Pono ea Bibele
Na Khetho ea Hao ka Phekolo ea Meriana ea Tsotelleha?
HO KULA, boloetse le ho tsoa kotsi kaofela li tloaelehile haholo ho batho. Ha ba bangata ba tobane le lira tsena tsa bophelo bo botle, ba batla thuso phekolong ea meriana. Jesu Kreste o ile a lemoha bohlokoa bo ka fumanoang boitekong bo joalo, a lumela hore “ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.”—Luka 5:31.
Mongoli oa Bibele ea ngotseng mantsoe ao, e leng Luka, e ne e le ngaka. (Bakolose 4:14) Mohlomong ha ba ne ba tsamaea hammoho, moapostola Pauluse o ne a rua molemo tsebong ea Luka ea bongaka. Empa na Mangolo a fana ka tataiso ea hore na ke mefuta efe ea phekolo ea meriana e amohelehang bakeng sa Bakreste? Na khetho ea hao ea phekolo ea meriana ea tsotelleha?
Tataiso ea Mangolo
Bibele e ka tataisa motho hore a etse liqeto tse bohlale mabapi le phekolo ea meriana. Ka mohlala, Deuteronoma 18:10-12 ea hlakisa hore mekhoa e kang bonohe le boselamose ke lintho tse “manyala” ho Jehova. “Tšebelisano le meea” eo Pauluse a ileng a lemosa ka eona e ne e tla akarelletsa liketso tsena tse hanetsoeng. (Bagalata 5:19-21) Ka hona, Bakreste ba ’nete ba qoba mekhoa leha e le efe ea ho hlahloba lefu le tšoereng motho le ea phekolo eo ka ho hlaka e akarelletsang ho sebelisana le meea.
Bibele e boetse e bontša kamoo ’Mōpi a nkang khalalelo ea bophelo le mali e le lintho tsa bohlokoahali kateng. (Genese 9:3, 4) Li ikemiselitse ho mamela temoso ea hore li ‘’ne li ile mali,’ Lipaki tsa Jehova li hana mekhoa ea phekolo e khahlanong le taelo ea Bibele ea ho ila mali. (Liketso 15:28, 29) Sena ha se bolele hore li hana phekolo eohle ea meriana. Ho e-na le hoo, li ipatlela phekolo e molemo ka ho fetisisa e ka fumanehang bakeng sa tsona le bana ba tsona. Empa li ipiletsa ho litsebi tsa tlhokomelo ea bophelo hore li fane ka phekolo e lumellanang le tumelo ea tsona ea bolumeli.
Hlahloba Mehato ea Hao
Morena Solomone o lemositse hore “mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15, NW) Esita le haeba qeto ka phekolo ea meriana e sa hohlane ka ho toba le melao-motheo ea Bibele, motho o lokela ho ‘nahana ka mehato ea hae.’ Hase mefuta eohle ea phekolo ea meriana e leng molemo. Ha Jesu a ne a re ‘ba kulang ba hloka ngaka,’ o ne a sa buelle liphekolo tsohle tsa meriana tse neng li le teng mehleng ea hae. O ne a tseba hore mefuta e meng ea phekolo e ne e le ea sebele le hore e meng e ne e le ea bohata.a
Ka tsela e tšoanang le kajeno, liphekolo tse ling e ka ’na ea e-ba tsa lefeela, ebile e le tsa bolotsana. Ho haelloa ke kahlolo e molemo ho ka pepesetsa motho likotsing tse sa hlokahaleng. Ho lokela ho hlokomeloe hape hore phekolo e molemo ho motho e mong e ka ’na ea se sebetse—ea ba ea e-ba kotsi—ho motho e mong. Ha motho ea bohlale a tlameha ho etsa qeto ka phekolo ea meriana, o tla nahanisisa ka hloko khetho eo a ka e etsang ho e-na le ho ‘beha tumelo lentsoeng le leng le le leng,’ esita le haeba a fumana keletso e etsoang ka sepheo se setle ke metsoalle ea hae. O tla bontša “ho hlaphoheloa kelellong” ka ho batla boitsebiso bo ka tšeptjoang e le hore a ka ba boemong ba ho etsa khetho ea seo a se tsebang.—Tite 2:12.
E-ba le Pono ea Sebele le e Utloahalang
Ho loketse ho ameha ka boemo ba bophelo ba motho. Ho fana ka tlhokomelo e leka-lekaneng bophelong bo botle ba ’mele ho bontša ho ananela mpho ea bophelo le ho ananela Molimo, Mohloli oa bona. (Pesaleme ea 36:9) Le hoja Bakreste ba batla ho fumana phekolo e tšoanelehang ea meriana, ba tla batla ho leka-lekana tabeng ea bophelo bo botle. Ka mohlala, haeba motho ea iphelelang hantle a se a ameha ho tlōla ka bophelo bo botle le ho se be ea kulang khafetsa, sena se ka ’na sa etsa hore a hlokomolohe “lintho tsa bohlokoa haholoanyane.”—Bafilippi 1:10; 2:3, 4.
Mosali e mong ea neng a kula haholo oa mehleng ea Jesu o ile a ‘sebelisa sohle seo a nang le sona’ ho batla thuso ea lingaka hore li phekole lefu la hae le neng le sa fole. Phello e ile ea ba efe? Ho e-na le hore a fole, boemo ba hae bo ile ba mpefala, e leng se tlamehang se ile sa mo ferekanya le ho feta maikutlong. (Mareka 5:25, 26) O ile a etsa sohle se matleng a hae hore a mpe a imolohe, empa ha ho se ileng sa sebetsa. Phihlelo ea hae e totobatsa meeli eo saense ea bongaka ea mehleng ea hae e neng e e-na le eona. Esita le kajeno, ho sa tsotellehe khatelo-pele ea lipatlisiso tsa meriana le theknoloji, batho ba bangata ba iphumana ba le boemong bo tšoanang. Ka hona, ke habohlokoa hore motho a be le pono ea sebele ea seo saense ea bongaka e ka se finyellang. Bophelo bo phethahetseng ha bo fumanehe kajeno. Bakreste baa lemoha hore nako ea Molimo ea ho “phekola lichaba” ke hona e tlang. (Tšenolo 22:1, 2) Ka hona, re lokela ho hlaolela pono e leka-lekaneng ka phekolo ea meriana.—Bafilippi 4:5.
Ho hlakile hore khetho eo re e etsang ea tsotelleha. Ka lebaka leo, ha re tobane le liqeto tsa phekolo ea meriana, khetho ea rōna e lokela ho bontša takatso ea rōna ea ho phela hantle ’meleng le ea ho boloka kamano e ntle le Molimo. Ha re etsa joalo, re ka tsoela pele ho lebella ka kholiseho phethahatso ea tšepiso ea Jehova ea hore lefatšeng le lecha le khanyang le tlang, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, ho encyclopedia ea Dioscorides ea lekholong la pele la lilemo, phekolo e neng e buelloa bakeng sa ha motho a tšoeroe ke nyooko e ne e le hore a noe motsoako oa veine le borokoloana ba pōli! Ho hlakile hore hona joale rea tseba hore moriana o joalo o ne o ka tlatselletsa le ho feta bohlokong ba mokuli.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
“Ngaka,” 1891, ka Sir Luke Fildes
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Tate Gallery, London/Art Resource, NY