Tikoloho—Kamoo e Amang Bophelo ba Hao Kateng
HAUFINYANE, Dr. Walter Reed, oa Mokhatlo oa Mehloli ea Lefatše, o ile a bolella Seea-le-moea sa Machaba a Kopaneng hore tšusumetso eo motho a bang le eona tsamaisong ea tikoloho ea lefatše hona joale e boemong boo motho a “senyang lipotoloho tsena ka tsela e khōlōhali.” Dr. Reed o bolela hore ho senngoa hona ha tikoloho, ka lehlakoreng le leng ho tlatsetsa litšokelong tse sokelang bophelo lefatšeng ka bophara. Sehloohong se buang ka buka e reng World Resources 1998-99, makasine ea Our Planet, e hatisitsoeng ke Machaba a Kopaneng, e thathamisa tse ling tsa litšokelo tsena tse sokelang bophelo ba batho. Har’a tse ling tsa tsona ke tse latelang:
□ Tšilafalo ea moea ka matlung le ka ntle e ’nile ea amahanngoa le mafu a matšoafo a bolaeang hoo e ka bang bana ba limilione tse ’nè selemo le selemo.
□ Khaello ea metsi a hloekileng le ea tsamaiso ea likhoerekhoere e tlatsetsa ho ateng ha mafu a amanang le letšollo a nkang bophelo ba bana ba limilione tse tharo selemo le selemo. Ka mohlala, k’holera, eo e neng e le khale e felile Latin America, e ile ea boela ea qhoma moo ’me ea bolaea batho ba ka bang 11 000 ka 1997 feela.
Letsatsi le letsatsi ho tlalehoa hore bana ba fetang 30 000 ba libakeng tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng ba bolaoa ke mafu a amanang le tikoloho. Nahana ka seo feela—batho ba 30 000 letsatsi le letsatsi selemo ho pota, ba ka lekana ho tlatsa litulo tsa lifofane tse khōlōhali tse 75!
Leha ho le joalo, litšokelo tsa tikoloho tse sokelang bophelo ha lia lekanyetsoa feela linaheng tse sa tsoelang pele moruong. Our Planet e bolela hore “batho ba fetang limilione tse 100 Europe le Amerika Leboea ba ntse ba pepesehetse moea o kotsi,” o tlatsetsang ho ateng ho sekhahla ha lefu la asma. Ka nako e tšoanang, ho eketseha ha maeto le khoebo ea machaba ho tlatselitse ho qhomeng ha mafu a 30 a macha a tšoaetsanoang linaheng tse tsoetseng pele moruong. Ho phaella moo, makasine eo e tlalehile hore mafu ao pele a neng a phekoleha “a boile sekoele ka matla a maholo.”
Bomalimabe ke hore boholo ba mafu ana a amanang le tikoloho a ka thibeloa ka mekhoa ea theknoloji e teng hona joale le e batlang e le litšenyehelo li tlaase. Ka mohlala, ho ne ho ka finyelloa ntlafatso e bonahalang bophelong bo botle ba ’mele ka ho fa batho bohle metsi a hloekileng le tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere. Ho ne ho tla hloka chelete e kae ho finyella pakane ee? Seea-le-moea sa Machaba a Kopaneng se tlaleha hore ho ea ka Human Development Report 1998 ea Machaba a Kopaneng, ho fana ka metsi a hloekileng le tsamaiso ea likhoerekhoere ho ne ho tla bitsa liranta tse limilione tse likete tse 68,5—e leng chelete e ka tlaase ho eo batho ba Europe ba e sebelisang ka selemo ho reka ice cream!
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Photo: Casas, Godo-Foto