Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Ntate a re Siile?
“Ha ho mohla nkileng ka utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha Ntate a tsamaile. Ke ne ke tseba feela seo ’Mè a mpoleletseng sona.”—James.a
HA NTATE a tlama thoto ’me a tloha lapeng, hangata o siea pherekano e tsamaisanang le bohloko le khalefo. James ea lilemo li 14 ea qotsitsoeng ka holimo o re: “Ke ne ke utloile bohloko e le kannete ha ’Mè le Ntate ba hlalana.” ’Me ha ntate a tsamaea a sa fana ka mabaka ’me a sa buisane le ba lelapa la hae, bana ba hae ba ka ’na ba loana le maikutlo a hore ba molato, ba lahluoe esita le maikutlo a khalefo ka lilemo tse ngata tse latelang.b
Haeba ntate oa hao o tsamaile, e ka ’na eaba ka tsela e utloisang bohloko u tseba lebaka la seo. Mocha ea bitsoang Michael o re: “Ntate o ile a tsamaea hore a e’o lula le mosali e mong. Nkile ka mo bona a e-na le eena, ’me seo se ile sa nkhalefisa haholo. Ke ile ka ba le boikutlo ba hore Ntate o re tsoile tlaase.” Leha ho le joalo, maemong a mang ho tsamaea e ka ba pheko. Melissa, eo ntate oa hae e leng lekhoba la tahi, o re: “Haeba a ne a sa tloha lapeng, hoo ho ka be ho re thatafalelitse lintho le ho feta.”
Leha ho le joalo, maemong a mangata bana ha ba na leha e le tlhasenyana feela ea hore na ntate oa bona o tsamaile ka lebaka lefe, ’me sena se ka etsa hore bosieo ba hae bo utloise bohloko le ho feta. Ke ’nete hore e ka ’na eaba u ne u tseba hore batsoali ba hao ba na le mathata, empa mohlomong le ka mohla u ne u sa lore hore ba ka arohana. Robert oa hopola: “Ha Ntate a tsamaea, ke ne ke hlile ke sa utloisise sohle se etsahalang. Ke ne ke tseba feela hore lintho ha li tsamaee hantle hobane batsoali ba ka ba ne ba loana ka linako tsohle.”
Ke hobane’ng ha bo-ntate ba bang ba tloha lapeng? Haeba ntate oa hao o tsamaile, na u lokela ho nka hore o u lahlile? Hona ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ka ’na ba e-ba leqe ho u qaqisetsa ka hona? Na ha baa tlameha ho u hlalosetsa mabaka?
Lebaka Leo ba Khutsang ka Lona
Ha ho mohla mabaka a etsang hore ntate a tsamaee a thabisang. Hangata, lebaka ke bofebe—boitšoaro bo bobe boo hangata bo pateloang lelapa. Ha mosali a sibolla phoso e joalo, a ka ’na a etsa qeto ea ho hlala monna oa hae. A ka ba a ’na a mo kōpa hore a tsamaee ka lenyele le pele lipampiri tsa tlhalo li sebetsoa. Ho ka etsahala hore bana ba se ke ba lemoha ho hang hore na ke hobane’ng ha sena se etsahala.
Leha ho le joalo, leka ho utloisisa lebaka leo ka lona ’mè oa hao a ka bang leqe ho senola ka ho toba se etsahetseng. Lebaka le leng ke hore a ka ’na a nahana hore ho senola boitšoaro bo bobe ba ntate oa hao ho tla baka mesarelo feela. Hape, lemoha kamoo e tlamehang ebe ho bohloko kateng ha mosali a sibolla hore monna oa hae o ne a sa tšepahale. (Malakia 2:13, 14) Kahoo haeba sesosa sa tlhalo ea batsoali ba hao ke bofebe, u se ke ua makala haeba ’mè oa hao a fumana ho utloisa bohloko haholo hore a bue ka taba ena.
Ho thoe’ng ka ntate oa hao? Hoa utloahala hore haeba a sa tšepahala ho ’mè oa hao, ho ka etsahala hore a se ke a u bolella ka hona. Banna ba bang ba ikutloa ba le molato ka lebaka la boitšoaro ba bona bo bobe hoo ba sitoang le ho tobana le bana ba bona! Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boitšoaro ba bona bo hlabisang lihlong, bo-ntate ba bangata ba tsoela pele ho rata bana ba bona ’me ba ka ’na ba leka ho boela ba kopana le bona.
Maemong a mang ntate o tsamaea ka lebaka la boitšoaro bo bobe ba mosali, ’me o leka ka hohle ho ba haufi le bana ba hae. Leha ho le joalo, maemong a mang karohano ha e bakoe ke bofebe ho hang, empa ke ho fihla sehlohlolong ha lintoa tse bileng teng lenyalong ka lilemo.c (Liproverbia 18:24) Kaha hangata tsena li etsahalla sephiring, e ka ’na eaba ha u tsebe hore na ba ne ba loanela eng.
Ho Liproverbia 25:9 Bibele e re: “Leha u tseka le oa heno, u se ke ua phunya lekunutu la e mong.” Ka linako tse ling liqabang tsa lenyalo li ama litaba tsa lekunutu tse tebileng. Ebang ua lumela kapa che, ho ka ’na ha e-ba molemo ha u sa li tsebe. Ntle ho moo, hangata ho phunya “lekunutu” ho etsa hore boemo bo seng bo ntse bo le bobe bo mpefale le ho feta. U ka ’na ua ikutloa u e-na le tšekamelo ea ho nka lehlakore—e leng ho tlang ho eketsa lekhalo feela lapeng leno. Kahoo qetellong, ho ka u tsoela molemo haeba batsoali ba hao ba ipolokela makolopetso a liqabang tsa bona.
Hlōla Khalefo ka ho ba le Temohisiso
Leha ho le joalo, ho thata ho se halefe ha ntate oa hao a tlohile lapeng ’me u sitoa ho araba potso e reng, Hobane’ng? Leha ho le joalo, ho Liproverbia 19:11, (NW), Bibele e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa [eseng hore e felisa] bohale ba hae.” ’Me ha ho hlokahale hore u tsebe makolopetso ’ohle hore u be le temohisiso.
Ka mohlala, Bibele e re thusa ho hlokomela hore batsoali ba rōna ha baa phethahala. E re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Ho amohela ’nete ena e bohloko ho ka u thusa hore u be le pono e nepahetseng ka liphoso tsa batsoali ba hao. Ka mohlala, haeba ntate oa hao o hlompholotse likano tsa hae tsa lenyalo, ena ke phoso e tebileng—eo a ikarabellang ho Molimo ka eona. (Baheberu 13:4) Empa hase hore o u lahlile kapa ha a u rate.
Banyalani bohle ba utloisoa bohloko ke “matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakorinthe 7:28) ’Me le hoja ho se na boikemelo bakeng sa ho etsa sena, banna ba bang le basali ba bang ba inehella ho etsa phoso tlas’a likhatello tsa bophelo lefatšeng lena le nang le matšoenyeho. Robert oa hopola: “Ntate o ne a re batlela se molemohali. O ile a fallisetsa lelapa sebakeng seo ho sona a neng a nahana hore o tla khona ho fumana chelete e eketsehileng e le hore re ka ba le ntlo e ntle ’me lelapa le thabe.” Empa boikemisetso bo botle ba ntate oa hae ba ho batlela lelapa la hae bophelo bo molemo bo ile ba senyeha kapele. Robert oa hlalosa: “Ntate o ile a khoehlisa tabeng ea ho ea libokeng tsa Bokreste. Eaba o felloa ke mosebetsi. Ka mor’a nakoana o ile a hlekefetsa ’Mè le khaitseli ea ka.” Ka potlako lintho li ile tsa mpefala hoo ntate oa hae le ’mè oa hae ba ileng ba hlalana.
Robert a ka be a ile a qetoa ke khalefo ka lebaka la liphoso tsa ntate oa hae. Empa ho ba le temohisiso ka boemo ba ntate oa hae ho ile ha kokobetsa bohale ba hae. Le hoja ho senyeha ha lenyalo la batsoali ba hae ho bile bohloko, ho rutile Robert ntho ea bohlokoa. Robert o re: “Ha ke e-ba le lelapa, lintho tsa moea li lokela ho tla pele.”
Michael ea boletsoeng pejana, le eena o ile a tlameha ho loantša khalefo. Oa lumela: “Ke ne ke batla ho utloisa Ntate bohloko bakeng sa seo a re entseng sona.” Empa o ile a boloka kamano e itseng le ntate oa hae. Ha nako e ntse e feta, Michael o bile a khona ho khaotsa ho halefa ’me a tsoela pele ka bophelo ba hae.
Mohlomong le uena u lokela ho leka ho ba le kamano e tloaelehileng le ntate oa hao ka hohle kamoo boemo bo ka u lumellang kateng. Ke ’nete hore e ka ’na eaba o utloisitse uena le ’mè oa hao bohloko. Empa ho ka etsahala hore ebe ha u tsebe lintlha tsohle. Esita le haeba u tseba hore o entse phoso, e ntse e le ntate oa hao. U na le boikarabelo ba hore bonyane u mo hlomphe ka tekanyo e itseng. (Baefese 6:1-3) Qoba “khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang” ha u sebelisana le eena. (Baefese 4:31) Haeba ho khoneha, u se ke ua nka lehlakore liphehisanong tsa lekunutu tsa lenyalo tsa batsoali ba hao. Ka ho kholisa batsoali ba hao ka bobeli hore ua ba rata, ho ka etsahala hore u be le kamano e ntle le bona ka bobeli.
Hase Phoso ea Hao
Mohlomong ho tloha ha ntate oa hao lapeng ke e ’ngoe ea lintho tse utloisang bohloko ka ho fetisisa e tla ke e u hlahele. Empa esita le haeba u ke ke ua fumana mabaka ’ohle a entseng hore a tsamaee, ha ho hlokahale hore u nahane hore ke phoso ea hao. Ke ’nete hore ho ka ’na ha bonahala eka o u lahlile. Empa ke ka seoelo manyalo a senyehang ka lebaka la bana. Batsoali ba hao ba ile ba ikana ka pel’a Molimo hore ba tla lula hammoho. Ke boikarabelo ba bona—eseng ba hao—hore ba phelele kano eo.—Moeklesia 5:4-6.
Leha ho le joalo, haeba u ntse u ikutloa u ferekane, u le molato kapa u ikarabella, ke hobane’ng ha u sa leke ho bolella batsoali ba hao? Ba ka ’na ba buisana le uena ka bolokolohi ’me ba u fa khothatso e hlokahalang. James, ea qotsitsoeng qalong, oa lumela: “Ke ne ke nahana hore ke molato, ho fihlela ’Mè le Ntate ba ipha nako ea ho buisana le ’na.” Nancy e monyenyane o ile a ikutloa a le molato ka ho tšoanang ha ntate oa hae le ’mè oa hae ba hlalana. Ka mor’a ho buisana le ’mè oa hae ka makhetlo a ’maloa, Nancy o ile a khona ho etsa qeto ena: “Bana ha baa lokela ho ipeha molato ka seo batsoali ba bona ba se etsang.” E, ho lumella batsoali ba hao hore ‘ba jare mojaro oa bona’ oa boikarabelo ho ka u thibela hore u ikutloe u imetsoe maikutlong. (Bagalata 6:5) Empa kaha joale u phela lapeng le se nang ntate, u ka sebetsana le boemo boo ka katleho joang? Sehlooho se tlang letotong lena se tla fana ka likarabo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Bona letoto la lihlooho le reng “Malapa a se Nang Bo-ntate—Ho Emisa Ketsahalo Ena e Ipheta-phetang,” tokollong ea February 8, 2000, ea Tsoha!
c Leha ho le joalo, Bibele e hlakisa hore lebaka feela la Mangolo la ho felisa lenyalo ebe monna kapa mosali o kena lenyalong hape ke bohlola.—Matheu 19:9.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
U se ke ua ipeha molato ka mathata a lenyalo a batsoali ba hao