Na ho na le Lebaka la ho ba le Tšepo?
“Bothata bo bong bo teng manyalong a matšoenyehong ke ba ho lumela ka tieo hore lintho li ke ke tsa hlola li loka. Ho lumela joalo ho sitisa phetoho e ka bang teng hobane ho senya boikemisetso boo u nang le bona ba ho leka ho etsa ntho leha e le efe e ka sebetsang.”—DR. AARON T. BECK.
AK’U inahane u opeloa ’me u e-ea ngakeng hore e u hlahlobe. U tšoenyehile—’me e le ka mabaka a utloahalang. Etsoe bophelo ba hao ka bobona bo ka ’na ba e-ba kotsing. Empa ha re re mohlomong ka mor’a hore ngaka e u hlahlobe, e u bolella litaba tse monate tsa hore le hoja bothata ba hao e le bo sa tloaelehang, bo ka phekoleha. Ha e le hantle, ngaka e u bolella hore haeba u ka latela ka hloko lenaneo la lijo tseo u lokelang ho li ja le ho ikoetlisa, u ka lebella hore u fole ka ho feletseng. Ha ho tikatiko hore u ne u tla utloa ho re kokololo! ’me u ne u tla latela keletso ea hae u thabile!
Bapisa boemo bona le bothata boo re bo tšohlang hona joale. Na lenyalo la hao le u utloisa bohloko? Ke ’nete hore lenyalo le leng le le leng le tla ba le mathata a lona le ho se lumellane. Ka hona, ho ba le mathata a se makae kamanong ea lōna ha ho bolele hore u lenyalong le se nang lerato. Empa ho thoe’ng haeba boemo boo bo bohloko bo ba teng libeke-beke, likhoeli kapa tsona lilemo? Haeba ho joalo, ke hantle ha u tšoenyeha hoba joale ena ha e sa le tabanyana feela. Ka sebele, boemo ba lenyalo la hao bo ka ama hoo e batlang e le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba hao—esita le ba bana ba hao. Ka mohlala, ho lumeloa hore matšoenyeho a lenyalo e ka ba sona sesosa se seholo mathateng a kang ho tepella maikutlo, ho se sebetse hantle mosebetsing le ho se sebetse hantle ha bana sekolong. Empa ho sa na le ho hong. Bakreste baa elelloa hore kamano eo ba nang le eona le balekane ba bona e ka ama kamano ea bona le Molimo.—1 Petrose 3:7.
Taba ea hore ho na le mathata pakeng tsa hao le molekane oa hao ha e bolele hore boemo e se e le ba ho hloka tšepo. Ho talimana le boemo ba sebele ba lenyalo—ba hore ho tla ba le liphephetso—ho ka thusa banyalani hore ba talime mathata a bona ka tsela e nepahetseng ’me ba sebeletse ho a rarolla. Monna e mong ea bitsoang Isaac o re: “Ke ne ke sa tsebe hore ke mokhoa oa teng hore banyalani ba be le linako tse nyolosetsang le tse theosetsang le hoja e ntse e le ba thabileng lenyalong la bona. Ke ne ke nahana hore ho na le ho itseng ho phoso ka rōna!”
Esita le haeba lenyalo la hao le se le le boemong boo lerato le leng sieo ho bona, le ntse le ka pholosoa. Ho ke ke ha latoloa hore maqeba a entsoeng ke kamano e seng ntle e ka ’na ea e-ba a tebileng, haholo-holo haeba mathata a bile teng ka lilemo. Leha ho le joalo, ho na le lebaka le matla la ho ba le tšepo. Boikemisetso ke ba bohlokoa. Esita le batho ba babeli ba nang le mathata a tebileng a lenyalo ba ka ntlafatsa haeba bobeli ba bona ba ho nka e le habohlokoa ho etsa joalo.a
Ka hona, ipotse, ‘Takatso ea ka e matla hakae hore ke be le kamano e khotsofatsang?’ Na uena le molekane oa hao le ikemiselitse ho etsa boiteko ba hore lenyalo la lōna le ntlafale? Dr. Beck ea qotsitsoeng pejana o re: “Ke ’nile ka makatsoa hangata ke kamoo kamano e bonahalang e le mpe e ka ntlafatsoang kateng haeba balekane ba sebelisana hammoho ho lokisa liphoso le ho matlafatsa likarolo tsa bohlokoa lenyalong la bona.” Empa ho thoe’ng haeba molekane oa hao a le leqe ho sebelisana le uena? Kapa ho thoe’ng haeba eena a bonahala a sa bone ho e-na le bothata? Na ke ho sebeletsa ntat’a selala ha u iteka ka matla u le mong lenyalong? Le hanyenyane! Dr. Beck o re: “Haeba u etsa liphetoho tse itseng, sena ka bosona se ka ’na sa etsa hore molekane oa hao a fetohe—hangata ho ba joalo.”
U se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore sena se ke ke sa etsahala boemong ba hao. Boikutlo bo joalo ba hore u hlōtsoe, ka bobona bo ka ba kotsi haholo lenyalong la hao! E mong oa lōna o lokela ho nka bohato pele. Na e ka ba uena? Hang ha u qalile, molekane oa hao a ka ’na a bona molemo oa ho sebelisana le uena ho haheng lenyalo le thabileng haholoanyane.
Ka hona, u ka etsa’ng ho pholosa lenyalo la hao—ebang ke uena u le mong kapa le le babeli? Bibele e thusa haholo ho arabeleng potso ena. A re hlahlobeng hore na joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bonneteng, maemong a itseng a feteletseng ho ka ’na ha e-ba le mabaka a utloahalang a hore monna le mosali ba arohane. (1 Bakorinthe 7:10, 11) Ho feta moo, Bibele e lumella tlhalo ka mabaka a bohlola. (Matheu 19:9) Taba ea ho hlala molekane ea sa tšepahaleng ke ea botho, ’me ba bang ha baa lokela ho hatella molekane ea se nang molato hore a etse qeto e itseng.—Bona buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, leqepheng la 158-61, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.