Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 9/8 maq. 26-27
  • Ke’ng se Etsang Hore Motho e be Moahi ea Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng se Etsang Hore Motho e be Moahi ea Molemo?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ikokobelletsa ha Bakreste ba Nang le Matla a ho Laela
  • “Ho Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo”
  • “Ho Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho”
  • Molimo le Sesare
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bokreste ba Pele le Naha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Boikokobetso ba Rōna bo Lekanyelitsoeng ho Balaoli ba Phahameng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Lefa Lintho Tsa Sesare ho Sesare
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 9/8 maq. 26-27

Pono ea Bibele

Ke’ng se Etsang Hore Motho e be Moahi ea Molemo?

KA MOR’A Ntoa ea II ea Lefatše, batho ba bangata ba Europe le Japane ba neng ba inka e le baahi ba molemo, ba hlomphang molao ba ile ba iphumana ba qositsoe ba bile ba ahloletsoe litlōlo tsa nakong ea ntoa. Har’a bona ho ne ho e-na le liofisiri tse khōlō tsa sesole, bo-rasaense le litsebi tse ling. Ha ba leka ho lokafatsa liketso tsa bona, ba bang ba batlōli bana ba molao ba ile ba hlalosa hore ba ne ba mpa ba mamela litaelo, joalokaha ho ka lebelloa ho moahi e mong le e mong ea molemo. Leha ho le joalo, boipolelo ba bona ba hore ke baahi ba molemo bo ile ba etsa hore ba etse litlōlo tse tšabehang khahlanong le moloko oa batho.

Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba sa hlompheng matla a ho laela a Naha. Ba bang ba hana matla a ho laela a puso pepenene, ha ba bang bona ba loketse ho tlōla molao hafeela monyetla oa ho tšoaroa o fokola. Ka sebele, ke ba seng bakae feela ba ka latolang hore ho hlokahala hore re hlomphe matla a ho laela, kaha kantle ho ’ona ho ka ba le pherekano e khōlō le molubalube. Leha ho le joalo, potso ke hore na Motho o lokela ho phethahatsa boikarabelo sechabeng le ho mamela molao ho isa bohōleng bofe? Hlahloba melao-motheo e seng mekae e ileng ea thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho ba le pono e leka-lekaneng ka boikarabelo ba bona ho Naha.

Ho Ikokobelletsa ha Bakreste ba Nang le Matla a ho Laela

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka boithatelo ba ile ba ikokobelletsa melao le litaelo tsa bao e neng e le “ba phahameng ba nang le matla a ho laela”—ke hore, babusi ba mehleng eo. (Baroma 13:1) Bakreste ba ne ba lumela hore ho loketse “ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le ba nang le matla a ho laela e le babusi.” (Tite 3:1) Le hoja ba ne ba hlokomela hore Kreste ke Morena oa bona oa leholimo, e ne e boetse e le bafo ba babusi ba batho, ba hlomphang molao ’me ba ne ba sa sokele tšireletseho ea Naha ka tsela leha e le efe. Ha e le hantle, ba ne ba khothalletsoa hore ba “be le tlhompho bakeng sa morena” ka linako tsohle. (1 Petrose 2:17) Moapostola Pauluse o bile a khothalletsa Bakreste: “Ka hona kea eletsa, pele ho tsohle, hore lithapeli, lithapelo, lithapello, ho fanoa ha liteboho, li etsoe malebana le mefuta eohle ea batho, malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng; e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo ho feletseng.”—1 Timothea 2:1, 2.

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba le hlokolosi ho lefa makhetho a neng a batloa ho bona, le hoja ka linako tse ling hoo e ne e e-ba moroalo o boima. Ba ile ba latela tataiso e bululetsoeng e ileng ea fanoa ke moapostola Pauluse tabeng ena: “Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, lekhetho.” (Baroma 13:7) Ho ea ka pono ea barutuoa ba Jesu, ’muso oa Roma le babusi ba oona ba ne ba busa ka tumello ea Molimo ’me ka tsela eo ba ne ba sebeletsa e le “bahlanka ba Molimo sechabeng,” kaha ba ne ba fana ka tekanyo e itseng ea khotso le botsitso sechabeng.—Baroma 13:6.

“Ho Lokela Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo”

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba khothalletsoa ho amohela mesebetsi ea sechaba e laeloang ke Naha. Jesu Kreste ka boeena o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba ikemisetse hore ka linako tse ling ba etse esita le ho fetang seo babusi ba sechaba ba se laelang. O ile a re: “Haeba e mong ea matleng a ho laela a u qobella tšebeletsong bakeng sa maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) Ka ho latela keletso ena, Bakreste ba ile ba bontša hore ha ba lakatse ho thabela melemo ea ho phela sechabeng se tsoetseng pele empa bona ba sa se etsetse letho le molemo. Kamehla ba ne ba ‘loketse mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—Tite 3:1; 1 Petrose 2:13-16.

Ba ne ba rata baahisani ba bona ka tieo ’me ba batla litsela tsa ho ba thusa. (Matheu 22:39) Ka lebaka la lerato lena le ho khomarela ha bona litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e bile tšusumetso e ntle sechabeng sa habo bona. Baahisani ba bona ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho thabela ho lula haufi le Mokreste. (Baroma 13:8-10) Bakreste ba ile ba bontša lerato la bona ka ho etsa ho fetang feela ho qoba bobe. Ba ile ba khothalletsoa ho ba le botsoalle le ho bontša thahasello ho batho ba bang, ho ‘sebetsa se molemo [eseng feela ho balumeli-’moho empa] ho bohle,’ feela joalokaha Jesu Kreste a entse.—Bagalata 6:10.

“Ho Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho”

Leha ho le joalo, ho mamela ha bona babusi ba lefatše ho ne ho e-na le meeli. Ba ne ba ke ke ba etsa letho le neng le tla ba khahlanong le matsoalo a bona kapa le senye kamano ea bona le Molimo. Ka mohlala, ha baeta-pele ba bolumeli Jerusalema ba ne ba laela baapostola hore ba khaotse ho bolela ka Jesu, ba ile ba hana ho khaotsa. Ba ile ba re: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:27-29) Bakreste ba ile ba hana ka tieo ho kenella borapeling ba litšoantšo ba moemphera. (1 Bakorinthe 10:14; 1 Johanne 5:21; Tšenolo 19:10) Ka liphello life? Rahistori J. M. Roberts o re: “Ho ile ha latela likahlolo, eseng hobane e le Bakreste, empa hobane ba hanne ho etsa seo molao o se laetseng.”—Shorter History of the World.

Ke hobane’ng ha lekhetlong lee ba ile ba hana “ho etsa seo molao o se laetseng”? Ba ne ba hlokomela hore “ba phahameng ba nang le matla a ho laela” ba sebelisa matla ao ka tumello ea Molimo ’me kahoo ba sebeletsa e le “mosebeletsi oa Molimo” ho boloka molao le taolo. (Baroma 13:1, 4) Empa Bakreste ba ne ba ntse ba talima molao oa Molimo e le o phahameng. Ba ne ba hopola hore Jesu Kreste o ile a theha molao-motheo ona o leka-lekaneng bakeng sa bao e neng e tla ba balateli ba hae: “Le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.” (Matheu 22:21) Boikarabelo ba bona ho Molimo bo ne bo lokela ho tla pele ho litaelo tsa Sesare.

Hore ena e ne e le tsela e loketseng ho bontšoa ke se ileng sa etsahala ha ba bangata ba ipitsang Bakreste ba hlōleha ho latela melao-motheo ena e molemo. Ka mohlala, rahistori oa sesole John Keegan o bolela hore baeta-pele ba bakoenehi ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba fetoha “bo-ke-ea-le-bafe [ba sebelisoang] e le likofuto tsa ’muso oa sechaba, haholo-holo bakeng sa ho thaothela le ho hlokomela mabotho a sesole.” Balateli ba bona ba ile ba qetella ba nkile lehlakore lintoeng tse tšolotseng mali a ba limilione ba se nang molato. Keegan o re: “Banna ba ne ba ithiba litsebe ka leshoma hore ba se ke ba mamela Molao oa Molimo ha mali a bona a ne a hlohlona.”

Leha ho le joalo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba beha mohlala o ikhethang oa ho leka-lekana ho loketseng. E ne e le baahi ba molemo. Ba ne ba phetha mesebetsi le boikarabelo ba bona sechabeng hantle. Empa ba ne ba khomarela ka tieo melao-motheo ea Bibele e hlakileng ’me ba latela matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele litšobotsing tsohle tsa bophelo.—Esaia 2:4; Matheu 26:52; Baroma 13:5; 1 Petrose 3:16.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“Ka hona, le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela