“Bana Baa Fokola”
‘Bana baa fokola; ke tla tsamaea butle, ho latela mokhoa oo bana ba tsamaeang ka oona.’—Jakobo, ntate oa bana ba bangata, lekholong la bo18 la lilemo B.C.E.
HO TŠOAROA ha bana hampe hase ntho e ncha. Mekhoa ea boholo-holo—e kang ea Maaztec, Bakanana, Mainca le Maphoenicia—e tumme hampe ka tloaelo ea ho etsa mahlabelo ka bana. Ho epolloa ha lintho tsa khale motseng oa Phoenicia oa Carthage (oo hona joale e leng motse-toropo oa Tunis, Afrika Leboea) ho ile ha utulla hore pakeng tsa lekholo la bohlano le la boraro la lilemo B.C.E., bana ba bangata ba ka bang 20 000 ba ile ba etsoa mahlabelo ho molimo Baale le ho molimotsana Tanit! Palo ena e nyarosa le ho feta ha motho a nahana hore mehleng ea katleho e khōlō ea Carthage ho boleloa hore baahi ba eona ba ne ba ka ba 250 000 feela.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le sechaba se seng sa boholo-holo se neng se fapane. Le hoja se ne se phela har’a baahisani ba sehlōhō baneng, sechaba sa Iseraele se ile sa sala se ikhethile tseleng eo se neng se tšoara bana ka eona. Ntate oa sechaba seo, mopatriareka Jakobo, o ile a se behela mohlala. Ho ea ka buka ea Bibele ea Genese, ha a ne a khutlela naheng ea habo, Jakobo o ile a lekanyetsa lebelo la bohle ba leetong e le hore bana ba se ke ba imeloa haholo. O ile a re: “Bana baa fokola.” Nakong eo bana ba hae e ne e ka ’na eaba ba pakeng tsa lilemo tse 5 le 14. (Genese 33:13, 14, BPN) Litloholo tsa hae, Baiseraele, li ile tsa bontša tlhompho e tšoanang bakeng sa litlhoko le seriti tsa bana.
Ka sebele, bana mehleng ea Bibele ba ne ba e-na le ho hongata hoo ba lokelang ho ho etsa. Ha bashemane ba ntse ba hōla ba ne ba koetlisetsoa mesebetsi ea temo kapa tsebo e kang ea ho betla lepolanka ke bo-ntat’a bona. (Genese 37:2; 1 Samuele 16:11) Ha banana bona lapeng ba ne ba rutoa ke bo-’m’a bona mesebetsi ea lehae e neng e tla ba tsoela molemo bophelong ha e se e le batho ba baholo. Ragele, mosali oa Jakobo, e ne e le molisana ha e sa le moroetsana. (Genese 29:6-9) Basali ba bacha ba ne ba sebetsa masimong nakong ea kotulo ea lijo-thollo le masimong a morara. (Ruthe 2:5-9; Sefela sa Lifela 1:6)a Hangata mosebetsi o joalo o ne o etsoa tlas’a tlhokomelo e lerato ea batsoali ’me o ne o kopanyelletsa le thuto.
Ka nako e tšoanang, bana ba banyenyane Iseraeleng ba ne ba tseba monyaka oa boikhathollo le boithabiso. Moprofeta Zakaria o ile a bua ka ‘mapatlelo a motse a tletseng ka bashanyana le banana ba bapalang.’ (Zakaria 8:5) ’Me Jesu Kreste o ile a bua ka bana ba banyenyane ba lutseng libakeng tsa ’maraka ba letsa lekolilo ba bile ba tantša. (Matheu 11:16, 17) Ke’ng se ileng sa tlatsetsa tšoarong e hlomphehang joalo ea bana?
Melao-motheo e Phahameng
Hafeela Baiseraele ba ne ba mamela melao ea Molimo, ho ne ho se mohla ba hlekefetsang bana ba bona kapa ba ba tlatlapang. (Bapisa Deuteronoma 18:10 le Jeremia 7:31.) Ba ne ba nka bara le barali ba bona e le “lefa le tsoang ho Jehova,” e le “moputso.” (Pesaleme ea 127:3-5, NW) Motsoali o ne a nka bana ba hae joaloka ‘mehloaare e mecha e teetseng tafole ea hae hare’—’me lifate tsa mehloaare e ne e le tsa bohlokoa haholo sechabeng seo se neng se phela ka temo! (Pesaleme ea 128:3-6) Rahistori Alfred Edersheim o bolela hore ntle ho mantsoe a emelang moshanyana le ngoanana, Seheberu sa boholo-holo se na le mantsoe a mang a robong, le leng le le leng le hlalosa boemo bo fapaneng ba bophelo. Oa phetha: “Ka sebele, ba neng ba shebella bophelo ba ngoana ka thahasello e khōlō e le hore ba ka fana ka lebitso le tšoantšetsang boemo bo bong le bo bong ba khōlo ea hae, e tlameha ebe ba ne ba hlile ba rata bana ba bona haholo.”
Mehleng ea Bokreste, batsoali ba eletsoa hore ba tšoare bana ba bona ka tsela e nang le seriti le tlhompho. Jesu o ile a beha mohlala o motle ka ho babatsehang ha a ne a sebelisana le bana ba batho ba bang. Ketsahalong e ’ngoe ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, batho ba ile ba qala ho tlisa bana ho eena. Ka ho hlakileng ba lumela hore Jesu o phathahane haholo bakeng sa hore a ka khathatsoa, barutuoa ba ile ba leka ho thibela batho. Empa Jesu o ile a khalemela barutuoa ba hae ka thata: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” Jesu o bile a “sika bana bao.” Ha ho pelaelo hore o ne a nka bana bao e le ba bohlokoa le ba lokeloang ke tšoaro e mosa.—Mareka 10:14, 16; Luka 18:15-17.
Hamorao, moapostola Pauluse o ile a re ho bo-ntate: “Lōna bo-ntate, le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Tumellanong le taelo ena, batsoali ba Bakreste, morao koo le kajeno, ba ne ba ke ke ba lumella bana ba bona ho ba liphofu tsa ho sebelisoa tlas’a maemo a kotsi. Baa hlokomela hore e le hore bana ba bona ba hōle hantle ’meleng, maikutlong le moeeng, ho hlokahala hore ho be le tikoloho e lerato, e tsotellang le e sireletsehileng. Lerato la sebele la batsoali le lokela ho bonahala. Sena se ne se tla akarelletsa ho sireletsa bana ba bona ho sebetsa tlas’a maemo a fokolisang.
Linnete Tsa Kajeno
Ke ’nete hore re phela “linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Ka lebaka la maemo a thata a moruo linaheng tse ngata esita le malapa a mang a Bakreste a ka ’na a fumana ho hlokahala hore a tlohelle bana hore ba sebetse. Joalokaha ho se ho boletsoe, ha ho letho le phoso ka mosebetsi o hahang le o rutang bana. Mosebetsi o joalo o ka hōlisa kapa oa ntlafatsa khōlo ea ngoana ’meleng, kelellong, moeeng, boitšoarong kapa maemong a bophelo empa o sa mo sitise ho kena sekolo, ho ikhatholla ka ho leka-lekaneng le ho fumana phomolo e hlokahalang.
Ntle ho pelaelo, batsoali ba Bakreste ba batla hore bana ba bona ba sebetse tlas’a tlhokomelo ea bona e lerato, eseng joaloka makhoba a tšoeroeng ka tsela e sehlōhō, e se nang kutloelo-bohloko, kapa ke bahiri ba sa tsotelleng. Batsoali ba joalo ba batla ho tiisa hore mosebetsi leha e le ofe oo bana ba bona ba o etsang ha o ba pepesetse hore ba hlekefetsoe ’meleng, ka likamano tsa botona le botšehali, kapa maikutlong. Hape, ba batla hore bana ba bona ba be haufi le bona. Ka tsela ena ba ka phethahatsa mosebetsi oa bona o thehiloeng Bibeleng oa ho ba barupeli ba moea: “Litaelo [mantsoe a Molimo] tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:6, 7.
Ho feta moo, Mokreste o bolelloa hore a bontše kutloelo-bohloko, a be le boikutlo bo mofuthu le qenehelo e bonolo. (1 Petrose 3:8) O khothalletsoa hore a “sebetse se molemo ho bohle.” (Bagalata 6:10) Haeba litšoaneleho tse joalo tsa bomolimo li lokela ho bontšoa ho batho ka kakaretso, li lokela ho bontšoa haholoanyane hakaakang ho bana! Tumellanong le Molao oa Khauta—“lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona”—ha ho mohla Bakreste ba tla itumella ho tlatlapa bana ba batho ba bang, ebang ke ba Bakreste-’moho le bona kapa che. (Matheu 7:12) Ho feta moo, kaha Bakreste ke baahi ba bolokang molao, ba batla ho ba hlokolosi hore ba se ke ba tlōla melao e fanoeng ke ’muso ha ho tluoa tabeng ea tekanyetso ea lilemo tsa batho ba ka ba sebeletsang.—Baroma 13:1.
Tharollo ea Sebele
Ho thoe’ng ka bokamoso? Ka pele ho larile nako e molemo bakeng sa bana hammoho le batho ba baholo. Bakreste ba ’nete ba kholisehile hore tharollo ea sebele ea bothata ba ho sebelisoa ha bana ka thata e tla tlisoa ke puso e tlang ea lefatše eo Bibele e e bitsang “’muso oa maholimo.” (Matheu 3:2) Batho ba tšabang Molimo ba ’nile ba e rapella ka makholo a lilemo ha ba re: “Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe. ’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:9, 10.
Har’a lintho tse ling, ’Muso ona o tla tlosa maemo a etsang hore bana ba sebelisoe. O tla felisa bofutsana. “Lefatše le melisitse lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa!” (Pesaleme ea 67:6) ’Muso oa Molimo o tla tiisa hore bohle ba fumana thuto e loketseng e thehiloeng litšoanelehong tsa bomolimo. “Ha ho e-na le likahlolo tse tsoang ho [Molimo] bakeng sa lefatše, ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.”—Esaia 26:9, NW.
Puso ea Molimo e tla felisa ka ho feletseng tsamaiso ea moruo e khothalletsang ho se lekane. Khethollo ea morabe, ea maemo sechabeng kapa bong ha e na ho ba teng nakong eo, kaha molao o tlamang oa ’muso oo e tla ba molao oa lerato, o akarelletsang taelo e reng: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) Tlas’a puso ea lefatše e lokileng joalo, bothata ba ho hiroa ha bana bo tla felisoa ka ho feletseng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sena se ne se sa theolele basali seriti ho ba beha boemong bo tlaasana ba ho ba litho tsa lelapa tse sebetsang lapeng kapa masimong feela. Tlhaloso ea “mosali ea khabane” e ho Liproverbia e bontša hore mosali ea nyetsoeng o ne a ka tsamaisa ntlo ea hae hape a sebetsana le khoebo ea litša le mehaho, a ba le masimo a behang litholoana le ho tsamaisa khoebo e nyenyane.—Liproverbia 31:10, 16, 18, 24.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Mofumahali o Lokolla Banana ba Hae
KA LILEMO tse 15, Ceciliab o ne a e-na le mehaho e lulang matekatse ’me a bile a tsamaisa khoebo ea botekatse sehlekehlekeng se seng sa Caribbean. O ne a reka banana ba 12 ho isa ho ba 15 ka nako e le ’ngoe, boholo ba bona e le ba lilemo tse ka tlaase ho 18. Banana bana ba ne ba tšoaroa khahlanong le takatso ea bona bakeng sa likoloto tsa malapa abo bona. Cecilia o ne a lefella likoloto tseo ebe o nka banana bana hore ba mo sebeletse. Ho seo ba neng ba se fumana, o ne a koahela litšenyehelo tsa bona tsa lijo le bolulo ’me a boetse a itšiela ho itseng bakeng sa ho khutlisa chelete eo a ba rekileng ka eona. Ho ile ha ba nka lilemo hore ba boele ba fumane bolokolohi. Banana bana ho ne ho se mohla ba lumelloang ho tsoa ka tlung ntle le ha ba tsamaea le motho ea ba lebetseng.
Cecilia o sa hopola ka ho hlaka ketsahalo e ’ngoe e ikhethang. ’Mè oa ngoanana e mong oa letekatse o ne a tla beke e ’ngoe le e ’ngoe ho tla amohela mabokose a lijo—lijo tse fumanoeng ka “mosebetsi” oa morali oa hae. Ngoanana eo o ne a hōlisa mora. O ne a sitoa ho tsoa likolotong tsa hae ’me a se na tšepo ea hore o sa tla phela ka bolokolohi. Ka letsatsi le leng o ile a ipolaea, a siea lengolo leo a bolelang hore o siea mor’a hae tlhokomelong ea mofumahali oa hae. Cecilia o ile a hōlisa moshemane eo hammoho le bana ba hae ba bane.
Morali e mong oa Cecilia o ile a qala ho ithuta Bibele le baromuoa ba Lipaki tsa Jehova. Cecilia o ile a khothalletsoa hore a kopanele thutong, empa qalong o ile a hana hobane a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo, butle-butle ka ho ’na a mamela puisano eo ea Bibele empa ba sa lemohe, o ile a hlokomela lerato la Molimo le mamello ea hae ’me a qala ho ananela ho tšoarela ha hae. (Esaia 43:25) Ka lebaka la takatso ea hae ea ho ithuta Bibele, ka mor’a nakoana o ile a qala ho ithuta ho bala le ho ngola. Ha a ntse a hatela pele tsebong ea Bibele, o ile a hlokomela hore ho hlokahala hore a lumellanye bophelo ba hae le litekanyetso tsa Molimo tse phahameng tsa boitšoaro.
Ka letsatsi le leng, e leng ho ileng ha makatsa banana bao, o ile a ba bolella hore ba lokolohile hore ba ka itsamaela! O ile a ba hlalosetsa hore seo ba se etsang ha se khahlise Jehova ka ho feletseng. Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a boela a lefa seo a neng a mo kolota sona. Leha ho le joalo, ba babeli ba ile ba lula le eena. Qetellong e mong e ile ea e-ba Paki e kolobelitsoeng. Hona joale Cecilia o se a qetile lilemo tse 11 e le mosuoe oa nako e tletseng oa Bibele, a thusa batho ba bang ho itokolla mekhoeng e hlomphollang Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Hase lebitso la hae la sebele.