Na Poelano e ka Khoneha?
Buka ea “Couples in Crisis” e re: “Ho bonolo ho hlahlela nyeoe ea tlhalo ka ho nkeha maikutlo, leha ho le joalo ho tlameha ho e-na le manyalo a mangata a lokelang ho baballoa ’me a ka atlehang haeba mathata a ne a ka rarolloa.”
TLHALOSO ena e lumellana le thuto ea Jesu Kreste ea khale mabapi le tlhaho. Le hoja a ile a bolela hore hoa lumelleha hore molekane ea se nang molato a hlale motheong oa ho se tšepahale ha molekane e mong, ha aa ka a re ho etsa joalo ke tlamo. (Matheu 19:3-9) Mohlomong molekane ea se nang molato o na le mabaka a ho leka ho boloka lenyalo. Mohlomong molekane ea phoso o ntse a rata mosali oa hae.a Mohlomong ke monna le ntate ea inehetseng ea hlokolosi ho hlokomela ba lelapa la hae ka litlhoko tsa lona. A nahanne ka litlhoko tsa hae le tsa bana, molekane ea se nang molato a ka ’na a etsa qeto ea hore ba boelane ho e-na le hore ba hlalane. Ha ho le joalo, ke lintlha life tse ka nahaneloang, hona ho ka sebetsanoa joang ka katleho le liphephetso tsa ho tsosolosa lenyalo?
Qalong, ho lokela ho boleloe hore ha ho bonolo ho etsa khetho ea tlhalo kapa poelano. Le teng, ho tšoarela molekane ea febileng ka bohona ho ka ’na ha se ke ha rarolla mathata a motheo lenyalong. Hangata ho hlokahala hore motho a hle a itekolisise ka tieo, ho be le puisano e tobileng le ho sebetsa ka thata ho boloka lenyalo. Hangata banyalani ba halala nako le boiteko tse hlokahalang ho tsosolosa lenyalo le senyehileng. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba tiisetsa ’me ka hona ba na le manyalo a tsitsitseng.
Lipotso Tse Lokelang ho Arajoa
Pele a etsa qeto e nahanetsoeng, molekane ea tšepahalang o lokela ho hlakisa maikutlo a hae le hore na o bulehetsoe ke menyetla efe. A ka ’na a nahana ka lintlha tse latelang: Na monna o batla ho khutla? Na o hlile o khaolitse kamano eo ea bofebe, kapa o ntse a tsilatsila ho etsa joalo hang-hang? Na o ile a re o kōpa tšoarelo? Haeba ho joalo, na o hlile o baketse le hona ho soabela ka tieo ketso eo a e entseng? Kapa na o ikemiselitse ho ntjarisa molato ka phoso eo a e entseng? Na kannete o hlile o ikoahlaela bohloko boo a bo bakileng? Kapa, na ho e-na le hoo, o mpa a utloisitsoe bohloko ke hore litaba tsa hae tsa bonyatsi li senolehile le ho sitisoa?
Ho thoe’ng ka nako e tlang? Na o se a qalile ho lokisa boitšoaro le liketso tse ileng tsa mo lebisa bofebeng? Na o hlile o ikemiselitse ho se hlole a pheta phoso eo? Kapa na o ntse a e-na le tšekamelo ea ho bapala ka maikutlo a lerato le ho ba le litloaelano tse sa lokang le batho ba bong bo fapaneng? (Matheu 5:27, 28) Na o ikemiselitse ka ho feletseng ho tsosolosa lenyalo? Haeba ho joalo, o etsa eng ka hona? Likarabo tse lumelang lipotsong tsena e ka ’na ea e-ba motheo oa ho lumela hore ho ka khoneha ho tsosolosa lenyalo.
Puisano ea Bohlokoa
Mongoli oa Bibele o re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.” (Liproverbia 15:22) Sena ke ’nete ka ho khetheha ha molekane ea se nang molato a ikutloa ho hlokahala hore a bue ka ho se tšepahale hoo le molekane oa hae. Ho sa hlokahale hore ba hle ba kenelle hare-hare tabeng, puisano e tšepahalang le e mofuthu e ka ’na ea senola ’nete ea se etsahetseng ’me ea otlolla ho se utloisisane ho bileng teng. Sena se ka boetse sa thusa banyalani ho qoba ho arohanngoa ke ho se utloisisane le ho koatelana nako e telele. Ke ’nete hore monna le mosali ba ka ’na ba fumana puisano e joalo e le bohloko. Empa ba bangata ba hlokometse hore ke ea bohlokoa boitekong ba ho tsosolosa ho tšepana.
Mohato o mong oa bohlokoa o lebisang poelanong e atlehileng ke ho leka ho fumana se hlileng se bakang bothata lenyalong—lintlha tseo banyalani ho ka ’nang ha hlokahala hore ba sebeletse ho tsona. Zelda West-Meads, oa eletsa: “Ha le se le buisane ka bothata, le lumellane hore kamano ea bonyatsi e felile le ka hore le batla ho ntšetsa pele lenyalo la lōna, lokisang moo lintho li ileng tsa senyeha teng ’me le nchafatse lenyalo [leo].”
Mohlomong le ne le sa nkelane hloohong hakaalo. Mohlomong le ile la hlokomoloha mesebetsi ea moea. Mohlomong le ne le sa qete nako e lekaneng le le hammoho. Ho ka etsahala hore ha ua ka ua bontša molekane oa hao lerato, kameho e mofuthu, ua mo fa pabatso le tlhompho ho ea kamoo a hlokang kateng. Ho boela le hlahloba lipakane le lithahasello tsa lōna ho tla thusa haholo tabeng ea ho etsa hore le atamelane ’me ho tla thusa ho thibela hore molekane e mong a hloke botšepehi nakong e tlang.
Ho Sebeletsa ho Tšoarela
Ho sa tsotellehe boiteko ba hae bo tiileng, molekane ea utloileng bohloko a ka ’na a fumana ho le thata ho tšoarela monna oa hae,’ ’me ho bile ho le thata le ho feta ho tšoarela nyatsi. (Baefese 4:32) Leha ho le joalo, ke ntho e ka khonehang hore butle-butle ho sebeletsoe ho tlosa lehloeo le khalefo. Buka e ’ngoe ea litšupiso ea eletsa: “Molekane ea tšepahalang o lokela ho hlokomela hore ho fihlile nako ea hore ba hatele pele. Ke habohlokoa hore u se ke ua lulela ho bua ka libe tsa molekane oa hao tsa nakong e fetileng ho [mo] utloisa bohloko nako le nako ha le qoaketsana.”
Balekane ba bangata ba fumane hore ka ho loanela ho kokobetsa le ho felisa maikutlo a khalefo e sa laoleheng, ba qeteletse ba khaolitse ho hloea molekane ea phoso. Ho etsa joalo ke mohato oa bohlokoa ho tsosoloseng lenyalo.
Ithute ho Boela U mo Tšepa
Mosali e mong ea sithabetseng maikutlo o ile a re ka pelo e bohloko: “Na re ka khona ho boela re ba tšepa?” Ngongoreho ea hae ke e utloahalang kaha mofebi o felisitse—kapa bonyane o sentse ka ho tebileng—tšepo eo a neng a e-na le eona ho eena. Ho tšoana le sejana sa bohlokoa, ho tšepa motho ho ka bjaramana habonolo empa ha e-ba thata ho ho tsosolosa. ’Nete ke hore ho lokela ho be le ho tšepana le ho hlomphana eseng feela hore kamano eo e tsoele pele empa le hore e atlehe.
Hangata sena se tla akarelletsa ho ithuta ho mo tšepa hape. Ho e-na le hore ka tsela e sa nahaneleng a batle hore a tšeptjoe, molekane ea phoso a ka etsa hore a boele a tšeptjoe ka hore a bue ka bolokolohi le ka botšepehi ka liketso tsa hae. Bakreste ba khothalletsoa hore ba ‘lahle bohata ’me ba bue ’nete’ e mong ho e mong. (Baefese 4:25) Zelda West-Meads o bolela hore e le hore a boele a u tšepe, u ka ’na ua qala ka ho “fa [molekane] oa hao kemiso e feletseng ea moo u tla ea teng. Bolella [molekane] oa hao moo u eang, hore na u tla khutla ka nako efe ’me u tiise hore u ea moo u itseng u ea teng.” Haeba maemo a fetoha, mo tsebise.
Boikutlo ba ho itlhompha bo ka ’na ba hloka nako le boiteko hore bo tsosolosoe. Molekane ea phoso a ka thusa ka ho ba ea fanang ka lerato le pabatso ka seatla se bulehileng—nako le nako a bolelle mosali oa hae hore oa mo ananela le hore oa mo rata. Moeletsi e mong ea hlomphehang litabeng tsa lenyalo oa eletsa: “Mo babatse ka sohle seo a se etsang.” (Liproverbia 31:31, Today’s English Version) Mosali le eena, a ka sebeletsa ho tsosolosa boitlhompho ba hae ka ho lebisa tlhokomelo linthong tseo a li etsang hantle bophelong.
Ho Nka Nako
Ka lebaka la bohloko bo tebileng boo ho se tšepahale ha molekane e mong ho ho bakileng, hase ho makatsang ha ka mor’a lilemo-lemo ketso eo e ntse e ka hopoleha ka tsela e hlakileng ’me e ntse e ka utloisa bohloko. Leha ho le joalo, ha bohloko bo ea bo kokobela, boikokobetso, mamello le tiisetso ka mahlakoreng ka bobeli li ka thusa ho tsosolosa ho tšepana le ho hlomphana.—Baroma 5:3, 4; 1 Petrose 3:8, 9.
Buka e bitsoang To Love, Honour and Betray e fana ka tiisetso ena: “Bohloko bo otlang pelo ba likhoelinyana tseo tse qalang ha bo tšoarelle nako e telele. Hamorao [boa] kokobela . . . Qetellong u iphumana u se u ka qeta matsatsi, libeke, likhoeli esita le lilemo u sa nahane ka bona.” Ha u ntse u tsoela pele ho sebelisa melao-motheo ea Bibele lenyalong la hao ’me u kōpa tlhohonolofatso le tataiso ea Molimo, ntle ho pelaelo u tla latsoa liphello tse thobang pelo tsa “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Bafilippi 4:4-7, 9.
Pedro oa tlaleha: “Ha ke hetla morao, phihlelo eo e ile ea fetola tsela ea rōna ea bophelo. Nako le nako re ntse re lokela ho lokisa mona le mane lenyalong la rōna. Empa re ile ra atleha ho feta phihlelong eo e bohloko. Re ntse re nyalane. ’Me re thabile.”
Empa ho thoe’ng haeba molekane ea se nang molato a se na lebaka la ho tšoarela molekane ea sa tšepahaleng? Kapa ho thoe’ng teng haeba a tšoarela molekane oa hae (ho isa bohōleng ba ho khaotsa ho mo hloea) empa le teng ka mabaka a utloahalang a khetha ho sebelisa tokisetso ea Bibele ea hore a ka hlala?b Ho hlala ho ka hloka eng ho motho ka mong? Re u mema hore u hlahlobe lintlha tse amehang tabeng ea tlhalo le hore na ba bang ba ile ba sebetsana ka katleho le boemo joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le ho nolofatsa lintho, re tla bua haholo ka molekane ea tšepahalang e le mosali. Leha ho le joalo, melao-motheo eo ho buisanoang ka eona mona e ka boetse ea sebetsa le ho banna ba se nang molato bao basali ba bona ba sa tšepahaleng.
b Ka kōpo bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Bofebe—Na U Lokela ho Tšoarela Kapa ho se Tšoarele?” tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1995.
[Lebokose le leqepheng la 6]
TŠEHETSO E HLOKAHALANG
Ka lebaka la lintlha tse ngata tse ka nahaneloang, ho ka ’na ha e-ba molemo ho batla thuso ea moeletsi ea nang le phihlelo le ea seng leeme. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova li ka ea ho baholo ba phutheho ba mosa le ba nang le kutloelo-bohloko.—Jakobo 5:13-15.
Baeletsi, metsoalle le seng ba khothalletsoa hore ba se hatelle maikutlo a bona a botho kapa ho buella leha e le hona ho nyatsa tlhalo e etsoang motheong oa Mangolo kapa poelano. Mosali e mong oa Mokreste ea ileng a hlala oa phehella: “Fanang ka tšehetso e ngata, ’me le re tlohelle re iketsetse qeto ea seo re tla se etsa.”
Keletso e lokela ho thehoa ka tieo Bibeleng. Motho e mong ea hlalileng o re: “U se ke ua ba bolella hore na ba lokela ho ikutloa joang kapa hore na ha baa lokela ho ikutloa joang. Ho e-na le hoo, etsa hore ba ntše maikutlo a bona.” Kutloelo-bohloko, kameho e mofuthu ea bara ba motho le qenehelo e mofuthu li tla thusa ho kokobetsa bohloko bo tebileng bo bakiloeng ke ho ekoa ke molekane oa lenyalo. (1 Petrose 3:8) Moeletsi e mong ea nang le phihlelo o itse: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.”—Liproverbia 12:18.
Monna e mong ea tšepahalang oa hopola: “Ke ne ke hloka ho bontšoa kutloelo-bohloko, ho fumana matšeliso le khothatso. ’Me mosali oa ka o ne a hloka tataiso e tobileng le pabatso bakeng sa boiteko boo a neng a bo etsa—tšehetso ea sebele e neng e ka mo thusa hore a tsoele pele.”
Haeba ka mor’a ho nahanisisa taba ka hloko le ka thapelo motho a etsa qeto ea ho hlala kapa ho arohana le molekane oa hae motheong oa Mangolo, keletso ha ea lokela ho fanoa ka tsela e tla etsa hore motho eo a ikutloe a le molato. Ho e-na le hoo, motho a ka thusoa hore a hlōle maikutlo a sa lokelang a ho ikutloa a le molato.
E mong ea hlalileng o ile a re: “Haeba u batla ho ba mohloli oa khothatso e molemo, le ka mohla u se ke ua lebala hore ho ameha maikutlo a tebileng a motho e mong.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
LEBAKA LEO BA BANG BA LULANG ’MOHO KA LONA
Libakeng tse ngata, basali ha ba na khetho haese ho lula le banna ba bafebi ba sa bontšeng pako. Ka mohlala, basali ba bang ba Bakreste ba phelang libakeng tse harasantsoeng ke ntoa kapa tseo ho tsona batho ba fumanang chelete e fokolang ba lula le banna ba sa tšepahaleng bao lintlheng tse ling ba ntseng ba tsoela pele ho hlokomela lelapa, le hoja e ka ’na eaba hase balumeli. Ka hona ba na le lehae, tšireletso e hlokahalang, chelete e kenang le botsitso bo itseng ba ho ba le monna ka tlung—le hoja e ka ’na eaba ha a tšepahale. Ba re lebaka la hore ba lule, le hoja ho se monate kapa ho se bonolo, ho ba neha—taolo e itseng bophelong ba bona ho feta haeba ba ne ba lokela ho itšokolela—ho latela maemo a bona.
Ka mor’a ho mamella maemong a joalo—ka linako tse ling e le ka lilemo-lemo—ba bang ba basali bana ba ile ba thabela tlhohonolofatso ea ho bona ha qetellong banna ba bona ba fetola litsela tsa bona ’me e e-ba banna ba tšepahalang le ba lerato ba Bakreste.—Bapisa le 1 Bakorinthe 7:12-16.
Ka hona, ba khethang ho tsoela pele ba lula le balekane ba bona—le haeba ba sa bontše pako—ha baa lokela ho nyatsuoa. Ba ile ba lokela ho etsa qeto e boima ’me ba lokela ho fuoa thuso le tšehetso eohle eo ba e hlokang.
[Lebokose le leqepheng la 8]
KE MANG EA IKARABELLANG?
Ke ’nete hore maemong a mang ho se phethahale ha molekane ea se nang molato e ka ’na eaba ke hona ho tlatselitseng hore likamano li senyehe, leha ho le joalo Bibele e bolela hore “e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.” (Jakobo 1:14, 15) Le hoja ho ka ’na ha e-ba le lintlha tse sa tšoaneng tse tlatsetsang, “takatso” ea motho ke eona e hlileng e ikarabellang bakeng sa bofebe ba hae. Haeba liphoso tsa molekane e mong li baka mathata lenyalong, ka sebele ho feba hase eona tsela ea ho a rarolla.—Baheberu 13:4.
Ho e-na le hoo, mathata a lenyalo a ka rarolloa ha monna le mosali ba phehella ka matla ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Sena se akarelletsa ho “mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.” Hape ba lokela ho phehella ho bontša litšoaneleho tse kang “maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” Habohlokoa le ho feta, ba lokela ho ‘ikapesa lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea kopano.’—Bakolose 3:12-15.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho mamelana ka hloko ho ka thusa banyalani ho tsosolosa lenyalo