Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Tseba Nkhono le Ntate-moholo Haholoanyane?
“Nakong eo ke neng ke e-na le bothata ba ho buisana le ’Mè, Nkhono o ile a re thusa ho rarolla bothata.”—Damaris.
BUKENG ea hae e reng Grandparent Power!, Dr. Arthur Kornhaber o ile a ngola: “Ho pholletsa le histori bo-nkhono le bo-ntate-moholo e bile bona ba etellang pele kutloanong le tsoelo-peleng ea lelapa.” Oa phaella: “Joaloka matichere, batšehetsi ba batsoali, bo-rahistori, bakoetlisi, baeletsi, haesita le ho ba ba tlosang bolutu, karolo ea bona ea botsoalle, bophelo, le ea moea e ne e le ea bohlokoa haholo. Kea ipotsa hore na ho tlile joang hore ebe sechaba sa rōna se qheletse ka thōko karolo ena ea bohlokoa, e likarolo li ngata ea bo-nkhono le bo-ntate-moholo.”
Nakong e fetileng, bo-nkhono le bo-ntate-moholo e ne e le motheo oa bophelo ba lelapa, haholo-holo har’a barapeli ba Jehova Molimo. Bibele e ile ea laela Baiseraele hore ba hlomphe le ho nka batho ba hōlileng e le ba bohlokoa. (Levitike 19:32) Ka ho khethehileng bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba ne ba nkoa ba tšoaneloa ke tlhompho.—1 Timothea 5:4.
Ka masoabi, mehla e fetohile. Hangata bohōle ba libaka bo arola malapa, ’me bacha ba bangata ha ba bonane le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona. Boitšoaro le bona bo fetohile. Libakeng tse ngata tsa lefatše, ba hōlileng—ho akarelletsa le beng ka motho—ha ba sa fuoa tlhompho e ba tšoanelang. (2 Timothea 3:1-3) Ntho eo ho neng ho thoe ke lekhalo la moloko hona joale ho bonahala e se e le khohlohali. Bacha ba bangata ba nahana ka bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona e le batho feela ba tsofetseng le ba sa khemeng le linako. Ha ba kholoe hore bona bana ba hōlileng ke bona bao ho ka etsahalang hore ebe ba utloisisa likhatello le mathata ao ba teanang le ’ona kajeno.
Haeba ke tsela eo u ikutloang ka eona, ak’u nahane hape! Hobane ho tseba nkhono le ntate-moholo oa hao haholoanyane ho na le molemo o moholo—haholo-holo haeba e le ba tšabang Molimo. ’Me haeba ha u e-s’o ba tsebe, e ka ’na eaba ua lahleheloa. Joang?
Mohloli oa Bohlale le Keletso
Bacha ba bangata ba fumane hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo e ka ba tšireletso nakong ea sefefo sa lilemo tsa bocha. Makasine ea Seventeen e ile ea hlokomela: “Hobane ba phetse lilemo tse ngata ba na le phihlelo, hangata ba ka ba le thuso e khōlō ho rarolleng mathata ho feta lithaka tsa hao, tseo le tsona li ntseng li loantšana le mathata a tšoanang le a hao. Uena le lithaka tsa hao le khabong ea liphetoho tsa pele tsa bophelo ba lōna; nkhono le ntate-moholo oa hao ba tiiselitse maemo a mangata a joalo. Hangata ba bohlale ba bile ba na le temohisiso.” Keletso ena e mpa feela e pheta seo Bibele e ileng ea se bua makholong a lilemo a fetileng, ha e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.”—Liproverbia 16:31.
Ke ’nete hore, mohlomong nkhono le ntate-moholo oa hao ba hōletse sebakeng se sa tšoaneng le seo u phelang ho sona hona joale. Empa u ka kholiseha hore ka nako e ’ngoe, ba kile ba ba le maikutlo a tšoanang le ao u loantšanang le ’ona hona joale. Le hoja e ka ’na eaba u ntse u haelloa ke phihlelo ea ho sebetsana le maikutlo a joalo, nkhono le ntate-moholo oa hao ba bile le nako eohle ea bophelo ba bona ba sebetsana le ’ona. (Liproverbia 1:4) Jobo monna ea lokileng o ile a botsa ho re: “Na ha ho na bohlale har’a ba hōlileng le kutloisiso boleleleng ba matsatsi?” (Jobo 12:12) E, ka lebaka leo, hangata bo-nkhono le bo-ntate-moholo e ka ba thuso ea sebele ha mocha a hloka keletso e leka-lekaneng, khothatso kapa tšehetso.
Ka mohlala, nkhono’a Damaris e monyenyane, o ne a lula le Damaris le ’mè oa hae foleteng e le ’ngoe toropong. Damaris oa hopola: “Nakong eo ke neng ke e-na le bothata ba ho buisana le ’Mè, Nkhono o ile a re thusa ho rarolla bothata. O ne a ee a mpontše tsela e fapaneng ea ho talima lintho.”
Alexandria o bile le phihlelo e tšoanang ha lelapa labo le falla ’me a lokela ho fetola likolo. Alexandria o re: “Tichere ea ka e ncha e ne e hloka qenehelo ’me ka linako tse ling e ne e tleroha ka bohale.” Ka lebaka leo, ho ikamahanya le maemo sekolong se secha ho ne ho le boima ho Alexandria. Leha ho le joalo, nkhon’oae o ile a ipaka e le motsoalle. O ile a thusa Alexandria ho ikamahanya le maemo ka ho mo susumelletsa hore a be le boikutlo bo nepahetseng haholoanyane. Alexandria o re: “Hona joale ke rata sekolo le tichere ea ka.”
Mohlankana e mong oa Brazil ea bitsoang Rafael o hopola thuso eo nkhon’oae le ntata’e-moholo ba ileng ba mo fa eona ha a tsoela pele ka lithuto tse tlatselletsang ka mor’a sekolo se phahameng: “Ba ile ba mpha likeletso tse ngata mabapi le metsoalle le hore ke joang nka hanelang mathata a amanang le lithethefatsi.” Hona joale Rafael o sebeletsa e le moevangeli oa nako e tletseng.
Bukeng ea hae ea Grandparenting in a Changing World, joaloka nkhono, Eda LeShan o pheta phihlelo ea hae. Oa ngola: “Ka letsatsi le leng setloholo sa ka sa ngoanana se ile sa ntetsetsa mohala ’me sa re, ‘Nkhono ke hloka thuso ka khatello ea lithaka.’ Ba bang bao a leng sehlopheng se le seng le bona ba ile ba leka ho mo susumelletsa ho intša le bashemane, bao ba bang ba bona ba neng ba mo letsetsa mehala.” Ka lebaka la hore setloholo seo sa hae se ile sa kōpa thuso, nkhono o ile a khona ho fana ka keletso e faneng ka thuso e neng e hlokahala. Ka tsela e tšoanang u ka fumana ho ba le moqoqo o mokhutšoanyane le nkhono kapa ntate-moholo ea lerato e le mohloli oa ’nete oa tšehetso.
Hangata bo-nkhono le bo ntate-moholo baa thusa haholo-holo linakong tseo lelapa le leng maqakabetsing ka tsona, joaloka ho kula kapa lefu. Ka mor’a hore Lacey e monyenyane a hlokahalloe ke ntat’ae ka lebaka la ho kula haholo, nkhon’oae o ile a mo thusa ho sebetsana le boemo ka katleho. Lacey o re: “Re atamelane haufi-ufi le ho feta pele.”
Tlamo e Khethehileng ea Lerato
Ho ka etsahala hore botsoalle ba hao le nkhono kapa ntate-moholo oa hao bo se ke ba e-ba le khohlano e tloaetseng ho ba teng lipakeng tsa hao le batsoali ba hao. Ho tla joang hore ho be joalo? Lebaka le leng ke hore, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba thabela tlamo e khethehileng le litloholo tsa bona. Bibele e re: “Banna-baholo ba motlotlo ka litloholo tsa bona.”—Liproverbia 17:6, Today’s English Version.
Hape, hopola, hore ke batsoali ba hao—eseng nkhono le ntate-moholo oa hao—ba lokelang ho jara boikarabelo bo boima ba ho u hōlisa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ka lebaka la hore karolo ea bona ha e hloke lintho tse ngata hakaalo, nkhono le ntate-moholo oa hao ba ka ’na ba se ke ba u tšoaea liphoso haholo joaloka batsoali ba hao. Hape, hangata nkhono le ntate-moholo oa hao ha baa imeloa ke boikarabelo le boima ba letsatsi le letsatsi ba ho hlokomela lelapa. Ka lebaka la hore e ka ’na eaba ba batla ba lokolohile likhatellong tse joalo, ba ka ’na ba nolofalloa ke ho arabela litlhoko tsa hao kapa ba u ela hloko. Tom ea lilemo li 17 o hopola tlhokomelo eo a neng a e fumana ho nkhon’oae le ntat’ae-moholo. Ba ne ba mo romella “limpho tse nyenyane hobane a pasitse”; ebile ba mo lefella ha a ithuta piano.
Ke ’nete hore, hase bo-nkhono le bo-ntate-moholo bohle ba khonang ho fana ka limpho tse joalo, empa ba sa ntse ba ka bontša ho u thahasella, mohlomong ka ho u babatsa le ho u khothatsa kapa ka ho u mamela nako le nako. Sena se ka bōpa tlamo e tebileng ea botsoalle pakeng tsa lōna. Ha Damaris a bua ka nkhon’oae o re: “O etsa hore ke ikutloe ke phutholohile, ’me nka ea ho eena le ho buisana le eena ka nako leha e le efe hobane kamehla o lula a ikemiselitse ho mamela—esita le haeba ka linako tse ling ke bua lintho tse se nang kelello.” Ka tsela e tšoanang mocha e mong ea bitsoang Jônatas o thabela ho ba le bolokolohi ba puo le monyetla oa ho bua lintho tse tebileng le nkhon’oae le ntat’ae-moholo.
Ho Fapanyetsana
Le hoja nkhono le ntate-moholo oa hao ba ka u fa bohlale le lerato la bona, le bona ba ka rua molemo matleng a bocha ba hao le botsoalle. Joang? Ha e le hantle, ho na le litsela tse ngata tseo u ka thusang nkhono le ntate-moholo oa hao ka tsona. Hangata matla a bona aa fela. Kapa ho ka etsahala hore ebe ba loana le ho kula. Ha ho pelaelo hore ba ne ba tla khothala haeba u ne u ka ba thusa ka ho ba ela mabenkeleng le ho etsa mesebetsi ea ka tlung.
Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bangata ke bahlolohali ’me ka linako tse ling ba jeoa ke bolutu. Ka ho ba thahasella haholo, u tla be u ba tsoela molemo e le hore ba loantšane le maikutlo a ho jeoa ke bolutu le ho lula ba thabela ho phela. Ho etsa joalo ke tsela e ’ngoe ea ho mamela keletso ea Bibele ea ho “lefa puseletso e loketseng ho . . . batsoali ba batsoali ba [hao], kaha hona hoa khahlisa mahlong a Molimo.”—1 Timothea 5:4.
Ha ho pelaelo hore, ho ikatametsa haufi le nkhono le ntate-moholo oa hao ho ka ruisa bophelo ba hao molemo—haesita le ba bona! Mohlomong ho fihlela joale ha u e-s’o be haufi-ufi le bona. Mohlomong u batla ho fetoha empa ha u tsebe hore na u qale hokae. Ho ka etsahala hore ebe nkhono le ntate-moholo ba hao ba lula hōle haholo kapa mohlomong batsoali ba hao ha ba sa le ’moho ’me sena se u huletse thōko le nkhono le ntate-moholo oa hao. Sehlooho se latelang se tla fana ka litlhahiso tse sebetsang mabapi le hore na u ka sebetsana ka katleho joang le maemo a joalo.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Hangata bo-nkhono le bo-ntate-moholo e ka ba bamameli ba molemo le mohloli oa keletso le tšehetso
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Thusa nkhono le ntate-moholo oa hao