Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 7/8 maq. 12-16
  • Ho Fetola Boitsebiso ka Mano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fetola Boitsebiso ka Mano
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori ea ho Phatlalatsa Likhopolo
  • Leshano le se Nang Litsoako!
  • Ho Etsa Qeto e Akaretsang
  • Ho Seolla
  • Ho Ipiletsa Maikutlong
  • Mapetjo le Matšoao
  • Hana Mashano a Satane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Ke Hobane’ng ha e Bitsoa “Propaganda”?
    Tsoha!—1991
  • Phatlalatso ea Likhopolo Tsa Leshano e ka ba e Bolaeang
    Tsoha!—2000
  • U se ke Ua ba Phofu ea Phatlalatso ea Likhopolo Tsa Leshano!
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 7/8 maq. 12-16

Ho Fetola Boitsebiso ka Mano

“Ka ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano ka tsela e bohlale le e phehellang, esita le lona leholimo le ka hlahisoa e le lihele ho batho, ’me ka lehlakoreng le leng, bophelo bo nyahamisang habohloko bo ka hlalosoa e le paradeise.”—ADOLF HITLER, MEIN KAMPF.

KA HA mekhoa ea puisano e atolohile—ho tloha khatisong ho ea ho thelefono, seea-le-moea, thelevishene, le Internet—melaetsa e susumetsang e ’nile ea eketseha ka mokhoa o tšosang. Phetoho ena e feletseng mokhoeng oa puisano e entse hore boitsebiso bo be bongata haholo ha batho ba phakhelloa melaetsa e se nang palo e tsoang mehloling eohle e sa tsejoeng. Ba bangata ba arabela khatellong ena ka ho monya boitsebiso ka potlako le ho bo amohela ntle le ho botsisisa kapa hona ho bo hlahlobisisa.

Batho ba bolotsana ba phatlalatsang likhopolo tsa leshano ba rata ho se itube ho joalo—haholo-holo ba qobang ho nahana ka mabaka a utloahalang. Ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano ho khothalletsa sena ka ho ferekanya maikutlo, ho sebelisa ho se sireletsehe ho teng hampe, ho nka monyetla ka ntho e ka bang le meelelo e ’meli puong le ka ho khopamisa melao e utloahalang. Joalokaha histori e paka bonnete ba seo, maqheka a joalo a ka ipaka a sebetsa haholo.

Histori ea ho Phatlalatsa Likhopolo

Kajeno poleloana “ho phatlalatsa likhopolo” e na le moelelo o mobe, o fanang ka maikutlo a maqheka a bolotsana, athe qalehong oo e ne e se oona moelelo oa poleloana eo. Ho bonahala “ho phatlalatsa likhopolo” ho tsoa lebitsong la Selatine la sehlopha sa bak’hadinale ba Roma e K’hatholike, Congregatio de Propaganda Fide (Phutheho e Phatlalatsang Tumelo). Komiti ena—e neng e bitsoa Propaganda [phatlalatso] ka bokhutšoanyane—e ile ea thehoa ke Mopapa Gregory XV ka 1622 bakeng sa hore e laole baromuoa. Butle-butle, “propaganda” e ile ea qetella e bolela boiteko leha e le bofe ba ho phatlalatsa tumelo.

Empa khopolo ea ho phatlalatsa likhopolo ha ea qala lekholong la bo17 la lilemo. Ho tloha mehleng ea boholo-holo, batho ba ’nile ba sebelisa mocha o mong le o mong oa litaba o fumanehang hore ba hase likhopolo kapa ho phahamisa botumo le matla. Ka mohlala, ho sebelisa tsebo ka bohlale ho etseng mosebetsi o itseng ho ’nile ha khotsofatsa lithahasello tsa ba phatlalatsang likhopolo ho tloha mehleng ea bo-faro ba Egepeta. Marena ana a ile a etsa hore liphiramide tsa ’ona li fetise ka ho hlaka khopolo e atileng ea matla le ho tšoarella. Ka tsela e tšoanang, mokhoa oa ho haha oa Baroma o ile oa sebeletsa morero oa lipolotiki—ho tlotlisoa ha naha. Ka kakaretso, lentsoe “ho phatlalatsa likhopolo” le ile la ba le moelelo o mobe ka Ntoa ea I ea Lefatše, ha mebuso e ne e qala ho phetha karolo e khōlō ho hlophiseng boitsebiso ba ntoa bo hasoang mecheng ea litaba. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Adolf Hitler le Joseph Goebbels ba ile ba ipaka e le litsebi tsa ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano.

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano e ile ea e-ba sesebelisoa se ka sehloohong ho buelleng leano la ’muso. Lihlopha tsa linaha tse nang le maqhama tsa Bophirimela le tsa Bochabela kaofela li ile tsa etsa letšolo la khorola-koqo bakeng sa ho hapa matšoele-tšoele a batho ba sa tšehetseng lehlakore leha e le lefe hore ba oele ka lehlakoreng la bona. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo le leano la ’muso li ile tsa sebelisoa hampe bakeng sa merero ea ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano. Lilemong tsa morao tjena, ho rarahana ha mekhoa e sebelisoang ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano ho bonahetse matšolong a buellang likhetho, hammoho le ho bapatseng ho etsoang ke lik’hamphani tsa koae. Ba bitsoang litsebi le baeta-pele ba bang ba ’nile ba hireloa ho bontša ho tsuba e le ho khahlisang le ho phelisang hantle ho e-na le ho ba kotsi bophelong ba batho, joalokaha ho fela ho le joalo.

Leshano le se Nang Litsoako!

Ka sebele, leqheka la motho ea phatlalatsang likhopolo tsa leshano le sebetsang habonolo ke la ho sebelisa mashano a totobetseng. Ka mohlala, nahana ka mashano ao Martin Luther a ileng a a ngola ka 1543 ka Bajuda ba neng ba le Europe: “Ba tšetse chefo lilibeng, ba bolaea ka sekhukhu, ba koetela bana . . . Ke linoha tse mahloko, tse sehlōhō, tse ratang ho iphetetsa le tse mano, babolai le bana ba diabolose ba hlabang habohloko le ho utloisa bohloko.” Khothalletso ea hae ho ba neng ba ipitsa Bakreste eona e bile efe? “Chesang lisynagoge tsa bona kapa likolo . . . Matlo a bona le ’ona a heletsoe ’me a senngoe.”

Moprofesa oa ’muso le oa lithuto tse amang sechaba, ea ileng a ithuta tsa mehla eo o re: “Bora bo khahlanong le Bajuda ho hang ha ho moo bo amanang teng le liketso tsa Bajuda ’me ka hona, ha bo amane ho hang le taba ea hore batho ba nang le bora boo ba tseba seo Bajuda ba hlileng ba leng sona.” O boetse oa hlokomela: “Bajuda ba emela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khopameng, e le hore boitšoaro bo itlelang feela bo khahlanong le bobe ba tlhaho kapa ba sechaba bo ne bo ka jarisoa Bajuda.”

Ho Etsa Qeto e Akaretsang

Leqheka le leng le atlehang haholo la ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano ke ho etsa qeto e akaretsang. Ho etsa liqeto tse akaretsang ho batla ho sira linnete tsa bohlokoa ka seo ho hlileng ho buuoang ka sona, ’me hangata ho sebelisoa bakeng sa ho nyenyefatsa lihlopha tsohle tsa batho. Ka mohlala, polelo e reng “Magypsie [kapa bajaki] ke masholu” e utluoa hangata linaheng tse ling tsa Europe. Empa na ke ’nete?

Richardos Someritis eo e leng mongoli oa koranta o re naheng e ’ngoe maikutlo a joalo a baka lintho tse kang “tšabo e fetelletseng ea melata le bohale bo sa laoleheng ba khethollo” ho batho ba merabe e meng. Leha ho le joalo, ho bonahetse hore ha ho tluoa tabeng ea botlokotsebe, bafosi e ntse e ka ba matsoalloa a naheng eo, joalo feela ka melata. Ka mohlala, Someritis o hlokomela hore lipatlisiso li bontšitse hore Greece, “litlōlo tsa molao tse 96 ho tse 100 li etsoa ke [Magerike].” Oa hlokomela: “Sesosa sa liketso tsa bonokoane ke maemo a moruo le a bophelo, e seng ‘a morabe.’” O beha mecha ea litaba molato ka hore “ka tsela e laolehileng e hlohlelletsa ho tšaba melata le khethollo ea merabe” ka tsela eo e hasang tlōlo ea molao ka tsela e sothehileng ka eona.

Ho Seolla

Batho ba bang ba rohaka ba sa lumellaneng le bona ka ho tšoaea-tšoaea semelo sa bona liphoso kapa merero ea bona ho e-na le ho lebisa tlhokomelo linthong tseo e leng linnete. Ho seolla ho fa motho, sehlopha kapa khopolo lebitso le lebe, le hopolehang ka pele. Moseolli o ba le tšepo ea hore lebitso leo le tla khomarela mong’a lona. Haeba batho ba khesa motho kapa khopolo e itseng ka lebaka la lebitso le lebe ho e-na le hore bona ba itlhahlobele bopaki, eba leqheka la moseolli eo le sebelitse.

Ka mohlala, lilemong tsa morao tjena maikutlo a ho ba khahlanong le lihlotšoana tsa bokhelohi a ’nile a pholletsa le linaha tse ngata tsa Europe le libakeng tse ling. Tšekamelo ena e ferekantse maikutlo, ea baka boikutlo ba bora le ho khothalletsa leeme le teng hona joale khahlanong le malumeli a manyenyane. Hangata “sehlotšoana sa bokhelohi” se phetoa-phetoa hangata hoo se fetohang ntho e emelang ho itseng. Moprofesa oa Mojeremane, Martin Kriele o ngotse tjena ka 1993: “‘Sehlotšoana sa bokhelohi’ ke lentsoe le leng le bolelang ‘mokhelohi,’ ’me kajeno Jeremane, joaloka linakong tse fetileng, mokhelohi o [ahloleloa lefu]—haeba e se ka mollo . . . , joale e tla ba ka ho mo senya lebitso, ho mo ila sekhethe le ho mo timetsa moruong.”

Setsi sa Tlhahlobisiso ea ho Phatlalatsa Likhopolo Tsa Leshano se bontša hore “lebitso le lebe le ’nile la phetha karolo e khōlō historing ea lefatše le tsoelo-peleng ea rōna ka bomong. Le ’nile la senya botumo bo botle, . . . la kenya [batho] lichankaneng, la ba la etsa hore batho ba tuke bohale hoo ba kenang lintoeng le ho bolaea batho ba bang.”

Ho Ipiletsa Maikutlong

Le hoja maikutlo a ka ’na a se ke a e-ba a bohlokoa litabeng tse thehiloeng ’neteng kapa ho utloahaleng ha phehisano e itseng, a phetha karolo ea bohlokoa ho susumetseng. Ho phahama ha maikutlo ho bakoa ke bahatisi ba nang le phihlelo, ba tsebang ho ipiletsa maikutlong a motho ka bokhabane bo tšoanang le ba ha setsebi sa ’mino se bapala piano.

Ka mohlala, tšabo ke maikutlo a ka sirang temoho. ’Me joaloka tabeng ea mohono, tšabo e ka phetha karolo e khōlō. Koranta ea Canada, The Globe and Mail, ea la 15 February 1999 e ile ea tlaleha se latelang se tsoang Moscow: “Bekeng e fetileng ha banana ba bararo ba ipolaea Moscow, ka potlako mecha ea litaba ea Russia e ile ea bolela hore e ne e le balateli ba chesehang ka ho feteletseng ba Lipaki tsa Jehova.” Ela hloko lentsoe “ba chesehang ka ho feteletseng.” Ka tloaelo, batho ba ne ba tla tšaba mokhatlo oa bolumeli o chesehang ka ho feteletseng oo ho lumeloang hore o susumelletsa bacha ho ipolaea. Na bananyana baa ba malimabe ba ne ba hlile ba amana le Lipaki tsa Jehova ka tsela e itseng?

Globe e ile ea tsoela pele: “Hamorao mapolesa a ile a lumela hore bananyana bao ho ne ho se moo ba kopanang teng le [Lipaki tsa Jehova]. Empa ka nako eo, thelevishine ea Moscow e ne e se e hlasetse ka mabifi sehlotšoana sena, e bolelletse bashebelli hore Lipaki tsa Jehova li ne li sebelisana le Adolf Hitler oa Jeremane ea Bonazi—ho sa tsotellehe bopaki ba histori ba hore litho tsa tsona tse likete e ne e le liphofu likampong tsa lefu tsa Manazi.” Maikutlong a batho ba sa tsebeng letho le ho sechaba se nang le tšabo, Lipaki tsa Jehova e ne e le sehlotšoana sa borapeli sa bokhelohi se susumelletsang batho ho ipolaea, kapa hona ho ba batšehetsi ba Bonazi!

Ba phatlalatsang likhopolo tsa leshano ba sebelisa hampe maikutlo a matla a lehloeo. Ka ho khetheha, ho kobisa ho sebetsa haholo ho le hlohlelletseng. Ho bonahala ho batla ho e-na le mantsoe a mangata haholo a hlohlelletsang lehloeo le ho le sebelisa hampe khahlanong le lihlopha tse itseng tsa merabe, tsa setso kapa tsa bolumeli.

Ba bang ba phatlalatsang likhopolo tsa leshano ba sebelisa boikhohomoso. Hangata re ka lemoha lintho tse ipiletsang boikhohomosong ka ho hlahloba lipoleloana tsa sehlooho tse kang: “Motho leha e le ofe ea bohlale oa tseba hore . . . ” kapa, “Motho ea rutehileng joaloka uena u tlameha ho lemoha hore . . . ” Ha ka lehlakoreng le leng ho ipiletsa boikhohomosong ho etsa hore re tšabe ho hlaha e ka re lithoto. Litsebi tsa ho susumetsa li tseba seo hantle.

Mapetjo le Matšoao

Mapetjo ke lipolelo tse sa hlakang tseo ka tloaelo li sebelisoang ho hlalosa boikutlo kapa lipakane. Ka lebaka la ho se hlake ha tsona, ho bonolo ho lumellana le tsona.

Ka mohlala, nakong ea khohlano kapa ntoa ea bochaba, baeta-pele ba ka ’na ba sebelisa mapetjo a kang “E bang e nepile kapa e fositse, ke ea le naha ea heso,” “Lefatše la Bo-ntat’a Rōna, Bolumeli, Lelapa,” kapa “Tokoloho kapa Lefu.” Empa na boholo ba batho bo hlahlobisisa seo e hlileng e leng sesosa sa khohlano eo kapa ntoa eo? Kapa ba mpa ba amohela seo ba se bolelloang?

Ha Winston Churchill a ngola ka Ntoa ea I ea Lefatše, o ile a hlokomela: “Ho hlokahala pontšo e itseng feela ho etsa hore matšoele ana a batho ba nang le khotso ba sa rutehang le ba sebetsang a fetohe lebotho le tsekollanang likoto.” O ile a boela a hlokomela hore batho ba bangata ha ba bolelloa hore na ba etse eng, ba ho etsa ba sa nahane le ho nahana.

Ea phatlalatsang likhopolo tsa leshano o boetse o na le lipontšo le matšoao a mangata ao a fetisang molaetsa oa hae ka ’ona—tlhompho e etsoang ka ho thunya lithunya makhetlo a 21, ho bontša tlhompho ea sesole, ho lumelisa folakha. Ho rata batsoali ho ka boela ha sebelisoa hampe. Ka hona, matšoao a kang lefatše la bo-ntat’a rōna, naha ea batsoali ba motho kapa kereke ea batsoali ke lithulusi tsa bohlokoa tse sebelisoang ke mosusumetsi ea kotsi.

Kahoo, tsebo e masene ea ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano e ka senya maikutlo, ea thibela motho ho nahana ka ho hlaka le ho ba le temoho, ’me ea etsa hore batho ba nke khato e le sehlopha. U ka itšireletsa joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]

Tsebo e masene ea ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano e ka senya maikutlo, ea thibela motho ho nahana ka ho hlaka

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]

NA MOSEBETSI OA LIPAKI TSA JEHOVA O PHATLALATSA LIKHOPOLO TSA LESHANO?

Bahanyetsi ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba li qositse ka hore li hasa likhopolo tsa leshano tsa Sione. Ba bang ba qositse hore mosebetsi oa Lipaki o buella Bokomonisi. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba ’nile ba bolela hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o buella likhopolo le lithahasello tsa “puso ea tlatlapo ea Maamerika.” ’Me ho boetse ho na le ba tiisang ka matla hore Lipaki ke majela-thōko a fehlang pherekano ka sepheo sa ho fetola tsamaiso ea sechaba, ea moruo, ea lipolotiki le ea molao. Ho hlakile hore liqoso tsena tse hanyetsanang e ke ke ea e-ba ’nete kaofela ha tsona.

Taba ke hore ha ho le e ’ngoe ea lintho tse boletsoeng kaholimo eo e leng ’nete ka Lipaki tsa Jehova. Mosebetsi oa Lipaki o etsoa e le ho mamela ka botšepehi taelo eo Jesu Kreste a ileng a e-fa barutuoa ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Mosebetsi oa tsona o lebisitse tlhokomelo feela litabeng tse molemo tsa ’Muso oa leholimo—kofuto ea Molimo ea ho tlisa khotso lefatšeng lohle.—Matheu 6:10; 24:14.

Bashebelli ba Lipaki tsa Jehova ha baa fumana bopaki ba hore mokhatlo ona oa Bokreste o kile oa senya taolo e ntle naheng leha e le efe.

Baqolotsi ba bangata ba litaba, baahloli le ba bang ba ’nile ba hlalosa tlatsetso e molemo eo Lipaki tsa Jehova li e entseng metseng eo li lulang ho eona. Nahana ka mehlala e meng. Ka mor’a hore motlalehi e mong oa litaba oa Europe e ka boroa a be teng kopanong ea Lipaki tsa Jehova, o ile a hlalosa: “Batho bana ba na le malapa a momahaneng haholo, ba rutoa ho rata le ho latela matsoalo a bona e le hore ba se ke ba utloisa ba bang bohloko.”

Moqolotsi e mong oa litaba eo pele a neng a sa rate Lipaki o ile a re: “Li phela bophelo bo behang mohlala. Ha li tlōle litekanyetso tsa boitšoaro bo botle le bo nepahetseng.” Ka ho tšoanang, rasaense e mong oa lipolotiki o ile a re ka Lipaki: “Li tšoara batho ba bang ka mosa o feletseng, ka lerato le ka bonolo.”

Lipaki tsa Jehova li ruta hore ho nepahetse ho mamela balaoli. E le baahi ba mamelang molao, li latela litekanyetso tsa Bibele tsa botšepehi le bohloeki. Li hlaolela ho ba le boitšoaro bo botle malapeng a tsona ’me li thusa le ba bang hore ba ithute hore na ba ka etsa se tšoanang joang. Li phela le batho bohle ka khotso, ha li kene mekolokong ea boipelaetso e senyang kapa liphetohelong tsa puso. Lipaki tsa Jehova li batla ho bea mohlala ho mameleng melao ea balaoli ba phahameng, ha li ntse li letetse ka mamello Matla a ho Laela a Phahameng ka ho Fetisisa, ’Musi Morena Jehova, hore a tsosolose khotso e phethahetseng le puso e nepahetseng lefatšeng lena.

Ka nako e tšoanang, mosebetsi oa Lipaki oa ruta. Li sebelisa Bibele e le motheo, li ruta batho lefatšeng lohle ho nahana ka melao-motheo ea Bibele ’me ka hona ba hlaolele litekanyetso tse nepahetseng tsa boitšoaro le ho ba ba tšepahalang. Li buella bohlokoa ba ho ntlafatsa bophelo ba lelapa le ho thusa bacha hore ba sebetsane ka katleho le liphephetso tsa bona tse ikhethang. Li boetse li thusa batho hore ba fumane matla a ho hlōla mekhoa e mebe le ho tseba ho sebelisana le ba bang hantle. Mosebetsi o joalo o ke ke oa bitsoa hore o “phatlalatsa likhopolo tsa leshano.” Joalokaha The World Book Encyclopedia e bolela, libakeng tseo likhopolo li tsamaeang habonolo feela, “ho phatlalatsa leshano ho fapane le thuto.”

[Litšoantšo]

Lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova li buella melemo ea lelapa le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano ho khothalletsang ntoa le ho tsuba ho kentse letsoho lefung la ba bangata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela