Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 6/8 maq. 12-15
  • Boloetse bo sa Foleng—Taba ea Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boloetse bo sa Foleng—Taba ea Lelapa
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Boemong Boo Motho a se Nang Phihlelo ea Bona
  • Maemo a Tsoelang Pele ho Feto-fetoha
  • Liphello Tabeng ea ho Sebelisana le Batho ba Bang
  • Ho Senyeha Maikutlo
  • E, Malapa a ka Sebetsana ka Katleho le Boemo
  • Kamoo Malapa a Sebetsanang ka Katleho le Boloetse bo sa Foleng
    Tsoha!—2000
  • Ho Phela le Boloetse bo sa Phekoleheng—Na Bibele e ka Thusa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ha Lelapa le Oeloa ke Boloetse bo sa Foleng
    Tsoha!—2000
  • Ho Phela ka Katleho le Boloetse ba Hao—Joang?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 6/8 maq. 12-15

Boloetse bo sa Foleng—Taba ea Lelapa

BOLOETSE bo sa foleng ke eng? Ka mantsoe a bonolo feela, ke boloetse bo nkang nako e telele. Ho phaella moo, moprofesa e mong o hlalosa boloetse bo sa foleng e le “boemo bo fetohang ba bophelo bo botle bo ke keng ba phekoloa feela tjee ke mehato ea ho buuoa kapa ke phekolo e khutšoanyane ea mofuta o itseng oa meriana.” Ho etsang hore boloetse bo sa foleng kapa liphello tsa bona e be tse phephetsang hase feela taba ea hore na ke ba mofuta ofe le hore na bo phekoloa joang, empa ke taba ea hore bo tlameha ho mamelloa nako e telele.

Ho feta moo, ke seoelo liphello tsa boloetse bo sa foleng li fellang ho mokuli. Buka ea Motor Neurone Disease—A Family Affair, e re: “Batho ba bangata ke karolo ea lelapa, ’me ho tepella maikutlong ho tebileng le ho tšoenyeha tse u amang [mokuli], li ama le ba leng haufi le uena.” Sena se tiisitsoe ke ’mè eo morali oa hae a neng a e-na le kankere. O re: “Setho se seng le se seng sa lelapa sea ameha, ebang sea ipontša kapa che, kapa hona ho lemoha hore se amehile.”

Ke ’nete hore batho ha ba na ho ameha ka ho tšoana. Leha ho le joalo, haeba litho tsa lelapa li utloisisa hore na boloetse bo sa foleng bo ama batho ka kakaretso joang, li ka ’na tsa e-ba boemong bo molemo ba ho tobana le liphephetso tse li tobileng boemong bo khethehileng ba tsona. Ho feta moo, haeba bao eseng litho tsa lelapa—basebetsi-’moho, liithuti-’moho, baahisani, metsoalle—ba utloisisa phello ea boloetse bo sa foleng, ba tla khona ho fana ka tšehetso ea bohlokoa le e nang le qenehelo haholoanyane. Re nahanne ka sena, a re ke re hlahlobeng tse ling tsa litsela tseo malapa a ka ’nang a ameha ka tsona ke boloetse bo sa foleng.

Ho ba Boemong Boo Motho a se Nang Phihlelo ea Bona

Phihlelo ea lelapa le nang le mokuli ea tšoeroeng ke boloetse bo sa foleng e ka ’na ea tšoantšoa le ho nka ha bona leeto naheng ea basele. Le hoja lintho tse ling li tla tšoana hantle le tsa naheng eo lelapa leo le tsoang ho eona, tse ling tsa lintho e tla ba tse sa tloaelehang kapa e be tse fapaneng haholo. Ha boloetse bo sa foleng bo tšoara setho se seng sa lelapa, lintho tse ngata li tla lula li sa fetoha tseleng eo lelapa le phelang ka eona. Leha ho le joalo, tse ling tsa lintho e tla ba tse fapaneng haholo.

Qalong, boloetse boo ka bobona bo ka ’na ba ama kemiso e tloaelehileng ea lelapa ’me ba tlama setho se seng le se seng sa lelapa hore se etse liphetoho tse itseng e le hore se khone ho tobana ka katleho le bona. Sena se tiisitsoe ke Helen ea lilemo li 14 eo ’mè oa hae a nang le ho tepella ho matla ha maikutlo ho sa foleng. O re: “Re fetola kemiso ea rōna hore e lumellane le seo ’Mè a ka se etsang le seo a ke keng a se etsa letsatsing le itseng ka ho khetheha.”

Esita le phekolo—e reretsoeng ho kokobetsa boloetse—e ka baka pherekano e eketsehileng kemisong e ncha ea lelapa. Nahana ka mohlala oa Braam le Ann ba boletsoeng sehloohong se etellang sena pele. Braam o re: “Re ile ra tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō kemisong ea rōna ea letsatsi le letsatsi ka lebaka la phekolo ea bana ba rōna.” Ann oa hlalosa: “Letsatsi le leng le le leng re ne re e-ea sepetlele re be re khutle. Joale ho phaella moo, ngaka e ile ea khothalletsa hore re fe bana ba rōna lijo tse nyenyane ha tšelela ka letsatsi e le ho koala khaello ea lijo e bakoang ke lefu le ba tšoereng. Ho ’na, e ne e le mokhoa o mocha ka ho feletseng oa ho pheha.” Phephetso e khōlōanyane le ho feta e ne e le ea ho thusa bana hore ba etse boikoetliso boo ba laetsoeng hore ba bo etse bo matlafatsang mesifa. Ann oa hopola: “Eo e ne e le ntoa ea letsatsi le letsatsi ea maikutlo.”

Ha mokuli a tloaelana le ho se iketle—ka linako tse ling le ’ona mahlaba—ho bakoang ke phekolo ea meriana le tlhahlobo tsa lingaka, o itšetleha haholoanyane ka lelapa bakeng sa thuso e sebetsang le tšehetso ea maikutlo. Ka lebaka leo, hase feela hore litho tsa lelapa li lokela ho ithuta lintho tse itseng tse ncha hore li khone ho hlokomela mokuli, empa kaofela li boetse li tlameha ho fetola tsela eo li itšoarang ka eona, maikutlo, mekhoa eo li phelang ka eona le kemiso ea tsona.

Ka ho utloahalang, lintho tsena tse hlokahalang kaofela li eketsa boima mamellong ea lelapa. ’Mè eo morali oa hae a neng a le sepetlele a phekoleloa kankere o re e ka ba “ho khathatsang ho feta kamoo leha e le mang a ka nahanang kateng.”

Maemo a Tsoelang Pele ho Feto-fetoha

Coping With Chronic Illness—Overcoming Powerlessness e bolela hore “ho kokobela le ho mpefala ho tsoelang pele ha boloetse bo sa foleng ho baka boikutlo bo tšosang ba ho feto-fetoha.” Nakong eo litho tsa lelapa li tloaelang boemo bo itseng, li ka ’na tsa thulana le maemo a mang a fetohileng ao mohlomong a bileng a leng thata ho feta. Matšoao a bokuli e ka ’na a e-ba a sa tloaelehang kapa a mpefala ka tšohanyetso, ’me phekolo e ka ’na ea hlōleha ho tlisa pheko e lebelletsoeng. Phekolo e ka ’na ea tlameha ho fetoloa nako le nako kapa e ka ’na ea fella ka mathata a mang a sa lebelloang. Ha mokuli a ntse a itšetleha haholoanyane ka tšehetso eo lelapa labo le imetsoeng le lekang ho fana ka eona, maikutlo a hae ao pele a neng a a laola a ka ’na a phatloha.

Ho feto-fetoha ho ke keng ha tsejoa esale pele ha maloetse a mangata le liphekolo ho etsa hore qetellong ho phahame lipotso tse kang: Ebe boloetse boo bo tla nka nako e kae? E be bo tla mpefala hakae? Re tla mamella see ho fihlela kae? Hangata boloetse bo lebisang lefung bo etsa hore ho be le ho hloka botsitso ho matla—“Ebe lefu le tla fihla ka mor’a nako e kae?”

Boloetse, mekhoa ea phekolo, mokhathala le pherekano li kopana hammoho ho hlahisa phello e ’ngoe e sa lebelloang.

Liphello Tabeng ea ho Sebelisana le Batho ba Bang

Kathleen eo monna oa hae a neng a e-na le ho tepella ho matla ha maikutlo ho sa foleng, oa hlalosa: “Ke ile ka tlameha ho loantšana le maikutlo a matla a ho batla ho ba mong le ho itšehla thajana.” O tsoela pele: “Boemo bo ne bo le thata haholo hobane kamehla re ne re sitoa ho mema kapa ho amohela memo ea ho ba le ba bang. Re ile ra qetella re se re sa thabele ho ba har’a batho ba bang.” Joaloka Kathleen, ba bangata ba qetella ba tlameha ho sebetsana le maikutlo a ho ba molato ka ho se be le kamohelo e ntle ea baeti le ka hore ba sitoa ho amohela limemo. Ke hobane’ng ha see se etsahala?

Boloetse ka bobona kapa liphello tsa phekolo ea bona li ka ’na tsa etsa hore ho be thata kapa ho se ke ha khoneha hore mokuli a be teng liketsahalong tsa boithabiso le ba bang. Lelapa hammoho le mokuli ba ka ’na ba nahana hore boloetse boo bo na le ho soabisa bathong, kapa ba ka ’na ba tšaba hore bo tla ba hlabisa lihlong. Ho tepella maikutlong ho ka ’na ha etsa hore mokuli a ikutloe a sa tšoaneloe ke botsoalle boo pele a neng a e-na le bona le batho, kapa lelapa le ka ’na la hloka matla a ho ba har’a batho. Ka mabaka a sa tšoaneng, habonolo feela boloetse bo sa foleng bo ka etsa hore lelapa lohle le itšehle thajana le ho ba bolutung.

Ho feta moo, hase motho e mong le e mong ea tla tseba hore na o lokela ho bua eng kapa ho itšoara joang ha a e-na le motho ea holofetseng. (Bona lebokose le reng “Kamoo U ka Bang ea Tšehetsang,” leqepheng la 11.) Ann o re: “Ha ngoana oa hao a fapane le bana ba bang, batho ba bangata ba rata ho mo kenya mahlo kapa ho bua lintho tse sa nahaneleng. Ha e le hantle, motho o qetella o itšola ka boloetse bona, ’me lipuonyana tsa bona li totisa maikutlo a ho ba molato ao u nang le ’ona.” Seo Ann a se buang se ama ntho e ’ngoe eo malapa a ka ’nang a tobana le eona.

Ho Senyeha Maikutlo

Mofuputsi e mong o re: “Nakong eo ho tsebahatsoang hore na motho o tšoeroe ke eng, malapa a mangata aa tšoha, a sitoa ho kholoa ’me aa hana. Ke ntho e boima ho mamelloa.” E, ekaba ho senyang maikutlo ho tseba hore motho eo u mo ratang o tšoeroe ke lefu le behang bophelo kotsing kapa le fokolisang. Lelapa le ka ’na la nahana hore tšepo ea lona le litakatso tsa lona li senyehile, la sala le sa tsebe hore na bokamoso bo tla ba joang ’me la ba le maikutlo a tebileng a ho lahleheloa le ho sareloa.

Ke ’nete hore bakeng sa malapa a mangata a ’nileng a ba le mokuli ea nang le matšoao a tsoelang pele, a tepelletsang ’me ho sa tsejoe sesosa, ho tseba hore na o tšoeroe ke eng ho ka ’na ha imolla kelello ka tsela e itseng. Empa malapa a mang a ka ’na a itšoara ka tsela e fapaneng. ’Mè e mong oa Afrika Boroa oa lumela: “Ho ile ha ba bohloko haholo ha qetellong re bolelloa hore na ngoana oa rōna o tšoeroe ke eng, ho bua ’nete, e ka re nka be ke sa tseba hore na o tšoeroe ke eng.”

Buka ea Special Child in the Family—Living With Your Sick or Disabled Child, e hlalosa hore “ke tlhaho hore u ferekane maikutlong . . . ha u ntse u leka ho tloaelana le boemo bona bo bocha ba sebele. Ka linako tse ling maikutlo a hao a ka ’na a e-ba matla hoo u tšabang hore ho tla ba thata ho sebetsana le ’ona.” Mongoli oa buka ena, Diana Kimpton, eo bara ba hae ba babeli ba neng ba e-na le lefu la cystic fibrosis o re: “Ke ne ke tšosoa ke tsela eo ke ikutloang ka eona ’me ke ne ke batla ho tseba hore ho nepahetse hore ke ikutloe ke tepelletse hakaalo.”

Ho tloaelehile hore malapa a be le tšabo—tšabo ea se sa tsejoeng, tšabo ea boloetse, tšabo ea phekolo, tšabo ea ho opeloa le tšabo ea lefu. Ka ho khetheha bana ba ka ’na ba tšaba lintho tse ngata tseo ba sa li bueng—haholo-holo ha ba sa fuoa tlhaloso e utloahalang ea se etsahalang.

Khalefo le eona e tloaelehile haholo. Makasine ea Afrika Boroa, TLC, e hlalosa hore “hangata mokuli a ka ’na a ntšetsa malokobe ho litho tsa lelapa.” Ka lehlakoreng le leng, litho tsa lelapa li ka ’na tsa halefa—tsa halefela hore lingaka ha lia bona bothata bo sa qala, tsa halefela hore ke tsona tse fetiselitseng tšoaetso ho ngoana, tsa halefela hore mokuli o sitiloe ho itlhokomela hantle, tsa halefela Satane Diabolose ka ho baka mahlomola ao, kapa esita le eena Molimo, tsa mo beha molato ka boloetse boo. Ho ikutloa u le molato ke boikutlo bo bong bo tloaelehileng bo bakoang ke boloetse bo sa phekoleheng. Buka ea Children With Cancer—A Comprehensive Reference Guide for Parents e re: “Hoo e batlang e le motsoali e mong le e mong kapa ngoan’abo ngoana ea nang le kankere o ikutloa a le molato.”

Hangata pherekano ena ea maikutlo e fella ka ho tepella maikutlong—ho tlang ka tekanyo e sa tšoaneng. Mofuputsi e mong oa ngola: “Ona e batla e le mokhoa o tloaelehileng ka ho fetisisa oo batho ba arabelang ka oona. Ke na le faele e tletseng mangolo a ka pakang sena.”

E, Malapa a ka Sebetsana ka Katleho le Boemo

Ha re sheba ka lehlakoreng le letle, malapa a mangata a fumane hore ho sebetsana ka katleho le boemo ho batla ho se thata joalokaha ho ne ho bonahala ho le joalo pele. Diana Kimpton oa tiisa: “Lintho tseo u li nahanang li ba mpe ho feta kamoo boemo bo hlileng bo leng kateng.” Ho ea ka phihlelo eo a bileng le eona, o fumane hore “qalong bokamoso e ba bo lerootho ha motho a nahana ka bona.” Kholiseha hore malapa a mang a khonne ho sebetsana ka katleho le boloetse bo sa foleng boo ba neng ba se na phihlelo ea bona le hore le uena u ka atleha. Ba bangata ba fumane hore ho tseba feela hore ba bang ba khonne ho sebetsana le boemo ka katleho ho ba imolotse le ho ba fa tšepo.

Leha ho le joalo, ka ho utloahalang lelapa le ka ’na la ipotsa, ‘Re ka tobana ka katleho joang le see?’ Sehlooho se latelang se tla tšohla tse ling tsa litsela tseo ka tsona malapa a sebetsaneng ka katleho le boloetse bo sa foleng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Malapa a lokela ho hlokomela mokuli a be a fetole tsela eo a itšoarang ka eona, maikutlo le mekhoa eo a phelang ka eona

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Mokuli hammoho le lelapa ba tla imeloa haholo maikutlong

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

Le se ke la lahla tšepo. Malapa a mang a khonne ho sebetsana le boloetse ka katleho, ’me le lōna le ka khona

[Lebokose le leqepheng la 15]

Tse Ling Tsa Liphephetso Tse Tlisoang ke Boloetse bo sa Foleng

• Ho tseba ka boloetse le tsela ea ho sebetsana le bona

• Ho fetola mokhoa oo motho a neng a phela ka oona le kemiso ea letsatsi ka leng

• Ho sebetsana ka katleho le maemo a fetohileng a ho sebelisana le batho ba bang

• Ho inka u ntse u tloaelehile le ho tseba ho itaola

• Ho sareloa ke tahlehelo e bakiloeng ke boloetse

• Ho sebetsana le maikutlo a imetsoeng

• Ho boloka boikutlo bo nepahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela