Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 7/8 maq. 28-30
  • Nka Sebetsana ka Katleho Joang le ho Songoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana ka Katleho Joang le ho Songoa?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Somang ka Lona
  • Ho Itšireletsa
  • Ho Ntša Maikutlo
  • Tumelo e Lekiloeng ke Tumelo e Matla
  • Bacha ba Bakreste—Tieang Tumelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bacha—Jehova a ke ke a Lebala Mosebetsi oa Lōna!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang?
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Paka Sekolong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 7/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebetsana ka Katleho Joang le ho Songoa?

BACHA ba itšoarang kapa ba aparang ka mokhoa o fapaneng le oa lithaka tsa bona ba ka ’na ba fetoha liphofu tsa ho songoa ka sehlōhō. Sena ke ’nete ka bacha ba Bakreste, bao hangata boitšoaro ba bona bo batlang bo fapane le ba bacha ba bang. Na Kreste ha aa ka a re ka balateli ba hae ba ’nete: “Haeba ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa ka ho tšoanang”?—Johanne 15:20.

See se ama bacha ba Lipaki tsa Jehova joang? Ba bang ba someloa ho se keteke matsatsi a itseng a phomolo; ba bang ba nyatsetsoa ho se lumelise folakha. Ba ’maloa ba bona ba bile ba hlorisetsoa ho se sebelise lithethefatsi hampe, ho tšepahala le ho khomarela litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro.

Boemo bona ha bo bocha. Ha e le hantle, moapostola Petrose o ile a bolella Bakreste ba neng ba phela lekholong la pele la lilemo: “Kahobane ha le tsoele pele ho matha le [batho ba lichaba] . . . , baa makala ’me ba tsoela pele ho bua ka lōna ka mokhoa o nyefolang.” (1 Petrose 4:4) Liphetolelo tse ling li e beha ka tsela ena, ba “le bitsa ka mabitso a phoqang” (Knox) kapa, “Baa le hlapaola.”—Today’s English Version.

Na u se u kile ua songoa ka lebaka la litumelo tsa hao tsa bolumeli? Haeba ho joalo, e-ba sebete. Ha u mong boemong bona! ’Me u tla thabela ho tseba hore u ka ithuta ho sebetsana ka katleho le bohloko bo bakoang ke ho someloa tumelo ea hao.

Lebaka Leo ba Somang ka Lona

Ke hobane’ng ha ba bang ba soma bao litumelo tsa bona le boitšoaro ba bona bo fapanang le ba bona? Ka linako tse ling basomi—haholo-holo ba ratang ho iketsa bo-’mampoli—ba ikutloa ba sa sireletseha. Ba ka ’na ba u soma e le hore ba ipatlele botumo ho lithaka tsa bona. Mohlomong bo-ramerusu ba joalo ha ba le bang, ke ba seng ba kae feela ba ka thahasellang—kapa hona ho ba le sebete—sa ho u soma pepenene.

Ka lehlakoreng le leng, basomi ba bang ba joalokaha Petrose a ile a ngola, “baa makala.” E, mohlomong ba hlile ba ferekanngoa ke tsela eo u itšoarang ka eona. Ka mohlala, haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, e ka ’na eaba ba nahana hore ke ntho e batlang e sa tloaeleha hore ebe ha u kopanele matsatsing a itseng a phomolo. Mohlomong ba bile ba fumane boitsebiso bo fosahetseng ka Lipaki ho bahanyetsi ba ikemiselitseng.

Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, ha u tobane le tlhaselo ea lipuo tse somang, u ka ’na ua lumellana le maele a Bibele: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene.” (Liproverbia 12:18) Empa hopola hore batho ba buang lipuo tse joalo hase hakaalo hore ba li bua hobane ba u hloile. Hangata ho ka etsahala hore ba etsa sona seo maele a Bibele a se buang—‘baa bebera.’

Ho ntse ho le joalo, ho songoa ho ka ba bohloko, feela joaloka leqeba la tsenene. U ka ba ’na ua ikutloa u le tekong ea hore u sekisetse tumelo ea hao e le hore u emise tlhaselo ea lipuo tse nyefolang. Joale, u ka sebetsana ka katleho joang le ho songoa ka lebaka la litumelo tsa hao?

Ho Itšireletsa

Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste: Ka mehla le ‘lokele ho itšireletsa ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etse joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.’ (1 Petrose 3:15) E le hore u ka sireletsa tumelo ea hao joalo ho hlokahala hore u be le tsebo e nepahetseng le hore u utloisise mabaka a litumelo tsa hao.

Leha ho le joalo, u boetse u tlameha ho ithuta ho itlhalosa ho ba bang ka “tlhompho e tebileng” kapa joalokaha The Bible in Basic English e beha taba, “kantle le boikhohomoso.” Tsebo ea hao ea Bibele le lithuto tsa eona ha ea lokela ho etsa hore u ikutloe u phahametse ba bang. Ho fapana le moo, u lokela ho loanela ho hlaolela boikutlo ba moapostola Pauluse, ea ileng a ngola tjena ka tšebeletso ea hae: “Ke ikentse lekhoba ho bohle, e le hore nka rua batho ba eketsehileng.”—1 Bakorinthe 9:19.

Haeba u iphumana u le lihlong ho etsa tšireletso ea tumelo ea hao, u se ke ua felloa ke tšepo. Bacha ba bangata ba Lipaki ba ’nile ba ikutloa ka tsela eo. Jamal o re: “Ha ke ne ke le sekolong sa mathomo, ke ne ke sa tsebe ho hlalosetsa ba bang lebaka leo ka lona ke sa ketekeng matsatsi a phomolo kapa ke sa lumeliseng folakha esita le lona lebaka leo ke eang tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka lona.” O ile a thusoa ke eng? “Ntate o ile a nthusa ho fihlela ha qetellong ke khona ho hlalosa lintho tsena, ’me sena se ile sa etsa phapang e khōlō.” Haeba u thatafalloa ho hlalosetsa ba bang litumelo tsa hao, mohlomong u ka batla thuso ho motsoali kapa setho se seng se hōlileng tsebong ka phuthehong ea Bokreste ho u thusa hore u be le kutloisiso e feletseng ea tsebo ea Molimo.—Baefese 3:17-19.

Mocha e mong oa Paki ea lilemo li 16 o ile a bolela hore lenaneo la thuto ea botho la Bibele le ile la mo thusa ho ba le sebete sa ho bua ha a le sekolong. Oa lumela: “Pele, ha liithuti-’moho le ’na li ne li nqholotsa ka ho ba ha ka Paki, ke ne ke sa tsebe hore na ke re’ng. Hona joale, joaloka moevangeli oa nako e tletseng, ke ithuta Bibele haholoanyane, ’me ke khona ho li araba. Ho ba nakong le lihlooho tsa morao-rao tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ho nthusa ho buisana le bana bao ke kenang sekolo le bona ka litumelo tsa ka.”

Ke ’nete hore ha ho maemo a mabeli a tšoanang hantle. Ka hona, maemo a sa tšoaneng a tla hloka hore ho sebetsanoe le ’ona ka litsela tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ha u phephetsoa ka puo e sa thabiseng, ha ho mohla ho loketseng hore u ‘busetse bobe ka bobe.’ (Baroma 12:17-21) Karabo e hlapaolang, ho sa tsotellehe hore na e ka ’na ea utloahala e hlalefile hakae, e tla u bakelletsa le ho feta ’me mohlomong e be e hlahise litšomo tse eketsehileng. Kahoo, ba bang ba fumane ho le molemo hore ba hlokomolohe ho hlapaoloa.

Mabakeng a mang, ha ho buuoa ka tsela e nang le botho e mpang e leka ho tšehisa, e ka ’na ea e-ba bohlale hore u tšehe se buuoang ho e-na le hore u koatisoe ke sona. (Moeklesia 7:9) Haeba mosomi a hlokomela hore mantsoe a hae ha a u etse letho, a ka ’na a khaotsa ho u tšoenya.—Bapisa le Liproverbia 24:29; 1 Petrose 2:23.

Ho Ntša Maikutlo

Leha ho le joalo, ho na le linako tse ling tseo ka tsona u ka khonang ho hlalosa seo u se lumelang ka bokhutšoaane le ka masene. Ngoanana e mong ea lilemo li 13 o ile a leka ho etsa sena ’me a khola litholoana tse ntle. O ile a re: “Ke ne ke e-ea tlelaseng, ha liithuti tse ’maloa li qala ho tšeha Lipaki tsa Jehova ka tsela e somang. Ke ile ka utloa ke batla ho ntša maikutlo, empa li ile tsa iphetela ’me tsa tsoela pele ho ntšeha—haese se le seng feela, se neng se sa tšehe.” Seithuti sa Paki se ile sa hlalosa: “Ngoanana e mong ea bitsoang Jaimee o ile a tla ho ’na ’me a mpolella hore o na le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a O ile a bolela hore o se a balile karolo e khōlō ea eona le hore o thahasella ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka litumelo tsa rōna. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Jaimee.” A khothalitsoe ke se etsahetseng, mocha enoa oa Paki o ile a qala ho buisana le bacha ba bang. O re: “Kamehla ke etela tse ’nè tsa liithuti-’moho le ’na tse bontšitseng thahasello ’me ke kholisehile hore haufinyane li tla ithuta.”

Lilemong tse fetileng, seithuti se seng naheng ea Liberia e Afrika se ile sa e-ba boemong bo tšoanang. Nakong ea thuto ea kahisano, ka tlhompho se ile sa hlalosa hore sona joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, se lumela pōpong eseng khopolong ea ho iphetola ha lintho. Qalong, bongata ba liithuti-’moho le eena bo ile ba mo hanyetsa ka matla. Empa tichere e ile ea mo lumella hore a hlalosetse tlelase litumelo tsa hae, ’me ka mor’a moo tichere e ile ea amohela buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?b

Ka mor’a ho bala buka eo, tichere e ile ea bolella tlelase: “Buka ena ha ho na e tšoanang le eona. Ke e ’ngoe ea libuka tse ntle ka ho fetisisa tsa saense tse buang ka pōpo, eo nkileng ka e bala.” Eaba tichere e hlalosa hore e rerile ho sebelisa buka ea Creation hammoho le buka eo tlelase e ithutang eona likarolong tse peli tse latelang tsa sekolo, ’me ea laela tlelase hore e iphumanele likopi ho seithuti seo sa Paki. Ho ile ha tsamaisoa libuka tse ngata, ’me liithuti tse ngata li ile tsa fetola pono ea tsona ka Lipaki tsa Jehova!

Tumelo e Lekiloeng ke Tumelo e Matla

Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa o sithabelitsoe ke bongata ba batho ba sa kopaneleng—kapa ba sa ananeleng—boemo ba hao bo thehiloeng Bibeleng. (Bapisa le Pesaleme ea 3:1, 2.) Ka hona, ke bohlale hore u batle botsoalle ba bao ba nang le mehopolo le litumelo tse tšoanang le tsa hao. (Liproverbia 27:17) Empa ho thoe’ng haeba ho se na bacha ba nang le tumelo e tšoanang le ea hao sekolong kapa tikolohong ea heno?

Haeba ho joalo, hopola hore Motsoalle oa hao e moholo ka ho fetisisa ke Jehova Molimo, ’me a ka u tšehetsa. O mameletse litšomo tse ngata tsa Satane Diabolose ka lilemo tse likete. Ka hona, u ka kholiseha hore u thabisa pelo ea Jehova ha u emela tumelo ea hao u tiile. Tsela e joalo e mo fa monyetla oa hore a ‘be le puo ho fetola Satane ea mo omanyang.’—Liproverbia 27:11.

Ke ho ka lebelloang hore nako le nako, tumelo ea hao e tla ’ne e lekoe. (2 Timothea 3:12) Leha ho le joalo, moapostola Petrose o re tiisetsa hore boleng ba tumelo ea rōna e lekiloeng bo “feta khauta e timelang ho sa tsotellehe ho pakoa ha eona ka mollo.” (1 Petrose 1:7) Ka hona, ha u nyefoloa ka lebaka la tumelo ea hao, talima hoo e le monyetla oa hore u matlafatse tumelo ea hao le ho bonahatsa mamello ea hao. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore mamello e hlahisa “boemo bo amohelehang.” (Baroma 5:3-5) E, takatso ea ho amoheleha ho Jehova ke tšusumetso e matla e etsang hore u sebetsane ka katleho le ho someloa tumelo ea hao!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Na u ka sireletsa tumelo ea hao?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela