Mollo! U Lokela ho o Tima ka Eng?
KE HANGATA hakaakang re fetang molebeli eo ea fokolang ea khutsitseng leboteng, re bile re sa mo natse! Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng a ka ’na a pholosa ofisi kapa fektheri ea rōna, kapa le lona lehae la rōna hore le se ke la cha lore! Litima-mollo tse nyenyane li ka thusa ho thibela bothata bo bonyenyane—pane e tukang setofong kapa likharetene tse hotelitsoeng ke hitara—hore bo se tsoe taolong. Joaloka libetsa tse ka sebelisoang ka potlako, li etselitsoe hore li ripitle sera se khopo pele se ka fumana matla.
Kaha sera sena se tla ka mekhoa e mengata—mollo oa patsi, oa oli le oa khase, oa motlakase—litima-mollo tse nyenyane le tsona li mefuta e mengata. Ha ho pelaelo hore u batla ho tseba sera sa hao hammoho le libetsa tsa hao. Sena ha se bolele hore u be le leseli la litsebi tsa ho loantša mollo, empa ho bolela hore u tsebe lintlha tse seng kae tsa motheo. Ka mohlala, u ka be u entse eng boemong bo latelang?
Moapehi oa lijo tse bakoang o ne a futhumatsa terei e behileng lipane tse ncha tse 20, tse tlotsitsoeng hantle ka oli tse keneng ka ontong, ha a ntse a lokisetsa ho baka bohobe. Leha ho le joalo, selaola-mocheso se ne se e-na le phoso ’me mocheso o ile oa phahama, oa etsa hore oli e kubelle. A roetse litlelafo, moapehi o ile a bula onto ka potlako ’me a hulela terei ka ntle. Ka ho etsa joalo, o ile a pepesetsa oli e kubellang moeeng o mongata. Ha re, lai! Metsoako e bakang mollo e ile ea kopana ’me ea phahamisetsa lelakabe marulelong. A sa tsoa kotsi, moapehi enoa o ile a tsoa ka potlako ’me a khutla ka mor’a metsotsoana a se a jere setima-mollo sa carbon dioxide ’me a tima mollo oo ka potlako. Empa, ka potlako mosi o mong o ile oa kubella, ’me oli ea hotela hape. Ho hotela le ho tingoa ho ile ha etsahala ka makhetlo a ka bang mane! Moo a tšohang hore setima-mollo se tloha se fela, moapehi o ile a hula kobo e sa cheng ea ho tima mollo moo e neng e hakiloe teng haufi ’me a e akhela tereing. O ile a imoloha ha e thiba mollo—’me e o tima.
Ha ho pelaelo hore re batla ho sebelisa libetsa tse sebetsang hamolemo tseo re nang le tsona bakeng sa ho tima mollo o monyenyane empa e le o ka bakang kotsi. Empa haeba moapehi a ne a tseba ka metsoako e bakang mollo—eo ho nang le monyetla o moholo oa hore e be teng ha ho e-na le ho kubellang—a ka be a ile a tima onto feela, a boloka mamati a koetsoe ’me lintho tse ka har’a onto tsa fola ka botsona. Kapa, a ka be a ile a kupetsa ka kobo eo e sa cheng e timang mollo pele, ebe ke hona a sebelisang setima-mollo sa carbon dioxide haeba ho hlokahala. Ho sa tsotellehe se etsahetseng, phihlelo ena e bontša bohlokoa ba ho tseba lintlha tsa motheo tsa mollo le hore na tsela e molemohali ea ho o tima ke efe.
“Lisosa Tse Tharo” Tsa Mollo
Ntho e bitsoang lisosa tse tharo tsa mollo ke motsoako o utloahalang o lokisetsang ntho hore e che: libeso ha li kopana le oksijene le mocheso li baka mollo. Ha u ka ntša e le ’ngoe ea tsona, u tla be u sa time mollo feela empa u tla be u boetse u thibela o eketsehileng. A re boneng hore na sena se sebetsa joang.
LIBESO: Joaloka rōna, mollo oa tima ha o se na lijo. Bo-ralitima-mollo ba sebelisa molao-motheo ona ha moru o e-cha ka hore ba thibele mollo hore o se ke oa keka ka ho chesa sebaka se itseng lipakeng tsa moo ho chang le moo ho e-song ho che. Ha e le ka kichineng, ho ka felisoa libeso ka ho tima khase. Leha ho le joalo, maemong a mang ho tlosa libeso ho ka ’na ha e-ba thata kapa ha hla ha se khonehe.
OKSIJENE: Hang hape, mollo o lokela ho hema joalokaha le rōna re hema. Tšela kharafu e tletseng mobu mollong kapa u akhele kobo e sa cheng ea ho tima mollo holim’a oona, ’me u tla o bipetsa. Ho latela tlhaho, ha ho hlokahale hore oksijene e be sieo ka ho feletseng hore mollo o bipetsane. Haeba u fokotsa bongata ba oksijene e teng moeeng ho tloha karolong e tloaelehileng ea 21 lekholong, ho e isa karolong ea 15 lekholong, lintho tse ngata—ka mohlala, lintho tse metsi tse tšoarang mollo esita le lintho tse ling tse tiileng—li ke ke tsa hlola li e-cha.
MOCHESO: Mohloli oa mocheso o ka qalang mollo e ka ba hitara, setofo, mehala e imetsoeng ea motlakase, tlhase kapa leupa, lehalima kapa mocheso o fehluoeng ke limela tse bolang, lik’hemik’hale tseo matla a tsona a fofang kapa lintho tse ling tse ngata. Hopola, ha u bona mosi, haholo-holo haeba o tsoa mafureng kapa oling e phehang tse lutseng mollong, mollo o ka ’na oa qhoma neng kapa neng ka lebaka la metsoako e bakang mollo.
Li Etselitsoe Mofuta o Mong le o Mong oa Mollo o Monyenyane
Le hoja malapa a mangata a se na litima-mollo, hangata molao o hloka hore lifektheri, liofisi le mehaho ea sechaba li be le tsona. Mefuta e tloaelehileng ke metsi, lik’hemik’hale tse metsi, lekoeba, phofo le carbon dioxide. Litima-mollo tsa Halon lia felisoa hobane ho nahanoa hore li senya moalo oa ozone sepakapakeng sa lefatše. E le ho thusa basebetsi hore ba khethe setima-mollo se nepahetseng boemong ba tšohanyetso, boholo ba meetso ea litima-mollo e na le matšoao a litšoantšo a bontšang hore na li ka sebelisoa hokae, tsa se ke tsa sebelisoa hokae, kapa li ka ’na tsa e-ba le matšoao a mebala. ’Me boholo ba tsona li na le litlhaku tse kang A, B, kapa C, tse bontšang mofuta o khethehileng oa mollo. Khase e sututsang, e hateletsoeng, e sutumeletsa motsoako o sebetsang hore o tsoe ka molomo o monyenyane ka matla a maholo ha mohoele o khoephetsoa. Kaha litima-mollo li na le khase e tsoang ka sefutho se seholo, li lokela ho hlahlojoa nako le nako. ’Me kamehla litima-mollo li lokela ho hakoa pel’a menyako e tsoelang ka ntle ’me li lokela ho fumanoa habobebe. Joale a re hlahlobeng hakhutšoaane mofuta ka mong oa setima-mollo.
Litima-mollo tsa phofo li tima mollo ka lik’hemik’hale ’me li ka ba tsa bitsoa seripitla-mollo se feletseng. Hase feela hore phofo e atleha ho tima mollo oa sehlopha sa A le sa B, empa e boetse e molemo ho loantšeng mollo oa sehlopha sa C (oa thepa ea motlakase). Ka ho utloahalang, setima-mollo sena se sebetsang hohle se sireletsa lehae la hao ka tsela e babatsehang. Phofo eona e atisa ho baka bohlasoa—empa he bohlasoa boo e ka ’na ea se ke ea e-ba letho ha bo bapisoa le se ka bakoang ke mollo!
Litima-mollo tsa metsi a tsoang ka sefutho se seholo li sebetsa hamolemo bakeng sa mollo o akarelletsang lipampiri, patsi, lipolasetiki, lithōle kapa masela. Tsena li oela tlas’a seo hangata se bitsoang mollo oa sehlopha sa A. Matla a metsi a sebelisoang ho tima mollo a hlaha bokhoning bo boholo ba ’ona ba ho monya mocheso. Ha a tsoa ka bongata bo lekaneng, metsi a felisa mocheso kapele ho feta kamoo mollo o ka itsosang kateng, ’me ka hona, mollo oa tima. Empa u se ke ua sebelisa metsi ho tima lintho tse metsi tse tšoarang mollo. U mpa u bakeletsa mollo feela—le hona ka tsela e hlaha! Hape, kaha metsi a khona ho fetisa motlakase, ha ua lokela ho a sebelisa kapa ho sebelisa setima-mollo leha e le sefe se tsoakiloeng le ’ona moo ho nang le mehala ea motlakase o ntseng o sebetsa.
Litima-mollo tsa lik’hemik’hale tse metsi li sebelisa motsoako o hateletsoeng oa alkali salts le metsi ’me li sebetsa ka ho khetheha ho tima mafura le oli e phehang empa eseng ho tima lihlahisoa tse entsoeng ka petroleum. Li boetse li sebetsa hantle khahlanong le mollo oa sehlopha sa A.
Litima-mollo tsa lekoeba li sebetsa hantle, eseng feela mollong oa sehlopha sa A empa haholo-holo mollong o akarelletsang lintho tse metsi tse tšoarang mollo (mafura a indasteri a thibelang khohlano linthong tse itseng, libeso, pente), tseo ka tloaelo li tsejoang e le mollo oa sehlopha sa B. Ho na le mefuta e ’meli ea litima-mollo tsa lekoeba, ka hona, hlahloba hore na ke sefe se tla sebetsa hamolemo malebana le litlhoko tsa hao. Ha le sebelisoa ho tima ntho e metsi e chang, lekoeba le e koahela ka leloapi le sa phunyeheng le tšoarang mouoane o tukang le hona ho thibela oksijene ho kena. Ka hona, lekoeba le tlameha ho tšeloa hantle e le hore le se ke la kenella nthong e metsi e chang, empa ho e-na le hoo, le e kupetse. E-ba hlokolosi hore u se sebelise lekoeba pel’a motlakase.
Litima-mollo tsa carbon dioxide li ka sebelisoa ho tima mollo oa mefuta eohle ntle le oa khase. Li sebetsa ka tsela ea hore carbon dioxide e leleka oksijene. Empa joalokaha re bone pejana, haeba ntho e ka ’nang ea tuka e lula e ntse e chesa, ho ka ’na ha qhoma mollo neng kapa neng. Carbon dioxide ke khase, kahoo, tikoloho eo ho eona ho fokang moea, e bulehileng, e lekanyetsa ho sebetsa ha eona. Leha ho le joalo, kaha ha e bohlasoa, hoo ho etsa hore e be sona setima-mollo se ratoang bakeng sa ho sebelisetsoa mechine e hlokang tlhokomelo le thepa ea elektronike. Leha ho le joalo, ha e le sebakeng se koalehileng, carbon dioxide e ka bipetsa motho, ka hona, haeba u e sebelisa sebakeng se joalo, etsa bonnete ba hore u tsoa hang ha mollo o tima ’me u koale lemati ha u tsoa.
Kobo e timang molloa ke setima-mollo se molemo ’me e sebetsa ka tsela e ntle bakeng sa mollo o monyenyane o tšoanang le o ka bang teng bokaholimong ba setofo ka kichineng kapa karolong e nyenyane ea k’hapete. Hula kobo nthong e nyenyane e makhethe e keneng ka har’a eona e khomarelitsoeng leboteng, e otlolle ka pel’a hao e le ho itšireletsa malakabeng, ’me u khurumetse mollo ka eona. Ho hlakile hore ha ho khoneha, u tla tlameha ho tima sesosa sa mollo ka potlako, haeba u ne u e-s’o etse joalo.
Likobo tse timang mollo li boetse li pholosa bophelo haeba liaparo tsa hao li ka tšoara mollo. Ha seo se ka etsahala, hopola molao ona oa bohlokoa: “Ema, itihele fatše ’me u pitike.” Le ka mohla u se ke ua matha; ho etsa joalo ke ho butsoela malakabe. Haeba u ka khona ho ithatela kapa motho e mong a ka khona ho u thatela ka kobo e timang mollo ha u ntse u pitika, u tla bipetsa mollo oo ka potlako le ho feta.
Habohlokoa ho Feta Litima-mollo
Ha e le hantle, tšireletso e molemohali khahlanong le mollo ke ho o thibela; ka hona, sebelisa kelello. Beha tosi ea mollo le lintho tse ling tse hotetsang hōle le bana. Tlosa lintho tsohle tse tšoarang mollo haufi le setofo sa hao. Le ka mohla u se ke ua pheha u apere lintho tse nang le matsoho a leketlang tse ka tšoarang mollo. Kenya lintho tse lemosang ha ho e-na le mosi ka tlung ha hao.
Tse latelang ke litlhahiso tse ling tse eketsehileng. Le ka mohla u se ke ua imetsa mehala ea motlakase. Le ka mohla u se ke ua siea mafura kapa oli e ntse e futhumalitsoe setofong se chesang ho se motho ea e shebileng. E-ba seli hore na u beha hitara ea hao hokae. Haeba u e-na le meqomo ea khase haufi le ntlo, etsa hore molomo oa eona—moo mollo o ka qhomang teng—o furalle ntlo. Sebelisa li-fuse tsa motlakase tse boholo bo nepahetseng. Ntša mehala e senyehileng ea motlakase u kenye e mecha.
Na u se u kile ua nahana ka ho ikoetlisetsa mollo lapeng? Ka sebele sena se ka pholosa bophelo. Lokisetsa lelapa hore le kopane sebakeng se itseng—sebakeng leha e le sefe se sireletsehileng se ka fumanoang habonolo motšehare kapa bosiu. ’Me u abe boikarabelo: Ke mang ea tla thusa masea kapa batho ba holofetseng hore ba ee sebakeng se sireletsehileng? Ke mang ea tla bitsa ba lefapha la litima-mollo? E, ho ikoetlisa ho pholosa bophelo hobane ho itlhakisetsoa tsela e nepahetseng e lokelang ho lateloa, ho etsa hore e be ntho e itlisang feela le e etsoang ka potlako.
Ha ho ka Etsahala ho Tšabehang
Hopola hore thepa e ka nkeloa sebaka ka e ’ngoe empa ha ho joalo ka bophelo. U se ke ua beha bophelo ba hao kotsing hobane feela u batla ho loantša mollo. Leha ho le joalo, haeba ho sireletsehile hore u ka kenella hare ’me ua loantša mollo, etsa joalo u le boemong bo ka u lumellang ho tsoa. Empa haeba u sa tiiseha hore u sebelisa setima-mollo se nepahetseng kapa haeba u tšohile hore mollo o moholo bakeng sa sona, e-tsoa ka potlako ’me u bitse ba lefapha la litima-mollo.
Hlokomela hape hore mosi, haholo-holo o nang le chefo oa lintho tsa maiketsetso, o bolaea batho ba bangata ho feta malakabe—o ka bolaea ka nako e ka tlaase ho metsotso e ’meli! Ka hona, ha u baleha mohahong o tukang, leka ho kokobela. Mosi ha o mongata fatše ’me moea o pholile. Ha ho khoneha, beha lesela le mongobo molomong oa hao. Pele u bula lemati, le thetse ka bokamorao ba letsoho la hao. Haeba lea chesa, ho na le mollo ka nģ’ane ho lona; batla tsela e ’ngoe ea ho tsoa. Koala mamati ’ohle ha u tsoa. Sena se fokotsa oksijene e kenang mollong. Ho hlakile hore li-lift ha lia lokela ho sebelisoa ho hang ha ho e-na le mollo—li ka ’na tsa u koalla ka hare ’me tsa fetoha onto!
Ka hona, haeba u rera ho reka se loantšang mollo bakeng sa ntlo ea hao, koloi kapa khoebo, ho ka ’na ha e-ba molemo ho tšohla taba ena le ba ikarabellang lefapheng la litima-mollo sebakeng seo u leng ho sona. Lintlha tse ling tse tobileng li tla fapana ho ea ka linaha ’me ka hona, ha lia akarelletsoa sehloohong sena.
Leha ho le joalo, nakong e tlang ha u bona balebeli bao ba fokolang ba khutsitseng, ema ’me u ithute bona haholoanyane. Ka letsatsi le leng u ka ’na ua iphumana u ba leboha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba naheng ea haeno ho tloaelehile ho sebelisa kobo e sa cheng e timang mollo, etsa bonnete ba hore u tseba ho e sebelisa ka tsela e nepahetseng. U.S. National Fire Protection Association e re: “Ho lokela ho totobatsoe hore . . . likobo tse timang mollo hase tsa bohlokoa bo ka sehloohong. Li lokela ho sebelisoa feela ha li fumaneha ka potlako. . . . Tšebeliso e sa nepahalang ea likobo tse timang mollo e ka eketsa bohale ba mosi le likotsi tsa mollo haeba kobo e lebisa mosi sefahlehong kapa haeba kobo e sa tlosoe ka mor’a hore lelakabe le time.”
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MOLLO
libeso
mocheso
oksijene
[Litšoantšo]
SEHLOPHA SA A
SEHLOPHA SA B
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Chubb Fire Safety
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Haeba liaparo tsa hao li tšoasa mollo, u se ke ua matha
1. EMA
2. ITIHELE FATŠE
3. PITIKA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Coastal Training Technologies Corp. Reproduced by Permission
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho na le litima-mollo tse ngata tsa mefuta e sa tšoaneng bakeng sa lehae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Above illustration: Reprinted with permission from NFPA 10 - 1998, Portable Fire Extinguishers, Copyright © 1998, National Fire Protection Association, Quincy, Massachusetts 02269. This reprinted material is not the complete and official position of the NFPA on the referenced subject which is represented only by the standard in its entirety.