Pono ea Bibele
Molimo o Mamella ho Isa Kae?
“MOLIMO, LE HOJA A E-NA LE TAKATSO EA HO BONTŠA KHALEFO EA HAE LE HO TSEBAHATSA MATLA A HAE, [O] MAMELETSE KA TIISETSO E KHŌLŌ LIJANA TSA KHALEFO TSE ENTSOENG HORE LI LOKELE TIMETSO.”—BAROMA 9:22.
HO PHOLLETSA le histori Molimo o ’nile a mamella bobe bo bongata le bokhopo bo totobetseng. Lilemong tse fetileng tse ka holimo ho 3 000, Jobo o ile a tletleba: “Ke hobane’ng ha ba khopo ba ntse ba phela, ba tsofetse, hape ba phahame leruong? Bana ba bona ba tiisitsoe ho bona ka thata mahlong a bona, le litloholo tsa bona ka pel’a mahlo a bona. Matlo a bona ke khotso, ha a na tšabo, molamu oa Molimo ha o holim’a bona.” (Jobo 21:7-9) Barati ba bang ba toka, ba joaloka moprofeta Jeremia, le bona ba ’nile ba ngongoreha ka hore ho bonahala eka Molimo o mamella batho ba babe.—Jeremia 12:1, 2.
U nahana joang? Na u tsietsoa ke ho bona Molimo a lumella bokhopo? Na ka linako tse ling u bona ho le molemo hore Molimo a potlake a felise batho bohle ba khopo hang-hang? Ak’u nahane ka seo Bibele e se buang ka moeli oa mamello ea Molimo le mabaka a eona.
Ke Hobane’ng ha Molimo a E-na le Mamello?
Pele, re lokela ho botsa: Ha e le hantle, ke hobane’ng ha Molimo, ea nang le litekanyetso tse phahameng ka ho fetisisa tsa toka, a mamella bokhopo? (Deuteronoma 32:4; Habakuke 1:13) Na see se bolela hore o iphapanyetsa bobe? Le hanyenyane! Ak’u nahane ka mohlala o latelang: Nka hore ho na le ngaka e buoang e hlokomolohang melao ea motheo e mabapi le bohloeki le e utloisang bakuli ba eona bohloko bo boholo. Haeba e sebetsa sepetlele, na e ne e ke ke ea lelekoa hang-hang? Empa ho na le maemo ao ho ’ona ho ka ’nang ha hlokahala mamello e fetang e tloaelehileng. Ka mohlala, boemong ba tšohanyetso, a re re ke lebaleng la ntoa, na ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ho mamelloe lingaka tse buoang tse sebetsang ka tlas’a maemo a sa tsoelang pele le a kotsi, mohlomong li bile li sebelisa seo ka tloaelo ho ka thoeng ke thepa le lisebelisoa tsa ho buoa tsa boemo bo tlaasana?
Ka tsela e tšoanang, le kajeno ka ho se fele pelo Molimo o mamella lintho tse ngata tseo a li nkang li sa amohelehe ho hang. Le hoja a hloile bokhopo, o bo lumeletse hore bo tsoele pele ka nakoana. Ho na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha a bo lumeletse. Le leng ke hore sena se fana ka nako e lekaneng bakeng sa hore litseko tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ileng tsa hlahisoa ke bofetoheli ba Satane serapeng sa Edene li rarolloe hang le ka ho sa feleng. Tsena ke litseko tse mabapi le ho nepahala le ho loka ha tsela ea Molimo ea ho busa. Hape, ho mamella ha hae bobe ho fa ba keneletseng bobeng nako le monyetla oa hore ba fetohe.
Molimo ea Mohau le ea Mamellang
Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ile ba ikopanya le Satane ha a fetohela Molimo. Molimo a ka be a ba timelitse ka tšoanelo ka eona nako eo. Ho e-na le hoo, o ile a ipaka a le mohau a bile a e-na le mamello, ’me ka lerato a ba lumella hore ba be le bana. Empa bana bana, le lelapa lohle la batho le tsoileng ho bona, ba tsoaletsoe boemong ba boetsalibe.—Baroma 5:12; 8:20-22.
Molimo o ikemiselitse ho lopolla motho boemong ba hae ba bomalimabe. (Genese 3:15) Ho sa le joalo, kaha o utloisisa kamoo ho se phethahale hoo re ho futsitseng ho Adama ho re amang kateng, o bontša mamello le mohau tse tsotehang. (Pesaleme ea 51:5; 103:13) O ‘tletse mosa o lerato le ’nete’ ’me o itokiselitse ebile o ikemiselitse ho “tšoarela ka tsela e khōlō.”—Pesaleme ea 86:5, 15; Esaia 55:6, 7.
Mamello ea Molimo e na le Moeli
Leha ho le joalo, e ne e tla ba ho hloka lerato le ho se be le kahlolo e molemo hore Molimo a lumelle bobe ho tsoela pele ka ho sa feleng. Ha ho na ntate ea lerato ea neng a ka mamella ka ho sa feleng bobe bo tsoelang pele bo bakoang ke e mong oa bana ba hae eo ka boomo a bakelang litho tse ling tsa lelapa bohloko bo boholo. Ka lebaka leo, ho mamella ha Molimo sebe kamehla ho tla lula ho leka-lekanngoa ke litšobotsi tse ling tsa hae tse kang lerato, bohlale le toka. (Exoda 34:6, 7) Hang-hang ha tiisetso ea hae e phethile morero oa eona, a ke ke a hlola a mamella bobe.—Baroma 9:22.
Moapostola Pauluse o ile a bontša sena ka ho hlaka. Ketsahalong e ’ngoe o ile a re: “Melokong e fetileng [Molimo] o ile a lumella lichaba tsohle ho tsoela pele litseleng tsa tsona.” (Liketso 14:16) Ketsahalong e ’ngoe hape Pauluse o ile a bolela kamoo ‘Molimo a hlokomolohileng linako tsa ho hloka tsebo ho joalo’ mabapi le batho ba sa kang ba mamela melao le melao-motheo ea hae. Pauluse o tsoela pele o re: “[Molimo] o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela.” Hobane’ng? “Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona.”—Liketso 17:30, 31.
Rua Molemo Hona Joale Mamellong ea Molimo
Kahoo, ha ho ea lokelang ho nka hore a ka hlokomoloha melao ea Molimo ’me ka mor’a moo ebe o kōpa tšoarelo habobebe feela ho Molimo ha a batla ho qoba litholoana tsa liketso tsa hae. (Joshua 24:19) Batho ba bangata Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba nahana hore ba ka etsa joalo. Ba ne ba sa batle ho fetoha. Ba ile ba lahleheloa ke morero oa mamello ea Molimo le ho se fele pelo ha hae. Molimo ha aa ka a mamella bobe ba bona ka ho sa feleng.—Esaia 1:16-20.
Bibele e bontša hore e le hore motho a ka qoba kahlolo ea ho qetela ea Molimo, o lokela ho ‘baka’—hoo ke hore, ka ho hlomoha a amohele boemo ba hae ba ho se phethahale le ba boetsalibe ka pel’a Molimo ’me ka sebele a furalle bobe. (Liketso 3:19-21) Kahoo, motheong oa sehlabelo sa Kreste sa thekollo, Jehova Molimo o tla tšoarela. (Liketso 2:38; Baefese 1:6, 7) Ka nako e tšoanetseng, Molimo o tla etsolla liphello tsohle tse bohloko tsa sebe sa Adama. Ho tla ba le “leholimo le lecha le lefatše le lecha” moo a ke keng a hlola a mamella “ho ba teng . . . ha lintho tse hoeletsang hore li timetsoe.” (Tšenolo 21:1-5; Baroma 9:22, Phillips) A phello e hlollang hakaakang ea mamello ea Molimo e fetang e tloaelehileng, empa e le e nang le moeli!
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Molimo o ile a fa Adama le Eva monyetla oa ho ba le bana