Bokamoso bo Tšoere Eng?
MOTHO ke karolo e itseng feela ea mefuta ea lintho tsohle tse phelang. Libōpuoa tsohle lefatšeng li na le sebaka sa tsona seo li se filoeng ke Molimo. Re arolelana lintho tse ngata le lintho tse ling tse phelang tse re pota-potileng—ka holim’a tsohle, mohlolo oa bophelo ka bobona. Ka lebaka lena, batho ba bangata ba ikutloa ba lahleheloa haholo ha mefuta e itseng ea lintho tse phelang e nyamela.
Rasaense Anthony C. Janetos, ha a ngola makasineng ea Consequences, o itse: “Ba bangata ba tla lumela hore re le sechaba re na le boikarabelo ba ho sireletsa lefatše lena leo ho luloang ho lona, le ho sebetsa joaloka balebeli ba matlotlo a lona a amanang le bophelo bakeng sa boiketlo ba hona joale le ba ka moso ba batho. Ho etsa joalo ho hloka hore motho a elelloe bohlokoa ba mefuta e sa tšoaneng ea lintho—seo e se hlahisetsang lefatše le litsela tseo re ka e sebelisang ka tsona—le ho itlama ho e sireletsa.”
Ho Etsoa Eng?
Ka sebele, ho tšoenyeha ha batho lefatšeng ka bophara ka ho lahleheloa ke matlotlo a lihloliloeng ho entse hore baemeli ba tsoang mebusong ka ho fapana le mekhatlong e itseng ba thehe Tumellano Mabapi le ho Fapa-fapana ha Lihloliloeng. Tumellano ena e akaretsang ea hlokomela hore batho bohle ba amehile haholo ka polokeho ea mefuta-futa ea lihloliloeng.
E le mohato o tsoelang pele oa ho utloisisa bohlokoa ba mefuta-futa ea lihloliloeng, litsebi tsa baeloji, litsebi tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, le bo-rasaense ba bang ba tsebahalitse selemo sa 2001 ho isa ho sa 2002 e le Lilemo tsa Machaba tsa Tlhokomelo ea Mefuta-futa ea Lihloliloeng (International Biodiversity Observation Year [IBOY]). Diana Wall eo e leng setsebi sa baeloji Colorado State University, ’me e le molula-setulo oa IBOY o re: “Ho hlahloba mefuta-futa ea lihloliloeng ho tla hlahisa melemo e mengata ha ho sibolloa liphatsa tse ncha tsa lefutso le lik’hemik’hale tse ka sebelisoang bakeng sa meriana, ho ntlafatsa limela kapa ho hloekisa tikoloho e silafetseng.” Wall oa phaella: “Habohlokoa ka ho fetisisa, ho ithuta hore na mefuta e mecha ea lihloliloeng e hokae, hore na e na le melemo efe ho bolokeng tikoloho le lintho tse ling li phela hantle le hore na re ka li baballa joang, ke habohlokoa bakeng sa ho etsa liqeto tse nepahetseng ka lefatše la rōna, linōka le maoatle.”
Ho Hlokahala Liphetoho Tsa Bohlokoa
Le hoja ho nkiloe mehato e metle, boiteko bo joalo bo ’nile ba lebisa tlhokomelo feela matšoaong ho e-na le lisoseng. Ho latela bafuputsi, boemong bona batho ha ba na nako e lekaneng. Joalokaha Ruth Patrick oa Academy of Natural Sciences of Philadelphia, Pennsylvania, U.S.A., a ile a nahana ka seo a se bitsang “monyetla oa ho fela ha mefuta-futa ea bohlokoa ea lihloliloeng,” o ile a etsa qeto ea hore “nako ke ea bohlokoa . . . Ho hlokahala hore ho nkoe bohato bo tobileng le bo potlakileng.” Ho khaotsa mokhoa ona o timetsang, ho hlokahala phetoho e potlakileng tseleng eo motho a tšoarang lefatše lena ka eona le lintho tse phelang tse leng ho lona. Ho hlokahala ho fetang ho laola tšenyo. World Resources Institute e re: “Mathata a ho sireletsa mefuta-futa ea lihloliloeng a tsamaisana le litaba tse khōlōanyane tsa tsoelo-pele ea . . . sechaba.”
Ho finyella pakane eo ho tla hloka hore sechaba se fetohe ka ho feletseng. Buka ea Caring for the Earth, e lumela hore balebeli ba nang le boikarabelo ba tlameha ho ba le “litekanyetso, motheo oa moruo le mekhatlo tse fapaneng le tse ngata tse renang kajeno.”
Bibele e bontša ka ho hlaka hore batho ha ba boemong ba ho tlisa liphetoho tse joalo. Jeremia 10:23 e re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Liproverbia 20:24) ’Nete ena ka sebele e bonahetse ho theosa le histori, ’me liphello tsa ho hlokomoloha ha motho molao-motheo ona li entse hore re tobane le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” tseo ho builoeng ka tsona ho 2 Timothea 3:1-5. Litemana tsena tse latellanang li boetse li bontša hore linako tse mahlonoko li bakoa ke ho nahana ho fosahetseng ha batho. Ka hona, ho fihlela ha batho ba fetohile, tharollo leha e le efe mathateng ana ao re talimaneng le ’ona ke ea nakoana.
Puisanong le rasaense ea tummeng lefatšeng, Dr. Jane Goodall o ile a bolela hore tšenyo ea tikoloho “hangata e tsamaea le meharo ea leruo le lintho tse bonahalang lefatšeng le tsoetseng pele.” Setsebi sa bophelo ba limela, Peter Raven, eo e kileng ea e-ba mongoli oa U.S. National Academy of Sciences, o ile a lemosa hore “ho hloka tsebo, ho iphapanya, bofutsana le meharo li baka mathata a momahaneng a sokelang ho fetola Lefatše e le ho le senya ka ho feteletseng.” Ka hona, e meng ea melao-motheo e hlokang ho fetoloa e akarelletsa boithati, meharo, ho hloka tsebo, ho se shebele lintho pele le boikhabi.
Tšireletso e Feletseng ea Mefuta-futa ea Lihloliloeng
Ka ho utloahalang, ’Mōpi oa bophelo ka mefuta-futa e hlollang ea bona o na le thahasello e khōlō bokamosong ba pōpo ea hae. Bibele e re bolella hore haufinyane Molimo o tla nka khato ho “felisa ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Na Molimo o tla khutlisa mefuta-futa ea lihloliloeng tse ileng tsa timela hobane batho ba ne ba senya lefatše? Haeba ’Mōpi a batla hore mefuta e timetseng ea liphoofolo e boele e be teng lefatšeng, ka sebele o tla boela a e tsosolose nakong e tlang. Ho tla ba joalo le ka limela tse timetseng. Empa kaha Bibele ha e re bolelle letho ka sena, ho ke ke ha e-ba bohlale ho noha taba.
Puso ea Molimo e fana ka tiiso ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang lefatšeng e tla hlohonolofatsoa. Mopesaleme o re: “Lefatše a le ke le thabe. Leoatle a le ke le lume le tsohle tse ho lona; masimo a ke a nyakalle le tsohle tse ho ’ona. Joale lifate tsohle tsa meru li tla bina ka lebaka la thabo.”—Pesaleme ea 96:11, 12, New International Version.