Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 maq. 24-25
  • Se Seholo ka ho Fetisisa le se Senyenyane ka ho Fetisisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Seholo ka ho Fetisisa le se Senyenyane ka ho Fetisisa
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokaholimo ba Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2012
  • Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2014
  • Thuto 1
    Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 9/8 maq. 24-25

Se Seholo ka ho Fetisisa le se Senyenyane ka ho Fetisisa

“U se ke ua bolaea tšoele leha e le serurubele.”—WILLIAM BLAKE (1757-1827).

NA U kile ua shebella serurubele ha se fofa? Ke mang haese motho ea thatafetseng pelo feela ea ke keng a ema ho boha ka kananelo botle le bonolo ba kokoanyana ee e ntle? ’Me li fumaneha hohle lefatšeng ka boholo le ka libōpeho tse fapa-fapaneng hoo ho boleloang hore e ka ’na eaba ho na le mefuta e pakeng tsa 15 000 le 20 000!

Serurubele se seholo ka ho fetisisa seo u kileng ua se bona ke sefe? Haeba u lula Papua New Guinea, joale mohlomong u kile ua bona se seholo ka ho fetisisa lefatšeng—Queen Alexandra’s birdwing, se bophara ba lisenthimithara tse ka bang 28 ha se phukalalitse mapheo. Haeba u lula Amerika Leboea kapa Bohareng, mohlomong u bile le tokelo ea ho bona Homerus swallowtail, se bophara ba lisenthimithara tse ka bang 15 ha se phukalalitse mapheo. Serurubele se seholo ka ho fetisisa Afrika ke African giant swallowtail, se bophara ba lisenthimithara tse ka holimo ho 23 ha se phukalalitse mapheo.

Ho thoe’ng ka lirurubele tse nyenyane ka ho fetisisa? Li fumanoa hokae? The Illustrated Encyclopedia of Butterflies, ea Dr. John Feltwell, e bolela hore “mohlomong Pygmy blue ea Amerika Leboea, . . . ke sona serurubele se senyenyane ka ho fetisisa lefatšeng se bophara ba 1/2–3/4 ea senōkō (limilimithara tse 15-19) ha se phukalalitse mapheo.” Serurubele se senyenyane ka ho fetisisa Brithani ke small blue, se bophara ba lisenthimithara tse 2,4 ha se phukalalitse mapheo.

Likarolong tse ngata tsa lefatše, ho na le libaka tseo lirurubele li lulang ho tsona tseo u ka eang ho tsona eaba lirurubele tsena tse ntle li u lula holimo. U ka ithuta ho hongata ka pōpo ena e hlollang le potoloho ea eona ea bophelo—liphetoho tseo e fetang ho tsona ho tloha ha e le lehe le lenyenyane haholo ho fihlela ha e e-ba popane ’me e fetoha chrysalis ho fihlela e e-ba serurubele se feletseng. Kahoo, lekhetlo le latelang ha u bona serurubele se fofa, ema, se bohe ka kananelo, ’me u tsote. U tla be u talimile mohlolo—ebang ke o moholo kapa o monyenyane!

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Serurubele se seholo ka ho fetisisa le se senyenyane ka ho fetisisa, “Queen Alexandra’s birdwing” le “pygmy blue” (ka bobeli ke boholo ba tsona ba sebele)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Butterflies: Allyn Museum of Entomology, Florida Museum of Natural History

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela