Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 8/8 maq. 4-7
  • Mohloli oa Lehloeo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohloli oa Lehloeo
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hloka Tsebo le Tšabo
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Pefo e Ngata Hakaale?
  • Ho Senya Likelello
  • Tsela Feela ea ho Felisa Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Hloeane Hakaale?​—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hobane’ng ha Lehloeo—Le Atile Hakaale?
    Tsoha!—1997
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Hloeane Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 8/8 maq. 4-7

Mohloli oa Lehloeo

LEHLOEO le hlahile khale historing ea motho. Tlaleho ea Bibele ho Genese 4:8 e re: “Eitse ha ba ntse ba le naheng Kaine a hlasela moen’ae Abele ’me a mo bolaea.” Mongoli oa Bibele Johanne, oa botsa: “O ile a mo bolaea ka lebaka lefe? Hobane mesebetsi ea hae e ne e le khopo, empa ea mor’abo e ne e lokile.” (1 Johanne 3:12) Abele e ile ea e-ba phofu ea sesosa se seholo sa lehloeo: lefufa. Liproverbia 6:34 e re: “Khalefo ea monna ea shahlileng ke poulelo [kapa lefufa].” Kajeno, lefufa le bakoang ke maemo bophelong, leruo, matlotlo le melemo e meng le tsoela pele ho qabanya batho.

Ho Hloka Tsebo le Tšabo

Empa lefufa e mpa e le se seng sa lisosa tse ngata tsa lehloeo. Hangata lehloeo le boetse le hlohlelletsoa ke ho hloka tsebo le tšabo. Setho se seng se senyenyane sa sehlopha se mabifi se nang le khethollo ea morabe se ile sa re: “Le pele nka ithuta ho hloea, ke ile ka ithuta ho tšaba.” Hangata mohloli oa tšabo e joalo ke ho hloka tsebo. Ho latela The World Book Encyclopedia, batho ba nang le leeme ba sekamela ho beng le maikutlo a “se nang motheo. . . . Batho ba leeme ba sekamela ho sotheng taba, ho e khopamiseng, ho e utloisiseng hampe kapa hona ho hlokomoloheng linnete tse hananang le maikutlo a bona ao ba ileng ba hla ba a nahana esale pele.”

Maikutlo aa a tsoa hokae? Lefapha le leng la boitsebiso ba Internet le re: “Liketsahalo tsa nako e fetileng li ikarabella maikutlong a mangata a leeme a tloaelehileng, empa phihlelo ea rōna ea botho e ikarabella leemeng leo le rōna re nang le lona.”

Ka mohlala, United States, thekiso ea makhoba e siile tsitsipano e sa feleng lipakeng tsa makhooa a mangata le Maafrika—tsitsipano e ntseng e tsoela pele ho fihlela kajeno. Hangata maikutlo a fosahetseng a khethollo ea morabe a tloha ho batsoali a fetele baneng. Lekhooa le leng le ipoletseng le e-na le khethollo ea morabe le ile la lumela hore le ile la hlaolela maikutlo a mabe a khethollo ea morabe “ho se le moo le neng le kopana le batho ba batšo teng.”

Joale ho na le ba lumelang hore batho ba fapaneng le bona ha ba na thuso. Maikutlo ana a ka thehoa ketsahalong e le ’ngoe feela e sa thabiseng e entsoeng ke motho oa morabe o mong kapa oa setso se seng. Ho tloha moo, ba mathela qetong ea hore motho e mong le e mong oa morabe oo kapa setso seo e tlameha ebe o na le mekhoa eo e mebe.

Le hoja khethollo e le mpe ka ho feletseng ho batho ka bomong, e ka ba e bolaeang ha e fetela sechabeng sohle kapa morabeng kaofela. Tumelo ea hore bochaba ba motho, ’mala oa hae, setso sa hae kapa puo ea hae li mo etsa ea phahametseng ba bang e ka tsoala khethollo le tšabo ea batho basele (ho nena motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe ea naha e ’ngoe). Lekholong la bo20 la lilemo, khethollo e joalo hangata e ne e bonahatsoa ka mabifi.

Ho thahasellisang ke hore lehloeo le khethollo hase hakaalo taba ea ’mala oa letlalo kapa morabe. Mofuputsi Clark McCauley oa Univesithi ea Pennsylvania o ngola hore “ho arola batho ho ba etsa lihlopha tse peli tjee feela ntle ho lebaka, esita le ka ho akhela chelete ea tšepe holimo, ho lekane ka bohona hore sehlopha seo se ipōpe ngatana-’ngoe.” E le mokhoa o tloaelehileng oa ho etsa teko, mosuoe e mong oa sehlopha sa boraro o ile a etsa pontšo ea sena ka ho arola sehlopha sa barutoana ba hae lihlopha tse peli—sehlopha sa bana ba mahlo a maputsoa le sa bana ba mahlo a masootho. Ho e-s’o ee kae, bora bo ile ba e-ba teng lipakeng tsa lihlopha tsena tse peli. Esita le tšebelisano e thehiloeng linthong tse tloaelehileng tse kang ho rata sehlopha se itseng sa lipapali e ka fehla ntoa e mabifi.

Ke Hobane’ng ha ho E-na le Pefo e Ngata Hakaale?

Empa ke hobane’ng ha bora bo joalo hangata bo bonahatsoa ka litsela tse mabifi? Bafuputsi ba hlahlobile taba eo ka ho teba ’me seo ba ka fanang ka sona feela ke khopolo-taba. Clark McCauley o ile a bokella litlaleho tsa patlisiso tse keneletseng tse entsoeng ka pefo ea batho le ho halefa ha bona. O ile a qotsa tlaleho e ’ngoe e neng e bontša hore “tlōlo ea molao e mabifi e amana le lintoa tse loanoang le tse hlōloang.” Bafuputsi ba fumane hore “lichaba tse kopanetseng Ntoeng ea I ea Lefatše le Ntoeng ea II ea Lefatše, haholo-holo lichaba tse neng li le lehlakoreng le hlōlang lintoeng tsena, li ile tsa e-ba le keketseho ea ho bolaeana le ka mor’a hore ntoa e lale.” Ho latela Bibele, re phela mehleng ea lintoa. (Matheu 24:6) Na ho ka etsahala hore ebe lintoa tseo li ile tsa tlatsetsa ka tsela e itseng ho eketseheng ha mefuta e meng ea pefo?

Bafuputsi ba bang ba batla tlhaloso e amanang le bophelo bakeng sa mabifi a batho. Buka e ’ngoe ea liphuputso e ile ea leka ho hlalosa mekhoa e itseng ea mabifi e le e bakoang ke “tekanyo e tlaase ea serotonin bokong.” Khopolo e ’ngoe e tloaelehileng ke ea hore mabifi a keneletse liphatseng tsa rōna tsa lefutso. Rasaense e mong oa lipolotiki o ile a fana ka lebaka la hore “e ka ’na eaba karolo e khōlō ea [lehloeo] e bakoa ke lefutso.”

Bibele ka boeona e bolela hore batho ba sa phethahalang ba tsoetsoe ba e-na le mekhoa e mebe le mefokolo. (Genese 6:5; Deuteronoma 32:5) Ka ho hlakileng, mantsoe ao a sebetsa ho batho bohle. Empa hase batho bohle ba hloileng ba bang ka tsela e sa utloahaleng. Eo ke ntho eo motho a lokelang ho ithuta eona. Ka hona, setsebi se tsebahalang sa kelello, Gordon W. Allport, se ile sa hlokomela hore masea “ha a na . . . litšobotsi tse bontšang tšekamelo e itseng e kotsi. . . . Ngoana o na le boikutlo bo botle, o atamela mofuta o mong le o mong oa ntho e susumetsang, le mefuta eohle ea batho.” Lintho tse joalo li tšehetsa maikutlo a hore mabifi, leeme le lehloeo ha e le hantle ke boitšoaro boo motho a ithutang bona! Bokhoni bona bo bonahalang ba hore batho ba ithute ho hloea bo sebelisoa hampe le ho feta ke batho ba rutang lehloeo.

Ho Senya Likelello

Ba li hulang pele ke baeta-pele ba lihlopha tse fapaneng tsa lehloeo, tse kang marabele a nang le tšekamelo ea Bonazi a beolang lihlooho le Ku Klux Klan (mokhatlo o tšehetsang tumelo ea hore makhooa a phahametse ba bang). Hangata lihlopha tsena li lebisa tlhokomelo ho thaotheng bacha ba susumetsehang habonolo ba tsoang malapeng a sa pheleng hantle. Bacha ba ikutloang ba sa sireletseha le ba inkang ba se na thuso ba ka ’na ba nka hore lihlopha tsena tsa lehloeo li ba fa kamohelo e itseng.

Internet ke sebetsa se matla haholo seo ba bang ba se sebelisang ho hlohlelletsa lehloeo. Ho latela lipalo tse ileng tsa etsoa morao tjena, ho ka ’na ha e-ba le Mecha ea boitsebiso e ka bang 1 000 e hlohlelletsang lehloeo ho Internet. Makasine ea Economist e qotsa mong’a Mocha o mong oa boitsebiso o hlohlelletsang lehloeo ha a ithorisa: “Internet e re file monyetla oa ho hlahisa maikutlo a rōna ho batho ba likete tse makholo.” Mocha oo oa hae oa boitsebiso o akarelletsa le “Kids’ Page” (Leqephe la Bana).

Ha bacha ba fata-fata ho Internet bakeng sa ’mino, ba ka ’na ba thulana le mecha eo ba ka fumanang ’mino o khothalletsang lehloeo ho eona. Hangata ’mino o joalo o lerata, hape o mabifi, o na le mantsoe a fetisang molaetsa o matla oa khethollo ea morabe. Mecha ena ea boitsebiso e boetse e fana ka mecha ea ho kena moqoqong oa sehlopha, mecha ea puisano e bulehileng kapa Mecha e meng ea boitsebiso e hlohlelletsang lehloeo.

Mecha e meng ea boitsebiso e hlohlelletsang lehloeo e na le likarolo tse khethehileng tse nang le lipapali le mesebetsi e itseng bakeng sa bacha. Mocha o mong oa boitsebiso oa marabele a nang le tšekamelo ea Bonazi o leka ho sebelisa Bibele ho lokafatsa khethollo ea morabe le bora khahlanong le Bajuda. Sehlopha sena se boetse se na le leqephe la papali ea puzzle e nang le lipolelo tsa khethollo ea morabe. Morero oa sona ke ofe? “Ke ho thusa litho tse nyenyane tsa morabe oa ba basoeu hore li utloisise ntoa eo re e loanang.”

Empa hase bahlohlelletsi bohle ba lehloeo ba tsoang sehlopheng sena se khelohileng sa batho ba nang le maikutlo a feteletseng. Setsebi se seng litabeng tsa kahisano se ileng sa ngola ka lintoa tsa haufinyane tjena tsa linaha tsa Balkan ha se ngola ka lingoli tse hlomphehang le batho ba susumetsang mehopolo ea sechaba, se ile sa re: “Ke ile ka makala ha ke bona [ba] sebelisa mokhoa o khotsofatsang takatso ea batho ba habo bona ba nang le maikutlo a khohlahetseng, ba hlohlelletsa lehloeo la bona le matla, ba foufatsa kahlolo ea bona ka ho ba khothalletsa hore ba se ke ba nka hore ho na le boitšoaro bo sa amoheleheng . . . le ka ho shanofatsa ’nete.”

Se sa lokelang ho tlōlisoa mahlo tabeng ena ke karolo e phethoang ke baruti. Bukeng ea hae ea Holy Hatred: Religious Conflicts of the ‘90’s, sengoli James A. Haught se bolela sena se tšosang: “Ho ikhanyetsa ho hoholo ho bileng teng lilemong tsa bo-1990 ke hore bolumeli—boo e neng e tlameha ebe ke mohloli oa mosa le ho ameha ka batho—ke bona bo eteletseng pele lehloeo, ntoa le bokhukhuni.”

Ka hona, lisosa tsa lehloeo li bonahala li le ngata li bile li rarahane. Na see se bolela hore ha ho na mokhoa oa hore batho ba khaotse ho pheta booatla ba histori ea bona e tletseng lehloeo? Na ho na le se ka etsoang ho motho ka mong le ho batho lefatšeng kaofela hore ba loantše ho se utloisisane, ho hloka tsebo le tšabo tse bakang lehloeo?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Leeme le lehloeo ke boitšoaro boo batho ba ithutang bona!

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Ha rea tsoaloa re e-na le . . . 

. . . maikutlo a lehloeo le khethollo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lihlopha tse hlohlelletsang lehloeo li sebelisa “Internet” ho thaotha bacha

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Hangata bolumeli bo ’nile ba hlohlelletsa lintoa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela