Bokamoso ba Bolumeli ke Bofe?
TSOSOLOSO ea bolumeli e bile e hapang tlhokomelo linaheng tseo pele e neng e le Soviet Union. Russia feela, karolo ea 50 lekholong ea baahi hona joale e ipolela e le Maorthodox, ’me ba limilione ke balateli ba malumeli a mang. Boislamo, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda le Bobuddha ke a mang a malumeli ao e leng khale a le teng, ’me Lipaki tsa Jehova le tsona li na le histori e telele moo.
Khale koana ka 1891, baemeli ba Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng pele ho 1931, ba ile ba etela Kishinev, Russia (hona joale ke Chisinau, Moldova). Mona balumeli-’moho ba ne ba e-ba le liboka. Ka 1928, George Young, moemeli ea khethehileng oa Liithuti tsa Bibele, o ile a ikopanya le liofisiri tsa Soviet Union tse Moscow, Russia, a kōpa tumello ea hore a hatise lingoliloeng tsa Bibele Soviet Union. Hamorao, Lipaki li ile tsa tsebahala haholo ka lebaka la boiteko ba Soviet Union ba ho li felisa.
Ha ka tšohanyetso Soviet Union e qhaloa lilemong tse ka bang leshome tse fetileng, batho ba ile ba qala ho ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha baeta-pele ba Soviet Union ba ne ba leka ho felisa bolumeli?’ Ba bangata ba neng ba rutiloe ho latola boteng ba Molimo ka mashome a lilemo ba ile ba labalabela ho tseba hore na bolumeli bo fupere eng. Na Bibele, e neng e ile ea nkoa e le sengoliloeng se thibetsoeng, e ne e hlile e fupere likarabo mathateng a tobaneng le batho? Marussia a ile a qala ho iketsetsa lipatlisiso.
Bothata bo Fapaneng ba Bolumeli
Thahasello ea ba bangata Bibeleng e ile ea baka bothata bo fapaneng ba bolumeli ho seo pele e neng e le Soviet Union. Koranta ea The Guardian ea London, Engelane, e ile ea hlokomela selemong se fetileng: “E ka ’na eaba ‘ho loantša Molimo’ ho felile, empa lilemo tse leshome feela ka mor’a hore ’muso oa pele lefatšeng oa ho latola boteng ba Molimo phatlalatsa o hlōloe ka tsela e tlotlollang, e ka ’na eaba joale ho qaleha ntoa ea mantsoe e ncha ea bolumeli Russia.” See se bitsoang ntoa ea bolumeli ea mantsoe seo koranta e buang ka sona ke eng?
Joalokaha ho hlokometsoe sehloohong se etellang sena pele, Kereke ea Orthodox ea Russia e ne e ikentse khokanyan’a phiri le baeta-pele ba Soviet Union e le hore e pholohe le ho fumana litokelo tse itseng. The Guardian e hlalosa ho tsoela pele ha kamano e joalo ka ho re: “Lilemong tse 10 tse fetileng kereke e ile ea e-ba le maqhama a haufi ka ho sa khotsofatseng le ’muso oo ho hang o sa fetohang, o seng o kile oa e hatella, e tšehetsa kamehla ’muso oa Russia (ho lumella ntoa ea Chechnya ke Mopatriareka) haesitana le ho ba le tšusumetso e khōlō lipolotiking.”
Los Angeles Times ea la 10 February, 1999, e ile ea lebisa tlhokomelo tšusumetsong ea kereke lipolotiking ha e ne e bua ka Molao oa Tokoloho ea Letsoalo le Mekhatlo ea Bolumeli. Los Angeles Times e boletse hore molao ona o saenetsoeng ke Mopresidente oa mehleng Boris Yeltsin ka September 1997, o ne o “buelletsoe ke Kereke ea Orthodox ea Russia.” Molao oo o ile oa fa kereke maemo ao e a ratang a ho ba bolumeli “ba naha,” hammoho le Boislamo, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda le Bobuddha. Har’a tse ling, molao o ne o batla hore mekhatlo ea bolumeli Russia e ngolise bocha.
The New York Times ea la 11 February, 1999, e ile ea tlaleha hore ka mor’a hore molao oo o kene tšebetsong, “Kereke ea Orthodox e ile ea tsoela pele ho hatella lira tsa eona.” Times ea phaella: “Ka August selemong se fetileng, Aleksei II, Mopatriareka oa Kereke ea Orthodox ea Russia, o ile a re litumelo tse sokollang batho li thibeloe, haholo-holo tse lekang ho tlosa batho ‘malumeling a baholo-holo ba bona.’” Ho tloha ka nako eo, boiteko ba ho thibela litumelo tseo ho thoeng ke tsa basokolli bo ’nile ba tsoela pele, e leng ho feletseng ka se hlalositsoeng e le “ntoa ea mantsoe ea bolumeli.”
E ’Ngoe ea Tseo ho Lebisitsoeng Tlhokomelo ho Tsona
Lipaki tsa Jehova e bile e ’ngoe ea tse ka sehloohong tse hlasetsoeng ke Kereke ea Orthodox ea Russia. Ka la 20 June, 1996, ofisi ea mochochisi ea Moscow e ile ea qala ho sebetsa nyeoe e neng e kentsoe lekhotleng la molao ke Komiti ea ho Sireletsa Bacha Malumeling a Bohata, e leng khahlanong le lihlotšoana tsa borapeli. Le hoja nyeoe ena e ile ea khaotsa ka makhetlo ka lebaka la ho ba sieo ha bopaki bo bontšang ho tlōla molao ha Lipaki, nako le nako e ne e tsosolosoa.
Ho sa le joalo, Lipaki li ile tsa hlaseloa ka mashano a mangata. Komsomolskaya Pravda, koranta ea Russia eo ho ajoang tse 1 200 000 tsa eona, e ile ea bolela tjena tokollong ea eona ea la 21 November, 1998: “Ka lilemo tse peli feela, Kereke ea Orthodox ea Russia e ile ea hatisa libuka tse fetang leshome le libukana tseo ka ho ‘khetheha’ li tobisitsoeng ho balumeli bana ba Ma-Jehova.” Ke hobane’ng ha kereke e lebisitse tlhokomelo ho senyeng botumo ba Lipaki?
Komsomolskaya Pravda e ile ea tsoela pele: “Mohlomong ho bakoa haholo ke hore lilemong tse supileng feela tse fetileng, palo ea litho tsa mokhatlo ona e imenne ka makhetlo a leshome, ’me joaloka mokhatlo o mong le o mong o tsamaisoang ke sehlopha sa baruti, Kereke ea Orthodox ea Russia ha e rate ho qothisana lehlokoa le ba bang.”
Mathoasong a 1999 ha nyeoe e ne e boela e sebetsoa hape khahlanong le Lipaki, e ile ea hapa tlhokomelo ea lefatše lohle. Sehlooho sa New York Times ea la 11 February sea baleha: “Lekhotla la Moscow le Sekaseka Thibelo ea Lipaki Tsa Jehova.” Sehlooho seo se itse: “Nyeoe eo hona joale e leng ka pel’a lekhotla la sechaba la Moscow, e mameloang ka lekhotleng le lenyenyane, e talimiloe ka hloko ke lihlopha tsa malumeli le tsa litokelo tsa batho e le boiteko ba pele ba bohlokoa ba ho sebelisa [Molao oa Tokoloho ea Letsoalo le Mekhatlo ea Bolumeli] ho thibela borapeli.”
Lyudmila Alekseyeva, mopresidente oa International Helsinki Federation, o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha nyeoe ea Lipaki e ne e talimiloe ka hloko. O ile a re haeba ba lekang ho hatella Lipaki tsa Jehova “ba ka hlōla nyeoeng ena,” joale “ba tla lokoloha ho hlasela lihlopha tse ling” tseo le tsona li nkoang e le malumeli ao e seng a neano. Leha ho le joalo, nyeoe e ile ea boela ea fanyehoa ka la 12 March 1999. Empa khoeling e latelang, ka la 29 April, Letona la Toka la Russia le ile la fana ka tumello ea ho ngolisoa ha “Setsi sa Tsamaiso sa Lipaki tsa Jehova Russia.”
Ho sa tsotellehe ho amoheloa hona ke ’muso, ho hlaseloa ha Lipaki le malumeli a mang a manyenyane ho ile ha tsoela pele Russia le libakeng tse ling tseo pele e neng e le lirephabliki tsa Soviet Union. Lawrence Uzzell, mookameli oa Keston Institute ea Oxford, Engelane, o ile a hlokomela hore “kamehla hoa putsa ho shebella Lipaki tsa Jehova” hobane se li etsahallang e ba “temoso e qalang ea se tla etsahala.” Ka sebele, tokoloho ea bohlokoa ea bolumeli bakeng sa batho ba limilione tse mashome-shome e kotsing!
Tlhaselo e se Nang Toka
Lekholong la pele la lilemo, baprista ba ka sehloohong le baeta-pele ba bolumeli ba ile ba hlorisa balateli ba Jesu. (Johanne 19:15; Liketso 5:27-33) Ka lebaka leo, ho ile ha thoe ka Bokreste: “Kannete mabapi le lequloana lena rea tseba hore hohle ho buuoa hampe ka lona.” (Liketso 28:22) Ka hona, e ke ke ea e-ba ho makatsang hore Bakreste ba ’nete kajeno le bona ba tla buuoa hampe, joalokaha ho ’nile ha etsoa ka Lipaki tsa Jehova.
Leha ho le joalo, ka mor’a ho hlahloba bopaki khahlanong le Bakreste ba pele, Gamaliele, Mofarisi ea neng a tsebahala eo e neng e boetse e le mosuoe oa Molao, o ile a eletsa: “Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele; (hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa; empa haeba o tsoa ho Molimo, le ke ke la khona ho ba liha;) ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le loantša Molimo.”—Liketso 5:38, 39.
Lipatlisiso tse kenelletseng ka Lipaki tsa Jehova li boetse li entsoe ke bahlahlobisisi kajeno. Liphello e bile life? Sergey Blagodarov eo ka boeena a ipolelang e le Moorthodox, o itse ho Komsomolskaya Pravda: “Lilemong tse fetang lekholo, ha ho e-s’o be le naha leha e le ’ngoe lefatšeng e kileng ea fana ka bopaki ba ketso leha e le efe ea tlōlo ea molao khahlanong le litho tsa tsona, kapa ho se be teng ha tsona ka molao.”
Bokamoso ba Bolumeli ke Bofe?
Bibele e bua ka “bolumeli bo hloekileng,” kapa ‘borapeli bo hloekileng le bo sa silafalang.’ (Jakobo 1:27a; bona hape le King James Version.) Joalokaha ho hlokometsoe sehloohong se fetileng, Bibele e hlalosa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e le “seotsoa se seholo . . . seo marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le sona.” Seotsoa sena sa tšoantšetso sa bolumeli—“Babylona e Moholo”—se boleloa se “tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.”—Tšenolo 17:1-6.
Tlhaloso ee e tšoanela hakaakang bolumeli bo ’nileng ba sebelisana haufi-ufi le baeta-pele ba lipolotiki ba lefatše e le hore bo boloke boemo ba bona! Leha ho le joalo, bokamoso ba seotsoa sena se seholo sa tšoantšetso sa bolumeli bo tiisitsoe. Bibele e re: ‘Likotlo tsa hae li tla tla ka letsatsi le le leng, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.’ Hase feela temoso ea lengeloi e leng e potlakileng: “Tsoang ho eena . . . haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae”!—Tšenolo 18:4, 7, 8.
Ha morutuoa Jakobo a hlalosa “bolumeli bo hloekileng,” o bo hlalosa e le ‘bo se nang letheba lefatšeng.’ (Jakobo 1:27b) Ho feta moo, Jesu Kreste o itse ka balateli ba hae ba ’nete: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Ka hona, na ua elelloa hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ipoloka li sa amehe litšusumetsong tse senyang tsa lipolotiki tsa lefatše lee? Li etsa joalo hobane li tšepile ka ho feletseng tšepiso ena ea Bibele: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Nyeoe e neng e tšoaretsoe Moscow ka February 1999. Baqosuoa (ka ho le letšehali), moahloli (mahareng), le bachochisi (ka ho le letona)
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bibele e hlalosa bokamoso ba malumeli ’ohle