Bophelo bo Molemo U se na Leoto Kapa Letsoho
“SETSEBI sa ho hloa lithaba se boetse se fihlile tlhōrōng.” Ke kamoo ho boletseng koranta e ’ngoe ha Tom Whittaker a ne a fihla tlhōrōng ea Mount Everest. Ba bangata ba ne ba ile ba hloa thaba eo e phahameng pele, empa Tom Whittaker e ne e le eena motho oa pele ea khaohileng leoto oa ho etsa joalo! Whittaker o ile a lahleheloa ke leoto kotsing ea koloi. Empa leoto la maiketsetso, le ile la mo nolofalletsa hore a tsosolose papali ea hae. Litho tse tšoanang tsa maiketsetso li lumella batho ba bang ba likete ba khaohileng litho ho thabela bophelo ba boleng bo phahameng. Ha e le hantle, e se e le ntho e tloaelehileng ho bona batho ba khaohileng litho ba matha lebelo la sekhahla, ba bapala basketball, kapa ba palama libaesekele.
Meetso ea pejana ea maoto le matsoho a maiketsetso e ne e le lithupa tsa lehong tse sa etsoang ka botsebi le ea lihuku tsa tšepe. Empa e ile ea ’na ea ntlafala ha lintoa li ntse li holofatsa ba likete. Ha ho makatse hore ebe ke ngaka ea lebotho la ntoa—monna oa Mofora Ambroise Paré oa lekholong la bo16 la lilemo—ea fuoang tlotla ea ho sebelisa moetso oa pele oa litho tsa maiketsetso o loketseng. Kajeno litho tsa maiketsetso li sebelisa li-hydraulic, manonyello a rarahaneng a mangole, maoto a tenyetsehang a entsoeng ka k’habone, silicone, polasetike le lihlahisoa tse ling tsa theknoloji e phahameng tse nolofalletsang batho ba bangata ho tsamaea ka tsela e batlang eka ke ea tlhaho le e iketlileng ho feta leha e le neng pele eo ba kileng ba e nahana. Tsoelo-pele ea li-microelectronic e nolofatsa hore liphaka le matsoho a maiketsetso li sebelisoe ka tsela e batlang eka ke ea tlhaho. Litho tsa maiketsetso li boetse li ntlafatsa ponahalo. Maoto kapa matsoho a kajeno a maiketsetso a kenyelletsa menoana ea letsoho le ea maoto, ’me a mang a bile a bonahala eka a na le methapo. Ha e le hantle, mosetsana e mong oa ’motlelara ea ileng a lahleheloa ke leoto ka lebaka la kankere o ile a kenngoa la maiketsetso le shebahalang joaloka la tlhaho hoo a ileng a khona ho tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa bomotlelara.
Boikutlo ba Kelello ke ba Bohlokoa
Leha ho le joalo, setsebi sa mafu a kelello Ellen Winchell sea eletsa: “Ha u talimane le tlokotsi e kang ea ho khaoloa setho sa ’mele, u lekoa ka ho feletseng likarolong tsohle tsa bophelo ba hao—’meleng, maikutlong, kelellong le moeeng.” Nahana ka William, ea ileng a lahleheloa ke leoto ka lebaka la mofetše o bakiloeng ke ho tsoa kotsi. O re: “Ntho e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa ho hlōla phephetso leha e le efe bophelong ke boikutlo ba rōna ba kelello. Ha ho mohla nkileng ka talima ho holofala ha ka e le tšitiso. Ho e-na le hoo, ke ile ka lula ke bolokile boikutlo bo botle ka tšitiso leha e le efe eo ke ileng ka kopana le eona ka mor’a ho hlaheloa ke kotsi.” Ellen Winchell, eo ka boeena a khaohileng setho, o lumellana le seo ka ho bolela hore batho ba nang le boikutlo bo botle ba monyetleng o molemo oa ho tloaela boemo ba ho lahleheloa ke setho sa ’mele ho feta batho ba se nang tšepo ea se molemo. Ho joalokaha Bibele e bolela, “pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang.”—Liproverbia 17:22.
Tsoha! e ile ea buisana le Bakreste ba ’maloa ba ileng ba amohela boemo ba ho lahleheloa ke leoto kapa letsoho. Ba bangata ba ile ba buella hore batho ba khaohileng litho ba qobe ho inahana ka ho feteletseng kapa ho boloka kholofalo ea bona e le pinyane. Dell ea khaohileng leoto ho tloha lengoleng o itse: “Ho ne ho tla ntšoenya le ho feta haeba ba bang ba ne ba e-na le boikutlo ba hore ena ke taba e sa lokelang ho buuoa. ’Na ke bona hore seo se mpa se etsa hore bohle ba se ke ba phutholoha.” Litsebi tse ling li eletsa hore haeba u se na letsoho le letona ’me u tsebisoa motho e mong, u lokela ho tsoela pele le ho nka bohato pele ka ho mo lumelisa ka letsoho la hao le letšehali. ’Me haeba motho e mong a u botsa ka setho sa hao sa maiketsetso, mo bolelle ka sona. Ho phutholoha ha hao ho thusa hore motho e mong le eena a phutholohe. Hangata, moqoqo o tla phakisa ho leba linthong tse ling.
“E teng nako le ea ho tšeha.” (Moeklesia 3:4b) Mosali e mong ea ileng a lahleheloa ke letsoho o re: ‘Ka holim’a tsohle, boloka boikutlo ba hao ba ho thabela metlae! Re tlameha ho lula re hopola hore boikutlo boo re nang le bona ka rōna bo batla bo laola haholo boikutlo boo lefatše le nang le bona ka rōna.’
“Nako e Teng ea ho Lla”
Ka mor’a ho lahleheloa ke leoto, qalong Dell o ile a ipolella hore, “Ke phetho. Ke qetello ea bophelo ba ka.” Florindo le Floriano ba ile ba lahleheloa ke litho tsa ’mele ka lebaka la liqhomane tsa fatše, Angola. Florindo o re o ile a qeta matsatsi a mararo le masiu a mararo a ntse a lla. Floriano le eena o ile a tlameha ho loantšana le maikutlo a joalo. Oa ngola: “Ke ne ke le lilemo li 25 feela. Ka letsatsi le fetileng ke ne ke khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ka letsatsi le hlahlamang ke sitoa feela le ke ho ema. Ke ne ke tepeletse maikutlong ke bile ke nyahame.”
“Nako e teng ea ho lla.” (Moeklesia 3:4a) Ke ha tlhaho ho sareloa ha u bile le tahlehelo e itseng e tebileng. (Bapisa le Baahloli 11:37; Moeklesia 7:1-3.) Ellen Winchell oa ngola: “Tsela ea ho hlōla ho sareloa ke hore motho a hle a sareloe.” Hangata ho bolella momameli ea bontšang kutloelo-bohloko maikutlo a hao ho hlile hoa thusa. (Liproverbia 12:25) Empa ho sareloa hase ha ka ho sa feleng. Batho ba bang ba ka ’na ba fetoha ka nakoana ho ba ba hlokang botsitso maikutlong, ba nyatsa-nyatsang, ba tšoenyehang kapa ba ikhulang ho ba bang ka mor’a ho hlaheloa ke kotsi ea ho lahleheloa ke leoto kapa letsoho. Leha ho le joalo, hangata maikutlo ana aa kokobela. Haeba a sa kokobele, mohlomong ba tšoeroe ke ho tepella maikutlo—hangata e leng boemo bo hlokang tlhokomelo ea bongaka. Litho tsa lelapa le metsoalle li lokela ho hlokomela matšoao leha e le afe a bontšang hore moratuoa oa bona o hloka thuso e joalo.a
W. Mitchell, ea shoeleng maoto ka bobeli, oa ngola: “Kaofela ha rōna re hloka batho ba tsotellang. Hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka mamelloa haeba motho a ikutloa hore o pota-potiloe ke sehlopha sa metsoalle le ba lelapa, athe esita le litšitiso tse nyenyane li ka fetoha thaba ho motho ea lekang ho fohla a le mong bophelong. ’Me setsoalle ha se itlhahele feela tjee, se tlameha ho thehoa le hona ho baballoa, ho seng joalo sea pona.”—Bapisa le Liproverbia 18:24.
Bophelo bo Molemo, U se na Leoto Kapa Letsoho
Ho sa tsotellehe kholofalo ea bona, batho ba bangata ba se nang maoto kapa matsoho ba ’nile ba khona ho phela bophelo bo molemo. Ka mohlala, Russell o hlahile a e-na le karolo e ka holimo feela ea leoto le letšehali. O lilemo li 78, empa o ntse a ikoetlisa kamehla ’me o mafolofolo, le hoja hona joale a se a tsamaea ka lere. Ka tlhaho Russell ke motho ea lulang a thabile, ’me o bolela hore ka nako e telele o ’nile a reneketsoa ka lebitso la Thabo.
Douglas, ea ileng a lahleheloa ke leoto Ntoeng ea II ea Lefatše, o tsamaea ka thuso ea moetso oa morao-rao oa leoto la maiketsetso. E le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o se a thabetse ho sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla, moevangeli oa nako e tletseng, ka lilemo tse tšeletseng. ’Me na u sa hopola Dell, ea ileng a nahana hore ke phetho ka bophelo ba hae ha a ne a lahleheloa ke leoto? Le eena ka ho tšoanang o phela bophelo bo khotsofatsang e le pula-maliboho, ’me o khona ho iphelisa.
Leha ho le joalo, liphofu tsa ba lahlehetsoeng ke maoto kapa matsoho li khona joang linaheng tse futsanehileng kapa tse harasantsoeng ke ntoa? Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re: “’Nete ea taba ke hore kajeno ke karolo e fokolang feela ea batho ba holofetseng e fumanang thuso.” Ba bangata ba tlameha ho itšetleha ka mare le liikokotlelo tsa lithupa hore ba khone ho tsamaea. Leha ho le joalo, ka linako tse ling thuso ea fumaneha. Floriano le Florindo, liphofu tsa liqhomane tsa fatše Angola, ka bobeli ba ile ba fumana litho tsa maiketsetso ka thuso ea Mokhatlo oa Machaba oa Sefapano se Sefubelu le ’muso oa Switzerland. Floriano o sebeletsa ka thabo e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea habo ea Lipaki tsa Jehova ’me Florindo o sebeletsa e le moholo le moevangeli oa nako e tletseng.
Mokhatlo o hlokomelang batho ba holofetseng o beha taba hantle ha o re: “Batho feela ba holofetseng ke ba nyahameng!” Ka ho thahasellisang, Bibele e phethile karolo e khōlō ho feng ba holofetseng sebete. Dell o re: “Ho ithuta ha ka ’nete ea Bibele ha ke ntse ke hlaphoheloa ho nthusitse haholo.” Ka ho tšoanang, Russell o re: “Kamehla tšepo ea ka e thehiloeng Bibeleng e nthusitse ha ke le mathateng.” Feela Bibele e fana ka tšepo efe bakeng sa ba holofetseng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “Kamoo ho ka Thusoang ba Tepelletseng Maikutlong Hore ba Fumane Thabo Hape,” tokollong ea Molula-Qhooa oa March 15, 1990.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Bohloko bo Inahaneloang
Boikutlo bo inahaneloang ka setho sa ’mele bo hlalosa boikutlo ba sebele ba hore setho sa ’mele se sieo se ntse se le teng. Ke boikutlo bo tloaelehileng boo batho ba khaohileng litho ba bang le bona ka mor’a ho buuoa ’me ke ba sebele hoo bukana ea batho ba khaohileng litho e reng: “Ela hloko boikutlo bo inahaneloang ha u theoha betheng kapa u ema setulong u sa kenya setho sa maiketsetso. Kamehla sheba fatše ho ikhopotsa hore leoto la hao ha le eo.” Mokuli e mong ea lahlehetsoeng ke maoto a mabeli o ile a batla ho ema ka maoto e le hore a tšoare ngaka ea hae ka letsoho, empa ho fapana le moo a oela fatše!
Bothata bo bong ke bohloko bo inahaneloang ka setho sa ’mele. Bona ke bohloko ba sebele boo ho nahanoang hore bo hlaha sethong sa ’mele se tlositsoeng. Matla, mofuta le nako eo bohloko bona bo inahaneloang bo tšoarellang ka eona li fapana ho ea ka batho. Ka lehlohonolo, hangata boikutlo le bohloko bo inahaneloang boa kokobela ha nako e ntse e-ea.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Litho tsa kajeno tsa maiketsetso li etsa hore bophelo e be bo thabisang haholoanyane ho batho ba holofetseng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo courtesy of RGP Prosthetics
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho sareloa ke ha tlhaho ha ho bile le tahlehelo e tebileng
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Batho ba bangata ba holofetseng ba thabela bophelo bo molemo