“Tloaelo ea ho Bolaea” e Khothalletsoa Joang?
“Ho na le limaele [lik’hilomithara] tse likete-kete pakeng tsa baphaphathehi ba banyenyane ba ferekaneng maikutlo ba Kosovo le bana ba Amerika ba pepesehetseng pefo le liketsahalo tse ling tse bohloko, empa lekhalo maikutlong le ka ’na la se ke la e-ba lekaalo pakeng tsa bona.”—Marc Kaufman, The Washington Post.
Ebang rea rata kapa che, lefu le re ama kaofela ka tsela e tobileng kapa e sa tobang. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na re lula hokae—naheng e sohlokoang ke ntoa e mabifi kapa naheng e nang le botsitso bo itseng.
HO BONAHALA ha “tloaelo ea ho bolaea,” ho ka bonoa ho phahameng ho teng ha ho tepella maikutlong, ho sithabeleng, ho lemalleng lithethefatsi, ho ntšeng limpa, boitšoarong bo lihelang selomong, ho ipolaeeng le ho bolaeeng batho ka bongata kajeno. Moprofesa Michael Kearl oa Lefapha la Thuto ea Kahisano le Thuto e Mabapi le Batho Univesithing ea Trinity e San Antonio, Texas, U.S.A., o hlalositse tjena mabapi le tšebeliso e mpe ea lefu: “Ho latela pono ea morao tjena ea lekholo lena la rōna la bomashome a mabeli la lilemo [1999], re fumana hore . . . lefu le se le nkoa e le matla a ka sehloohong a motheo a bophelo le tlhophiso ea taolo ea sechaba. Lefu ke mohloli oa tšusumetso malumeling a rōna, lifilosofing, likhopolong tsa lipolotiki, bononong le theknolojing ea bongaka. Le etsa hore ho rekoe likoranta le liinshorense, le phelisa lipale tse hlahang mananeong a rōna a thelevishene, le . . . hona ho matlafatsa liindasteri tsa rōna.” A re ke re hlahlobeng e meng ea mehlala ea kamoo sena se sa tloaelehang, se bitsoang tloaelo ea ho bolaea, se bonahalang kateng mehleng ena ea rōna.
Ho Rekisoa ha Libetsa
“Tloaelo ea ho bolaea” e bonahala thekisong ea libetsa ea letsatsi le letsatsi. Libetsa li sebelisetsoa ho bolaea masole, empa haholo-holo li bolaea baahi, har’a bona e le basali le bana ba se nang molato. Ka linako tsohle bophelo ha e be ba bohlokoa lintoeng, ebang ke tsa lehae kapa tse ling. Kulo ea ’molai kapa ea motho ea thunyang a ipatile ke bokae?
Ho fumana libetsa habonolo feela ha sechaba linaheng tse ling ho felletse ka keketseho e tšosang le ea ka mehla ea ho shoa ha batho ka bomong le ka lihlopha. Ka mor’a tlokotsi ea ho thunngoa ho ileng ha etsahala sekolong se phahameng Littleton, Colorado, ho ile ha e-ba le boipelaetso ka lebaka la ho ata ha thekiso ea libetsa le ho fumaneha ha tsona habobebe ho bana. United States palo ea bacha ba shoang ka tsela e mabifi ea tšosa—ho latela makasine ea Newsweek, ke karolelano ea ba 40 ka beke. Ho bana, karolo e ka etsang 90 lekholong ea bona ke ba thuntsoeng. Selemo le selemo, sena se lekana le lipolao tse 150 tse sehlōhō tse kang e ileng ea etsahala Littleton!
Lefatše la Boithabiso
Lifilimi li sebelisa lefu hampe. Ka mohlala, papali ea filimi e ka ’na ea hlahisa boitšoaro bo bobe, pefo, thekiso ea lithethefatsi e seng molaong kapa tlōlo ea molao e hlophisitsoeng hantle ’me ka hona, ea nyenyefatsa bohlokoa ba bophelo le melao-motheo ea boitšoaro. Ho na le lifilimi tse ling tseo lefu le bileng le hlahisoang ka tsela ea lerato—ho bontša tšōmo ea bophelo ba ka mor’a lefu le hoo ho nkoang e le ha mofu a etela ba phelang—e leng ho etsang hore lefu le nkoe habobebe.
Se tšoanang sea etsahala le mananeong a mang a thelevishene le ’minong. Ho latela tlaleho ea litaba, babolai ba sa leng bacha ba Littleton e ne e le barati ba sebini sa ’mino oa rock, se tummeng ka “litšoantšo tsa botharasi, tsa bosatane,” le ka lipina tse nang le “mabitso a borabele le a lefu.”
United States, tsela eo mananeo a thelevishine a nkoang ka eona e ile ea hlahlojoa hape e le ho sireletsa bacha hore ba se bone lintho tse ka ba amang hampe. Liphello e bile tse khahlanong le morero oo. Ha a ngola ho Newsweek, Jonathan Alter o hlalositse hore sena “se ka ’na sa etsa hore bana ba batle ho ja tholoana e hanetsoeng le ho feta.” O ile a phaella ka hore molemong oa ho hlabisa lihlong le ho tlama ba ikarabellang hore ba fokotse pefo mecheng ea litaba, Mopresidente Clinton o tla tlameha ho “bala phatlalatsa mabitso a lik’hamphani tsohle tse khōlō (le baokameli ba baholo ba tsona)” tse sa etseng feela lifilimi tsa batho ba hlabanang ka lithipa le lirekoto tsa ’mino oa ‘gangsta rap,’ empa tse boelang li etsa le lipapali tsa k’homphieutha tse lumellang bana ho etsa se “‘tšoanang le’ ho bolaea batho.”
Ho Bolaea Lipapaling Tsa Livideo le ho Internet
Bukeng ea hae ea The Deathmatch Manifesto, Robert Waring o seka-seka ho tuma ha lipapali tsa tlhōlisano ea ho bolaea har’a bacha.a Mr. Waring o lumela hore mokhatlo oa sekhukhu oa libapali tsa lipapali tsena o qalile ho ba teng hona linakong tsena tsa liketsahalo tse sa tloaelehang. Ka sebele lipapali tsena li na le matla a ho ruta ho bolaea, e seng a ho ruta thuto e molemo. Waring o re: “Ho hlōlisana le motho ea phelang kae kae sebakeng se seng lefatšeng, le ho leka ho ipaka, ke phihlelo e susumetsang haholo. Ruri ho bonolo ho nkeha ke tsona.” Bacha ba hapuoa ke matla a ponahalo e thetsang e hlahellang ka morao e bonahalang e ka ke ntoa e tšollang mali. Ha ba se na mokhoa oa ho kena ho Internet, ba bang ba reka lipapali tsa video tseo ba li shebellang thelevisheneng lapeng. Ba bang ba tloaetse ho ea libakeng tsa sechaba moo ho hirisoang mechine ea lipapali tsa video ’me ba etse ‘se tšoanang’ le ho loantša bahanyetsi ba bona ho isa lefung.
Le hoja lipapali tsa “tlhōlisano ea ho bolaea” li hlophisitsoe ho latela lilemo tsa sebapali, ’nete ke hore ha ho na taolo. Eddie ea lilemo li 14 oa United States o re: “Hangata batho ba u bolella hore u sa le monyenyane, empa ha ba u thibele ho reka [papali eo].” O rata e nang le ho thunyana ho mabifi. Le hoja batsoali ba hae ba tseba ka sena ’me ba sa se rate, ke seoelo ba hlahlobang ho bona hore na o ntse a bapala papali eo kapa che. Mocha e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a fihlela qeto ena: “Moloko oa rōna o shoele letsoalo ho feta leha e le ofe o mong tabeng ea pefo. Hona joale bana ba hōlisoa ke lithelevishene ho feta ho hōlisoa ke batsoali, ’me thelevishene e bontša bana lipale tse mabifi.” Ha John Leland a ngola ho Newsweek, o itse: “Ka lebaka la bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba bangata ba ka bang limilione tse 11, ba khonang ho kena ho [Internet United States], bacha ba ntseng ba eketseha ba phela sebakeng seo batsoali ba bangata ba sitoang ho fihla ho sona.”
Mekhoa ea Bophelo e Lebisang ho Bolaeeng
Ho thoe’ng ka boitšoaro bo pheloang bo ka ntle ho lipapali tsa “tlhōlisano ea ho bolaea” le lifilimi tsa pefo? Le hoja bophelong ba sebele re sa tlamehe ho hlōlisana le libōpuoa tse sa tloaelehang lintoeng tsa ho bolaea, mokhoa oo ba bangata ba phelang ka oona o akarelletsa boitšoaro bo ntšang kotsi. Ka mohlala, ho sa tsotellehe tšusumetso ea lelapa, tsamaiso ea tsa bophelo bo botle le ba boholong ba lemosang ka kotsi ea ho tsuba le ho sebelisa lithethefatsi hampe, mekhoa ena e ntse e tsoela pele ho eketseha. Maemong a mangata, e baka lefu le tlang pele ho nako. E le hore li eketse phaello e fumanoang ka tsela e seng molaong, mekhatlo e meholo ea khoebo le barekisi ba seng molaong ba lithethefatsi ba tsoela pele ho nka monyetla ka batho ba tšoenyehileng, ba feletsoeng ke tšepo le ba futsanehileng moeeng.
Ke Mang ea Susumelletsang Tsee Tsohle?
Na Bibele e bua ka lefu e le taba e loketseng eo ho ka ithabisoang ka eona? Na e lokafatsa mekhoa ea bophelo e ka re bolaeang? Che. Ho Bakreste ba ’nete, joalokaha moapostola Pauluse a ne a ikutloa, lefu ke “sera” feela. (1 Bakorinthe 15:26) Bakreste ha ba talime lefu e le ntho e khahlang le eo ho ka ithabisoang ka eona, ho e-na le hoo, ba le nka le le khahlanong le tlhaho, e le phello e tobileng ea sebe le borabele khahlanong le Molimo. (Baroma 5:12; 6:23) Le ka mohla lefu ha le e-s’o ka le e-ba karolo ea morero oa Molimo oa tšimolohong ka motho.
Satane o bitsoa “ea nang le mokhoa oa ho baka lefu.” O bitsoa “’molai,” eseng hobane a hlahisa lefu ka ho toba, empa hobane a le hlahisa ka ho sebelisa thetso, ka ho khelosa batho hore ba etse sebe, ka ho susumelletsa boitšoaro bo hlahisang bobolu le lefu, le ka ho khothalletsa maikutlo a bolaeang likelellong le lipelong tsa banna, basali esita le bona bana. (Baheberu 2:14, 15; Johanne 8:44; 2 Bakorinthe 11:3; Jakobo 4:1, 2) Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha bacha e le bona liphofu tse ka sehloohong? Re ka etsa eng ho ba thusa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlhahlobo ena e hlokomela hore lipapaling tsena tsa “Tlhōlisano ea ho Bolaea, libapali li susumelletseha ho bolaeana lipapaling tse hokahantsoeng tseo ho tsona ho nang le ponahalo e thetsang.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Moloko oa rōna o shoele letsoalo ho feta leha e le ofe o mong tabeng ea pefo”