Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 leq. 31
  • Boiteko ba ho Ntša Vatican Machabeng a Kopaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boiteko ba ho Ntša Vatican Machabeng a Kopaneng
  • Tsoha!—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ketelo ea mopapa ho Machaba a Kopaneng—e Finyelletse Eng?
    Tsoha!—1996
  • Machaba a Kopaneng—Na ke Tsela e Molemo?
    Tsoha!—1991
  • Vatican Codex—Ke Hobane’ng ha e Nkoa e le Letlotlo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho Timetsoa ha Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 leq. 31

Boiteko ba ho Ntša Vatican Machabeng a Kopaneng

MOKHATLO oa litaba oo ntlo-khōlō ea oona e leng Roma o bitsoang Inter Press Service (IPS) o ile oa tlaleha hore “selekane sa machaba sa mekhatlo eo e seng ea ’muso (non-governmental organizations [li-NGO]) e fetang 70 se qalile letšolo la lefatše lohle la ho ntša Vatican Machabeng a Kopaneng.” Hona joale, Vatican ke moemeli ea sa nkeng karolo kapa setho se sa emeleng naha mokhatlong oa Machaba a Kopaneng. Esale Vatican e fumana boemo boo ho tloha ka 1964.

Ke hobane’ng ha sehlopha see sa li-NGO, seo ho elella mafelong a April selemong se fetileng se neng se eketsehile hore e be mekhatlo e 100 lefatšeng lohle, se hana boemo ba Vatican Machabeng a Kopaneng? Hobane li-NGO li tseka hore Vatican hase naha ea bopolotiki empa ke matla a bolumeli. Frances Kissling, mopresidente oa Mak’hatholike a Ikhethelang ka Bolokolohi, o ile a bolella IPS hore selekane sena ha se khahlanong le tokelo ea Vatican ea ho ntša maikutlo a eona, empa “se belaella tokelo ea hore naha ena eo e seng ’muso e be boemong bo tšoanang le ba mebuso.”

Anika Rahman, mookameli oa International Programmes at the Centre for Reproductive Law and Policy, oa lumela. IPS e ile ea mo qotsa a bolela hore “haeba Machaba a Kopaneng a nka Motse oa Mopapa e le naha e nang le litokelo tsa ho ba moemeli ea sa nkeng karolo, ka lebaka la matla a oona a bolumeli, mokhatlo ona oa lefatše o fa malumeli a mang matla a hore le ’ona a batle seo.” O ile a phaella: “Ho tiisa hore Machaba a Kopaneng ha a buelle bolumeli bo itseng, mekhatlo ea bolumeli e kang Kereke ea Roma e K’hatholike ha ea lokela ho lumelloa hore e kopanele sebokeng sena e le setho se sa emeleng naha.”

Ho thoe’ng ka tseko ea hore Vatican ke naha kahoo e lokeloa ke boemo boo e leng ho bona hona joale? Ms. Kissling ha ho ne ho buisanoa le eena o ile a re: “Ho bolela hore [Motse oa Mopapa] ke ’muso ha ho utloahale ebile ke leshano. Ha re re [Vatican] ke naha re sebelisa tlhaloso ea lekholong la bo15 la lilemo ea hore na naha ke eng le hore Motse oa Mopapa ha e le hantle ke tsamaiso ea puso ea bolumeli.” O ile a phaella ka ho bolela hore “Vatican” le “Motse oa Mopapa” ka bobeli ke “mantsoe a bolelang ntho e le ’ngoe bakeng sa Kereke ea Roma e K’hatholike.”

Boholo ba lehloeo la li-NGO ka boemo boo Vatican e nang le bona hona joale Machabeng a Kopaneng bo bakoa ke maikutlo a Vatican litabeng tse amanang le palo ea baahi. Ka mohlala, Vatican e sebelisitse liboka tsa Machaba a Kopaneng tse kang Seboka sa Machaba sa Palo ea Baahi le Tsoelo-pele ea Bona sa 1994 se neng se tšoaretsoe Cairo, le Seboka sa Basali sa 1995, se neng se tšoaretsoe Beijing, ho ntša maikutlo a eona a matla khahlanong le thero ea malapa. IPS e re: “Kaha Machaba a Kopaneng a etsa boholo ba liqeto tsa ’ona motheong oa hore litho lia lumellana, maikutlo a hanyetsang joaloka a Vatican a sentse litherisano litabeng tse amang palo ea baahi, lithibela-kemolo, litokelo tsa basali le tlhokomelo ea bophelo bo botle mabapi le ho hlahisa bana.”

Ho latela Ms. Kissling, “karolo e loketseng Vatican ke ho ba NGO—joaloka li-NGO tse ling tse emelang Mamosleme, Mahindu, Mabuddha, Mabahai le mekhatlo e meng ea bolumeli.” Selekane sena se batla hore Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan hammoho le Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng, ba hlahlobe ka molao boemo ba Vatican mokhatlong ona o moholo ka ho fetisisa lefatšeng oa lipolotiki.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Moemeli oa Vatican o bua Machabeng a Kopaneng

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

UN/DPI Photo by Sophie Paris

UN photo 143-936/J. Isaac

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela