Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 4/8 maq. 5-8
  • Na Boitšoaro bo Mpefetse ho Feta Pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Boitšoaro bo Mpefetse ho Feta Pele?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lekholo la bo20 la Lilemo—Nako ea Phetoho e Khōlō
  • Ho Furalla Bolumeli
  • Boithati le Meharo
  • Mekhoa ea Mecha ea Phatlalatso
  • Ho Khutlela “Boitšoarong ba Mehla ea Tšebeliso ea Lejoe”
  • See Sohle se Bolela’ng?
    Tsoha!—2000
  • Ho ba le Mekhoa e Metle
    Tsoha!—2019
  • Ho Fetoha ha Lintho Tsa Bohlokoa Hammoho le ho Fetoha ha Histori
    Tsoha!—1990
  • Ho Hoholoa ke Melao ea Boitšoaro e Feto-fetohang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 4/8 maq. 5-8

Na Boitšoaro bo Mpefetse ho Feta Pele?

HAEBA u ne u ka botsa bo-rahistori, “Na boitšoaro ba batho kajeno bo molemo kapa bo bobe ho feta nakong e fetileng?” ba bang ba ka ’na ba araba ka hore ho thata ho bapisa boitšoaro ba linakong tse sa tšoaneng. Ba ka ’na ba ikutloa hore nako e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho ahloloa ka se etsahalang ho eona.

Ka mohlala, nahana ka liketsahalo tsa tlōlo ea molao e mabifi Europe ho tloha lekholong la bo16 la lilemo. Liketso tsa tlōlo ea molao ea ho bolaea li ne li ntse li atile le lilemong tseo tse 400 tse fetileng. Batho ba ne ba atisa ho inkela molao matsohong, ’me liqabang tsa malapa kapa merabe li ne li atile.

Leha ho le joalo, rahistori Arne Jarrick le rahistori Johan Söderberg ba ile ba ngola bukeng e reng Människovärdet och makten (Seriti sa Batho le Matla) hore nako e pakeng tsa 1600 le 1850 e ile ea “tšoauoa ka tsoelo-pele ea sebele bophelong ba sechaba” libakeng tse ling. Batho ba ile ba ntlafatsa tabeng ea ho nahanela litlhoko tsa ba bang—ba ile ba e-ba le kutloelo-bohloko haholoanyane. Ka mohlala, bo-rahistori ba bang baa hlokomela hore bosholu le tšenyo ea thepa li ne li fokola haholo lekholong la bo16 la lilemo ho feta kajeno. Likenke tse hlophisitsoeng tsa masholu li ne li se kae, haholo-holo ho batho ba mahaeng.

Ke ’nete hore tšebeliso ea bokhoba e ne e le teng le hore e ile ea fella ka liketso tse ling tsa tlōlo ea molao tse sisimosang historing—ho koeteloa ha batho Afrika ke bahoebi ba Europe le ho hlokofatsoa ha makhoba ana a limilione linaheng tseo a neng a isoa ho tsona.

Ka hona, ha re hetla morao makholong a fetileng a lilemo, mohlomong re tla fumana hore ha a talingoa ka pono ea histori, maemo a mang a ne a le molemonyana, athe a mang ’ona a ne a mpefetse haholo. Leha ho le joalo, ntho e ’ngoe e fapaneng haholo le e tebileng haholo—ha e le hantle, eo ho seng mohla e kileng ea etsahala—e ile ea etsahala lekholong la bo20 la lilemo ’me e ntse e etsahala le hona joale.

Lekholo la bo20 la Lilemo—Nako ea Phetoho e Khōlō

Rahistori Jarrick le rahistori Söderberg baa hlokomela: “Lilemong tsa bo-1930 liketso tsa tlōlo ea molao tsa ho bolaea le tsa ho bolaeana li ile tsa boela tsa eketseha, ’me, ka bomalimabe, esale ho tloha ka nako eo tšekamelo ena e ’nile ea tsoela pele ka lilemo tse ka holimo ho tse mashome a mahlano.”

Ho ea ka bahlalosi ba bang ba bangata, boitšoaro bo ile ba hlepha haholo lekholong la bo20 la lilemo. Sehlooho se seng se buang ka filosofi ea boitšoaro se re: “Motho a ka bona ka ho hlaka hore maikutlo a sechaba ka boitšoaro ba botona le botšehali le ka boitšoaro bo amohelehang a fetohile haholo lilemong tse 30 ho isa ho tse 40 tse fetileng—ho tloha sechabeng se neng se hlakisa boitšoaro bo nepahetseng, ka ho sebelisa melao e thata, ho isa ho se nang le maikutlo a batlang a lokolohile le a boikhethelo ba motho ka mong.”

Sena se bolela hore boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali le litšobotsi tse ling tsa boitšoaro ke lintho tseo batho ba bangata hona joale ba ikutloang hore ba ka iketsetsa liqeto ka tsona. Ho hlakisa sena, sehlooho seo se qotsa lipalo-palo tse bontšang hore ka 1960 e ne e le karolo ea 5,3 lekholong feela ea bana bohle ba United States ba hlahang e le ba matšeho. Ka 1990 palo ea bona e ne e etsa karolo ea 28 lekholong.

Puong e ileng ea fanoa Univesithing ea Notre Dame, Setho sa Senate sa United States, Joe Lieberman, se ile sa hlalosa boitšoaro ba mehleng ea rōna e le “litekanyetso tse lephaka, . . . tseo ho tsona likhopolo tsa moetlo ka se nepahetseng le se fosahetseng li ntseng li felloa ke matla butle-butle.” Ho ea ka Lieberman, tšekamelo ena “e ’nile ea ipha matla haholo melokong e ’meli.”

Ho Furalla Bolumeli

Bo-rahistori le litsebi tse ling li re lebaka la phetoho ee e tsotehang lekholong la bo20 la lilemo ke lefe? Buka eo e reng Människovärdet och makten e re: “E ’ngoe ea liphetoho tsa bohlokoa ka ho fetisisa sechabeng lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng ke ea ho furalla bolumeli.” Ho furalla bolumeli ho ile ha bolela hore “batho ba ne ba tla fuoa monyetla oa ho ikhethela ka bobona maikutlong a sa tšoaneng. Khopolo ena . . . e qaliloe ke ba bang ba bo-rafilosofi ba Tlhahiso Leseling ba lekholong la bo18 la lilemo, bao e ileng ea e-ba bona ba ho qala ba ho . . . lahla Bibele e le oona mohloli feela oa ’nete.” Kahoo, malumeli, haholo-holo a Bokreste-’mōtoana, ha a sa lebeletsoe ho fana ka tataiso ea boitšoaro joaloka nakong e fetileng.

Empa ke hobane’ng ha filosofi e qapiloeng lekholong la bo18 la lilemo e nkile lilemo tse fetang 200 ho tloaeleha? Buka e boletsoeng ka holimo e re: “Likhopolo tsena ha hoa ka ha e-ba bonolo ho li hasa sechabeng. Mohato oa ho furalla bolumeli o ile oa tsamaea butle.”

Esita le haeba tšekamelo ea ho lahla litekanyetso tsa moetlo tsa boitšoaro le litekanyetso tsa Bokreste e ile ea kikitlela lilemong tse ka bang 200 tse fetileng, e ile ea ipha matla ka sekhahla lekholong la bo20 la lilemo. Sena e bile ’nete ka ho khetheha lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng. Ke hobane’ng ha ho bile joalo?

Boithati le Meharo

Ntlha e ’ngoe e tlatsetsang haholo ke tsoelo-pele e sekhahla ea theknoloji le moruo sechabeng lekholong la bo20 la lilemo. Sehlooho se makasineng ea litaba ea Sejeremane Die Zeit se ile sa bolela hore re phela “mehleng e tsoetseng pele le e sa tšoaneng le ea makholo a fetileng a lilemo, e neng e le lefatšeng le khetholloang ka hore le eme nģa e le ’ngoe.” Sehlooho seo se ile sa hlalosa hore sena se lebisitse tsamaisong ea ’maraka oa khoebo, e thehiloeng tlhōlisanong le e susumetsoang ke boithati.

Sehlooho seo se ile sa tsoela pele: “Boithati bona bo ke ke ba emisoa ke letho. Ke bona bo bakileng keketseho ea bobatana bo tšoaeang bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi, hammoho le bobolu, boo linaheng tse ngata bo seng bo keneletse ho ea fihla holimo pusong. Batho ba inahana bobona le kamoo ba ka khotsofatsang litakatso tsa bona ka ho feletseng kateng.”

Setsebi sa kahisano Robert Wuthnow, sa Univesithi ea Princeton, se ile sa fumana ka ho etsa patlisiso e tebileng hore kajeno Maamerika a amehile haholo ka chelete ho feta kamoo a neng a amehile ka eona molokong o fetileng. Ho ea ka phuputso eo, “Maamerika a mangata a tšoha hore ho batla chelete ka mahlo a matšo ho phahametse litekanyetso tse ling tse kang ho hlomphana ha batho, botšepehi mosebetsing le ho kopanela mesebetsing ea sechaba.”

Meharo e tsoela pele ho eketseha sechabeng hobane batsamaisi ba bangata ba khoebo ba ikekelelitse meputso haholo le litsiane tse ling tse fanang ka chelete e ngata ha ba tlohela mosebetsi ha ka nako e tšoanang ba phehella basebetsi ba bona hore ba batle moputso o itekanetseng. Kjell Ove Nilsson, motlatsi oa moprofesa oa litekanyetso tsa boitšoaro e bile e le motsamaisi oa thuto ea bolumeli Lekhotleng la Bokreste Sweden o re: “Bothata ba ho hahamalla ho etsa tsoala har’a batsamaisi ba khoebo ke ba hore boikutlo ba bona bo tšoaetsa ba bang le hore bo fokolisa litekanyetso tsa boitšoaro ho batho ka kakaretso. Ka sebele, sena se ba le phello e senyang boitšoarong—sechabeng hammoho le ho batho ka bomong.”

Mekhoa ea Mecha ea Phatlalatso

Ntlha e ’ngoe e tlatselitseng haholo ho hlepheng ho sekhahla ha boitšoaro ho elella qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo ke mekhoa ea mecha ea phatlalatso. Setho sa Senate Lieberman se re: “Baphatlalatsi ba litekanyetso tse ncha tsa boitšoaro ke bahlahisi ba mananeo a thelevishene, libapali tsa libaesekopo, baphatlalatsi ba lifeshene, libini tsa ’mino oa rap o sebelisang puo ea seterateng o tlotlisang lehloeo le pefo le libapali tse ling tse ngata tse khasong e rarahaneng ea mecha ea phatlalatso e tsamaeang ka elektronike. Bathehi bana ba litšekamelo ba na le tšusumetso e matla haholo mekhoeng ea rōna le baneng ba rōna ka ho khetheha, ’me ba atisa ho se amehe hakaalo kapa ho se amehe ka ho feletseng ka litekanyetso tse kotsi tseo ba li khothalletsang.”

E le mohlala, Lieberman o qotsa pina e binoang ke sehlopha sa ’mino oa rock o morethetho o boima se bitsoang Cannibal Corpse. Libini li hlalosa ka ho qaqileng ho betoa ha mosali a supiloe ka thipa. Eena le mosebetsi-’moho le eena ba ile ba kōpa k’hamphani e rekotang hore e se ke ea rekota pina eo. Empa joalokaha Lieberman a hlalosa, ha baa ka ba atleha.

Kajeno batsoali ba nang le boikarabelo ba ntoeng e boima ea ho hlōlisana le mekhoa ea mecha ea phatlalatso mabapi le hore na ke mang ea tla susumetsa le ho hōlisa bana ba bona. Empa ho thoe’ng ka malapa ao ho ’ona batsoali ba seng hlokolosi? Lieberman o re: “Maemong a joalo, ha ho qothisanoe lehlokoa, mekhoa eo ke eona e thehang litekanyetso, ’me boikutlo ba ngoana ka se nepahetseng le se fosahetseng le lintho tse tlang pele bophelong ba hae li susumetsoa haholo ke seo a ithutang sona thelevisheneng, libaesekopong le mochineng oa ho bapala CD.” ’Me morao tjena Internet le eona e ka kenyelletsoa lethathamong.

Ho Khutlela “Boitšoarong ba Mehla ea Tšebeliso ea Lejoe”

Liphello tsa tšusumetso ee e mpe li bonahala joang har’a bacha? ’Nete ke hore lilemong tsa morao tjena bana le bacha ba eketsehileng ba ’nile ba etsa liketso tse sehlōhō tsa pefo ba li etsa ho bana ba bang esita le ho batho ba baholo.

Ho ile ha etsahala ketsahalo e ’ngoe e sisimosang Sweden ka 1998. Bashemane ba babeli, e mong a le lilemo li hlano ’me e mong a le lilemo li supileng, ba ile ba bipetsa e mong ea lilemo li ’nè eo ba neng ba bapala le eena ho fihlela a e-shoa! Ba bangata ba ile ba botsa: Na bana ha ba na boikutlo ba tlhaho ba ho ithiba bo ba bolellang hore ba eme ha ba se ba tlōla moeli? Ngaka e ’ngoe ea bana ea mafu a kelello e ile ea fana ka tlhaloso ena ea bohlokoa: “Ho ithiba hore motho a se ke a tlōla moeli ke ntho e lokelang ho ithutoa. Ho ka ’na ha amana le . . . batho bao bana ba etsisang mohlala oa bona le seo ba ithutang sona ho batho ba baholo ba ba potolohileng.”

’Nete e tšoanang e ka bonoa le linokoaneng tse mabifi. Ho ea ka Sten Levander, eo e leng moprofesa oa mafu a kelello Sweden, karolo e pakeng tsa 15 le 20 lekholong ea batšoaruoa bohle kajeno ke batho ba nang le mathata a kelello—batho bao e leng baithati ka ho feteletseng, ba se nang kutloelo-bohloko le ba sitoang kapa ba sa batleng ho utloisisa khopolo ea se nepahetseng le se fosahetseng. Bashebelli ba hlokometse boitšoaro ba ho se nahanele esita le har’a bana le bacha ba bonahalang ba itekanetse. Christina Hoff Sommers, eo e leng moprofesa oa filosofi, o re: “Re khutletse boitšoarong ba Mehla ea Tšebeliso ea Lejoe.” O ile a hlokomela hore ha liithuti tsa hae tse nyenyane li tobane le potso ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe, tse ngata tsa tsona li bontša boikutlo bo tebileng ba ho se sireletsehe. Joale li arabela ka hore ha ho na ntho e nepahetseng kapa e fosahetseng. Li lumela hore motho e mong le e mong o tlameha ho inahanela hore na se molemo ka ho fetisisa ho eena ke sefe.

Mehleng ea morao tjena, tse ngata tsa liithuti tsa hae li ile tsa hana molao-motheo oa boitlhompho bo khethehileng le oa bohlokoa ba bophelo ba motho. Ka mohlala, ha li botsoa hore na li ne li ka etsa’ng haeba li lokela ho khetha pakeng tsa ho pholosa bophelo ba phoofolo eo li e ruileng le ba motho eo li sa mo tsebeng, tse ngata li ile tsa bolela hore li ne li tla khetha ho pholosa ba phoofolo.

Moprofesa Sommers o re: “Bothata hase hore bacha ba hloka tsebo, ha ba tšepe letho, ba sehlōhō, kapa ba bolotsana. Ho toba taba, ha ba na kutloisiso ea se nepahetseng le se fosahetseng.” O bolela hore ha e le hantle bacha ba bangata kajeno ba belaella taba ea hore ho na le se nepahetseng le se fosahetseng, ’me o nahana hore boikutlo bona bo hlahisa tšokelo e khōlō ka ho fetisisa sechabeng.

Ka hona ho khelloa fatše ha boitšoaro mehleng ea rōna ke ntho ea sebele. Ba bang ba tšoha hore ho ka ’na ha e-ba le liphello tse tebileng. Sehlooho se ho Die Zeit seo ho builoeng ka sona pejana se bolela hore butle-butle ’maraka o lokolohileng oa khoebo oa kajeno o ka ’na oa “putlama le hore ka letsatsi le leng o ka ’na oa soahlamana joalokaha bokomonisi bo ile ba soahlamana morao tjena.”

See sohle se hlile se bolela’ng? ’Me ke bokamoso ba mofuta ofe boo re ka bo lebellang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]

“Baphatlalatsi ba litekanyetso tse ncha tsa boitšoaro ke bahlahisi ba mananeo a thelevishene, libapali tsa libaesekopo, baphatlalatsi ba lifeshene, libini tsa ’mino oa ‘rap’ o sebelisang puo ea seterateng o tlotlisang lehloeo le pefo . . . ”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela