Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 10/8 maq. 5-8
  • Lebaka Leo ka Lona ’Mino o re Amang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona ’Mino o re Amang
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likarolo Tsa ’Mino
  • Linoto Tse Momahaneng le Tse sa Momahanang le ’Mino o Monate
  • ’Mino le Boko
  • ’Mino, Mantsoe a ’Mino le Uena
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Itebele Khahlanong le ’Mino o sa Haheng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na U Tla Khetha ’Mino ka Bohlale?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 10/8 maq. 5-8

Lebaka Leo ka Lona ’Mino o re Amang

’MINO le puo ke lintho tse ikhethang ho batho. Ho ka ba thata ho nahana ka lefatše le se nang tsona ka bobeli. Buka e reng The Musical Mind e re: “Puo le ’mino ke litšobotsi tse khethollang moloko oa batho tseo ho bonahalang eka li hohle.” Ke karolo ea tlhoko ea rōna ea puisano. Kahoo, ho ka boleloa hore, joalokaha e le ’nete ka puo, ha ’mino o “bua” maikutlo a rōna aa “mamela.”

Ke hobane’ng ha ’mino o bua le maikutlo a rōna, hona o etsa seo joang? Ho araba potso eo, re lokela ho hlahloba: (1) likarolo tsa ’mino ka botsona le tsela eo boko ba rōna bo li fetisang ka eona; (2) kaheho ea rōna ea maikutlo le setso sa rōna, e leng lintho tse susumetsang tsela eo re arabelang ka eona ’minong; le (3) puo, eo le eona e ka amang tsela eo re arabelang ka eona.

Likarolo Tsa ’Mino

Litšobotsi tse sa tšoaneng tsa ’mino li atisa ho bitsoa “likarolo tsa ’mino.” Likarolo tsena li akarelletsa molumo o khethollang, kapa sehalo, oa seletsa. Ka mohlala, phala ea Mafora e ’nile ea hlalosoa e le “e hapang tlhokomelo,” kapa e sa ithekeng moroalo, ’me molumo oa eona e le o fapaneng haholo le oa terompeta “e tletseng boikhantšo.” Le hoja ka bobeli e le tsa mofuta o le mong, kapa tsa sehlopha se le seng, sa liphala, e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e hlahisa melumo, kapa linoto tse lumellanang tse fapaneng ka matla. Sena ke sona se etsang hore seletsa ka seng se be le “molumo” oa sona o ikhethang. Bahlahisi ba ’mino ba sebelisa litšobotsi tsena ho hlahisa ’mino o susumetsang maikutlo a momameli.

E ka ’na eaba e ’ngoe ea likarolo tsa pele tseo re tloaelanang le tsona ke morethetho—mohlomong ha re ntse re le ka pōpelong, re mametse ho otla ha pelo ea ’mè. Ho ’nile ha thoe mohlomong tsela eo re arabelang ka eona morethethong oa ’mino e susumetsoa ke tsela eo re sa e hlokomeleng ea ho otla ha lipelo tsa rōna esita le ho hema ha rōna. Kahoo, e ka ’na ea se ke ea e-ba ho makatsang hore ebe ho bonahala batho ba bangata ba thabela ’mino o nang le lebelo la morethetho o pakeng tsa 70 le 100 ka motsotso—e leng tekanyo e lekanang le karolelano ea ho otla ha pelo ea motho e moholo ea phelang hantle. Bonyane ana ke maikutlo a fanoeng ke koranta ea Perceptual and Motor Skills.

’Mino e sa tšoaneng eo likarolo tsena li ka e hlahisang e totobatsoa ke ha ho hlahlojoa liletsa tse fapaneng hammoho le melumo le ’mino eo li e hlahisang. Molumo o hlabang oa seletsa sa bassoon mokhahlelong oa bobeli oa bassoon pineng ea Mozart o ka ’na oa tsosa maikutlo a tebileng. Molumo o hlomolang pelo oa lekolilo la Majapane shakuhachi o ka ’na oa thoba pelo hamonate. Molumo o makherehloa oa tinoro ea saxophone o etsa hore ’mino o ratoang oa jazz o hanelle likelellong tsa ba bangata. Bese ea tuba ea sehlopha sa ’mino sa Jeremane hangata e tlisa maikutlo a nyakallo. Molumo o susumetsang oa li-violin motjekong oa Strauss o susumelletsa bamameli ba bangata hore ba batle ho tantša. Ho ea ka Clive E. Robbins, oa Nordoff-Robbins Music Therapy Center, New York, liphello tse joalo li hlaha hobane “’mino o bua le motho ka kakaretso.”

Linoto Tse Momahaneng le Tse sa Momahanang le ’Mino o Monate

Linoto tse momahaneng li hlahisa molumo o thabisang, ha linoto tse sa momahanang li hlahisa o sa thabiseng. Empa na u ne u tseba hore likarolo tsee lia tlatsana lipineng tse ling? Mohlomong pina e utloahalang e e-na le linoto tse momahaneng e na le linoto tse ngata tse sa momahanang ho feta kamoo u ka ’nang ua nahana kateng. Ho kopana ho tsoelang pele ha linoto tse momahaneng le tse sa momahanang ho hlahisa ho teba le ho phahama ha linoto tse utloahalang eka ha li lumellane, le hoja hangata ho sa hlokomelehe, ho phallang maikutlong a rōna. Ho sisinngoa hona ha maikutlo ho bonolo hoa thoba, athe ha ’mino e le oa linoto tse sa momahanang feela o ka hlohlontša litsebe ’me oa hlahisa maikutlo a sa thabiseng—a tšoanang le a ha motho a fefa manala letlapeng kapa botong ea ho ngolla. Ka lehlakoreng le leng, haeba ’mino e le oa linoto tse momahaneng feela, e ka ba o tepeletsang.

’Mino o monate (melody) ke tatellano e khathollang e hlophisitsoeng ea noto ka ’ngoe. Ho ea ka ba bang ba boholong, lentsoe melody le nkiloe lentsoeng la Segerike meʹlos, le bolelang “pina.” Ho ea ka libuka tse hlalosang mantsoe, ’mino o monate ke ’mino o khathollang kelello, molumo leha e le ofe o khathollang kelello.

Leha ho le joalo, hase tatellano ea molumo o mong le o mong e hlahisang ’mino o monate o khathollang kelello. Ka mohlala, khefu e telele e kenellang khafetsa pakeng tsa linoto tse latellanang e ka ’na ea etsa hore ’mino e be o hapang tlhokomelo empa e se o khathollang kelello. Ka lehlakoreng le leng, linoto tse latellanang tse nang le khefu e telele e hlahang seoelo li ka hlahisa ’mino o thabisang. Ho latellana ha linoto tse sa tšoaneng le ho khefu-khefutsa ho sa tšoaneng ho etsa hore pina e utloahale e le e hlomolang kapa e le e thabisang. Joaloka linotong tse momahaneng, ’mino o monate o baka tsitsipano le ho phutholoha, e leng ho amang maikutlo a rōna ka lebaka la ho phahama le ho teba ha lentsoe—ke hore, molumo o phahameng kapa o tebileng oa linoto.

Ha li kopantsoe, likarolo tsena kaofela li hlahisa tšusumetso e matla e ka re susumetsang kapa ea re thoba maikutlo. Sena se bakoa ke litsela tse fapaneng tseo boko ba rōna bo utloisisang ’mino le ho o qanolla ka tsona.

’Mino le Boko

Ba bang ba hlalosa hore puo le ho nahana li laoloa haholo ke lehlakore le letšehali la boko, ha ’mino o qanolloa ka lehlakoreng le letona la boko, e leng le sebetsanang haholo le maikutlo. Ebang ho joalo kapa ha ho joalo, ho totobetse hore ’mino o susumelletsa ba o mametseng hore ba arabele ka tsela e itseng ba sa ikemisetsa. Koranta ea Perceptual and Motor Skills e hlalosa sena ka tsela ena: “’Mino o na le matla a ho hlahisa maikutlo a itseng ka tsela e potlakang le e atlehang. Seo ka bukeng se neng se tla hloka ho hlalosoa ka lipolelo tse ngata . . . , ’minong hangata se ka fetisoa ka morethetho oa mofuta o le mong kapa molumo oa linoto tse seng kae feela.”

Tabeng ea tšebelisano e teng pakeng tsa ho bona le ho utloa le ho arabela boemong ka bong ho ana, buka e reng Music and the Mind e bolela sena se thahasellisang: “Ho na le kamano e atamelaneng haholoanyane pakeng tsa ho utloa le tšusumetso ea maikutlo ho feta e pakeng tsa ho bona le tšusumetso ea maikutlo. . . . Ho bona phoofolo e maqeba kapa motho ea mahlomoleng a thōtse ho ka ’na ha se ke ha susumetsa maikutlo a moshebelli hakaalo. Empa hang ha a qala ho bokolla, hangata moshebelli o susumetseha ka matla.”

’Mino, Mantsoe a ’Mino le Uena

Batho ba bang ba lumellanang ka maikutlo ba bolela hore pina e itseng e na le phello e tšoanang ho bamameli bohle. Leha ho le joalo, ba bang ba bolela hore tsela eo motho a arabelang ka eona ’minong kapa pineng e itseng e bontša boemo ba motho ba kelello nakong eo kapa phihlelo eo a bileng le eona nakong e fetileng. Mohlala oa sena ke oa ha motho ea shoetsoeng ke moratuoa a utloa pina e itseng, mohlomong sebakeng sa borapeli. Pina eo e ka ’na ea tlisetsa motho ea shoetsoeng mehopolo e itseng le ho mo hlomola kapa esita le ho etsa hore a sekise meokho. Ba bang ba seng boemong boo ba ka ’na ba bina pina eo ka lipelo tse thabileng.

Hape nahana ka litlhaloso tse fanoeng pejana tsa phala ea Mafora le terompeta. U ka ’na ua hanana le hore phala ea Mafora e utloahala e le e hapang tlhokomelo. Ho uena e ka ’na ea utloahala e le lerata kapa e tletse papali, ha terompeta eona e ka ’na ea utloahala e batla e le e etsang hore motho a tebise maikutlo. Ka ho rōna ho na le seliba se ikhethang sa maikutlo seo ’mino o ka etsang hore se kolle—ka hona, re arabela ka tsela ea rōna e ikhethang.

’Mino o thusa ho hokahanya mantsoe kapa likhopolo le maikutlo. Ke kahoo e leng liphatlalatso tse seng kae tsa thelevishene kapa tsa seea-le-moea tse etsoang kantle ho ’mino. Hangata mantsoe ha a na moelelo o mokaalo. Leha ho le joalo, haeba ho bapaloa ’mino o loketseng, phatlalatso e tla ama maikutlo a bamameli. Ke ’nete e tsoileng matsoho hore sepheo sa liphatlalatso tse ngata ke ho etsa hore ho reka ho susumetsoe ke maikutlo ho e-na le ho susumetsoa ke ho nahana!

Le hoja, ho phatlalatsa ho ka ’na ha e-ba le phello e mpe cheleteng ea sechaba, ho na le tšekamelo e ’ngoe e tebileng haholoanyane e sa rateheng ka matla a mantsoe a lipina le ’mino. Journal of Youth and Adolescence e hlalosa hore ka mantsoe a pheta-phetoang a lipina, bangoli ba lipina ba ruta bacha ho hlokomoloha maikutlo a ba bang le ho “itsoella pele ka tsela ea bona.” Ho ea ka mohloli o mong, melaetsa e fetisoang ke “mantsoe a belaetsang a lipina tsa rap . . . , a buuoang puo phara ho feta a lipina tsa rock tse morethetho o boima tse tsamaisanang le tsona,” a ka phunyelletsa maikutlong a momameli ’me a etsa hore a itšoare ka tsela e kotsi sechabeng.

Na boitšoaro bo kotsi bo ka thibeloa haeba motho a mamela ’mino feela a hlokomoloha mantsoe a pina? Ke ’nete hore hangata, ho thata ho utloa mantsoe a lipina tsa rock tse morethetho o boima le a lipina tsa rap. Ha e le hantle, hangata e batla e le a sa utloahaleng ho hang ha ’mino o bapalloa holimo ka tsela e sa tloaelehang. Leha ho le joalo, ebang mantsoe aa utloahala kapa ha a utloahale, molaetsa oona o ntse o le teng morethethong o susumetsang le ’minong o monate o pheta-phetoang!

Joang? Ka hore lihlooho tse ling ka botsona li hlahisa setšoantšo se itseng kelellong. Ho feta moo, hangata mofuta oa ’mino ka booona ke molaetsa. Ke molaetsa ofe o fetisoang? Koranta e ’ngoe ea bacha e re: “Ho bonahala eka ke oa matla a inahaneloang, bonatla le ho ba nkokonono boitšoarong ba botona le botšehali.” E ’ngoe e re: “Lihlooho tse khōlō . . . ke borabele bo feteletseng, pefo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi, boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali, boitšoaro bo litšila le borapeli ba Satane.”

Bacha ba bang ba bolela hore le hoja e ka ’na eaba sena ke ’nete, ha se ba ame hampe. Ba pheha khang ea hore ’mino o joalo o molemo hobane o ba thusa hore ba ‘iphumane’ e le batho ka bomong. Na oa ba thusa? Journal of Youth and Adolescence e re: “Lihlooho tse bontšang khalefo le lehloeo le matla tse hapang bashanyana ba bang ’minong oa rock o nang le morethetho o boima e ka ’na ea e-ba tse amoheloang ka ho khetheha ke bashanyana ba sa fumaneng katleho e kaalo lithutong ka mor’a ho qeta letsatsi ba le sekolong ba bolelloa hore ha ba sebetse hantle.” Joale ea phaella: “Ho makatsang kapa ho qakang ke hore takatso ea bacha ea ho sireletseha ka ho eketsehileng le ho fumana seo ba hlileng ba leng sona e akarelletsa ho sebelisa mecha ea sechaba, e kopanetsoeng. Ho fapana le hore ba batle liphihlelo tsa sebele tse ikhethang ha ba le bang, bacha ba nanabela likhopolo tse seng li ntse li lokisitsoe ke indasteri ea khoebo.” Ka mantsoe a mang, motho e mong o bolella bacha bana hore na ba nahane eng le hore na ba ikutloe joang.

A re ke re hlahlobeng likonsarete tsa ’mino oa rock. Li ba le phello efe ho matšoele a eang ho tsona? Buka e reng Music and the Mind ea araba: “Ha ho pelaelo ka hore ka ho phahamisa maikutlo a letšoele le ka ho tiisa hore maikutlo ao a phahameng a momahana hammoho ho fapana le hore a arohane, ’mino e ka ba tlatsetso e matla ho lahleheloeng ke kahlolo e molemo, ho ineheleng ka bofofu maikutlong a nakoana, e leng tšobotsi e kotsi ea boitšoaro ba letšoele.” Liketsahalo tse ling tse hlaha tse bang teng likonsareteng tsa ’mino oa rock li bontša bonnete ba polelo ena.

Kahoo, e le ho qoba ho silafala kelellong le pelong, re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha ’mino. Re ka o khetha joang? Sehlooho sa rōna se qetellang se tla araba potso ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Hangata ’mino o etsa hore ba o mametseng ba batle ho tantša

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela