Moloko o Kotsing
“Pele ho likhoeli tse peli tse fetileng, ke ne ke le motho ea thabileng le ea mahlahahlaha. Hona joale, neng le neng ha ke fumana monyetla oa ho etsa ntho e itseng, ke ikutloa ke khathetse haholo. Ha kea thaba ho hang ’me ke sefela-peloana, ha ke tsebe hore na ho na le ea ka ’mamellang. Ke sitoa ho fumana hore na ke eng e entseng hore ke iphumane ke se ke ikutloa ka tsela ena.”—Paul.
“Ke lula ke lla ’me ke ameha habohloko maikutlong. Ha ke sa utloe bohloko, ke ikutloa eka ke shoohlo. Ha ho letho leo ke le thabelang. Ha ke sa rata le ho ba le metsoalle ea ka. Ke khakhatha boroko. Ka matsatsi a mangata ke sitoa ho tsoha ho ea sekolong ’me limaraka tsa ka li theohile haholo.”—Melanie.
HASE Paul le Melanie feela ba nang le bothata bona. Liphuputso li bontša hore hoo e batlang e le karolo ea 8 lekholong ea baahi ba bacha ba United States e na le bothata ba ho tepella maikutlong ka tsela e itseng le hore selemo se seng le se seng, hoo e ka bang karolo ea 4 lekholong ea bona e tepella maikutlo ka ho tebileng. Empa lipalo-palo tsena ha li fane ka boitsebiso bohle kaha hangata ho tepella maikutlong ha ho ke ho lemohuoa kapa ho hle ho hlokomolohuoe ka ho feletseng. David G. Fassler eo e leng setsebi sa kelello ea bacha oa ngola: “Ha e le hantle, ka mor’a hore ke hlahlobisise phuputso eo ke e entseng ho bana le bacha, ke nahana hore bacha ba fetang a le mong ho ba bane ba tla ba be ba kile ba tepella ka ho tebileng maikutlong pele ba e-ba le lilemo tse leshome le metso e robeli.”
Liphello Tse Senyang
Ho tepella maikutlong ho na le liphello tse senyang bacheng. Ha e le hantle, litsebi li lumela hore ke habohlokoa ho kenya letsoho mathateng ao bacha ba bang le ’ona, a ho sitoa ho itaola mekhoeng ea ho ja, maloetseng a tsamaisanang le lefu la kelello, mathateng ao ba bang le ’ona sekolong le ho sebeliseng lithethefatsi hampe.
Ho utloisang bohloko le ho feta ke hore ho tepella maikutlong ho ’nile ha hokahanngoa le ho ipolaea ha bacha. Ho latela U.S. National Institute of Mental Health, bacha ba bangata ba ka etsang karolo ea 7 lekholong ba tepelletseng haholo maikutlong baa ipolaea.a Esita le sena ha se senole ka ho feletseng kamoo boemo bo leng kateng kaha ho lumeloa hore bakeng sa mocha e mong le e mong ea ipolaeang, ho na le ba bang ba bangata ba lekang ho ipolaea. Ka hona, ke ho utloahalang hore ebe tlaleho ea Lekhotla la Carnegie Tsoelo-peleng ea Bacha, e itse: “Ho khella tlaase mathata a bacha kajeno ke ho mema koluoa. Ho se ele hloko ho joalo ka sebele ho beha moloko ona kotsing.”
Na ke Bophelo ba ho se Tsotelle?
Ba bang ba ho fumana ho le thata ho lumela hore bacha ba ka hla ba tepella maikutlong. Batho ba baholo ba ka ’na ba beha lebaka la hore ‘e sa le bana. Ha ba na mathata bophelong ’me ka sebele ha ba na matšoenyeho ao batho ba baholo ba nang le ’ona.’ Kapa na ba na le ’ona? ’Nete ke hore bacha ba talimane le likhatello tse tebileng ho feta kamoo batho ba bangata ba baholo ba hlokomelang kateng. Dr. Daniel Goleman o re: “Haesale ho tloha ha lekholo [la bo20] la lilemo le qala, moloko o mong le o mong ka ho hlahlamana lefatšeng ka bophara o ’nile oa phela o e-na le monyetla o fetang oa batsoali ba oona oa ho tepella maikutlong ka ho tebileng—eseng feela ho se thabe, empa ho felloa ke thahasello ho khathatsang matla, ho nyahama, ho ikhauhela le ho hloka tšepo ka ho feletseng bophelong. ’Me linako tsa ho tepella maikutlong li qala motho a sa le monyenyane haholo.”
Ho ntse ho le joalo, batsoali ba bangata ba ka ’na ba hanyetsa: ‘Rōna re fetile bocha ba rōna ntle le ho tepella maikutlong. Ke hobane’ng ha ngoana oa rōna a aparetsoe ke ho sithabela maikutlong?’ Empa batho ba baholo ha baa lokela ho bapisa liphihlelo tsa ha e sa le bacha le tsa bacha ba kajeno. Etsoe batho baa fapana tseleng eo ba utloisisang lintho tse ba potileng lefatšeng ka eona le hore na ba itšoare joang.
Ntle ho moo, bacha ba kajeno ba tobane le liphephetso tse eketsehileng. Dr. Kathleen McCoy bukeng ea hae ea Understanding Your Teenager’s Depression, o ngotse: “Ba hōlela lefatšeng le fapaneng ka ho feletseng le la bocha ba batsoali ba bona.” Ka mor’a ho qotsa tse ling tsa liphetoho tse khōlō tse bileng teng mashomeng a morao tjena a lilemo, Dr. McCoy o phetha ka ho re: “Kajeno bacha ba ikutloa ba sa sireletseha, ba se na matla le ho hloka tšepo ho feta kamoo re neng re le kateng nakong e fetileng molokong oa rōna.”
Ka lebaka la ho ata ha ho tepella maikutlong ha bacha, lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena tse tharo:
• A mang a matšoao a bontšang hore mocha o tepelletse maikutlong ke afe?
• Boemo boo bo bakoa ke eng?
• Bacha ba tepelletseng maikutlong ba ka thusoa joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi tse ling li lumela hore palo ea sebele e holimo ho feta ena, kaha palo ea mafu a boleloang e le a likotsi e ka ’na eaba ke ea batho ba ipolaileng.