molimo?
Molimo ea Matla ’Ohle o boemong boo ka ho feletseng bo fetang ba pōpo ea hae e bonahalang. Ke moea, ha a bonahale ho rōna. (Johanne 4:24) Bibele e bolela hore Jehova Molimo o lula maholimong le hore ha a le moo o talima moloko oa batho. (Pesaleme ea 33:13, 14) Sena sea utloahala. ’Mōpi o lokela ho ba moholo ho lintho tseo a sebetsang ka tsona. Oa li busa, oa li sebelisa, oa li bōpa le ho li laola.—Genese 1:1.
A le sebakeng sa hae sa bolulo se sa bonahaleng, Molimo a ka etsa hore lintho li etsahale neng kapa neng le kae kapa kae. Kahoo, ha ho hlokahale hore a be sebakeng seo matla a hae a sebetsang, a sebetsang ho sona. A ka romela moea oa hae hore o finyelle mosebetsi o itseng. (Pesaleme ea 104:30) Sena se ka ’na sa utloisisoa habonolo ke batho ba mehleng ea kajeno ba laolang mechine ea ka tlung ka ntho e laolang lintho li le hōle. Kajeno re hlokomela matla a lintho tse sa bonahaleng tse kang motlakase kapa maqhubu a sebakeng a sa bonahaleng. Ka ho tšoanang, ka matla a hae a halalelang a sa bonahaleng kapa moea, Molimo a ka finyella eng kapa eng eo a rerang ho e etsa, ntle le hore a tlohe sebakeng se seng a ee ho se seng.—Esaia 55:11.
Mehleng ea Bibele e ka ’na eaba ho ne ho le thata ho utloisisa maikutlo ana. Ho hlalosa moea o halalelang e le matla a ka thōko ha ho pelaelo hore ho ile ha thusa babali ho utloisisa kamoo Molimo a sebelisang matla a hae kateng le hoja ka boeena a sa ee sebakeng seo a sebetsang ho sona. Ha Bibele e bua ka moea o halalelang e le o entseng sena kapa sane, ha e le hantle e re Molimo ka boeena o ntšitse matla a hae kapa o a sebelisitse ho batho kapa ho lintho hore a finyelle thato ea hae.
Mesebetsi e sa Tšoaneng ea Moea o Halalelang
Jehova o ile a sebelisa moea o halalelang ha a bōpa lintho tsohle tse phelang le tse sa pheleng. (Pesaleme ea 33:6) Molimo o ile a boela a o sebelisa ha a felisa moloko oa batho o mabifi le o sa bakeng ka moroallo. (Genese 6:1-22) E ne e le ’ona matla ana a sebetsang ao Molimo a ileng a a sebelisa ho fetisetsa bophelo ba bohlokoa ba Mora oa hae pōpelong ea moroetsana oa Mojuda Maria.—Luka 1:35.
Ka linako tse ling, moea ona o ne o fa banna ba itseng matla a ho bua ’nete ba se na tšabo le ka sebete ka pel’a lira tsa bona, hangata ba behile bophelo ba bona kotsing. (Mikea 3:8) ’Me ho na le liketsahalo tse ngata ka Bibeleng, haholo-holo tse amanang le boprofeta, tseo ho tsona banna le basali ba neng ba fuoa temohisiso e khethehileng kapa kutloisiso ho sebelisoa matla ana. Kaha ha ho na motho ea ka bolelang ka nepo esale pele seo bokamoso bo se tšoereng, ona ke mosebetsi o ikhethang oa moea.—2 Petrose 1:20, 21.
Moea o ka boela oa fa batho matla a mohlolo. Ka mohlala, ka matla ana, Jesu o ne a laola matla a tlhaho, a folisa mafu esita le ho tsosa bafu. (Luka 4:18-21; 8:22-26, 49-56; 9:11) Moea ona o ile oa sebelisoa ho hlophisa Bakreste ba pele le ho ba fa matla a ho sebeletsa e le lipaki tsa Molimo lefatšeng lohle.—Liketso 1:8; 2:1-47; Baroma 15:18, 19; 1 Bakorinthe 12:4-11.
Matla a Molimo a Sebelisoang Molemong oa Rōna
Na bahlanka ba Molimo ba kajeno ba ka khona ho kha mohloling oo o sa lekanyetsoang oa matla? E! Molimo o fa batho ba hae tekanyo e itseng ea moea o halalelang ho ba thusa hore ba utloisise thato ea hae le ho e etsa. O fana ka moea oa hae ho ba o kōpang ka tieo, ka thapelo, bao lipelo tsa bona li ba susumetsang ka tsela e nepahetseng le ba phelang tumellanong le seo a se hlokang. (1 Bakorinthe 2:10-16) Moea oo o ka fa batho ba sa phethahalang “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng,” ho ba nolofalletsa ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ho sa tsotellehe litšitiso. Joale, ka sebele batho bohle ba tšabang Molimo ba lakatsa ho amohela le ho lula ba e-na le moea oa Molimo.—2 Bakorinthe 4:7; Luka 11:13; Liketso 15:8; Baefese 4:30.
Haufinyane Molimo o tla sebelisa matla ana a maholo ho felisa ho hloka toka le bohloko lefatšeng lena le khopo, kahoo a halaletse lebitso la hae le leholo le halalelang. Moea o halalelang o tla ama lefatše lohle hamolemo, ’me tholoana ea oona e tla totobala ho bohle, e tla tlisa khanya ho Moqapi oa oona.—Bagalata 5:22, 23; Tšenolo 21:3, 4.