Ho Tloha Olympia ho ea Sydney
BA BANGATA ba nka Lipapali tsa Liolimpiki e le tlhōlisano ea baatlelete ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. The World Book Encyclopedia e re: “Ha ho na ketsahalo e ’ngoe ea lipapali e hapang tlhokomelo e khōlō hakana. Batho ba limilione tse ’maloa ba ba teng lipapaling, empa ba limilione tse makholo lefatšeng ka bophara ba li shebella thelevisheneng.”
Histori e Khutšoanyane
Lipapali tsa Liolimpiki li simolohile lilemong tse likete tse fetileng. Ba lumela hore lipapali li thabisa meea ea bafu, Bagerike ba boholo-holo ba ne ba e-ba le mekete e kopantseng bolumeli le lipapali. Tsena li ne li akarelletsa lipapali tsa Isthmian, Nemean, Olimpiki le tsa Pythian. Lipapaling tsena, tsa Liolimpiki li ne li nkeloa holimo haholo kaha li ne li hlompha Zeuse, eo Bagerike ba neng ba mo nka e le morena oa melimo.
Ka ho hlakileng, Liolimpiki tsa boholo-holo li ne li e-na le mabelo feela. Empa ha nako e ntse e tsamaea, li ile tsa kopanyelletsa litlhōlisano tse ling tse kang mabelo a likariki le mabelo a mokoka. Baeti ba hlahang ka makhalo ’ohle ba ne ba tla ka bongata ketsahalong ena. E le ho etsa bonnete ba hore ba sireletsehile, ho ile ha etsoa tumellano ea ho se loane nakong e etellang pele lipapali le ka mor’a tsona.
Ha ho busa Roma, Liolimpiki li ile tsa fokotseha. Ho hlakile hore Baroma ba bangata ba ne ba khesa lipapali ka tsela e itseng. Mokhelo feela e bile Moemphera Nero. O ile a kenela lipapali ka 67 C.E. ’me a hlōla papaling e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e kenetse. Ho bonahala bao a neng a hlōlisana le bona ba ne ba tseba hore se molemo ke hore ba etse hore a hlōle! Leha ho le joalo, ka 394 C.E., Liolimpiki li ne li khaolitse ho ba teng.
Tsosoloso ea Liolimpiki
Makholo a lilemo a 15 hamorao, seo batho ba epollang lintho tsa khale ba Jeremane ba ileng ba se fumana thoteng ea Olympia ea boholo-holo se ile sa tsosolosa thahasello lipapaling tseo. Joale, Baron Pierre de Coubertin, monna oa Mofora ea lilemo li 29, o ile a etsa tlhahiso ea hore lipapali li tsosolosoe. Ka hona, ka 1896 ho ile ha tšoaroa Lipapali tsa pele tsa Liolimpiki tsa sejoale-joale Athene. Ho tloha selemong seo, Liolimpiki li ’nile tsa tšoaroa selemo se seng le se seng sa bone, ntle leha ho e-na le ho itseng ho khethehileng.
Kajeno, ba bangata ba lebella lipapali tseo ka cheseho. Selemong sena, li tla tšoareloa Sydney, Australia, ho tloha ka la 15 September ho ea ho la 1 October. Ho tla akarelletsoa mefuta ea lipapali tse 28, litlhōlisano tse 292 tse tla bapaloa ka makhetlo a 635, ’me baatlelete ba fetang 10 300 ba tla nka karolo.
Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena Liolimpiki li ’nile tsa e-ba liqhoebeshanong. Batho ba bangata ba bile ba re litekanyetso tsa Liolimpiki li maqakabetsing. Ho hlahloba se ka hare ho tla senola se etsahalang le se tšoenyang ka tsona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Scala/Art Resource, NY