Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 9/8 maq. 5-9
  • Ho Nyakurela ho Tse sa Bonoeng—Ho Sibolloa Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyakurela ho Tse sa Bonoeng—Ho Sibolloa Eng?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Limakatso Tsa Metsi
  • Limolek’hule Tse Rarahaneng Haholo
  • Bophelo bo Khethehile ’me ha ho Ntho e Tšoanang le Bona
  • Sele—Na e Hlahile ka Tšohanyetso Kapa e Reriloe?
  • Ho Lumellana ho Hlollang ha Lintho
  • Lipotso Tse Peli Tsa Bohlokoa
    Tsoha!—2015
  • O Etselitsoe ho Phela ka ho sa Feleng
    Tsoha!—1995
  • Bophelo bo Qalile Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • Molek’hule ea Hemoglobin e Entsoe ka Tsela e Hlollang
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 9/8 maq. 5-9

Ho Nyakurela ho Tse sa Bonoeng—Ho Sibolloa Eng?

KAMOO re ka behang taba kateng, ho finyelloa eng ha batho ba sebelisa boqapi bo bocha ho bula kharetene ’me ba bona lintho tseo pele ba neng ba sitoa ho li bona? Ho etsa joalo ka sebele ho ka thusa hore ho lemohuoe ka kholiseho seo pele se neng se sa tsejoe.—Bona lebokose le ka tlaase.

Ho kile ha lumeloa ka bongata hore lefatše ke khubu ea bokahohle. Empa joale tšebeliso ea sebonela-hōle e bontšitse hore lipolanete, ho akarelletsa le lefatše, li tsepame sebakeng ’me li potoloha letsatsi. Ka ho qapuoa ha mechine e matlahali e hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane morao tjena, batho ba ’nile ba hlahloba athomo ka boeona ’me ba ba ba bona kamoo mefuta e itseng ea liathomo e kopaneng le e meng kateng ho etsa se bitsoang limolek’hule.

Nahana ka sebōpeho sa molek’hule oa metsi, ntho ea bohlokoa bophelong. Ka lebaka la sebōpeho sa tsona, liathomo tse peli tsa hydrogen li tla kopana ka tsela e ikhethang le athomo e le ’ngoe ea oksijene bakeng sa ho etsa molek’hule oa metsi—tseo lerotholing le le leng, li leng limilione tse likete! Re ka ithuta eng ka ho hlahloba molek’hule oa metsi le ho nahana ka boitšoaro ba oona tlas’a maemo a fapaneng?

Limakatso Tsa Metsi

Le hoja marotholi a metsi ka bomong a bonahala a sa rarahana, metsi ke ntho e rarahaneng ka ho fetisisa. Ha e le hantle, Dr. John Emsley, mongoli oa saense Kolecheng ea Imperial, London, Engelane, o ile a re ke “e ’ngoe ea lik’hemik’hale tse etselitsoeng liphuputso ka ho fetisisa, empa e ntse e sa utloisisoe.” Makasine ea New Scientist e re: “Metsi a tloaelehile haholo linthong tse metsi Lefatšeng, empa a boetse a har’a lintho tse thata ka ho fetisisa ho utloisisoa.”

Dr. Emsley o hlalositse hore ho sa tsotellehe sebōpeho se sa rarahanang sa metsi, “ha ho na ntho e rarahaneng joaloka mekhoa ea ’ona.” Ka mohlala, o itse: “H20 e lokela ho ba moea, . . . empa ke metsi. Ho feta moo, ha e hoama . . . , leqhoa, e leng boemo ba eona ha e le thata, lea phaphamala ho e-na le hore le qite” joalokaha ka ho tloaelehileng re ne re ka lebella hore ho be joalo. Mabapi le boitšoaro bona bo sa tloaelehang, Dr. Paul E. Klopsteg, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa American Association for the Advancement of Science, o ile a hlokomela:

“Ona o bonahala e le mokhoa o tsotehang oa ho boloka bophelo ba lintho tse lulang metsing, tse kang litlhapi. Nahana hore na ho ne ho tla etsahala eng haeba metsi a ne a sa be ka tsela eo a hlalositsoeng ka eona ha a fihla ntlheng ea khoamo. Leqhoa le ne le tla ba teng ’me le ’ne le eketsehe ho fihlela le tlala letša lohle, le bolaea lintho tsohle kapa boholo ba tse phelang metsing.” Dr. Klopsteg o ile a re boitšoaro boo bo sa lebelloang ba metsi ke “bopaki ba kelello e ikhethang le e nang le morero ho etsoeng ha bokahohle.”

Ho latela New Scientist, hona joale babatlisisi ba nahana hore ba tseba lebaka le etsang hore metsi a itšoare ka tsela e sa tloaelehang joalo. Ba qapile mokhoa oa pele oo ba inahanelang oona oo ka ho nepahala o bontšang esale pele hore na metsi a tla atoloha hakae. Babatlisisi ba hlokometse hore “senotlolo sa ho utloisisa mohlolo oo se tabeng ea sebaka se lipakeng tsa liathomo tsa oksijene tse teng linthong tsena.”

Na seo ha se hlolle? Molek’hule e shebahalang e sa rarahana e phephetsa kutloisiso ea motho. ’Me nahana taba ea hore metsi a etsa boholo ba boima ba ’mele ea rōna! Na le uena u bona limakatso tsa molek’hule ee, e nang le liathomo tse tharo feela le lirafshoa tse peli, “bopaki ba kelello e ikhethang le e nang le morero”? Leha ho le joalo, molek’hule ea metsi e nyenyane haholo ebile e rarahane hanyenyane ha e bapisoa le limolek’hule tse ling tse ngata.

Limolek’hule Tse Rarahaneng Haholo

Limolek’hule tse ling li entsoe ka liathomo tse likete tsa lirafshoa tse 88 tse bang teng ka tlhaho lefatšeng. Ka mohlala, molek’hule ea DNA (khutsufatso ea deoxyribonucleic acid), e nang le boitsebiso ba matšoao a nang le moelelo o patehileng bakeng sa lefutso la ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang, e ka ba le liathomo tse limilione tsa lirafshoa tse ’maloa!

Ho sa tsotellehe ho rarahana ha eona ho makatsang, molek’hule ea DNA e bophara ba limilimithara tse 0,0000025 feela, e leng ntho e nyenyane haholo hore e ka bonoa ntle le ka thuso ea mochine o matlahali o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo. E bile feela ka 1944 moo bo-rasaense ba ileng ba sibolla hore DNA ke eona e rerang lefutso la motho. Tšibollo ena e ile ea etsa hore ho qaloe patlisiso e matlahali mabapi le molek’hule ena e rarahaneng ka ho fetisisa.

Leha ho le joalo, DNA le metsi e mpa e le feela e ’meli mefuteng e mengata ea limolek’hule tse amanang le ho etsoa ha lintho. ’Me kaha ho na le limolek’hule tse ngata tse fumanoang linthong tse phelang le linthong tse sa pheleng, na re lokela ho etsa qeto ea hore ho na le mothati kapa borokho bo sa rarahanang pakeng tsa lintho tse phelang le tse sa pheleng?

Ka nako e telele, batho ba ’nile ba lumela hore ho joalo. Setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo, Michael Denton, se hlalositse tjena: “Tšepo ea hore tsebo e eketsehileng ka bongaka ba lintho tse phelang e tla koala lekhalo e ne e bontšoa haholo ke ba bangata ba boholong lilemong tsa bo-1920 le bo-1930.” Leha ho le joalo, qetellong ho ile ha sibolloa eng?

Bophelo bo Khethehile ’me ha ho Ntho e Tšoanang le Bona

Le hoja bo-rasaense ba ne ba lebeletse ho fumana mehato ea ho fetohela boemong bo bong, kapa maemo a latellanang butle-butle pakeng tsa lintho tse phelang le tse sa pheleng, Denton o ile a hlokomela hore boteng ba sekheo se hlakileng “qetellong bo ile ba tiisoa ka mor’a hore ho sibolloe baeloji ea limolek’hule tsa lintho tse phelang mathoasong a bo-1950.” Ha a pheta ntlha e babatsehang eo hona joale e hlaketseng bo-rasaense, Denton o ile a tsoela pele ho hlalosa:

“Hona joale ha re tsebe feela ka boteng ba sekheo se teng pakeng tsa lintho tse phelang le tse sa pheleng, empa re boetse rea tseba hore bo emela likheo tsa tlhaho tse hapang tlhokomelo le tsa motheo. Pakeng tsa sele e phelang le tsamaiso e sa pheleng e hlophisitsoeng ka mokhoa o phahameng ka ho fetisisa, e kang kristale kapa lehloa, ho na le lekhalo le leholo le ke keng la lekanngoa hoo ho leng thata ho le nahana.”

Sena hase bolele hore ho etsa molek’hule ho bonolo. Buka ea Molecules to Living Cells e hlalosa hore “lintho tse bōpang molek’hule e nyenyane ka botsona li rarahane.” Leha ho le joalo, e phaella ka hore ho etsa limolek’hule tse joalo “ho bonolo ha ho bapisoa le se ileng sa latela e le hore ho hlahisoe sele ea pele e phelang.”

Lisele li ka itlhahisa ka botsona e le lintho tse phelang tse arohileng, joaloka baktheria, kapa li ka sebetsa e le karolo ea lisele tse ngata-ngata tsa ntho e phelang, joaloka motho. Ho ne ho tla hlokahala lisele tse 500 tse boholo bo lekaneng hore li lekane le boholo ba khutlo e ngotsoeng qetellong ea polelo ena. Ka hona, ha ho makatse hore ebe ho sebetsa ha sele ha ho bonahale mahlong a pala. Joale ho sibolotsoe eng ka ho sebelisa mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo ho nyakurela sele e le ’ngoe ea ’mele oa motho?

Sele—Na e Hlahile ka Tšohanyetso Kapa e Reriloe?

Pele ho tsohle, joang kapa joang motho o makatsoa ke ho rarahana ha lisele tse phelang. Mongoli e mong oa saense o ile a hlokomela: “Esita le bakeng sa sele e phelang e sa rarahanang hakaalo, tsela e tloaelehileng eo e hōlang ka eona e hloka hore ho be le liphetoho tse likete li mashome tsa lik’hemik’hale, tse etsahalang ka tumellano.” O ile a botsa: “Ho tla joang hore seleng e le ’ngoe e nyenyane, ho etsahale liphetoho tse laolehileng tse 20 000 ka nako e le ’ngoe?”

Michael Denton o ile a bapisa sele e phelang, esita le e nyenyane ka ho fetisisa le “fektheri e nyenyane ea sebele e nang le likaroloana tse likete-kete tse qapiloeng ka bokhabane tsa mochine o rarahaneng oa limolek’hule, o entsoeng ka liathomo tse limilione tse likete li lekholo, o rarahaneng ho feta mochine leha e le ofe o kileng oa etsoa ke motho ’me ho se o tšoanang le oona lefatšeng la lintho tse sa pheleng.”

Bo-rasaense ba lula ba hloletsoe ke ho rarahana ha sele, joalokaha The New York Times ea la 15 February, 2000, e itse: “Ha litsebi tsa baeloji li utloisisa lisele tse phelang haholoanyane, mosebetsi oa ho fumana sohle seo li se etsang o bonahala o nyahamisa haholoanyane. Sele e tloaelehileng ea motho e nyenyane haholo hore e ka bonoa, empa nako efe le efe liphatsa tsa eona tsa lefutso tse ka bang 30 000 ho tse 100 000 li ka paitsa, tsa etsa hore sele e sebetse kapa tsa arabela melaetsa e tsoang liseleng tse ling.”

Times e ile ea botsa: “Mochine o monyenyane le o rarahaneng joalo o ka hlahlobisisoa joang? Esita le haeba ka boiteko bo matla ho ne ho ka etsahala hore sele ea motho e utloisisoe ka ho feletseng, ho na le bonyane mefuta e sa tšoaneng e 200 ’meleng oa motho.”

Makasine ea Nature, sehloohong se reng “Lienjine Tsa Sebele Tsa Pōpo,” e ile ea tlaleha ka ho sibolloa ha mechine e menyenyane ka har’a sele e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele. Eona ea fapanyetsana e le hore e hlahise adenosine triphosphate, mohloli oa matla a lisele. Rasaense e mong o ile a nahana ka ho teba: “Re ka finyella eng ha re ithuta ho rala le ho haha litsamaiso tsa mochine oa limolek’hule o tšoanang le tsamaiso ea limolek’hule tseo re li fumanang liseleng?”

Nahana feela ka matla a pōpo a sele! Boitsebiso bo tšoeroeng ke DNA ea sele e le ’ngoe feela ea ’mele ea rōna bo ka tlatsa maqephe a limilione a lekanang le lena! Ho feta moo, nako le nako ha sele e ikarola ho etsa e ncha, boitsebiso boo bo fetela seleng e ncha. U nahana hore sele e ’ngoe le e ’ngoe—tseo kaofela li leng libilione tse 100 ’meleng oa hao—e kentsoe lenaneo la boitsebiso boo joang? Na ho itletse feela, kapa ho na le Moqapi e Moholo ea amehang?

Mohlomong u fihletse qeto e tšoanang le eo setsebi sa baeloji, Russell Charles Artist, se ileng sa e fihlela. Se ile sa re: “Re thulane le qaka, ebile e le e ke keng ea fenngoa ea ho leka ho fumana qaleho ea [sele] le ho sebetsa ha eona ho tsoelang pele, ntle le hore re lumele ka mabaka a utloahalang le ka kahlolo e molemo hore e hlahisitsoe ke kelello e bohlale.”

Ho Lumellana ho Hlollang ha Lintho

Lilemong tse fetileng, Kirtley F. Mather, eo ka nako eo e neng e le moprofesa oa jioloji Univesithing ea Harvard, o ile a fihlela qeto e latelang: “Re phela bokahohleng ba Taolo le Tlhophiso, eseng bo hlahileng ka kotsi kapa bo sa tsitsang. Tsamaiso ea bona e na le kutloisiso e feletseng ’me e tšoaneloa ke hlompho e tebileng. Nahana ka tsamaiso ena ea lipalo e babatsehang ea lintho tsa tlhaho e re lumellang hore re fe serafshoa se seng le se seng palo e se loketseng ka ho latellana ha tsona.”

A re hlahlobeng ka bokhutšoanyane “tsamaiso [eo] ea lipalo e babatsehang ea lintho tsa tlhaho.” Har’a lirafshoaa tse neng li tsejoa mehleng ea boholo-holo, e ne e le khauta, silivera, koporo, thini le tšepe. Mehleng e Bohareng, litsebi tsa matla a ho fetola ntho e tloaelehileng ho e etsa e khethehileng li ile tsa balella le arsenic, bismuth le antimony har’a lirafshoa, ’me hamorao lilemong tsa bo-1700, ho ile ha fumanoa tse ling tse ngata. Ka 1863, ho ile ha sebelisoa spectroscope, mochini o ka arolang mebala e ikhethileng eo serafshoa ka seng se fanang ka eona, bakeng sa ho khetholla indium, e leng serafshoa sa bo63 se neng se sibolotsoe.

Ka nako eo, setsebi sa metsoako sa Russia, Dmitry Ivanovich Mendeleyev, se ile sa etsa qeto ea hore lirafshoa ha lia ba teng ka tsela e hlokang tlhophiso. Qetellong, ka la 18 March, 1869, tlalehong ea hae e reng “Sebōpeho sa Tsamaiso ea Lirafshoa,” e ile ea balloa Mokhatlo oa Russia oa Lik’hemik’hale. Ho eona, o ne a itse: ‘Ke rata ho tiisa hore ho na le mofuta o itseng oa tsamaiso ea lintho o sa etsahaleng ka tšohanyetso empa, o etsahala ho latela melao-motheo e tobileng le e nepahetseng.’

Sengoliloenng seo se tsebahalang, Mendeleyev o ile a bolela esale pele: “Re ntse re lokela ho lebella ho sibolla tse ling tse ngata tse sa tsejoeng; ka mohlala, tse tšoanang le alominiamo le silicon, lirafshoa tse nang le boima ba liathomo tse 65 ho ea ho 75.” Mendeleyev o ile a siea libaka tse 16 tse lephaka bakeng sa lirafshoa tse ncha. Ha a kōptjoa hore a fane ka bopaki ba seo a se bolelang, o ile a arabela: “Ha ho hlokahale bopaki. Ho fapana le melao ea puo, melao ea tlhaho e lumela ntle ho tika-tiko.” O ile a phaella: “Ke tšepa hore ha lirafshoa tseo ke sa li tsebeng li fumanoa, batho ba bangata ba tla re ela hloko.”

Seo ke sona se ileng sa etsahala hantle! Encyclopedia Americana ea hlalosa: “Ka lilemo tse 15 tse latelang, ho sibolloa ha gallium, scandium le germanium, tseo metsoako ea tsona e neng e tšoana hantle le eo Mendeleyev a ileng a bua ka eona esale pele, e ile ea hatisa bonnete ba tsamaiso ea lipalo ea lintho tsa tlhaho le ho tuma ha moqapi oa eona.” Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, lirafshoa tsohle tse teng li ne li sibolotsoe.

Ka ho hlakileng, joalokaha setsebi sa metsoako se etsang lipatlisiso, Elmer W. Maurer, se hlokometse, “tokisetso ena e babatsehang ho hang ha ea itlhahela ka tšohanyetso.” Moprofesa oa k’hemistri, John Cleveland Cothran, ha a bua ka monyetla oa hore tsamaiso e lumellanang ea lirafshoa e bile teng ka tšohanyetso, o itse: “Ho fumanoa ha lirafshoa tseo boteng ba tsona bo neng bo ile ba boleloa esale pele [ke Mendeleyev], le ho ba ha tsona le lintho tse batlang li tšoana hantle le tseo a neng a ile a bolela hore li tla ba le tsona, ka sebele li lahlela matjoing taba ea hore monyetla o joalo o ka ba teng. Polelo ea hae e babatsehang ha ho le ka mohla e bitsoang ‘Tlhahlamano ea Lintho Tse Iketsahalletseng Feela.’ Ho e-na le hoo, e bitsoa ‘Molao oa Tlhahlamano ea Lintho.’”

Ho ithuta ho kenelletseng ka lirafshoa le hore na li lumellana joang ho etseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng ho ile ha etsa hore setsebi sa physics se tummeng, P. A. M. Dirac, seo e neng e le moprofesa oa thuto ea lipalo Univesithing ea Cambridge, se re: “Mohlomong motho a ka ’na a hlalosa boemo bona ka hore Molimo ke ralipalo ea li tsebang ka ho fetisisa, le hore O sebelisitse lipalo tse phahameng haholo ho theheng bokahohle.”

Ka sebele, hoa hlolla ho hlahloba lefatše la tse sa bonoeng la liathomo tse nyenyane ka ho fetisisa, limolek’hule, le lisele tse phelang hammoho le lihlopha tse khōlōhali tsa linaleli tse ka nģ’ane ho pono ea rōna e tloaelehileng! Phihlelo ena ea re kokobetsa. Uena u ameha joang? U bona lintho tsee li senola eng? Na u bona ka nģ’ane ho seo mahlo a hao a nama a ka se bonang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lintho tsa motheo tse nang le liathomo tsa mofuta o le mong feela. Ke lirafshoa tse 88 feela tse hlahang ka tlhaho lefatšeng.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Ho Etsahala ka Potlako Haholo Hore Leihlo le ka Bona

Kaha ho khema ha pere ho etsahala ka potlako haholo, banna ba lekholong la bo19 la lilemo ba ile ba phehisana khang ea hore na ebe ho na le nako eo ka eona litlhako tsa eona kaofela li bang sebakeng ka nako e le ’ngoe kapa che. Qetellong, ka 1872, Eadweard Muy­bridge o ile a qala liteko tsa lifoto tseo hamorao li ileng tsa rarolla khang. O ile a qapa mokhoa oa ho nka lifilimi tsa pele tsa lintho tse tsamaeang ka lebelo.

Muybridge o ile a kolokisa lik’hamera tse 24 tse arohaneng hanyenyane. O ile a faselletsa khoele e neng e parola lebala konopong ea k’hamera ka ’ngoe e le hore ha pere e feta, e thetse likhoele tseo ebe li khoephetsa likonopo. Ha ho hlahlojoa lifoto tseo, li ile tsa senola hore ka linako tse ling pere e ne e sa hate fatše ka ho feletseng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy George Eastman House

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ke hobane’ng ha metsi a leqhoa a phaphamala ho e-na le hore a qite?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Molek’hule ea DNA e bophara ba limilimithara tse 0,0000025, empa boitsebiso boo e bo jereng bo ka tlala maqephe a milione

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Computerized model of DNA: Donald Struthers/Tony Stone Images

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Seleng e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele—tseo kaofela li leng libilione tse 100—ho etsahala liphetoho tsa lik’hemik’hale tse likete li mashome-shome ka tsela e lumellanang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Copyright Dennis Kunkel, University of Hawaii

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Setsebi sa metsoako sa Russia, Mendeleyev, se ile sa etsa qeto ea hore lirafshoa li ne li sa hlaha ka tsela e hlokang tlhophiso

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy National Library of Medicine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela