Tšisinyeho ea Lefatše!
Ka mongolli oa Tsoha! Taiwan
“Ke ne ke paqame foleteng ea ka e mokatong oa borobong, ke ntse ke bala, ha mabone a qala ho ba lerootho. Joale kamore e ile ea qala ho tsukutleha habohloko. E ne eka ntho e khōlō e tšosang e nkile mohaho ’me e u tsukutla ka mahlakore ’ohle. Ke ile ka fofela ka tlas’a tafole ha ke utloa melumo ea lintho tse thumakanang mokatong o ka holim’a ka ’me ke tšoha hore siling e tloha e oela. Ho ne ho bonahala ho sa ikemisetsa ho emisa.”—Moqolotsi oa litaba ea lulang Taiwan.
TŠISINYEHO EA LEFATŠE. Ho bitsoa ha lentsoe lena feela hoa tšosa, ’me haufi tjena e ka ’na eaba u le utloile hangata bo tšosang. Ho latela Patlisiso ea Jioloji ea United States, ka 1999 ho bile le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše tse ngata ho feta palo e tloaelehileng ’me palo ea ba shoeleng e ile ea mena habeli kakaretso ea palo ea selemo sohle.
Tšisinyeho ea lefatše e khōlō ka ho fetisisa e ileng ea etsahala ka 1999 e bile Taiwan, moo likarolo tsa bokantle ba lefatše tse tsamaeang li kopanang teng. Ka kakaretso, ho na le matlere a 51 a petsotseng lefatše a lemohuoang ho haola le Taiwan. Ka hona, ha ho makatse hore ebe sebakeng sena ho tlalehoa litšisinyeho tsa lefatše tse ka bang 15 000 selemo se seng le se seng. Leha ho le joalo, boholo ba tsona li fokola haholo hore li ka utluoa.
Ha hoa ka ha e-ba joalo ka la 21 September, 1999. Ka 1:47 hoseng, Taiwan e ile ea reketlisoa ke tšisinyeho ea lefatše e matla hoo Mopresidente Lee Teng-hui a ileng a e bitsa “e mpe ka ho fetisisa e bileng teng sehlekehlekeng sena lilemong tse lekholo.” E ile ea nka metsotsoana e ka bang 30 feela empa e ile ea eba ea tekanyo ea 7,6 sekaleng sa Richter.a Botebo ba tšisinyeho ena bo ne bo ka feta k’hilomithara hanyenyane, ’me ho se tebe ha eona ho ile ha etsa hore e utloahale ka ho feletseng. Liu Xiu-Xia ea lulang haufi le khubung ea tšisinyeho eo o re: “Ke ile ka tsosoa ke ho reketla ho matla. Thepa ea ka tlung e ile ea oa, esita le lebone le silinng le ile la bjaramana fatše. Ke ne ke sitoa ho tsoa hobane monyako o ne o sitoa ho buleha ka lebaka la lintho tse neng li oele le likhalase tse pshatlehileng.” Huang Shu-Hong, eo tšisinyeho e ileng ea mo betsetsa fatše a le betheng o ile a thulana le phephetso e fapaneng. O re: “Ka potlako motlakase o ile oa tima, ka hona, ha e-ba lefifi la bonka-ntjana. Ke ile ka tsamaea ke khetšemela ke ea ka ntle, ’me ka sesa karolo ea bosiu boo ka ntle le baahisani ba ka. Ho ne ho utloahala eka lefatše ha le na ho khaotsa ho sisinyeha.”
Boiteko ba Pholoso
Ha mafube a hlaha, liphello tsa tšisinyeho ea lefatše li ile tsa totobala. Ho ne ho oele mehaho e mengata e 12 000, ho qala ka matlo a se nang mekato ho ea ho mehaho e nang le mekato e mengata. Ha taba ea tlokotsi eo e nama, litsebi tsa pholoso tse tsoang linaheng tse 23 li ile tsa tla Taiwan ho tla thusa baithaopi ba sebakeng sena. Bahlaseluoa ba bangata ba ne ba ntse ba qabeletsoe ka hare.
Lihora tse qalang tse 72 ka mor’a tlokotsi ke tsa bohlokoa haholo bakeng sa ho fumana baphonyohi, empa ketsahalong ena basebetsi ba pholoso ba ile ba kopana le maemo a makatsang. Ka mohlala, moshanyana ea lilemo li tšeletseng o ile a pholosoa ka mor’a ho qabelloa lihora tse 87. ’Me Taipei, ha basebetsi ba ne ba sebelisa thepa e boima ho hloekisa maloanlahla a mohaho oa bolulo o oeleng o neng o e-na le mekato e 12, ho ile ha bitoha mohlankana e mong. Eena le abuti oa hae ba ne ba qabeletsoe ka moo matsatsi a fetang a mahlano, ’me ka bobeli ba ile ba pholoha ketsahalong eo e bohloko!
Leha ho le joalo, ka masoabi ha ea ka ea e-ba bohle ba finyelloang, ’me basebetsi ba baithaopi ba ile ba tobana le maemo a sithabetsang. Ka mohlala, moetelli-pele e mong o ile a tletleba: “Esale re utloa ngoana a lla ho fihlela lihoreng tse robeli tse fetileng. Joale sello seo se thōtse.” Qetellong, palo ea ba shoeleng Taiwan e ile ea phahamela ho 2 300 ’me batho ba fetang 8 500 ba ne ba tsoile likotsi.
Ho Tobana le Liphello
Ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho fana ka sebaka seo batho ba likete li makholo ba senyehetsoeng ke matlo ka lebaka la tšisinyeho eo ea lefatše ba ka lulang ho sona. Qalong, bahlaseluoa ba bang ba ne ba le leqe ho khutlela ka matlung. Sena sea utloahala kaha matsatsi a leshome ka mor’a tšisinyeho ea pele, ho ile ha tlalehoa litšisinyeho tse ling tse nyenyane tse ka bang 10 000! E ’ngoe ea tsona e ile ea e-ba le tekanyo ea 6,8 sekaleng sa Richter, ea etsa hore mehaho e neng e se e ntse e tšoere ka nqekeletsane e putlame.
Leha ho le joalo, mosebetsi oa pholoso o ile oa tsoela pele. Mekhatlo e ’maloa eo e seng ea ’muso—ho kopanyelletsa le lithimi tsa pholoso tsa linaheng tse ling, sehlopha sa Mabuddha sa Tzu Chi, le ba litima-mollo—e ile ea nehelana ka nako le litsebo tsa eona mosebetsing o neng o hlahile. Lipaki tsa Jehova le tsona li ne li kenelletse mosebetsing oa pholoso. Tumellanong le keletso ea Bibele e ho Bagalata 6:10, li ne li e-na le lipakane tse peli. Li ne li batla (1) ho thusa bao li amanang le bona tumelong le (2) ho etsa se molemo ho bohle, ho akarelletsa le ba sa lumeleng seo ba se lumelang.
Ha letsatsi la pele le e-ea malikelong, Lipaki tsa Jehova li ne li tlisa lijo, metsi, litente le thepa ea ho phehela ka ntle ka literaka. Kaha ho ne ho se mecha ea puisano e sebetsang, baholo ba liphuthehong tse tšeletseng tsa libakeng tse amehileng ba ile ba etsa boiteko bo kopanetsoeng ba ho batla Lipaki-’moho le bona le beng ka tsona hammoho le liithuti tsa Bibele le ba thahasellang. Lipaki tse ileng tsa fumanoa li lahlehetsoe ke mahae li ile tsa khothalletsoa ho lula hammoho litenteng e le hore bohle ba ka hlokomeloa hantle le ho fumanoa habobebe. Balebeli ba tsamaeang le litho tsa Komiti ea Lekala la Taiwan ba ile ba etela sehlopha se seng le se seng le phutheho ka ’ngoe ho ea fana ka khothatso.
Mohato o latelang e ile ea e-ba oa ho lokisa mahae le Liholo tsa ’Muso tse neng li senyehile. Phutheho ka ’ngoe e ile ea etsa lethathamo la ba hlokang thuso. Joale tlas’a tataiso ea Komiti ea Kaho ea Libaka, lihlopha tsa baithaopi li ile tsa romeloa ho ea lokisa moo ho hlokahalang. Nako e ka etsang khoeli ka mor’a tšisinyeho, mosebetsi o ne o phethiloe.
Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa thusa le baahisani ba tsona bao e seng Lipaki. Ka mohlala, Lipaki li ile tsa etela lipetlele le likampo tsa litente ho ea fana ka matšeliso. Li ile tsa boela tsa aba likopi tse kopilitsoeng tsa sehlooho se reng “Likoluoa Tsa Tlhaho—Ho Thusa Ngoana oa Hao ho Sebetsana le Tsona ka Katleho,” se neng se hatisitsoe tokollong ea Tsoha! ea July 8, 1996. Ba bangata ba ile ba thabela ho fumana boitsebiso bona ’me ba qala ho bo bala hang-hang. Ha litsela li buloa, Lipaki tsa Jehova li ile tsa romela lintho ka literaka libakeng tse ka mathōko lithabeng tse neng li anngoe hampe ke tšisinyeho ea lefatše.
Ba balang Bibele baa lemoha hore ke khale e ile ea bolela hore matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho a ne a tla tšoauoa ka “litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:7) Empa Bibele e boetse e fana ka tiiso ea hore tlas’a puso ea khotso ea ’Muso oa Molimo, moloko oa batho ha o sa tla phela o tšohile likoluoa tsa tlhaho. Nakong eo, ka sebele lefatše e tla be e le paradeise.—Esaia 65:17, 21, 23; Luka 23:43.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho bapisoa, tšisinyeho ea lefatše e sehlōhō e ileng ea etsahala Turkey ka August 1999 e ile ea e-ba le tekanyo ea 7,4, empa e ile ea bolaea batho ba bangata ka makhetlo a imenneng ha supa ho ba ileng ba shoa Taiwan.
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Lipaki tsa Jehova li ne li tšoara liboka tsa tsona ha li sa lula likampong
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Tšisinyeho ea lefatše e ile ea senya litsela tse ngata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
San Hong R-C Picture Company
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
San Hong R-C Picture Company
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
Seismogram on pages 26-8: Figure courtesy of the Berkeley Seismological Laboratory