Thuto e Phelisang
“Bibele [ke] tataiso e phahameng ka ho fetisisa ea mokhoa oa ho phela.”—Thomas Tiplady, 1924.
HO BOLELA hore thuto e thehiloeng Bibeleng e ka fetola bophelo hase ho feteletsa litaba. E tliselitse ba hlokang thabo le ba tepeletseng morero le tšepo. Motsoali e mong ea se nang molekane oa Namibia o ile a ngolla lekala la Afrika Boroa la Lipaki tsa Jehova lengolo:
“Ke lilemo li 29, ’me ke ile ka bala buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka matsatsi a mabeli feela. E ile ea nkama pelo ka ho teba kaha ke qetoa ke bolutu. Mohlankana oa ka o ile a shoa kotsing ea koloi ’me a ntšiea le bana ba babeli. Re sotlehile haholo. Ka linako tse ling ke ne ke ee ke nahane ho ba bolaea ’me ke ntan’o ipolaea le ’na. Empa ka mor’a hore ke fumane buka ena, ke ile ka fetola monahano oa ka. Ke kōpa hore le nthuse ka thuto ea Bibele e sa lefelloeng.”
Bibele ke buka ea tataiso e ka thusang batho ho atleha maemong ’ohle a bophelo—likamanong tsa bona le ba malapa a bona, le basebetsi-’moho le batho ka kakaretso. (Pesaleme ea 19:7; 2 Timothea 3:16) E fana ka tataiso e hlakileng ea kamoo motho a ka hahamallang se molemo ’me a qoba se sebe kateng. Ke buka e sebetsanang le bophelo ka tsela e utloahalang. Ha u ntse u e bala, u tla lemoha hore e tletse ka litlaleho tse buang ka batho ba sebele. U tla bona hore na ke eng se ileng sa etsa hore bophelo ba batho ba bang e be bo thabisang le bo putsang le hore ba ba bang e be bo utloisang bohloko le bo hlomolang pelo. U tla hlakeloa hore na ke lintho life tse molemo le hore na ke life tse seng molemo.
Thuto e Phelisang Hona Joale
Bibele e hatella bohlokoa ba ho ba le bohlale bo sebetsang. E re: “Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Fumana bohlale.” (Liproverbia 4:7, NW) E boetse e lumela hore batho ba atisa ho haelloa ke bohlale, ’me kahoo ea eletsa: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a a ’ne a tsoele pele a kōpa Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle.”—Jakobo 1:5.
Ke joang ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, a fanang ka bohlale ka seatla se bulehileng? O fana ka bona ka thuso ea Lentsoe la hae, Bibele, leo a re khothalletsang hore re le bale. Molimo oa ipiletsa: “Mora oa ka, etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena, . . . ’me u lebisa pelo ea hao kutloisisong, ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale.” (Liproverbia 2:1, 2, 5, 6) Ha re sebelisa keletso e fumanoang Lentsoeng la Molimo ’me re bona kamoo e sebetsang kateng, rea hlokomela hore ruri e bonahatsa bohlale ba bomolimo.
Ka mohlala, nahana ka taba ea ho sebetsana ka katleho le bofutsana. Bibele e khothalletsa bokhothali mosebetsing ’me e lemosa khahlanong le tšebeliso e bohlasoa ea lichelete tse seng li ntse li haella. Kahoo, litloaelo tse kang ea tšebeliso ea koae le tšebeliso e feteletseng ea lino tse tahang ka ho hlakileng li khahlanong le melao-motheo ea Bibele.—Liproverbia 6:6-11; 10:26; 23:19-21; 2 Bakorinthe 7:1.
Ho thoe’ng ka tšusumetso eo metsoalle ea rōna e ka bang le eona bophelong ba rōna? Bibele e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Na u lemohile hore khatello ea lithaka hangata e lebisitse batho—ba bacha le ba baholo ka ho tšoanang—botahoeng, tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali? E, haeba re tloaelana le ba etsang lintho tse joalo, re tla ba joaloka bona, joalokaha Bibele e re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.”—1 Bakorinthe 15:33.
Ke ’nete hore kaofela ha rōna re batla ho thaba. Empa re ka thaba joang? Na u lemohile hore Bibele e re hase hakaalo lintho tse ka re etsang hore re thabe, empa ho e-na le hoo, ke ho ba le boikutlo le kamano tse nepahetseng, haholo-holo ho ba le kamano e ntle le Molimo? (1 Timothea 6:6-10) Ha a fana ka Thuto ea hae e tsebahalang ea Thabeng, Jesu Kreste o ile a re ho thaba ka sebele ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea,” “ba maikutlo a bonolo,” “ba nyoretsoeng ho loka,” “ba mohau,” “ba hloekileng pelong” le “ba nang le khotso.”—Matheu 5:1-9.
Ha u nahanisisa ka ho teba ka lithuto tsa Bibele, u tla hlokomela kamoo li thusang ho re tataisa bophelong kateng. Bibele ea ikhetha ka ho ba mohloli oa keletso. Kamehla likeletso tsa eona li ruisa molemo—ha ho mohla e leng khopolo-taba feela ’me ha ho mohla li re ntšang kotsi. Ba sebelisang likeletso tsa Bibele kamehla ba rua molemo.
Thuto e Phelisang
Leha ho le joalo, ntle le hore e ruisa molemo hona joale, Bibele e boetse e fana ka tšepo ea bophelo ba nakong e tlang. E bua ka tlhoekiso e hlollang ea lefatše le ka ho fetoloa ha lona ho ba lehae le letle haholo la batho ba sebeletsang Molimo. Hlokomela tlaleho ena e thobang pelo ea nako e tlang: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4; Liproverbia 2:21, 22.
Ak’u nahane feela: Ho se ho se bana ba kulang, ho se ho se tlala, ho se ho se mafu a tšosang a fokolisang matla a ’mele, ho se ho se bohloko bo hlabang! Likeleli tse bakoang ke tsieleho, masoabi le mesarelo li tla fela, ha maemo a bakang lintho tseo a tla fetoloa kapa a tlosoe. Kaha batho ba etsang bobe ka boomo ba tla be ba timelitsoe ke mabotho a Molimo a mangeloi, masholu, babolai, ba buang leshano, le ba bang ba etsang hore bophelo e be bo sa sireletsehang ba tla be ba le sieo. Batho ba tla ba le matlo a bona ’me ba thabele ho phela ho ’ona ka khotso.—Esaia 25:8, 9; 33:24; 65:17-25.
Na see se utloahala se le molemo ho uena? Na u ka thabela ho ithuta ka ho eketsehileng ka melao-motheo ea Bibele e le hore u ka rua molemo hona joale le nakong e tlang? Haeba ho joalo, ka kōpo ikopanye le Lipaki tsa Jehova, ’me li tla thabela ho u kenyelletsa hammoho le lelapa la hao lenaneong la tsona le tšoaroang lefatšeng ka bophara la “thuto e phelisang.”