Na ke ho Hlolloa Kapa e Mpa e le Ntho e Iketsahaletseng Feela Tjee?
“HO HLOLLOA ho bolaile ba bangata ’me ha sireletsa ba bang,” ke kamoo ho boletseng International Herald Tribune. Selemong se fetileng, litlhaselo tsa bokhukhuni liofising tsa bonģosa ba Amerika tse Kenya le Tanzania li ile tsa bolaea batho ba ka bang 200 ’me tsa ntša ba makholo likotsi. Leha ho le joalo, koranta eo e bolela hore “baemeli ba ka sehloohong ba bonģosa ba ile ba oeloa ke lehlohonolo la motea phala.”
Bana ba pholositsoe ke ho tšoarela seboka mohahong o mong o thōko le o phatlotsoeng. Empa lenģosa le phahameng, leo ka tloaelo le ka beng le bile teng sebokeng seo empa le sa ka la ea, le ne le le haufi le sebaka se phatlotsoeng ’me la shoa.
Koranta eo e ile ea re: “Ho hlolloa ho boetse ho etselitse Arlene Kirk sehlōhō.” Ha a khutlela Kenya a e-tsoa phomolong, Arlene o ile a ithaopela ho fana ka setulo sa hae seo a neng a se fumane sefofaneng se tletseng. Leha ho le joalo, baeti ba bang ba ile ba fana ka litulo tsa bona pele ho eena, e leng ho ileng ha mo lumella hore a tsamaee ka sefofane seo. Ka hona, o ile a khutlela mosebetsing letsatsing leo ofisi ea bonģosa e tlang ho phatloloa ka lona ’me a shoa.
Batho ba tloaetse ho bona litlokotsi. Empa, ho hlalosa tlokotsi ha ho bonolo. Kamehla, ha ho hlaha maemo a tšohanyetso le likoluoa lefatšeng ho pota, ba bang baa shoa ha ba bang ba phonyoha. Leha ho le joalo, hase feela linakong tsa tlokotsi moo ba bang ba ipotsang, ‘Ke hobane’ng ha e hlahela ’na?’ Esita le ha ho tluoa linthong tse molemo bophelong, ba bang ho bonahala ba e-ba le menyetla e molemonyana ho feta ba bang. Le hoja ho ba bangata bophelo e lula e le ntoa, ho ba bang ho bonahala lintho li itsamaela bolacha. Ka hona, u ka ’na ua botsa, ‘Na e ka ba see sohle se reriloe ka tsela e itseng? Na ho hlolloa ho laola bophelo ba ka?’
Ho Batla Litlhaloso
Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, morena e mong ea bohlale o ile a hlokomela lintho tse mo potolohileng tse neng li etsahala li sa lebelloa. O ile a hlalosa liketsahalo tsena ka mantsoe a latelang: “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11, NW) Ka linako tse ling ho etsahala lintho tse sa lebelloang. Ha ho na tsela leha e le efe ea ho li tseba esale pele. Liketsahalo tse tsotehang, tse ntle hammoho le tse mpe, hangata li hlahisoa ke nako.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ba le maikutlo a kang a bao ho e-na le ho hlalosa lintho tsena e le tse mpang li iketsahaletse feela ba nkang hore ho na le matla a mang a sebetsang—a ho hlolla. Tumelo ea ho hlolloa kapa ho rereloa lintho esale pele ke e ’ngoe ea tsa khale ka ho fetisisa ebileng e atileng ka ho fetisisa linthong tseo batho ba li lumelang.a Moprofesa François Jouan, e leng motsamaisi oa Setsi sa Phuputso ea Litšōmo Univesithing ea Paris, o re: “Ha ho nako kapa sechaba se sa kang sa lumela hore ho na le matla a itseng a bomolimo a rerang lintho esale pele . . . ho hlalosa lintho tsohle tse sa hlaloseheng tse re etsahallang.” Ke kahoo ho tloaelehileng ho utloa batho ba re: “E ne e e-s’o be nako ea hae ea ho shoa” kapa, “Ke kamoo ho neng ho reriloe kateng.” Empa ho hlolloa ke eng?
Ho Hlalosa Khopolo ea ho Hlolloa
Lentsoe la Senyesemane “fate” (ho hlolloa) le tsoang ho la Selatine fatum, le bolela “polelo ea boprofeta, bonohe, qeto ea bomolimo.” Le hoja ka linako tse ling ho nahanoa hore matla a itseng a rera bokamoso ka tsela e ke keng ea qojoa le e ke keng ea hlalosoa, hangata ho nahanoa hore matla ana ke molimo.
Rahistori oa bolumeli Helmer Ringgren oa hlalosa: “Ntho ea bohlokoa boikutlong ba bolumeli ke boikutlo ba hore qetello ea motho e na le morero kapa ha e iketsahalle feela tjee, empa e tlisoa ke matla a ka hlalosoang a e-na le matla a ho khetha kapa a ho rera.” Le hoja hangata ho nahanoa hore ke ho ka khonehang ho laola lintho ho isa bohōleng bo itseng, batho ba bangata ba nka hore batho ke liphofu tse se nang thuso ntoeng e ka nģ’ane ho matla a bona. Ka hona ba ‘hlaheloa ke seo ba se hlolletsoeng.’
Ke khale baruti ba thuto ea bolumeli le bo-rafilosofi ba leka ho hlalosa khopolo ea ho hlolloa. The Encyclopedia of Religion e re: “Khopolo ea ho hlolloa, ho sa tsotellehe hore na e hlalosoa ka kutloisiso efe, puo efe, kapa sepheo sefe, e sala e ntse e le sephiri.” Leha ho le joalo, tumelo e tsoelipanang le marangrang ana ke ea khopolo ea matla a phahameng a laolang le a tsamaisang litaba tsa batho. Ho nkoa hore matla ana a bōpa bophelo ba batho le ba lichaba esale pele, a etsa hore bokamoso e be bo ke keng ba qojoa joaloka nako e fetileng.
Boemo bo Lekanyetsang
Na ho etsa phapang ea letho hore na u lumela khopolong ea ho hlolloa kapa che? Rafilosofi oa Lenyesemane Bertrand Russell o ile a ngola: “Maemo ao batho ba phelang ho ’ona a etsa ho hongata ho rera seo ba se lumelang, ’me ka lehlakoreng le leng, seo ba se lumelang se etsa ho hongata ho rera maemo ao ba phelang ho ’ona.”
Ha e le hantle, ho lumela ho ho hlolloa—ebang ntho e joalo e teng kapa ha e eo—ho ka laola tsela eo re itšoarang ka eona. Ka ho lumela hore ke thato ea melimo, ba bangata ba amohela boemo boo ba leng ho bona—ebang ke bo leeme kapa ke bo hatellang—joalokaha eka ke kamoo ba lokelang ho phela kateng ho se seo ba ka se etsang ho bo fetola. Ka hona, ho lumela ho hlolloa ho nyenyefatsa taba ea boikarabelo ba botho.
Ka lehlakoreng le leng, ho lumela hore qetello e reroa esale pele ho susumellelitse ba bang ho nka tsela e ’ngoe. Ka mohlala, bo-rahistori ba hlalosa hore khōlo ea bok’hapitale le phetoho e khōlō ea indasteri li bakiloe ke lisosa tse ngata. Har’a tsona ho na le tumelo ea ho rereloa qetello esale pele. Malumeli a mang a Boprostanta a rutile hore Molimo o rerela batho ka bomong pholoho esale pele. Setsebi sa Lejeremane litabeng tsa kahisano Max Weber o re: “Potso ea hore, Na ke e mong oa ba khethiloeng? e tlameha ebe ka nako e itseng e tla kelellong ea molumeli e mong le e mong.” Batho ka bomong ba ’nile ba batla ho fumana hore na Molimo o ba hlohonolofalitse kapa che ’me kahoo hore na ba reretsoe ho pholoha esale pele kapa che. Weber o boletse hore ba entse sena molemong oa “ho sebeletsa lithahasello tsa lefatše.” Katleho mosebetsing oa khoebo le pokello ea leruo li ’nile tsa nkoa e le lipontšo tsa ho amoheloa ke Molimo.
Ho lumela ho ho hlolloa ho entse hore ba bang ba nke mehato e feteletseng. Ntoeng ea bobeli ea lefatše, bafofisi ba lifofane ba rerileng ho ipolaea ba Japane ba ne ba lumela ho kamikaze, kapa “moea o halalelang.” Khopolo ea hore melimo e ne e e-na le morero le hore batho ba ka ’na ba kenya letsoho morerong oo e ile ea fana ka maikutlo a itseng a bolumeli polaong eo e tšabehang. Lilemong tse leshome tse fetileng, batho ba ipolaeang ka ho qhomisa libomo Bochabela bo Hare ba ile ba hlaha hangata lihloohong tsa litaba ka litlhaselo tsa bona tse tšosang. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e bolela hore khopolo ea ho hlolloa e phetha karolo e khōlō “litlhaselong [tsena] tsa bolumeli tsa ho ipolaea.”
Empa ke hobane’ng ha tumelo ea ho hlolloa e atile hakaale? Tlhahlobo e khutšoanyane ea hore na e qalile joang e tla fana ka karabo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khopolo ea ho hlolloa e atile hoo ha ho buuoa ka lefu, lipuong tse ngata ho atisoang ho sebelisoa poleloana “e ne e se ntse e le nako ea hae.”