Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 2/8 maq. 20-22
  • Nka Ntšetsa Pele Taetsano Joang le Motho ea Hōle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Ntšetsa Pele Taetsano Joang le Motho ea Hōle?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsebana
  • Botšepehi ke Eona Tsela Feela
  • Ha e le Hantle ke Motho oa Mofuta Ofe?
  • Lifahleho li Talimane
  • Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lefereho le Atlehileng—Le Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—1989
  • Nka Ntšetsa Pele Joang Lefereho le Atlehileng?
    Tsoha!—1989
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 2/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Ntšetsa Pele Taetsano Joang le Motho ea Hōle?

“Ke ne ke qeta ho felehetsa sehlopha sa batho ba tlileng kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova ho khutlela hoteleng eo se fihletseng ho eona. Ke ne ke le mothating oa ho khutlela hae ha ke kopana le sehlopha se seng hape se kena. Kahoo, ka ema ho buisana le sona, ’me ka kopana le Odette. Ho ile ha etsahala hore re boele re kopane hona bekeng eo. Re ile ra etsa qeto ea ho ngollana, ’me ka mor’a lilengoana tse seng kae re tsebana ka ho ngollana, ra qala ho laetsana.”—Tony.

LEFATŠE le se le fetohile sebaka se senyenyane. Mashomeng a lilemo morao tjena tlhahiso ea mekhoa e litšenyehelo li tlaase ea maeto a sefofane, ho kopanngoa ha lefatše ka tsamaiso e rarahaneng ea thelefono, ho potlakisoa ha mangolo a tsamaeang ka poso, le ho sebelisoa ha Internet ho butse menyetla e mecha litabeng tsa lerato. Mabakeng a mangata, khopolo ea ho laetsana le motho ea bohōle ba lik’hilomithara tse makholo kapa esita le tse likete e ka ’na ea utloahala e ipiletsa—haholo-holo haeba menyetla ea ho fumana molekane hae e bonahala e fokola.

Ho baratani ba bang, ho laetsana le motho ea hōle ho ipakile e le tlhohonolofatso. Tony o re: “Re se re qetile lilemo tse 16 lenyalong le thabileng.” Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore ho laetsana le motho ea hōle ho molemo hobane ho fa baratani monyetla oa ho tsebana ho se na matla a khoheli ea ’mele a foufatsang. Ho sa tsotellehe hore na melemo ea teng ke efe, ho laetsana le motho ea hōle ho hlahisa liphephetso tse itseng tse ikhethang.

Ho Tsebana

Ho molemo ho tseba motho eo u nahanang ho kena lenyalong le eena ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Leha ho le joalo, ho joalokaha monna e mong ea bitsoang Frank a bua ho tsoa phihlelong, “ha ho bonolo ho tseba seo motho a hlileng a leng sona, ‘motho ea ka sephiring oa pelo.’” (1 Petrose 3:4) Doug, Mokreste e mong ea ileng a laetsana le motho ea hōle, oa lumela: “Ha ke hetla morao, kea hlokomela hore re ne re hlile re sa tsebane hantle.”

Na ke ntho e hlileng e ka etsahalang ho tseba motho ea lulang hōle le uena ka lik’hilomithara tse makholo kapa tse likete? E, empa ho hloka boiteko bo fetang bo tloaelehileng. Doug o re: “Re ne re se na chelete ea ho letsetsana, kahoo re ile ra ngollana mangolo hang ka beke.” Empa Joanne le Frank ba ile ba fumana hore ho ngollana mangolo ha hoa lekana. Joanne o re: “Re qalile re ngollana mangolo ’me ra leka ho letsetsana. Joale Frank a nthomella mochine o monyenyane oa ho rekota. Re ne re ee re rekote theipi e ncha beke le beke.”

Botšepehi ke Eona Tsela Feela

Ho sa tsotellehe hore na le sebelisa mokhoa ofe oa puisano, ntho ea bohlokoa ke botšepehi. Mosali e mong oa Mokreste ea bitsoang Ester o re: “Haeba u bua leshano, le tla hlahella hamorao ’me le tla ama lenyalo. Tšepahallanang. Itšepahalle. Haeba ho e-na le ho hong hoo le sa lumellaneng ka hona, se keng la ho hlokomoloha. Buisanang ka hona.” Moapostola Pauluse o fana ka keletso ena e molemo: “Le bue ’nete e mong le e mong oa lōna le moahelani oa hae.”—Baefese 4:25; bapisa le Baheberu 13:18.

Ke lintlha life tse ling tseo le lokelang ho netefatsa hore le buisana ka tsona? Baratani bohle ba lokela ho buisana ka lintho tse kang lipakane tsa bona, bana, litaba tsa lichelete le tsa bophelo. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse ka ’nang tsa hloka tlhokomelo e khethehileng. Ka mohlala, e mong oa lōna—kapa bobeli ba lōna—o tla tlameha ho falla haeba le nyalana. Na u ikemiselitse, hona na u tla khona ho etsa joalo, kelellong le maikutlong? U tseba joang? Na u kile ua falla kapa ua ba hōle le lelapa leno ka nako e teletsana? Mohlankana oa Joanne o ne a batla hore ba e’o sebeletsa e le baithaopi ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower, bahatisi ba makasine ena. Joanne oa hopola: “O ile a mpotsa hore na ke tla khona ho phela ka har’a ntlo e nyenyane le ka chelete e fokolang. Re ile ra tlameha ho buisana ka hona.”

Haeba u laetsana le motho ea phelang naheng e ’ngoe, na u ikemiselitse ho fetohela mokhoeng o mong oa bophelo? Frank oa botsa: “Na u se u ntse u thabela mokhoa oa e mong oa bophelo motheong oa letsatsi le letsatsi? Buisanang ka lintlha tsena tsa bohlokoa qalong ea taetsano ea lōna. Ho molemo ho buisana ka tsona esale qalong—pele le nkeha haholo maikutlong kapa le senyeheloa ke chelete.” E, ho phela mokhoeng o mong oa bophelo letsatsi le letsatsi ho fapane le ho ba moeti oa matsatsinyana. Na u tla tlameha ho ithuta puo e ’ngoe? Na u tla khona ho etsa liphetoho tse khōlō maemong a ho phela? Ka lehlakoreng le leng, na hase hore u nkehile haholo ke mokhoa oa bophelo le hore mohlomong ha u hakaalo mothong? Ho ka etsahala hore ho nkeha maikutlo ke mokhoa oa bophelo ho fele ka mor’a nakoana. Empa lenyalo lona le tlamahanya batho ba babeli ’moho ka ho sa khaotseng.—Matheu 19:6.

Tony oa hlalosa: “Ngoanana e mong eo ke mo tsebang ea tsoang karolong e ’ngoe ea lefatše o ile a nyaloa ke motho e mong oa Caribbean. Empa a fumana hore bophelo ba sehlekehlekeng bo thata. Ho ne ho chesa ka linako tsohle, ’me a kula. Ho ne ho jeoa lijo tse fapaneng, ’me a hloloheloa lelapa labo. Kahoo, ba leka ho phela naheng ea habo mosali. Empa monna a fumana hore mokhoa oa moo oa bophelo o tletse lerato la lintho tse bonahalang, ’me a hloloheloa katamelano e haufi eo a neng a e-na le eona le lelapa labo le baahisani. Hona joale ba arohane, monna o ile hahabo, ’me mosali o hahabo le eena. Bana ba bona ba babeli ba hlōleha ho fumana lerato le tlhokomelo ea batsoali ba bona ka bobeli.”

Ho nyalana le motho ea tsoang hōle, le eo mohlomong a tsoang mokhoeng o mong oa bophelo, ho hlahisa liphephetso tse ling. Na u itokiselitse ho tobana le litšenyehelo tse eketsehileng tsa maeto le puisano? Lydia oa hopola: “Phil o ne a atisa ho soasoa ka hore re tlameha ho nyalana hobane sekoloto sa hae sa fono se ne se e-ba holimo, empa hona joale re tlameha ho lefella fono ha ke founela ’Mè!” Ho thoe’ng haeba bana ba e-ba teng? Ba bang ba hōla ba tseba ho fokolang feela ka beng ka bona, ’me ba sitoa ho buisana le bona fonong ka lebaka la ho se bue puo e tšoanang! Sena hase bolele hore mathata a joalo a ke ke a rarolloa. Empa motho o lokela ho bala litšenyehelo tsa ho kena lenyalong le joalo.—Bapisa le Luka 14:28.

Ha e le Hantle ke Motho oa Mofuta Ofe?

U ka tseba joang haeba motsoalle oa hao a hlile a bua ’nete ’me a tšepahala? Matheu 7:17 e re: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle.” Kahoo, mesebetsi ea hae ke efe? Na liketso tsa hae li tšehetsa seo a se bolelang? Na liketso tsa hae tsa nakong e fetileng li tšehetsa seo a reng o rera ho se etsa nakong e tlang? Ester oa hlalosa: “Ntho ea pele eo re ileng ra batla hore re e tsebisane ke lipakane tsa rōna tsa moea. O ne a sebelelitse e le moevangeli oa nako e tletseng ka lilemo tse robeli, ’me seo se ile sa mpha kholiseho ea hore o ne a bua ’nete ha a re o batla ho tsoela pele.”

Empa a re re motho eo u laetsanang le eena ho bonahala a pata lintlha tse ling. U se ke ua hlokomoloha taba ka tšepo ea hore lintho li tla tsamaea hantle. Botsisisa! Mo botse HOBANE’NG? Maele a re: “Keletso ka pelong ea motho e joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho ke ea tla e kha.” (Liproverbia 20:5, NW) Maele a mang aa lemosa: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.

Lifahleho li Talimane

Ho ntse ho le joalo, u ka ithuta ho itseng feela ka motho lengolong kapa fonong. Ka ho thahasellisang, moapostola Johanne o ile a ngolla barab’abo ba Bakreste mangolo a ’maloa. Le hoja mangolo ana a ile a etsa ho hongata ho matlafatsa tlamo ea lerato pakeng tsa bona, Johanne o ile a re: “Le hoja ke e-na le lintho tse ngata tseo nka le ngollang tsona, ha ke lakatse ho etsa joalo ka pampiri le enke, empa ke tšepa ho tla ho lōna le ho bua le lōna lifahleho li talimane.” (2 Johanne 12) Ka ho tšoanang, ha ho letho le molemo ho feta ho qeta nako le motho ka seqo. Mohlomong ho ka ba molemo hore e mong oa lōna a qete nakoana a etile e le hore le ka ba moo le atamelaneng. Sena se tla fana le ka monyetla oa hore le eena ea etileng a tsebe boemo ba leholimo le maemo a bophelo a moo e ka ’nang ea ba lehaeng la hae le lecha.

Le ka sebelisa hamolemo joang nako eo le e qetang le le ’moho? Etsang lintho tse senolang botho ba e mong le e mong. Ithuteng Lentsoe la Molimo ’moho. Shebella e mong ha a le libokeng tsa phutheho le tšebeletsong. Etsang mesebetsi e tloaelehileng ea lelapa ’moho, joaloka ho hloekisa le ho ea mabenkeleng. Ho bona kamoo motho e mong a itšoarang kateng ha a le tlas’a khatello ea kemiso e maphathaphathe ho ka fana ka leseli le itseng.a

Ho lokela ho qetoe nako le bao e tla ba ba bohoeng kapa ba bohali. Leka ho theha kamano e ntle le bona. Etsoe, haeba le nyalana, e tla ba ba heno. Na ua ba tseba? Na lea utloana? Joanne oa eletsa: “Haeba ho khoneha, ho molemo hore malapa a mabeli a kopane.” Tony o tsoela pele ho hlokomela: “Tsela eo motsoalle oa hao a tšoarang lelapa labo ka eona ke tsela eo a tla u tšoara ka eona.”

Ho sa tsotellehe hore na le laetsana le talimane lifahlehong kapa ka fono le ka lengolo, qobang ho etsa liqeto ka lepotlapotla. (Liproverbia 21:5) Haeba ho totobala hore lenyalo la lōna le ke ke la atleha, joale e tla ba bohlale hore le buisane ka ho khaotsa taetsano. (Liproverbia 22:3) Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba ho mpa ho hlokahala nako e eketsehileng ea puisano e tobileng, e tšepahalang.

Ho laetsana le motho ea hōle ho ka ba le mathata, empa ho ka boetse ha ba le meputso. Leha ho le joalo, ke taba e tebileng. Ipheng nako. Tsebanang. Joale, haeba le etsa qeto ea ho nyalana, nako ea lōna ea taetsano e tla ba nako eo le e ananelang, eseng eo le ikoahlaelang eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka taetsano, bona buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, leqepheng la 255-60, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Netefatsang hore le buisana ka lintho tse kang lipakane tsa lōna, bana le litaba tsa lichelete qalong ea taetsano ea lōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela